Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 2/15 leq. 7
  • Ithabele Lefatšeng le Hloekileng le Tlang!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ithabele Lefatšeng le Hloekileng le Tlang!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Paradeise Kapa Thotobolo—U Khetha Efe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Felisa Tšilafalo—Pelong le Kelellong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Jehova o Rata Batho ba Hloekileng
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Bohloeki ha e le Hantle bo Bolela’ng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 2/15 leq. 7

Ithabele Lefatšeng le Hloekileng le Tlang!

RE KA thaba hakaakang hore Jehova, Molimo oa taolo le bohloeki, o tla phethahatsa morero oa hae oa pele oa ho etsa lefatše lohle paradeise! (Esaia 11:6-9) Oa tšepisa: “Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na.” “Molimo a ke ke a bua leshano,” kahoo ao hase mantsoe a feela a sa reng letho.—Esaia 55:11; Ba-Heberu 6:18, NW.

Re ka lokoloha hore Jehova ka lerato o tla kenella pele batho ba baka tšilafalo e ngata hoo tšenyo e feletseng ea tikoloho e ke keng ea qojoa!—Tšenolo 11:18.

Jehova o tla tlosa basilafatsi ba sa sokoloheng, ba silafatsang ka ho sa laoleheng le batho bao ka ho hlokang kutlo ba hlokomolohang melao-motheo ea hae ea taolo le bohloeki. Ha ho motho ea tla lumelloa ho beha Paradeise e tsosolositsoeng kotsing.—Liproverbia 2:20-22.

Nakong ea puso ea ’Muso oa Molimo, tlas’a tataiso ea Kreste Jesu, batho ba tla rutoa kamoo ba ka felisang lintho leha e le life tse setseng tse bakang tšilafalo e bonahalang. Nakong eo—eseng hona joale—e tla ba hona bahlanka bohle ba Molimo ka bomong le joaloka sehlopha ba tla ameha ka mafolo-folo mehatong e tla tlatsetsa tlhoekisong ea lefatše lohle e ke keng ea lekanngoa.—Bapisa le Ezekiele 39:8-16.

Bapholohi ba bofelo ba tsamaiso e mpe ea hona joale ea lintho ba tla tšehetsa lenaneo lena la tlhoekiso ea lefatše ka boinehelo le cheseho e tšoanang le eo ba nkang karolo ka eona letšolong la tlhoekiso ea moea la kajeno.—Pesaleme ea 110:3.

Ka tieo lefatše le hloekisitsoeng lea tla, le eteletsoe pele ke letšolo la tlhoekiso e khōlō ka ho fetisisa, le phethahatsoang ke ’Muso oa Molimo. Mesaletsa eohle ea tšilafalo e tla be e tlositsoe. Ha ho moo ho tla ba le mongolo leha e le ofe oa leboteng. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le libotlolo, makotikoti, mekotlana ea polasetiki, lipampitšana tse phuthelang chapisi le lipompong, likoranta le limakasine tse lahliloeng ho silafatsa lebōpo leha e le lefe la leoatle kapa sebaka se tšoanang le paradeise.

Ithabele lefatšeng le hloekileng le tlang!

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na u tla nka karolo tlhoekisong ea lefatše e tlang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela