Ke Fumane Khotsofalo ka ho Sebeletsa Molimo
JOALOKAHA HO BOLETSE JOSHUA THONGOANA
Ka 1942 ke ne ke ferekane haholo. Ke ne ke ithuta lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Masabbatha le tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Joaloka Baiseraele ba boholo-holo, ke ne ke ‘tenyetsehela ka ’nģa tse peli.’—1 Marena 18:21.
MASABBATHA a ne a nthomella lipuo tse hatisitsoeng tse bitsoang “Voice of Prophecy.” Ke ne ke thabela ho araba lipotso tsa bona, ’me ba ntšepisa hore ba tla mpha lengolo le letle haeba ke ne nka pasa litlhahlobo tsa ka kaofela. Empa ka hlokomela hore “Voice of Prophecy” le lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower li tsoa motseng oa Afrika Boroa oa Cape Town. Ka ipotsa: ‘Na mekhatlo ee ea tsebana? Na lithuto tsa eona lia lumellana? Haeba ha ho joalo, ke mang ea nepileng?’
Ho lokisa taba ena, ke ile ka romela mangolo a tšoanang ho mokhatlo ka mong. Ka mohlala, ke ile ka ngolla Mokhatlo oa Watch Tower: “Na le tseba bangoli ba ‘Voice of Prophecy,’ ’me haeba ho joalo, le re’ng ka lithuto tsa bona?” Ka mor’a nako, ke ile ka fumana likarabo tse tsoang lihlopheng tsena ka bobeli. Lengolo le tsoang ho Mokhatlo oa Watch Tower le ne le bolela hore ba tseba “Voice of Prophecy” empa ba hlalosa hore lithuto tsa eona, tse kang Boraro-bo-bong le ho khutlela ha Kreste lefatšeng ka ’mele oa nama, ha se tsa mangolo. Lengolo la bona le ne le na le mangolo a hanyetsang lithuto tsena.—Johanne 14:19, 28.
Karabo e tsoang ho “Voice of Prophecy” e ne e bolela feela hore ba tseba “batho ba Watch Tower,” empa ha ba lumellane le lithuto tsa bona. Ha ho mabaka a neng a fanoe. Kahoo ka khetha Mokhatlo oa Watch Tower, oo e leng sesebelisoa sa molao sa Lipaki tsa Jehova. Kajeno, ka mor’a lilemo tse 50 ke kopanela le Lipaki, ke thabile haholo hore ebe ke ile ka etsa qeto eo e nepahetseng!
Semelo sa Bolumeli
Ke hlahetse sebakeng sa mahaeng se bitsoang Makanye ka 1912, ka bochabela ho toropo ea Afrika Boroa ea Pietersburg. Ka nako eo Makanye e ne e le tlas’a taolo ea bolumeli ba Kereke ea Chache, kahoo ke ile ka ba setho sa kereke eo. Ha ke ne ke le lilemo li leshome, lelapa leso le ile la fallela sebakeng se laoloang ke ’Mishone oa Kereke ea Lutere ea Berlin, ’me batsoali ba ka ba ile ba kena kereke eo. Kapele ke ile ka tšoanelehela ho kopanela tšebeletsong ea ’Misa ho ja bohobe le ho noa veine, empa sena ha sea ka sa khotsofatsa litlhoko tsa ka tsa moea.
Ka mor’a lilemo tse robeli tsa ho kena sekolo, ntate a nkisa Setsing sa Koetliso sa Kilnerton, ’me ka 1935, ke ile ka amohela Lengolo la Botichere la Selemo sa Boraro. E mong oa matichere ao ke neng ke sebetsa le ’ona e ne e le moroetsana ea bitsoang Caroline. Re ile ra nyalana, ’me hamorao Caroline a beleha ngoana oa ngoanana eo re ileng ra mo reha Damaris. Lilemo tse seng kae hamorao, ke ile ka ba mosuoe-hlooho oa Sekolo sa Sehlale motseng oa mahaeng oa Mamatsha. Kaha sekolo sena se ne se le tlas’a taolo ea Kereke ea Dutch Reformed, re ile ra kena kereke eo, re kopanela litšebeletsong tsa eona ka mehla. Re ne re etsa sena hobane e ne e le ntho e tloaelehileng, empa ha sea ka sa ntlisetsa khotsofalo.
