Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 12/1 leq. 8
  • “U Letselitse Nomorong Esele”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “U Letselitse Nomorong Esele”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Fumane Khotsofalo ka ho Sebeletsa Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Le ’ne le Jale Peō—Jehova o Tla e Melisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Tsela ea ho Hlōla ho se Itšepe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
  • Ke Lokela ho Etsa’ng Haeba Motsoalle a Kena Khathatsong?
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 12/1 leq. 8

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

“U Letselitse Nomorong Esele”

MOTSENG oa Johannesburg, Afrika Boroa, Leslie le Caroline ba ne ba ntse ba fapanyetsana ka ho fana ka bopaki ba founela batho ba lulang mohahong oa batho ba hōlileng o sa keneheng habonolo. Ba ile ba fumana batho ba seng bakae ba le teng malapeng ’me ba ne ba sa thahaselle molaetsa oa bona oa Bokreste hakaalo, kahoo Caroline o ile a khothala ha mofumahali e mong a arabela.

Caroline o ile a botsa: “Na ekaba ke Mofumahali B—?”

Ka lentsoe le botsoalle, motho eo a re: “Che, ke Mofumahali G—. U letselitse nomorong esele.”

Ha a hlokomela tsela e mofuthu eo lentsoe leo le arabetseng ka eona, Caroline o ile a re: “Ha ho le joalo, ke kōpa ho u hlalosetsa seo ke neng ke batla ho se bolella Mofumahali B—.” O ile a qala ho bua ka litlhohonolofatso tsa ’Muso o tlang oa Molimo. Ka mor’a hore ba etse litokisetso tsa hore a mo tlisetse bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna?, Mofumahali G— o ile a botsa: “Ak’u mpolelle, u setho sa bolumeli bofe?”

Caroline o ile a araba: “Re Lipaki tsa Jehova.”

“Che, eseng bolumeli boo! Ha ke batle ho teana le uena.”

Caroline o ile a ipiletsa ka ho re: “Empa Mofumahali G—, metsotsong e 20 e fetileng, ke arolelane le uena tšepo e hlollang ka ho fetisisa, ka ba ka u bontša ho tsoa ka Bibeleng seo ’Muso oa Molimo o tla se etsetsa moloko oa batho haufinyane. U ne u thabile haholo ha u utloa lintho tsena—u tletse thahasello—ebile u batla ho ithuta ho eketsehileng. Ha e le hantle ke eng seo u se tsebang ka Lipaki tsa Jehova? Haeba u ne u kula, na u ne u ka ea ho mak’henike? Ke hobane’ng ha u sa mphe monyetla hore ke u bolelle seo Lipaki tsa Jehova li se lumelang?”

Ka mor’a ho khutsa ka nakoana karabo e ile ea re: “Mohlomong u nepile. Ho molemo hore u tle. Empa u lule u ntse u tseba hore u ke ke ua ntšokolla!”

Caroline o ile a re: “Mofumahali G—, le ka mohla nke ke ka khona ho u sokolla le haeba ke ne ke batla. Ke Jehova feela ea ka etsang joalo.”

Leeto la ho tlisa bukana le ile la tsamaea hantle, ’me Mofumahali G— (Betty) o ile a lumela hore a khutle hape. Ha Caroline a khutlela ho eena, Betty o ile a mo bolella hore o boleletse mafumahali a lulang le eena tafoleng hore o buisana le Lipaki tsa Jehova. A ile a akha matsoho ’me a botsa a re: “U ka etsa joalo joang? Batho bano ha ba lumele le ho Jesu!”

Kapele-pele Caroline o ile a hopotsa Betty ntlha ea sehlooho eo ba buisaneng ka eona moqoqong oa bona o fetileng e mabapi le ’Muso oa Molimo.

Caroline o ile a botsa a re: “Morena e tla ba mang?”

Betty o ile a arabela a re: “Ho hlakile hore e tla ba Jesu.”

Caroline o ile a re: “Ke ’nete.” Eaba o tsoela pele ho hlalosa hore Lipaki tsa Jehova li lumela hore Jesu ke Mor’a Molimo, empa ha a lekane le Molimo e le karolo ea Boraro-bo-bong.—Mareka 13:32; Luka 22:42; Johanne 14:28.

Ka mor’a hore a mo etele ka makhetlo a ’maloa, ho ile ha totobala hore le hoja a ne a e-na le boikutlo bo nepahetseng, le moea o thabileng, Betty o ne a fokolloa ke bophelo. Ha e le hantle, o ne a tšoeroe ke kankere ebile a tšaba ho shoa. O ile a re: “Ke lakatsa eka nka be ke ile ka utloa lintho tsena lilemong tse fetileng ’me ka ba le tumelo e kang ea lōna.” Caroline o ile a mo tšelisa ka ho mo bontša mangolo a hlalosang lefu e le boroko bo tebileng boo motho a ka phaphamang ho bona tsohong ea bafu. (Johanne 11:11, 25) Betty o ile a khothala haholo ha a utloa sena, ’me hona joale o se a e-ba le thuto ea Bibele ea kamehla. Ho fokolloa ha hae ke bophelo ke hona feela ho ’nileng ha mo thibela ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso.

Caroline o re: “Ho totobetse ho ’na hore mangeloi a tataisa mosebetsi ona. Ke fumane Betty ka mor’a hore ke ‘letsetse nomorong esele,’ ’me ak’u nahane feela, o lilemo li 89!”—Tšenolo 14:6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela