Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 4/1 maq. 19-23
  • Ho Hōla Hammoho le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova Afrika Boroa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hōla Hammoho le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova Afrika Boroa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefa la Bokreste
  • Khoebo e Atlehileng
  • Lebaka Leo ke Tlohetseng Sekolo Esale Pele
  • Tšebeletso ea Bethele le Sekolo sa Gileade
  • Tšebeletso e Tsoelang Pele
  • Thuto e Bohloko
  • Litlhohonolofatso tse Eketsehileng
  • Bophelo Tlas’a Apartheid
  • Ho Atolosoa ha Bethele
  • Ho Amohela ‘Tse Batloang ke Pelo ea ka’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ke Thabela Bophelo Tšebeletsong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Tšebeletso ea Bethele—Ho Hlokahala Baithaopi ba Eketsehileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Re ne re Ikemiselitse ‘Ho Tiea Matla le ho se Sisinyehe’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 4/1 maq. 19-23

Ho Hōla Hammoho le Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova Afrika Boroa

Joalokaha ho boletse Frans Muller

HA ’NA le moholoane oa ka David re atamela terene ea mantsiboea eo re neng re atisa ho e palama ho ea seteisheneng se bohareng ba Cape Town, re ile ra makala ho bona letšoao le reng “Whites Only” (Makhooa Feela). Phathi ea ma-National (National Party) e ne e hlōtse likhethong tsa 1948 ’me e ne e kentse tšebetsong molao oa apartheid (khethollo).

Bonneteng, ke khale khethollo ea morabe e sebelisoa Afrika Boroa joaloka linaheng tse ngata tsa Afrika mehleng ea likolone. Empa joale e ne hatelloa ka molao, ’me re ne re sa lumelloa ho palama lekareche le le leng le batho ba Afrika Boroa ba ’mala o motšoana. Lilemo tse mashome a mane a metso e mehlano hamorao, joale apartheid e ntse e tlosoa molaong.

Nakong eohle eo apartheid e neng e lumelloa ka molao ka eona, e leng ntho e ileng ea fana ka liphephetso bakeng sa ho ntšetsa mosebetsi oa rōna oa boboleli pele ka tsela eo re neng re rata ka eona, ke ile ka sebetsa joaloka mosebeletsi oa nako e tletseng oa Lipaki tsa Jehova. Hona joale, ha ke le lilemo tse 65, ke khona ho talima morao keketsehong e babatsehang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova Afrika e ka boroa, ’me ke leboha tokelo ea ho ba le monyetla oa ho hōla le oona.

Lefa la Bokreste

Ha ntate a sa le monyenyane, hoseng ho hong le ho hong esale ka malungoalungoane o ne a tlameha ho balla ntate-moholo Bibele ka lentsoe le phahameng. Ha nako e ntse e tsamaea Ntate o ile a ba le lerato le tebileng bakeng sa Lentsoe la Molimo. Ha ke hlaha ka 1928, ntate o ne a sebeletsa lekhotleng la Kereke ea Dutch Reformed Potgietersrus. Selemong seo malome o ile a mo neha kopi ea buka The Harp of God.

Leha ho le joalo, Ntate o ile a bolella ’Mè hore a chese buka eo, a bolela hore e ne e le ea mokha oa bolumeli o khelohileng. Empa ’mè o ile a e boloka, ’me ka letsatsi le leng ha etsahala hore Ntate a oelane le eona, e ile ea phetleha sehloohong se reng “Does God Torment Anyone?” Le hoja a ne a kholisehile hore Liithuti tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa ka teng ka nako eo, li ne li fositse, bohele-hele ba hae bo ile ba ba matla haholo, ’me o ile a qala ho e bala. O ne a sa khaotse ho e bala. Hoseng ka malungoalungoane ha a tsoha, o ile a re: “’Mè, le hoja ke tsila-tsila ho lumela li bua ’nete.”

Letsatsing le hlahlamang, Ntate o ile a palama baesekele lik’hilomithara tse 50 ho ea fumana libuka tse eketsehileng ho Seithuti sa Bibele se neng se lula haufi haholo ho feta tse ling. Ka mehla, o ne a bala ho fihlela bosiu haholo. O bile a leka ho kholisa moruti oa Dutch Reformed ka linnete tsa Bibele tseo a neng a ithuta tsona, ’me o ne a nahana hore kereke e tla etsa liphetoho. Boiteko ba hae ebile ba lefeela, kahoo o ile a itokolla kerekeng ’me a qala ho bolela ka cheseho. ’Nete ea Bibele ebile ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae le lelapeng leso. Ke tikolohong e joalo moo ke hōletseng teng.

Hamorao, Ntate e ile ea e-ba pula-maliboho kapa mosebeletsi oa nako e tletseng. O ile a tsamaea libaka tse telele ka koloi ea khale ea Model T Ford bakeng sa ho bolela. Ka mor’a lilemo tse ngata, litlhoko tsa lelapa leso le neng le eketseha li ile tsa mo qobella ho khaotsa ho bula maliboho, empa o ile a lula a le mafolo-folo haholo mosebetsing oa boboleli. Ka Lisontaha tse ling re ne re tsamaea le eena lik’hilomithara tse ka bang 90 ho ea bolela toropong ea Pietersburg.

Khoebo e Atlehileng

Qetellong Ntate o ile a bula lebenkele le lenyenyane le rekisang thepa. Kapele-pele o ile a le eketsa, ’me a bula lebenkele la bobeli. Bo-rapolasi ba bang ba barui ebile balekane ba kopanetseng khoebo le Ntate, ’me ha nako e ntse e tsamaea ba ile ba kopana ’me ba bula lebenkele le leholo le rekisetsang bahoebi ba bang thepa esita le mabenkele a mang a tšeletseng a qalikaneng sebakeng seo se seholo.

Baholoane ba ka ba bang ba ile ba kenela khoebo ’me ba ne ba na le tebello ea ho ba barui. Leha ho le joalo, bomoea ba rōna bo ile ba qala ho theoha. Re ile ra amoheleha ka ho eketsehileng metsoalleng ea lefatše ’me baahisani ba ile ba re memela liphathing tsa bona. Ntate o ile a epa pitso ea lelapa ka baka la ho bona likotsi ’me a etsa qeto ea ho rekisa khoebo le ho fallela Pretoria e le hore re ka etsa se eketsehileng tšebeletsong ea Jehova. A siea lebenkele le le leng feela le neng le hlokometsoe ke basebetsi ba hiriloeng.

Baholoane ba ka Koos le David ba ile ba qala ho bula maliboho, kahoo ba kopanela le khaitseli ea ka e moholo, Lina. Ka khoeli e ’ngoe ka 1942 lelapa leso la litho tse leshome le ile la sebetsa kakaretso ea lihora tse 1 000 mosebetsing oa boboleli. Selemong seo ke ile ka tšoantšetsa ho nehela bophelo ba ka ho Jehova ka ho qoelisoa metsing.

Lebaka Leo ke Tlohetseng Sekolo Esale Pele

Ka 1944, ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e loana, Gert Nel, molebeli ea tsamaeang oa Lipaki tsa Jehova, o ile a mpotsa hore na ke rerile ho etsa litokisetso tsa ho kenela bopula-maliboho. Ka araba: “E, nakong ea lilemo tse peli ha ke qeta sekolong se phahameng.”

A bonahatsa pono ea Lipaki tsa Jehova tse ngata tsa nakong eo, a ntlhokomelisa: “Hlokomela hore Armageddone e se u fihlele u sa lutse libencheng tsa sekolo ho e-na le ho ba pula-maliboho.” Kaha ke ne ke sa rate hore seo se nketsahalle, ke ile ka tlohela sekolo ’me ka kenela mosebetsi oa bopula-maliboho ka January 1, 1945.

Kabelo ea ka ea pele e bile Vereeniging, haufi le Johannesburg, ’me balekane ba ka ba bo-pula-maliboho e ne e le Piet Wentzel le Danie Otto. Hangata ke ne ke qeta lihora tse fetang 200 ka khoeli boboleling. Ha nako e ntse e tsamaea, Piet o ile a abeloa ho sebetsa motseng oa Pretoria, ’me Danie a tlameha ho khaotsa ho bula maliboho kahobane a lokela ho thusa ntat’ae ea hōlileng polasing. Sena se ile sa ntšiea ke le mong feela Paki bakeng sa ho hlokomela lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 23 Vereeniging.

Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka amohela lengolo le tsoang ofising ea lekala ’me e ne e le lengolo le nkabelang Pretoria. Le hoja ke ne ke sa utloisise lebaka la kabelo e ncha ka nako eo, hamorao ke ile ka hlokomela hore e ne e ke ke ea e-ba ntho e bohlale ho siea moshemane ea lilemo li 17 ea hlokang phihlelo a le mong. Ke ne ke sa ntse ke hloka koetliso e ngata ’me mohlomong ke ne ke tla nyahama.

Ka mor’a ho sebetsa Pretoria le ho fumana phihlelo e hlokahalang, ke ile ka memeloa ho ba pula-maliboho ea khethehileng. Joale ’na le Piet Wentzel re ile ra lokisetsa ho fana ka koetliso ea bosebeletsi ho bacha ba neng ba tl’o bula maliboho Pretoria. Nakong eo Piet o ne a abetsoe ho ba molebeli ea tsamaeang sebakeng seo. Hamorao o ile nyala khaitseli ea ka Lina, ’me hona joale ka bobeli ba sebeletsa ofising ea lekala ea Afrika Boroa.

Har’a ba ileng ba tla bula maliboho Pretoria e bile Martie Vos, e leng ngoanana e motle ea neng a hōliselitsoe lapeng la Lipaki. Re ile ra bontša thahasello ea ho ratana empa re ne re sa le banyenyane haholo hore re ka nyalana. Leha ho le joalo, ha re ne re fuoa likabelo libakeng tse ling, re ’nile ra ngollana.

Tšebeletso ea Bethele le Sekolo sa Gileade

Ka 1948 ke ile ka memeloa ho sebeletsa ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower Cape Town. Nakong eo ho ne ho se na sebaka sa bolulo sa rōna ba 17 ba neng ba sebetsa liofising tse tharo tse hiriloeng le fekthering e nyenyane e neng e le haufi le moo. Ba bang ba rōna ba ne ba lula le malapa ’me ba bang ba ne ba lula matlong a hiriloeng.

Letsatsi le leng le le leng la mosebetsi litho tsa lelapa la Bethele tse 17 li ne li bokana hammoho bakeng sa temana ea letsatsi ka kamoreng ea ho aparela ea fektheri e nyenyane. Ba bangata ho rōna ba ne ba lokela ho iketsetsa litokisetso tsa lijo tsa motšehare. Joale, ka mor’a letsatsi lohle la mosebetsi, re ne re khutlela libakeng tsa rōna tsa marobalo likarolong tse fapa-fapaneng tsa Cape Town. Ke ho le leng la maeto ana joalokaha ho se ho boletsoe, moo ’na le moholoane oa ka David re ileng ra makatsoa ke letšoao le reng “Whites Only.”

Ha ke fihla ka lekhetlo la pele ofising ea lekala Cape Town, ke ile ka hlokomela hore ho na le lintho tse ngata tseo ke tlamehang ho ithuta tsona, kahoo ke ile ka kōpa Moena Phillips eo e neng e le molebeli oa rōna oa lekala: “Ke’ng seo ke lokelang ho se etsa hore ke koale sekheo?”

O ile a araba: “Frans, se tšoenyehe ka ho koala sekheo. Uena tsoela pele!” Ka mehla ke ’nile ka leka ho etsa joalo, ’me ke ithutile hore ka ho boloka mohato le seo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o fanang ka sona ka tsela ea lijo tsa moea le tataiso, motho o tla ’ne a hōle le oona.

Ka 1950 ke ile ka memeloa ho ba teng sehlopheng sa bo16 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower bakeng sa ho koetlisetsoa boromuoa. Nakong eo sekolo se ne se le South Lansing, New York, hoo e ka bang lik’hilomithara tse 400 ka leboea ho Brooklyn, New York. Ha ke ntse ke sebetsa ka nakoana ntlo-khōlō ea lefatše ea Lipaki tsa Jehova Brooklyn, ka lekhetlo la pele ke ile ka qala ho hlokomela ho sebetsa ha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang. Tšebeletso ea ho inehela ka sephefumolohi sohle ea ba eteletseng pele moo e ile ea ntlatsa kananelo e tebileng bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.

Tšebeletso e Tsoelang Pele

Ka mor’a ho khutlela Afrika Boroa, ke ile ka khethoa ho ea sebeletsa ke le molebeli ea tsamaeang Transvaal e ka leboea moo ke hōletseng teng. Ka mor’a hore ’na le Martie re ngollane ka lilemo tse tšeletseng, re ile ra nyalana ka December 1952, ’me a sebetsa le ’na mosebetsing oa ho tsamaea. Kananelo ea baena ba rōna ba Bakreste bakeng sa maeto a rōna e ne e le e futhumatsang pelo.

Ka mohlala, ka nako e ’ngoe ha re ntse re sebetsa le phutheho e ’ngoe e leng sebakeng sa mapolasi, re ile ra lula le lelapa le ileng la re neha tee kapa kofi e se nang lebese. Hamorao re ile ra utloa hore lelapa leo le ne le rekisitse khomo ea lōna e le ’ngoe feela bakeng sa ho fumana chelete e lekaneng ho reka petrole ho re isa libakeng tse hōle tsa tšimo ea bona bakeng sa ho pakela bo-rapolasi. Re ne re rata baena ba joalo hakaakang!

Ka linako tse ling ke ne ke ikutloa ke sa tšoanelehe bakeng sa mosebetsi oa potoloho, haholo-holo ha ke sebetsana le mathata a kopanyeletsang batho ba hōlileng. Ka nako e ’ngoe ke ile ka ikutloa ke fokola haholo maikutlong hoo ke ileng ka bolella Martie hore a se makale haeba re ka boela ra abeloa mosebetsing oa bopula-maliboho ka baka la ho haelloa ke phihlelo ha ka. O ile a ntiisetsa hore o tla thabela ho sebetsa tšobotsing efe kapa efe ha feela re ka lula tšebeletsong ea nako e tletseng.

Ak’u nahane kamoo re ileng ra makala ka teng ha re fihla phuthehong e latelang ’me poso ea rōna e na le lengolo la kabelo ea ho sebeletsa mosebetsing oa setereke! Hoo e batlang e le lilemo tse peli, re ile ra haola le Afrika Boroa le Namibia, e neng e bitsoa Afrika Boroa-Bophirima. Leha ho le joalo, ka baka la melao ea tsamaiso ea apartheid, hangata mosebetsi oa rōna o ne o le thata. Ka makhetlo a mangata re ne haneloa ho fumana mangolo a tumello ea ho kena metseng ea batho ba batšo ’me ka linako tse ling re sa fuoe le tumello bakeng sa likopano.

Ka mohlala, ka 1960, re ile ra fuoa tumello ea ho tšoara kopano ea setereke Soweto. Baena ba batšo ba tsoang liphuthehong tse hōle ba ne ba se ba rekile litekete tsa terene le bese bakeng sa ho tla kopanong ena, empa ’muso o ile oa utloela ka merero ea rōna ’me oa hlakola tumello eo. Ka bohlale re ile ra atamela ramotse ea mosa ea lulang lik’hilomithara tse 20 ka lehlakoreng le leng ho Johannesburg. Ka mosa o ile a re neha libaka tse molemo haholoanyane, ’me re bile le kopano e babatsehang e ileng ea thabeloa ke batho ba fetang 12 000!

Boemo bo fetohile hakaakang lilemong tsa morao tjee! Hona joale, ha e le mona apartheid e tlosoa molaong, re khona ho kopana hammoho ka bolokolohi hohle libakeng tsa ba batšo, ba basoeu, ba ’mala kapa Maindia. Motho e mong le e mong, ho sa tsotellehe morabe, a ka lula le ho thabela botsoalle hammoho. Ke feela ho se tšoane ha lipuo ho susumeletsang motho hore a lule moo a ratang.

