Tšepo—Tšireletso ea Bohlokoa Lefatšeng le Hlokang Tšepo
Moshanyana e mong oa Korea o ne a batla ho thusa ’mè oa hae ho kholisa seithuti sa koleche kamoo ho leng bohlokoa ka teng ho ba le tšepo bakeng sa bokamoso. A hopola papiso eo a neng a e utloile sebokeng sa Bokreste, o ile a botsa seithuti hore na se ka mo thusa ho hlalosa selotho. Se ile sa lumela. A re: “Ho ne ho e-na le malapa a mabeli. Bobeli ba ’ona a ne a futsanehile haholo. Pula e ne e e-na ka matla, ’me marulelo a matlo ao ka bobeli a ne a nela. Lelapa le leng le ne le soabile haholo, ’me le ne le koma-koma haholo ke ho nela. Empa lelapa le leng le ne le thabile le bile le nyakaletse ha le ntse le lapella marulelo a lona. Hobane’ng ho na le phapang e khōlō hakaale pakeng tsa malapa aa a mabeli?” A qakehile, mosatsana eo o ile a arabela ka hore ha a tsebe. Moshanyana o ile a re: “Koana, lelapa la bobeli le ne le thabile hobane le ne le sa tsoa amohela tsebiso e tsoang pusong ea motse hore le tla fuoa ntlo e ncha. Ka hona le ne le na le tšepo. Phapang e ne e le eona eo!”
SELOTHO sa moshanyana eo se bontša ’nete e bonolo: Tšepo e fetola tsela eo re ikutloang ka eona ka bophelo, hangata ho sa tsotellehe maemo a rōna. Joaloka malapa a mabeli ao a a hlalositseng, bongata ba rōna re tlameha ho tiisetsa liteko bophelong—mathata a bophelo, matšoenyeho a lichelete, likhatello tsa lelapa, tlōlo ea molao, le liteko le litlhekefetso tse ling tse ngata. Hangata, re ke ke ra etsa hore mathata a joalo a re balehele joalokaha re ke ke ra laela sefefo ho tloha tikolohong ea rōna. Ka hona re ka ’na ra ikutloa re ferekane, re selebaletsoe—ka bokhutšoanyane, re tsielehile. Ho mpefatsa litaba, mohlomong kerekeng re rutiloe hore bokamoso bo lerootho bakeng sa baetsalibe ba bangata, hore bo ka ’na ba kopanyeletsa ho otloa ka ho sa feleng.
Ho ’nile ha boleloa hore lisosa tsa ho tepella ke ho tsieleha le ho hloka tšepo. Empa ha e le hantle re ka khona ho tlosa se seng sa lisosa tseo; ha ho lea mong oa rōna ea tlamehang ho hloka tšepo. ’Me tšepo ka boeona e ka ba sebetsa se molemohali ho thibela sesosa se seng, e leng maikutlo a ho tsieleha. Haeba re e-na le tšepo, re ka ’na ra tiisetsa liteko tsa bophelo re e-na le khutso le khotsofalo e itseng ho e-na le ho tsoela pele re loana le litsietsi tse hlokisang tšepo. E, tšepo ke tšireletso ea bohlokoa.
Na u belaella polelo eo? Na tšepo e matla haholo hoo e ka etsang phapang e khōlō hakaalo? ’Me na tšepo ea sebele ea fumaneha bakeng sa e mong le e mong oa rōna?
Joaloka Heleme
Lefapha la meriana le se le qalile ho hlokomela matla a hlollang a tšepo. Lehlatsipa la Polao e Sehlōhō ea Manazi, setsebi se sebetsanang ka ho khetheha le khatello Ngaka Shlomo Breznitz, o boletse hore tabeng ea mathata a mangata a bophelo, “khatello e tsoa tlhalosong ea rōna ka boima ba ’ona, eseng mathata ka booona. Tšepo e fokotsa boima ba ’ona.” Sehlooho se seng ho The Journal of the American Medical Association se ile sa tiisa hore tšepo ke “moriana o matla.” Makasine oa American Health o tlalehile: “Ho na le mehlala e mengata ea bakuli, haholo-holo bakuli ba kankere, bao ka tšohanyetso boemo ba bona bo mpefalang ha ntho e itseng e etsa hore ba hloke tšepo—kapa bao ka tšohanyetso ba ntlafalang ha ba fumana ho hong hoo ba ka ho phelelang.”—Bapisa le Liproverbia 17:22.