Nako ea Phetoho
Ka Sontaha se seng ka 1942, re ne re ikoetlisetsa ho bina lifela kerekeng ha mohlankana oa lekhooa a hlaha monyako a tšoere libuka tse tharo tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower—Creation, Vindication, le Preparation. Ke ile ka nahana hore libuka tsena li tla shebahala hantle laebraring ea ka, kahoo ka li amohela ka li lefella sheleng tse tharo. Hamorao ke ile ka hlokomela hore mohlankana eo, Tienie Bezuidenhout, e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, e ne e le eena feela sebakeng seo. Leetong la Tienie le latelang, a tlisa kramafono a letsa lipuo tsa Judge Rutherford. Ke ile ka thabela e ’ngoe e reng: “Snare and Racket,” haholo empa Caroline le khaitseli ea ka Priscilla, ea neng a lula le rōna, ba ne ba sa e thabele. Leetong la boraro la Tienie, o ile a mpha kramafono e le hore nka letsetsa metsoalle lirekoto.
Ka letsatsi le leng ke ile ka sheba ho pholletsa le maqephe a buka ena ea Creation ’me ka bona khaolo eo sehlooho sa eona se reng “Where are the Dead?” Ke ile ka qala ho se bala ka tšepo ea ho ithuta ka thabo eo liphefumolohi tse leng leholimong li nang le eona. Empa ho fapana le litebello tsa ka, buka ena ea bontša hore bafu ba mabitleng ’me ha ba tsebe letho. Litemana tse tsoang Bibeleng, tse kang Moeklesia 9:5, 10, li ne li qotsitsoe bakeng sa ho tšehetsa taba ena. Khaolo e ’ngoe e ne e na le sehlooho se reng: “Awakening the Dead,” ’me Johanne 5:28, 29 e ne e bontšitsoe joaloka bopaki ba hore bafu ha ba tsebe letho ’me ba emetse tsoho. Sena se ne se utloahala. Se ne se khotsofatsa.
Ke nakong eo, ka 1942, moo ke ileng ka khaola kamano ea ka le “Voice of Prophecy” ’me ka qala ho bolella ba bang ka lintho tseo ke neng ke ithuta tsona libukeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Motho oa pele ea ileng a arabela ke motsoalle oa ka, Judah Letsoalo, eo e neng e le seithuti-’moho le ’na Setsing sa Koetliso sa Kilnerton.
’Na le Judah re ne re tsamaea ka libaesekele sebaka sa lik’hilomithara tse 51 re ea kopanong ea Lipaki tsa Maafrika Pietersburg. Ka mor’a moo, metsoalle ea rōna ea Pietersburg e ne e atisa ho tla Mamatsha bakeng sa ho nthusa ho fana ka molaetsa oa ’Muso ho baahelani ba ka. Qetellong, kopanong e ’ngoe e neng e tšoaretsoe Pietersburg, ka December 1944, ke ile ka kolobetsoa e le pontšo ea boinehelo ba ka ho Jehova.
Lelapa la ka le ba Bang Baa Arabela
Caroline, Priscilla, le morali oa ka Damaris ba ile ba tsoela pele ho ea Kerekeng ea Dutch Reformed. Eaba ho hlaha tlokotsi. Caroline a beleha ngoana oa bobeli—ngoana oa moshemane ea neng a bonahala a phetse hantle eo re ileng ra mo reha Samuel. Empa ka tšohanyetso a kula a ba a shoa. Metsoalle ea Caroline eo a neng a kena kereke le eona ea se ke ea mo tšelisa, ea bolela hore Molimo o ne a batla mora oa rōna hore a e’o ba le eena leholimong. Ka baka la ho tšoenyeha, Caroline a tsoela pele ho botsa: “Ke hobane’ng ha Molimo a nka mora oa rōna?”
Ha Lipaki tsa Pietersburg li utloa hore re hlahetsoe ke tlokotsi, li ile tsa tla ’me tsa re tlisetsa matšeliso a sebele a theiloeng Lentsoeng la Molimo. Hamorao Caroline o ile a re: “Seo Bibele e se buang ka sesosa sa lefu, ka boemo ba bafu, le ka tšepo ea tsoho se ne se utloahala, ’me ka tšeliseha haholo. Ke ne ke batla ho ba lefatšeng le lecha le ho amohela mora oa rōna hape ha a tsoa lebitleng.”
Caroline o ile a khaotsa ho ea kerekeng, ’me ka 1946 eena, Priscilla le Judah ba ile ba kolobetsoa. Kapele ka mor’a ho kolobetsoa, Judah o ile a tsamaea ka morero oa ho qalisa mosebetsi oa ho bolela sebakeng sa mahaeng se bitsoang Mamahlola ’me o ile a lula a tšepahola ho fihlela ha a shoa ka 1991.
Ha Judah a tsamaea, e ne e le ’na feela motho e motona ea setseng bakeng sa ho hlokomela phutheho ea rōna, e ileng ea bitsoa Boyne. Eaba Gracely Mahlatji o fallela tšimong ea rōna, ’me qetellong a nyala Priscilla. Beke e ’ngoe le e ’ngoe, ’na le Gracely re ne re fapanyetsana ka ho nehelana ka lipuo tsa phatlalatsa ka Sepedi, e leng puo ea Seafrika e sebelisoang sebakeng seo. Bakeng sa ho etsa hore lingoliloeng tsa Bibele li fumanoe ke batho bohle, Mokhatlo o ile oa nkōpa hore ke fetolele lingoliloeng ka puo ea Sepedi. Ho bona ha batho ba rua molemo ho lingoliloeng tsena ha ntlisetsa khotsofalo e khōlō.
Bakeng sa ho ntlafatsa letšolo la rōna la ho mema batho hore ba tle sebokeng sa phatlalatsa, re ile ra reka kramafono e nang le sebuela-hōle se seholo e le hore re ka letsa lipuo tsa Bibele ho pholletsa le tšimo ea rōna. Re ile ra alima kariki e huloang ke litonki e le hore re ka nka thepa ena e boima ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng. Ka baka leo, baahelani ba rōna ba re reha lebitso le somang “Batho ba Kereke ea Tonki.”
Ka nako eo phutheho ea rōna e nyenyane ea tsoela pele ho hōla. Qetellong, bo-khaitseli ba babeli ba baholoanyane le banna ba bona e bile Lipaki ’me ba ile ba lula ba tšepahetse ho fihlela lefung la bona. Hape, ba bangata ba tsoang phuthehong ea Boyne (eo hona joale e bitsoang Mphogodiba) ba ile ba nka mosebetsi oa ho bolela evangeli ka nako e tletseng, ’me ba bangata ba ntse ba le tšebeletsong eo. Hona joale, ho na le liphutheho tse peli sebakeng sena se seholo sa metse ea mahaeng e qalikaneng, ’me kakaretso ea bahoeletsi ba fetang 70 ba mafolo-folo mosebetsing oa ho bolela.
Mosebetsi o Mocha
Ka 1949, ke ile ka emisa ho ruta sekolong ’me ka ba mosebeletsi oa pula-maliboho ea ka mehla. Kabelo ea ka ea pele e bile ho etela basebetsi ba batho ba batšo mapolasing a makhooa a pota-potileng Vaalwater Transvaal. Beng ba mapolasi ba bang ba ne ba tšehetsa leano le neng le sa tsoa sebelisoa la apartheid ’me ba ne ba ikemiselitse ho etsa hore batho ba batšo ba hlokomele seo ho hakanngoang hore ke boemo ba bona bo tlaase ha bo bapisoa le ba makhooa ’me ba lokela ho sebeletsa benghali ba bona ba basoeu. Kahoo ha ke ne ke pakela basebetsi ba batho ba batšo, makhooa a mang ka phoso a ne a na le maikutlo a hore ke ’moleli ea ba khothaletsang hore ba se ikokobeletse molao. Ba bang ba ne ba bile ba nqosa ka hore ke Lekomonisi ’me ba ntšosa ka hore ba tla nthunya.
Ke ile ka tlalehela ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower, ’me kapele ka isoa kabelong e ’ngoe sebakeng sa mahaeng se bitsoang Duiwelskloof. Hoo e ka bang ka nako ena mosali oa ka le eena o ile a tlohela mosebetsi oa hae oa botichere ’me a sebetsa le ’na tšebeletsong ea bopula-maliboho. Motšehare oa mantsiboea a mang ka 1950, ha re khutla tšebeletsong ea tšimo ra fumana emfolopo e khōlō e tsoang ho Mokhatlo. Ra makala ha re fumana hore e na le memo eo ke e etsetsoang ea ho koetlisetsoa ho ba molebeli ea tsamaeang. Ka lilemo tse tharo re ile ra etela liphutheho tsa Afrika Boroa, ’me ka 1953 ra fuoa kabelo Lesotho, naha e pota-potiloeng ke metsi a hloekileng e bohareng ba Afrika e ka Boroa.
Tšebeletso Lesotho le Botswana
Ha re ne re qala ho sebeletsa Lesotho, ho ne ho na le litaba tsa bo-ba-re tsa hore hangata melata e ne e le bahlaseluoa ba liretlo. ’Na le mosali oa ka re ne re amehile, empa lerato la baena ba rōna ba Basotho le ho amohela ha bona baeti ka mofuthu kapele tsa re thusa ho lebala tšabo e joalo.
Ha ke sebeletsa liphutheho tse Lithabeng tsa Maluti a Lesotho, ke ne ke palama sefofane, ke siea mosali oa ka mabalane moo a neng a tsoela pele ka tšebeletso ea bopula-maliboho ho fihlela ke khutla. Ka mosa metsoalle e ne e mphelehetsa ho tloha phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ho nthusa hore ke se ke ka lahleha lithabeng.
Ka lekhetlo le leng ke ile ka bolelloa hore e le hore re ka fihla phuthehong e latelang, re tlameha ho tšela Nōka ea Senqu re palame pere. Ke ile ka tiisetsoa hore pere ea ka e bonolo empa ka hlokomelisoa hore ha metsi a ba matla haholo, hangata lipere li leka ho itlhohlolla moroalo oa tsona. Ke ne ke tšoenyehile hobane ke ne ke sa tsebe ho palama pere ke bile ke sa tsebe ho sesa. Kapele re ne re le ka nōkeng, ’me metsi a phahama ho ea fihla lisaleng. Ke ne ke tšohile haholo hoo ke ileng ka tlohela litomo ’me ka itšoarella moetseng oa pere. E bile tokoloho e kaakang ha re fihla ka nģane re sireletsehile!
Bosiung boo ke ne ke sitoa ho robala ka baka la ’mele o neng o le bohloko ka baka la ho palama pere. Empa ketelo ena e ne tšoaneloa ke bohloko bohle hobane metsoalle e ile ea bontša kananelo e khōlō bakeng sa ketelo. Ha ke ne ke qala mosebetsi oa potoloho Lesotho, ho ne ho na le tlhōrō ea bahoeletsi ba 113. Kajeno, lenane leo le nyolohetse ho 1 649.
Ka 1956 kabelo ea rōna ea ho bolela ea fetoleloa Bechuanaland e Tlas’a Tšireletso ea Naha e ’Ngoe, eo hona joale e bitsoang Botswana. Botswana ke naha e khōlōanyane, ’me libaka tse telele haholoanyane li ne li lokela ho koaheloa bakeng sa ho finyella bahoeletsi bohle. Re ne re tsamaea ka terene kapa ka teraka e bulehileng. E ne e se na litulo, kahoo re ne re lokela ho lula fatše le thoto ea rōna. Hangata re ne re fihla moo re eang re tletse lerōle re bile re khathetse. Hangata baena ba rōna ba Bakreste ba ne ba re amohela, ’me lifahleho tsa bona tse thabileng li re khatholla.
Ka nako eo, lingoliloeng tsa Mokhatlo li ne li thibetsoe ka molao Botswana, kahoo boboleli ba rōna ba ka ntlo le ntlo bo ne bo etsoa ka hloko, re sa sebelise lingoliloeng tsa Mokhatlo. Ka lekhetlo le leng re ile ra tšoaroa re sebetsa pel’a motse oa Maphashalala. Bakeng sa ho itšireletsa re ile ra bala Bibele, re bua ka thōmo ea rōna joalokaha e tlalehiloe ho Mattheu 28:19, 20. Le hoja babuelli ba molao ba bang ba ne ba khahluoe, morena a laela hore Lipaki tsa sebakeng seo li shapuoe. Re ile ra makala ha moruti a kōpa morena hore a nolofale ’me a re tšoarele. Morena o ile a sebetsa tumellanong le kōpo eo, ’me ra lokolloa.
Ho sa tsotellehe mahloriso le thibelo ea molao ea lingoliloeng tsa rōna, mosebetsi oa ’Muso oa ’na oa tsoela pele. Ha ke fihla Botswana, ho ne ho na le tlhōrō ea bahoeletsi ba 154. Lilemo tse tharo hamorao ha thibelo e tlosoa, palo eo e ne e nyolohetse ho 192. Kajeno, ho na le Lipaki tsa Jehova tse 777 tse bolelang naheng eo.
Ho Ruta le ho Fetolela
Ka mor’a nako, ke ile ka sebelisoa bakeng sa ho koetlisa Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso sa baholo ba Bakreste. Hamorao ka thabela tokelo ea ho koetlisa Sekolong sa Tšebeletso sa Bo-pula-maliboho. ’Na le mosali oa ka re ile ra sebetsa le lekaleng la Afrika Boroa ka linako tse itseng. Linakong tseo ke ne ke thusa ka ho etsa mosebetsi oa ho fetolela, ’me Caroline o ne a sebetsa kichineng.
Ka letsatsi le leng ka 1969, molebeli oa lekala, Frans Muller, o ile a nkatamela ’me a re: “Moena Thongoana, ke rata ho le bona uena le mosali oa hao ka ofising ea ka.” O ile a hlalosa hore re khethiloe ho ba ba bang ba baeti Kopanong ea London ea 1969 ea “Khotso Lefatšeng.” Re ile ra thabela kamohelo e mofuthu e etsoang ka lerato ea baena ba rōna ba Engelane le Scotland, ’me ea eketsa kananelo ea rōna bakeng sa boena ba lefatše lohle haholo.
Ka lilemo tse mashome a mane tse fetileng, Caroline e bile molekane ea tšepahalang mosebetsing oa rōna re le baboleli ba evangeli ba nako e tletseng. Re ile ra arolelana linako tse ngata tsa thabo le tse seng kae tsa masoabi hammoho. Le hoja bana ba rōna ba babeli ba shoele, morali oa rōna, Damaris, o ile a hōla ho fihlela e e-ba Paki ’me le eena a kopanela mosebetsing oa ho fetolela lekaleng la Afrika Boroa.
Bophelo ba rōna ha bo sa re lumella ho kopanela mosebetsing oa potoloho, kahoo ka lilemo tse seng kae tse fetileng, re bile bo-pula-maliboho ba khethehileng phuthehong ea Seshego, motseng oa Maafrika o pel’a Pietersburg. Ke sebeletsa joaloka molebeli ea okamelang. Bibele e bontša hore “ho nyakalla ho fellang ka khotsofalo ho sefahlehong sa [Jehova],” ’me ka sebele ke fumane nyakallo le khotsofalo ka ho sebeletsa Molimo Afrika e ka boroa.—Pesaleme ea 16:11, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho paka motseng oa Seshego, Afrika Boroa