Thuto e Bohloko

Morao koana ka 1947, ntate o ile a etsa phoso e khōlō. Lebenkele la hae, le leng bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 200 ho tloha moo eena le ’Mè ba neng ba lula teng, ha lea ka la hlola le etsa phaello ka baka la tsamaiso e sa tšepahaleng, kahoo o ile a khutlela morao a le mong ho ea itlhokomella lona. Ho arohana le ’Mè ka nako e telele ho ile ha fella ka hore a oele tekong. Ka baka leo, o ile a khaoloa.

Sena ka tsela ea botho e bohloko se ile sa hatella ho ’na hore ho chesehela ’nete ea Bibele ha hoa lekana. Bohle ba lokela ho khomarela melao-motheo ea Bibele. (1 Ba-Korinthe 7:5) Ka mor’a lilemo tse ngata, Ntate o ile a khutlisetsoa ho ba karolo ea phutheho ea Bokreste ’me a sebeletsa ka botšepehi ho fihlela lefung la hae ka 1970. ’Mè oa ka ea ratehang o ile a tšepahala ho fihlela a shoa ka 1991.

Litlhohonolofatso tse Eketsehileng

Ka 1958, ’na le Martie re bile teng kopanong e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea tšoaroa ke Lipaki tsa Jehova Yankee Stadium le Polo Grounds New York. Re ile ra thaba haholo ho ba karolo ea mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o babatsehang. Ho ba hammoho le letšoele le leholo joalo le fetang 253 000 ka Sontaha thapama ebile phihlelo eo le ka mohla re ke keng ra e lebala. Ho rōna, bona e ne e hlile e le bona ‘bongata bo boholo ba batho ba lichaba tsohle’ bo bokaneng hammoho ka khotso. (Tšenolo 7:9, 10) Martie o ile a sala New York bakeng sa ho ba teng Sekolong sa Gileade, ’me ’na ke ile ka khutlela mosebetsing oa setereke Afrika Boroa.

Ka 1959, hoba Martie a khutle sehlopheng sa bo32 sa Sekolo sa Gileade, re ile ra memeloa ho sebeletsa ofising ea lekala ea Afrika Boroa, eo ka nako eo e neng e le haufi le Elandsfontein, ka bochabela ho Johannesburg. Lilemong tse ngata tse fetileng, ke bone tsoelo-pele ea mokhatlo o hlophisitsoeng ka litsela tse ngata haholo, haholo-holo khōlong ea oona ho bontšeng lerato le kutloelo-bohloko. Ke ithutile hore Jehova o tsamaisa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ka Jesu Kreste ’me o tla sebelisa ba fumanehang.

Ka 1962 ke ile ka khutlela Brooklyn, New York, bakeng sa ho koetlisetsoa mosebetsi oa lekala ka likhoeli tse leshome. Sena se ile sa ipaka se le molemo ha ka 1967 ke ne ke khethoa ho ba molebeli oa lekala la Afrika Boroa. Ka 1976, ho ile ha khethoa Likomiti tsa Makala, ’me joale boikarabelo ba ho etsa liqeto tsa bohlokoa Afrika Boroa bo mahetleng a baholo ba bahlano ba Bakreste ba nang le phihlelo.

Bophelo Tlas’a Apartheid

Melao ea apartheid e ile ea ama tšebetso ea lekala la rōna. Ha ho ne ho hahuoa Lehae la Bethele la Elandsfontein ka 1952, molao o ile oa hloka hore ho hahuoe mohaho o eketsehileng karolong e ka morao ea mohaho bakeng sa ho fana ka bolulo ho baena ba batšo le ba ’mala. Molao o ne o boetse o hloka hore ba jelle sebakeng se ka thōko ho sa batho ba basoeu moo ho lulang Maafrika. Hamorao, ho ile ha etsoa tokisetso ea hore ba jelle kicheneng ea Bethele. Ena e ne e le eona tokisetso ea ho ja ha ke fihla Bethele ka 1959. Boikutlo bohle ba ka bo ne bo le khahlanong le khethollo ena motheong oa morabe.

Ha nako e ntse e tsamaea, ’muso o ile oa fanyeha tumello ea hore baena ba rōna ba batšo ba lule mohahong o kamorao ho o moholo oa Lehae la Bethele. Baena bana ba ile ba tlameha ho lula motseng oa ba batšo o bohōle ba lik’hilomithara tse 20. Ba bang ba ne ba lula matlong a hiriloeng ’me ba bang ba ne ba lula hosteleng ea banna. Boemo bona bo sa thabiseng bo ile ba tsoela pele ka lilemo tse ngata.

Ho Atolosoa ha Bethele

Ho sa le joalo, Bethele ea Elandsfontein e ile ea tlameha ho atolosoa. Ka mor’a ho e atolosa ka makhetlo a mararo, sebaka sa rōna sa ho haha se ne se felile. Sehlopha se Busang se ile sa laela hore re batle sebaka se secha sebakeng seo ba boholong ba sona ba neng ba tla re lumella ho haha mohaho oa Bethele moo baena ba rōna ba batšo ba ka lulang teng. Hoseng ho hong le ho hong lelapa la Bethele le ne le rapela hore Jehova ka tsela leha e le efe a bule monyetla oa sena.

E bile letsatsi le thabisang hakaakang ha qetellong re fumana setša se loketseng ka ntle ho toropo ea Krugersdorp, ka bophirima ho Johannesburg! Leha ho le joalo, ho ne ho boetse ho re hloka hore re hahe mohaho o ka thōko bakeng sa baena ba rōna ba batšo. Re ile ra lumela empa ra fumana tumello ea hore ho ka lula batho ba batšo ba 20 eseng ho feta sebakeng seo. Ka thabo, ho ea bohareng ba lilemo tsa bo1980, boemo bo ile ba qala ho fetoha. ’Muso o ile oa nolofatsa melao ea oona e thata-thata ea apartheid ’me baena ba eketsehileng ba batšo, ba ’mala le Maindia ba ile ba bitsoa ho tla sebetsa hammoho le rōna Bethele.

Hona joale re na le lelapa la Bethele le thabileng le le kopaneng moo batho ka bomong, ho sa tsotellehe morabe kapa ’mala, ba ka lulang mohahong ofe kapa ofe oo ba o khethang. Hape, ka mor’a lilemo tse ngata tsa mathata, re ile ra amoheloa ka molao joaloka bolumeli. Qetellong ho ile ha thehoa mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao “Jehovah’s Witnesses of South Africa” mona. Hona joale re na le banyalisi ba rōna, ’me libakeng tsa bolulo tsa batho ba batšo, Liholo tsa ’Muso li hahuoa ka sekhahla se seholo.

Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hatetse pele hakaakang ho tloha mehleng eo ha ke ne sebeletsa ofising ea lekala Cape Town! Ho tloha lelapeng le lenyenyane la litho tse 17 le hlokang Lehae la Bethele, hona joale re eketsehile ho ba lelapa la Bethele le nang le litho tse fetang 460, le nang le mohaho oa sejoale-joale oa Bethele o nang le li-computer tse rarahaneng, mechine ea khatiso ea rotary le Lehae le letle la Bethele! E, ke bile le monyetla oa ho hōla le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova Afrika Boroa. Re eketsehile ho tloha ho bahoeletsei ba ’Muso ba ka bang 400 ha ke ne ke qalisa boboleling lilemong tse 50 tse fetileng ho isa ho ba ka bang 55 000 kajeno!

Ke leboha Jehova hore lilemong tse 40 tse fetileng, ke bile le mosali ea ntšehelitseng hakana lehlakoreng la ka. “Mohope oa ka oa khaphatseha.” (Pesaleme ea 23:5) ’Na le Martie re thabela ho ba karolo ea phutheho ea Jehova e tsamaisoang ke moea ’me re ikemiselitse ho tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka tlung ea hae, Bethele, le ho boloka mohato le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o hatelang pele.

[Limmapa tse leqepheng la 19]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

ANGOLA

ZAIRE

ZAMBIA

ZIMBABWE

BOTSWANA

NAMIBIA

SWAZILAND

LESOTHO

AFRIKA BOROA

Pretoria

Johannesburg

Cape Town

Port Elizabeth

SOUTH ATLANTIC OCEAN

INDIAN OCEAN

MOZAMBIQUE CHANNEL

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Piet Wentzel le Frans Muller (ka ho le letšehali) mosebetsing oa bopula-maliboho ka 1945

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Frans le Martie Muller

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela