Re ne re Ikemiselitse ‘Ho Tiea Matla le ho se Sisinyehe’
Kamoo ho boletseng Paul Smit
KA BO-1830 balemi ba bangata ba basoeu ba Porofensi ea Kapa Afrika Boroa ba ne ba sa iketla. Kaha batsoali ba bona e ne e le ma-Dutche, ba ne ba nyonya puso ea Manyesemane. Ba likete-kete ba fallela ka leboea hare ho naha. Kamor’a ho hlōla likhoreletso tse ngata, ba bang ba aha leboea ho Nōka ea Senqu sebakeng seo hamorao se ileng sa tsejoa e le Freistata. Ba bang ba tšela Nōka ea Lekoa ’me ba lula sebakeng seo joale se bitsoang Transefala. Har’a basoeu bao ebile batsoali ba ka ba buang Seburu ba ileng ba lula Transefala Leboea ka bo-1860. Ke hlahetse torotsoaneng ea Nylstroom ka 1898.
Batho ba ne ba iphelela ka tsela e bonolo haholo mehleng eo. Lijo tsa rōna e ne e le ho tsoma linyamatsane, ho akarelletsa le lijo tsa masimong. Ka 1899 ha qhoma ntoa—ntoa ea Afrika Boroa, kapa Ntoa ea Maburu. Manyesemane a ne a batla ho atolosetsa ’muso oa ’ona Lirephabliking tse peli tsa Maburu, Freistata le Transefala. Ka hona ka lilemo tse tharo Manyesemane le Maburu (“balemi” ka Seburu) ba loanela puso. Nakong eo, lelapa leso la isoa kampong ea hloriso.
Ha bora bo fela, ra khutlela polasing ea rōna e neng e sentsoe hampe. Ho bile le mahlomola a mabe. Banna ba likete ba shoele ntoeng, ’me basali ba likete le bana ba shoa likampong tsa hloriso. Naha e ne e jele boea. Le rōna re ne re le boemong boo bo lesetsi. Leha ho le joalo, koro eo re ileng ra e neoa ke ’muso e ile ea re thusa ho lula re phela, ’me batsoali ba ka ba sebetsa ka bokhothali masimong, ba lema meroho le lihlahisoa tse ling.
’Nete e Tsosa “Setsokotsane”
Ha fihla selemo se hopolehang sa 1915. Ke sa le moshanyana oa sekolo ea lemo li 16, ka amohela ka poso bukana e nang le sehlooho What Say the Scriptures About Hell? e neng e hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova. ’Na le motsoalle oa ka, Abraham Stroh, ra e bala hammoho ’me ra lumela hore ke ’nete. Ho ne ho thabisa ho ithuta hore Molimo ha o hlokofatse batho ka ho sa feleng; bafu ha ba utloe letho, ba robetse lefung, ’me ba emetse tšepiso ea Jesu ea tsoho. (Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4; Johanne 5:28, 29) Sena sa re susumelletsa ketsong. Nylstroom ea fetoha setsi sa mofere-fere, e se e ka ho tsohile setsokotsane, ha bashemane ba babeli ba sekolo ba tsebahatsa ka sebete hore lithuto tsa Kereke ea Dutch Reformed e ne e le bohata. Baruti ba ne ba utloile bohloko ’me ba nyatsa “bolumeli bona bo bocha” sefaleng.
Ka baka leo, ’na le Abraham ha rea ka ra amoheloa malapeng a metsoalle ea rōna. Esita le ntate a ntšosa ka hore o tla ntebela lapeng. Empa ’mè, motho ea neng a tšoana le nku, ha ho mohla a kileng a bua hampe. Hamorao ntate moholo ea ratehang, ea neng a hlompha Bibele ka botebo, a tloaela “bolumeli bo bocha,” ’me a amohela Lipaki lapeng la hae. Mehleng eo ea pele, re ne re sa tsebe letho ka Mokhatlo ’me re ne re itšetlehile ka ho feletseng ka Jehova. Hamorao, baeti ba rekisang libuka tsa bolumeli (bao ha joale ba bitsoang bo-pulamaliboho) ba re etela ’me ba re teanya le Mokhatlo le ofisi ea oona e neng e le koana Motse-Kapa, bohole ba likilomethara tse 1 600. Ka kolobetsoa ka 1918.
Lilemo tse peli hamorao ka ea kopanong Tšoane. Ho ne ho na le baena ba 23 le likhaitseli, ’me mookameli e ne e le moemeli oa Mokhatlo Moena Ancketill. Ebile ntho e ntle hakaakang ho kopana le balumeli hammoho le ’na le hoja re ne re le ’maloa haholo! Lenaneo le ne le entsoe haholo ka lithuto tsa bolumeli le “ho fana ka bopaki,” kapa liphihlelo, empa le ne le susumelletsa ka ho lekaneng hore ke lule ke matlafetse. E ne e le boitsebiso boo ke neng ke bo hloka.
Ho Soabisoa—Hamorao Mahlohonolo
Ntho e ileng ea ntšosa haholo bophelong ke ha motsoalle oa ka oa se ntša se inong, Abraham, kamor’a ho tlohela sekolo ’me a sebetsa Lefapheng la Sekolo torotsoaneng ea rōna, a sokeloa ka hore o tla tebeloa mosebetsing haeba a sa koenehele bolumeli ba hae. Abraham a tlohela ’nete ’me a kopanela le Kereke ea Dutch Reformed. Ke le mocha lilemong, le ’neteng, ka sala ke le mong Transefala Leboea. Ka ntša menyepetsi e mengata ka baka la ho lahleheloa ke molekane, ka rapela Jehova ke sa khaotse ’me a ’matlafatsa hore ke lule ‘ke tiile matla, ke sa sisinyehe, ke ntse ke eketsa kamehla ho sebeletsa Morena.’—1 Ba-Korinthe 15:58.
Ea e-ba mathoasong a bo-1920. Jehova a hlohonolofatsa boiteko ba ka bo phehellang ba ho phelela ’nete kamoo matla a ka a neng a ntumella kateng. Ka qala ho fumana “linku” har’a baahisani. Mohlankana ea lulang polasing e haufi a amohela litaba tse molemo tsa ’Muso, a tlatsa sebaka sa molekane ea ntlohetseng. Moena enoa, Hannes Grobler, a tšepahala ho isa lefung la hae morao tjena. Ka qalisa thuto le lelapa le nang le litho tse supileng, ba ha Voster, ke sebelisa buka The Harp of God.a
Moqebelo o mong le o mong ke ne ke thabela ho tsamaea bohole ba likilomethara tse 6,4 masimong, kapa naheng, ho tsamaisa thuto. Batsoali ea e-ba Lipaki tse kolobelitsoeng ’me ba tšepahala ho isa lefung.
Ka 1924, Moena George Phillips, ea neng a sa tsoa fihla Afrika Boroa ’me a sebeletsa lekaleng Motse-Kapa, a etela Nylstroom—ebile ketsahalo e hlollang haholo ho ’na. Ea e-ba ho qaleha ha setsoalle se haufi le tšebelisano e haufi ea puso ea leholimo ho fihlela a qeta tšebeletso ea hae lefatšeng ka 1982.
Batho ba tulo ea rōna ba qala ho thahasella, ’me kapele ha e-ba le sehlopha se setle sa baena le bo-khaitseli ba 13—sehlopha sa pele sa Lipaki ka leboea ho Tšoane. Hamorao molaetsa oa ’Muso oa phatlalatsoa libakeng tse khōlō tsa Transefala Leboea.
Mathata le Tsoelopele Tšoane
Leha ho le joalo, selemong seo benghali ba ka ba banka ba nthomela Tšoane, moo ho neng ho e-na le sehlopha se senyenyane sa Liithuti tsa Bibele (Lipaki tsa Jehova) tse robeli. ’Me ke ea mong feela ea neng a ananela ka nepo litaba tsa puso ea leholimo, ’me a shoa hang kamor’a hore ke fihle. Ba bang, banna ba rutehileng—ba hlōleha ho ananela tokisetso ea Mokhatlo ea ho hlophisa liphutheho bakeng sa tšebeletso, ’me ba babeli ba tlohela.
Khabareng, “moholo” oa sehlopha seo, a ngola buka e nang le lihlaloso tsa hae tsa Mangolo, ntle ho tumello ea Mokhatlo. Ka mo kōpa hore a lahle mohopolo o joalo. Lintho tsa fihla sehlohlolong ka Sontaha hoseng. Buka ea hae e ne e se e hatisitsoe, ’me a tlisa likōpi tse ling tsa eona a kōpa hore sehlopha se li abe. Ka tšoha. Ka hana kōpo ea hae. Kamor’a ketso eo, “moholo” le ba bane kapa ba bahlano ba tlohela mokhatlo o hlophisitsoeng. Ha sala ’na le mofumahali oeso le khaitseli e mong ea hōlileng ea holofetseng. Empa re ne re ikemiselitse ho lula re ‘tiile matla ’me re sa sisinyehe’ le ho tšehetsa Mokhatlo ka botšepehi. Ho tloha nakong eo Jehova a re eketsa, le hoja ho nkile nako.—1 Ba-Korinthe 3:6; 15:58.
Ka nako ea teng Jehova a eketsa basebetsi Phuthehong ea Tšoane. Ka mohlala, ka 1931 baena ba babeli ba ma-Afrika ba fihla setsing sa rōna sa thuto ’me ba itsebahatsa. Kamor’a moo, ka lilemo e bile boikarabelo ba ka ho sebeletsa makhooa le ma-Afrika—tokelo eo e leng seoelo e bang teng Afrika Boroa. Hore ke thuse baena ba ma-Afrika, ke ne ke tsamaisa thuto lekeisheneng la bona. Hape ke ne ke sebelisa lipuo tse theipiloeng tsa Moena Rutherford. Ho phaella moo, moena oa mo-Afrika, Hamilton Kaphwitti Maseko, o ne a nthusa ka mantsiboea a mang le a mang a Sontaha ho phatlalatsa lipuo tsena ka thuso ea seholisa-lentsoe re le Church Square, mokhubung oa toropo ea Tšoane.
Jehova a re atisa, ha hlongoa phutheho ea ma-Afrika. Ka lilemo tse ngata, ke le molebeli oa motse, ka lokisetsa liboka tsa bona tse khethehileng. Ho tloha basebetsing ba fokolang, mosebetsi har’a ma-Afrika Tšoane o atolohile ho fihla liphuthehong tse 16 ka 1984.
Thibelo ea Molao Nakong ea Ntoa
Ho qhoma ha Ntoa ea II ea Lefatše ka Loetse 1939 ha tlisa matšoenyeho a maholo linaheng tse ngata. Leha ho le joalo, Afrika Boroa e bile mokhelo. Liketsahalo tse tšosang tsa lefatše tsa sisinya batho ba bangata ba Afrika Boroa hore ba tsohe boemong ba bona ba ho khotsofala ’me ba bone ho phethahala ha boprofeta ba Bibele. Ka baka la sena, ho bile le khōlo e tsotehang mosebetsing oa ’Muso, ha e-ba le keketseho ea karolo ea 50 lekholong ea baboleli selemong sa tšebeletso sa 1941. Sena sa tena likereke, haholo-holo Kereke e Katholike, e ileng ea qosa Mokhatlo ka hore o kotsi haholo Naheng. ’Muso oa ntša thibelo ea molao libukeng tse ngata tsa Mokhatlo.
Ho e ka bang nakong eo, ’na le mofumahali oeso Anna le bana ba rōna ba babeli, Paul le Anelise, ra etela Nylstroom, moo ke neng ke il’o fana ka puo. Ka sebelisa monyetla oo ho bontša baena mokhoa oa ho fana ka limakasine tsa rōna seterateng. Ka khetha sebaka se neng se le haufi le Ofisi ea Lekhotla ea ’Magistrata. Kapele Sajine oa Maponesa a mpolella hore ke ne ke etsa mosebetsi o thibetsoeng ka molao ’me ke lokela ho fihla Ofising ea Maponesa kapele. Leha ho le joalo, kaha re ne re rerile ho sebetsa hora seterateng, ka ’na ka tsoela pele ka mosebetsi. Konstabole a ntsebisa hore Hlooho ea Maponesa e nkemetse. Empa ha kea ka ka sutha. Konstabole e mong a tla ka tsebiso e tšoanang ’me ha kea ka ka sutha. Ra qeta hora ea rōna ka mosebetsi o motle, ’me ’na le lelapa la ka ra ea phomola lebenkeleng ho phoka tee.
Ha qetellong ke fihla Ofising ea Maponesa, ka botsoa hore na ho etsahetse’ng ka libuka. Ka hlalosa hore li abetsoe batho. Hamorao, maponesa a fihla polasing ea batsoali ba ka moo re neng re fihletse teng ’me a nka limakasine tsohle tseo a neng a li fumana.
Kamorao ho buisana taba le baena ba moo, ra fihla qetellong ea hore re se Iule. Bekeng e latelang re ne re le 30 literateng tsa Nylstroom, ’me e latelang eo ra leba Warmbad likilomethara tse 29 ka boroa. Ho fapana le kamoo re neng re lebelletse kateng, ha ho lea mong oa rōna ea ileng a thibeloa. Hamorao, ho hlōtsoe mathata a maholo, libuka tsohle tse neng li sa thibeloa ka molao li ile tsa khutlisoa.
Ho Lula ‘Re Tiile Matla re sa Sisinyehe’ ho sa Tsotellehe Botsofali
Mofumahali oeso Anna, a ntšehetsa ka botšepehi ho isa lefung la hae ka 1949. Ho tloha ka 1954, ha ke nyala hape, ka thabela tšehetso e tšepahalang ea mosali oa ka ea ratehang Maud. Ha Paul le Anelise ba sa le banyenyane ba ne ba tsamaisana le ’na tšebeletsong ea ’Muso. Bobeli ba bona ea e-ba bo-pula-maliboho ha ba tloha lapeng. Anelise le monna oa hae, Jannie Muller, ba sa ntse ba le tšebeletsong eo. Hamorao Paul a furalla ’nete ’me a phehella thuto ea univesithi, empa o sa tsoa kopanela hape. Litloholo tsa ka tse hlano, ke Lipaki tsa Jehova; tse peli, hammoho le balekane ba tsona, li sebeletsa ka nako e tletseng. Ke khothatsa batsoali ho atamela haufi haholo le bana ba bona ’me ka taeo le ka mohlala, ba ba rute ho rata Jehova le ho mo sebeletsa ka moea ’ohle.—Deuteronoma 6:6, 7.
Lilemong tse 69 tsa tšebeletso tsa puso ea leholimo ke bone keketseho e hlollang. Morao koana ka 1931, sebakeng sa Tšoane ho ne ho e-na le baboleli ba ’Muso ba bahlano. Hona joale ho na le ba fetang 1 500 ba kopanelang le liphutheho tse 26. Thoriso le tlotla li isoa ho Jehova! Hona joale, ke lemo li 86, ’me bophelo bo sa le teng, ke thabela phephetso ea ho fana ka bopaki ba ntlo le ntlo ho fana ka limakasine Molula-Qhooa le Tsoha! seterateng. ’Na le Maud re ikemiselitse ho lula re ‘tiile matla re sa sisinyehe,’ re tšepahala ho Jehova, re rorisa lebitso la hae kamehla le mehla.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Watch Tower Bible and Tract Society.