Ka nako e telele liithuti tsa Bibele li tsebile bohlokoa ba tšepo. Ho 1 Ba-Thessalonika 5:8 (NW), moapostola Pauluse o khothalelitse Bakreste hore: “A re ipolokeng re hlaphohetsoe likelellong ’me re roale . . . joaloka heleme tšepo ea poloko.” Ke joang “tšepo ea poloko” e leng joaloka heleme?
Nahana ka seo heleme e se etsang. Lesole la mehleng ea Bibele le ne le roala heleme ea koporo kapa tšepe, ebe e khoesoa holim’a katiba ea boea kapa ea letlalo. Heleme ena e ne e sireletsa hlooho ea lona metsung e fofang sebakeng, likotong tse tsokoang, le lisaboleng tse bohale tsa ntoa. Ka hona, ho ka etsahala hore ke masole a ’maloa a neng a tsila-tsila ho roala heleme haeba a e-na le eona. Leha ho le joalo, ho roala heleme ho ne ho sa bolele hore lesole le ne le ke ke la hlōloa kapa hore le ne le ke ke la utloa letho ha le otloa hloohong; ho fapana le hoo, heleme e ne e mpa feela e tiisa hore leha e le eng e otlang e kuba ka holimo feela ho e-na le ho hlahisa kotsi e bolaeang.
Joalokaha heleme e sireletsa hlooho, ka ho tšoanang tšepo e sireletsa kelello. Tšepo e ka ’na ea se re bebofaletse ho qhelela litsietsi le litšitiso ka thōko joalokaha eka hase letho. Empa tšepo e fokotsa litlhaselo tse joalo ’me e re thusa ho tiisa hore ha li ntše kotsi bophelo ba rōna ba kelello, maikutlo, kapa ba moea.
Ka ho totobetseng monna ea tšepahalang Abrahama o ile a roala heleme ena ea tšoantšetso. Jehova o ile a mo kōpa ho etsa sehlabelo ka mor’a hae ea ratoang, Isaaka. (Genese 22:1, 2) Ho ka be ho bile bobebe hakaakang ho Abrahama ho tepella ka ho hloka tšepo, boikutlo bo ka beng bo mo khannetse hore a se utloe Molimo. Ke eng se sirelelitseng monahano oa hae maikutlong a joalo? Tšepo e phethile karolo ea bohlokoa. Ho latela Ba-Heberu 11:19, o ile “a lekanya hoba Molimo o ka tseba ho tsosa [Isaaka] bafung.” Ka ho tšoanang, tšepo ea Jobo tsohong e mo thusitse ho sireletsa monahano oa hae bohlokong bo ka beng bo mo khannetse ho rohakeng Molimo. (Jobo 2:9, 10; 14:13-15) Jesu Kreste, a tobane le lefu le utloisang bohloko, o ile a fumana matla le matšeliso tšepong ea hae e thabisang bakeng sa nako e tlang. (Ba-Heberu 12:2) Ho kholiseha hore Molimo le ka mohla a ke ke a etsa phoso, hore le ka mohla a ke ke a hlōleha ho phethahatsa lentsoe la hae, ke motheo bakeng sa tšepo ea ’nete.—Ba-Heberu 11:1.
Motheo Bakeng sa Tšepo ea Sebele
Joaloka tumelo, tšepo ea sebele e thehiloe tabeng e tiileng, tabeng ea sebele, ’neteng. Hona ho ka ’na ha makatsa ba bang. Joalokaha sengoli se seng se boletse, “ho bonahala batho ba bangata ba nahana hore tšepo e mpa feela e le mokhoa o bothoto oa ho latola ’nete.” Leha ho le joalo, tšepo ea ’nete hase feela ho ea le khongoana holimo, tumelo e se nang thuso ea hore re tla fumana eng kapa eng eo re e batlang kapa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane e tla itsamaela hantle. Lintho tsa sebele li felisa litoro tse joalo tse monate.—Moeklesia 9:11.
Tšepo ea sebele e fapane. E tsoa tsebong, eseng likhopolo-tabeng. Nahana ka lelapa la bobeli selothong se boletsoeng qalong. Ke tšepo efe eo le neng le tla ba le eona haeba ’muso oa lona o ne o tumme hampe ka ho koenehela litšepiso tsa oona? Ho e-na le hoo, tšepiso ho kopanyeletsa le bopaki ba ho tšepahala ha eona li ne li ka neha lelapa leo motheo o tiileng bakeng sa tšepo.
Ka ho tšoanang, Lipaki tsa Jehova kajeno li na le tšepo e amanang haufi-ufi le puso—’Muso oa Molimo. ’Muso ona ke sehlooho sa molaetsa oa Bibele. Ka lilemo tse likete e ’nile ea e-ba mohloli oa tšepo ho basali le banna, ba kang Abrahama. (Ba-Heberu 11:10) Molimo o tšepisa hore ka ’Muso oa hae, o tla felisa tsamaiso ena e silafetseng ea khale ea lefatše ’me a tlise e ncha. (Ba-Roma 8:20-22; 2 Petrose 3:13) Tšepo ena ea ’Muso ke ea sebele, eseng toro. Mohloli oa eona—Jehova Molimo, Morena ’Musi oa bokahohle—ke ea ke keng a qosoa, ha re sa feteletse litaba. Re hloka feela ho hlahloba pōpo ea Molimo e bonahalang ho bona hore o teng le hore o na le matla a maholo a ho phethahatsa litšepiso tsohle tsa hae. (Ba-Roma 1:20) Re hloka feela ho hlahlobisisa tlaleho ea litšebelisano tsa hae le moloko oa motho ho bona hore lentsoe la hae le ka mohla le ke ke la hlōleha ho phethahatsoa.—Esaia 55:11.
Leha ho le joalo, ka masoabi, ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste ba lebetse tšepo ea ’nete. Seithuti sa bolumeli Paul Tillich se boletse tjena thutong ea bolumeli e sa tsoa phatlalatsoa: “Bakreste [ba pele] ba ile ba ithuta ho letela bofelo. Empa butle-butle ba ile ba khaotsa ho leta. . . . Tebello bakeng sa boemo bo bocha ba lintho lefatšeng e ile ea fokola, le hoja motho a ne a bo rapella Thapelong e ’ngoe le e ’ngoe ea Morena—Thato ea hao e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong!”
Ke tlokotsi e kaakang! Batho ba limillione, esita le ba likete tsa limillione, ba hlokang tšepo ka matla ha ba na eona, empa ba ka e fumana habonolo hona Libibeleng tsa bona. Bona litholoana tse tšosang! Ntle ho tšepo e tiileng e sireletsang likelello tsa bona, na ke ho makatsang hore ebe ho hloka tšepo, “boemo bo sa amoheleheng ba kelello” ho khannetse ba bangata hakaale ho silafatsa lefatše ka boitšoaro bo bobe bo atileng le pefo? (Ba-Roma 1:28, NW) Ho bohlokoa hore le ka mohla re se ke ra oela lerabeng le tšoanang. Ho e-na le ho lahla heleme ea tšepo, ho hlokahala hore ka mehla re e tiise.
Kamoo U ka Hahang Tšepo ea Hao ka Teng
Tsela e molemohali ea ho haha tšepo ke ho ela hloko mohloli oa eona, Jehova Molimo. Ithute Lentsoe la hae, Bibele, ka khothalo. Ba-Roma 15:4 e re: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta, hore, ka ho mamella le ka ho tšelisoa ke Mangolo, re tle re be le tšepo.”
Ho feta moo, re lokela ho tiisa hore tšepo ea rōna bakeng sa bokamoso hase feela khopolo-taba e lerootho. Ho hlokahala re e etse ntho ea sebele likelellong tsa rōna. Na u na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng? Na u ka rata ho kopana le baratuoa ba hao ba shoeleng ha ba tsosetsoa lefatšeng? Haeba ho joalo, na u ipona u se u le moo ka nako eo? Ka mohlala, Esaia 65:21, 22 e bua ka e mong le e mong a ikahela ntlo ea hae ’me joale a lula ho eona. Na u ka tutubala ’me oa ipona u sebetsa marulelong a ntlo ea hao e ncha, u otlella karolo ea ho qetela ea marulelo? Nahana feela u lekola liphello tsa mosebetsi oo u o rerileng le ho o etsa. Melumo e thabisang ea kaho e khutsitse; u hlahloba jarete ha meriti ea mantsiboea e e koahela. Moea o pholileng o etsa hore lifate li sisinyehe butle ’me o u pholisa mochesong oa mosebetsi oa hao. Ho tšeha ha bana, ho kopane le pina ea linonyana, ho fihla litsebeng tsa hao. Moqoqo oa baratuoa ba hao o phahama ho tsoa ka tlung.
Ho ba le pono ea nako e thabisang joalo hase khopolo ea lefeela; ho fapana le hoo, ke ho thuisa ka boprofeta boo joang kapa joang bo tlang ho phethahatsoa. (2 Ba-Korinthe 4:18) Ha tebello eo e le ea sebele haholoanyane ho uena, tšepo ea hao e tla matlafala haholoanyane ea hore u tla ba moo. Tšepo e joalo e tiileng, ea sebele e tla u sireletsa boikutlong ba ho “hlajoa ke lihlong ka litaba tse molemo,” bo neng bo ka ’na ba u etsa hore u qobe kabelo ea ho e arolelana le ba bang. (Ba-Roma 1:16, NW) Ka ho fapaneng, u tla batla ho ‘ithorisetsa tšepong’ joalokaha moapostola Pauluse a entse, ka ho e arolelana le ba bang ka kholiseho.—Ba-Heberu 3:6, NW.
Ho na le ho fanang ka tšepo ho feta bokamoso bo sa feleng. Ho boetse ho na le mehloli ea tšepo hona joale. Joang? Monna oa Moroma eo e leng setsebi litabeng tsa puso oa lekholong la bohlano la lilemo C.E. ea bitsoang Cassiodorus o itse: “Ea hlokomelang molemo o seng o etsahetse o fumana tšepo melemong ea nako e tlang.” Ke mantsoe a bohlale hakaakang! Haeba re sa ananele mahlohonolo a hona joale re tla fumana matšeliso a mahlohonolo a nako e tlang joang?
Thapelo le eona e haha tšepo hona joale. Ntle le ho rapella bokamoso ba nako e telele, re lokela ho rapella litlhoko tsa rōna tsa hona joale. Re ka ’na ra tšepa ’me ra rapella likamano tse ntlafetseng le litho tsa lelapa le Bakreste-’moho, ra rapella lijo tse latelang tsa moea, esita le hore litlhoko tsa rōna tsa nama li khotsofatsoe. (Pesaleme ea 25:4; Mattheu 6:11) Ho beha tšepo e joalo matsohong a Jehova ho tla re thusa ho tiisetsa letsatsi le letsatsi. (Pesaleme ea 55:22) Ha re tiisetsa, ka ho tšoanang tiisetso ea rōna ka boeona e tla matlafatsa heleme ea tšepo.—Ba-Roma 5:3-5.
Ho ba le Pono e Nang le Tšepo ka Batho
Ho ba le monahano o fosahetseng ho tšoana le mafome helemeng ea tšepo. Hoa senya, ’me butle-butle, ho ka etsa hore heleme e be e se nang thuso. Na u ithutile ho hlokomela monahano o fosahetseng le ho o loantša? U se ke oa thetsoa ke khopolo e fosahetseng ea hore boikutlo ba ho belaella ba bang, ho tšoaea-tšoaea liphoso, ho se be le tšepo bo tšoana le bohlale. Bonneteng, ho ba le monahano o fosahetseng ho hloka bohlale bo fokolang.
Ho bonolo haholo ho ba le boikutlo ba ho hloka tšepo ka batho ba bang. Ba bang, ka baka la liphihlelo tse bohloko tsa nako e fetileng, ha ba na tšepo ea hore ba tla ke ba amohele thuso kapa matšeliso a tsoang ho batho hape. Lepetjo la bona ke hore: “Ngoana ea cheleng o tšaba mollo.” Mohlomong ba ka ba leqe le ho ea ho baholo ba Bakreste bakeng sa ho fumana thuso mathateng a bona.
Bibele e re thusa ho ba le pono e leka-lekaneng haholoanyane ka batho. Ke ’nete hore hase bohlale ho beha tšepo ea rōna eohle ho batho. (Pesaleme ea 146:3, 4) Empa ka phuthehong ea Bokreste, baholo ba sebeletsa e le “limpho tsa banna” tse tsoang ho Jehova. (Ba-Efese 4:8, 11, NW) Ke Bakreste ba hlokolosi, ba nang le phihlelo bao ka ho hloka boikaketsi ba batlang ho ba “joale ka tšireletso ha moea o foka, joale ka lehaha ha sefefo se e-tla.”—Esaia 32:2.
Ba bang ba bangata ka har’a phutheho ea Bokreste ba hlokolosi ka ho tebileng ho ba mohloli oa tšepo. Nahana feela hore na ke ba likete tse makholo a makae ho bona bao hona joale e leng bo-’mè, bo-ntate, likhaitseli, baena le bana ho ba lahlehetsoeng ke malapa a bona; nahana hore ke ba bangata hakae bao e leng metsoalle e ‘khomarelang motho ho fetisa ngoan’abo motho’ ho ba leng tsietsing.—Liproverbia 18:24; Mareka 10:30.
Haeba u rapeletse thuso ho Jehova, u se ke oa felloa ke tšepo. E ka ’na eaba o se a u arabetse; ho ka ’na ha etsahala hore ho teng moholo kapa Mokreste e mong ea hōlileng tsebong ea seng a ntse a le malala-a-laotsoe ho u thusa hang ha u mo tsebisa tlhoko ea hao. Tšepo e leka-lekaneng ka batho e re sireletsa ho ikhuleng ho e mong le e mong le ho itšehla thajana, ho ka lebisang boitšoarong ba boithati le ba booatla.—Liproverbia 18:1.
Ho feta moo, haeba re e-na le bothata le Mokreste-’moho, ha ho hlokahale hore re bo sebetse ka ho hloka tšepo, ka maikutlo a fosahetseng. Etsoe, “lerato . . . le tšepa tsohle.” (1 Ba-Korinthe 13:4-7) Leka ho talima baena le bo-khaitseli ba Bakreste joalokaha Jehova a etsa—ka tšepo. Lebisa tlhokomelo haholo litšoanelehong tsa bona tse molemo, ba tšepe, le ho etsa boiteko ba ho rarolla mathata. Tšepo e joalo e re sireletsa ho tsoseng liqabang le liqhoebeshano tse sa tsoeleng leha e le mang molemo.
U se ke oa inehela ho hlokeng tšepo ha lefatše lena la khale le shoang. Tšepo e teng—bakeng sa bokamoso ba rōna bo sa feleng le bakeng sa tharollo ea mathata a mangata a rōna a hona joale. Na u tla itšoarella tšepong? Ha ho mohlanka oa Jehova ea roetseng tšepo ea poloko joaloka heleme e sireletsang eo ka ’nete a tla ikutloa a tsielehile—ho sa tsotellehe hore na maemo a boima hakae. Haeba re sa e lahle ka borōna, ha ho letho leholimong kapa lefatšeng le ka re amohang tšepo eo Jehova a re nehileng eona.—Bapisa le Ba-Roma 8:38, 39.