Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 6/1 maq. 19-22
  • Ke Eng se Hlokahalang Hore U Thabe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Eng se Hlokahalang Hore U Thabe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Barati ba Silevera ba sa Khotsofalang
  • Thabo ea Fumaneha empa Joang?
  • Ho Hlokomela Litlhoko tsa Moea
  • Ho Tšepa Jehova
  • Ho Amohela Khalemelo ea Bomolimo
  • Ho ba Ea Hloekileng le Ea Ratang Khotso
  • Ho Bontša Tiisetso
  • Ho Fumana Thabo Hona Joale le ka ho sa Feleng
  • Thabo ea ’Nete ea ho Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Kamoo re ka Fumanang Thabo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Thaba ba Sebeletsang “Molimo ea Thabileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Na Maruo a ka U Etsa ea Thabileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 6/1 maq. 19-22

Ke Eng se Hlokahalang Hore U Thabe?

BO-RALIPOLOTIKI ba khethoang ke batho ba leka ka matla ho thabisa batho ba joalo. Ha e le hantle, mosebetsi oa bona o itšetlehile ka hona. Empa makasine oa litaba o bua ka “bakhethi ba thetsitsoeng le ba emelletseng thōko” Poland. Moqolotsi oa litaba o hlalosa hore United States ke sechaba “se sa tšepeng ka ho feletseng lipolotiki tse hlophisitsoeng.” Mongoli e mong o re bolella ka “ho iphapanyetsa lipolotiki ho hōlang Fora.” Ho iphapanya le ho se khotsofale ho joalo ho atileng ho sa fellang feela linaheng tsena tse tharo ho bontša hore bo-ralipolotiki baa hlōleha boitekong ba bona ba ho thabisa batho.

Baeta-pele ba bolumeli le bona ba tšepisa thabo, haeba e se bophelong bona, bonyane bophelong ba nako e tlang. Ba theile sena khopolong ea hore batho ba na le sephefumolohi se sa shoeng kapa se fallang, e leng maikutlo ao ka mabaka a fapa-fapaneng batho ba bangata ba sa a lumeleng, le ao ka ho hlakileng Bibele e a qhelelang thōko. Likereke tse se nang batho le ho fokotseha ha lenane la litho ho bontša hore ba limillione ha ba sa talima bolumeli e le ba bohlokoa haholo bakeng sa thabo.—Bapisa le Genese 2:7, 17; Ezekiele 18:4, 20.

Barati ba Silevera ba sa Khotsofalang

Haeba thabo e sa fumanehe lipolotiking kapa bolumeling, ke hokae moo e ka fumanehang teng? Ebe mohlomong ke khoebong? Le eona e bolela hore e ka khona ho fana ka thabo. E nehelana ka mabaka a e tšehetsang ka mecha ea phatlalatso, e bolela ka ho hlakileng hore: Thabo e tlisoa ke ho ba le matlotlo ’ohle a bonahalang le litšebeletso tseo chelete e ka li rekang.

Lenane la batho ba batlang thabo ka tsela ena le bonahala le ntse le eketseha. Lilemong tse ’maloa tse fetileng ho ile ha tlalehoa hore malapa a etsang karolo ea halofo Jeremane a ne a e-na le melato e tebileng ea chelete. Ka hona, hase ho makatsang ha koranta e tsebahalang ea Jeremane Die Zeit e boletse esale pele hore “boholo ba [’ona] ha a na monyetla le o monyenyane feela oa ho tsoa melatong.” E ile ea hlalosa: “Ho bonolo ho ntša chelete e fetang eo u nang le eona bankeng, ha banka e u lumella—’me ho be thata haholo ho itšoasolla.”

Boemo boa tšoana le lichabeng tse ling tse nang le moruo o motle. Lilemong tse seng kae tse fetileng, David Caplovitz, seithuti sa bophelo ba sechaba Univesithing ea Motse oa New York, o ile a hakanya hore United States, malapa a lipakeng tsa limillione tse 20 le tse 25 a ne a le molatong o moholo oa lichelete. O ile a bolela hore: “Batho ba kene ka hlooho melatong ea lichelete, ’me ho senya bophelo ba bona.”

Hoo ha ho utloahale eka ke thabo! Empa na re lokela ho lebella hore lefatše la khoebo le khone ho finyella seo ka ho totobetseng (lipolotiki le bolumeli) li ke keng tsa se finyella? Morena ea ruileng Salomone o kile a ngola: “Ea ratang silevera, silevera e ke ke ea mo khorisa; ea ratang ho phela ka nala, le eena a ke ke a hōla ke eona. Hoo le hona ke lefeela.”—Moeklesia 5:10.

Ho batla thabo ka ho ba le lintho tse bonahalang ho tšoana le ho lora ka borui le thabo. E ka ’na ea e-ba ntho e monate ho ba le toro e joalo, empa haeba u leka ho e phethahatsa u tla ba le mathata.

Thabo ea Fumaneha empa Joang?

Moapostola Pauluse o bitsa Jehova “Molimo ea thabileng.” (1 Timothea 1:11, NW) Ka ho bōpa batho ka setšoantšo sa hae, Molimo ea thabileng o ba nehile matla a ho ba le thabo le bona. (Genese 1:26) Empa thabo ea bona e ne e tla itšetleha ka ho sebeletsa ha bona Molimo, joalokaha mopesaleme a bontšitse: “Ho thabile batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!” (Pesaleme ea 144:15b, NW) Seo tšebeletso ea rōna ho Molimo e se kopanyeletsang le kamoo ho sebeletsa ha rōna Molimo ho ka lebisang thabong ea ’nete ho ka utloisisoa hamolemo haeba re hlokomela libaka tse ’maloa ho tse 110 moo mantsoe “thabile” le “thabo” a hlahang ka ’ona Bibeleng ea New World Translation.

Ho Hlokomela Litlhoko tsa Moea

Jesu Kreste, Mor’a Molimo, Thutong ea hae e tsebisahalang ea Thabeng o ile a re: “Ho thabile ba falimehelang litlhoko tsa bona tsa moea.” (Mattheu 5:3, NW) Lefatše la khoebo le leka ho re thetsa ka hore re nahane hore ho reka lintho tse ngata tse mabotho-botho ho lekane bakeng sa thabo. Le re bolella hore thabo e tlisoa ke ho ba le computer ea lapeng, k’hamera ea video, thelefono, koloi, thepa ea lipapali ea morao-rao, liaparo tsa feshene. Seo khoebo e sa re bolelleng sona ke hore batho ba mashome a limillione lefatšeng ha ba na lintho tsena empa leha ho le joalo ha ho bolele hore ha baa thaba. Leha mohlomong lintho tsena li ka etsa hore bophelo e be bo mabotho-botho le bo bonolo, ha li bohlokoa haholo bakeng sa thabo.

Joalokaha Pauluse a entse, ba seli bakeng sa litlhoko tsa bona tsa moea ba re: “Ha re e-na le lijo le liaparo, a re kholoeng ke tsona.” (1 Timothea 6:8) Hobane’ng? Hobane ho khotsofatsa litlhoko tsa moea ke hona ho isang bophelong bo sa feleng.—Johanne 17:3.

Na ho na le phoso ea letho ka ho thabela lintho tse ntle haeba re e-na le chelete ea ho li reka? Che. Empa ho tla matlafatsa bomoea ba rōna ho ithuta ho se khotsofatse takatso e ’ngoe le e ’ngoe kapa ho reka ntho e itseng hobane feela re na le chelete ea ho e reka. Ka hona re ithuta ho khotsofala le ho ba le thabo, joalokaha Jesu a bile le eona, le hoja boemo ba hae moruong e ne e se bo molemohali ho latela litekanyetso tsa lefatše. (Mattheu 8:20) ’Me Pauluse o ne a sa bue ka ho hloka thabo ha a ne a ngola: “Ke ithutile ho kholoa litabeng life le life tseo ke leng ho tsona. Ke tseba ho kokobetsoa, ke tseba le ho ateloa ke lintho; kahohle le nthong tsohle, ke ithutile ho khora le ho lapa, ho ba naleng le ho ba bofumeng.”—Ba-Filippi 4:11, 12.

Ho Tšepa Jehova

Ho hlokomela tlhoko ea moea ea motho ho bontša boikemisetso ba hae ba ho tšepa Molimo. Sena se tlisa thabo, joalokaha Morena Salomone a hlalositse: “Ho thabile ea tšepang Jehova.”—Liproverbia 16:20, NW.

Leha ho le joalo, na hase ’nete hore batho ba bangata ba tšepa chelete haholo le lintho tseo ba nang le tsona ho feta ho tšepa Molimo? Ha ho talingoa litaba ho tsoa ntlheng ena, ka sebele chelete ke sebaka se sa lokelang haholo seo ho neng ho ka ngoloa lepetjo lena “In God We Trust” (Re Tšepa Molimo), le hoja polelo eo e hlaha cheleteng ea U.S.

Morena Salomone, ea neng a sa hloke letho la lintho tse ntle tseo chelete e neng e ka li reka, o ile a hlokomela hore ho tšepa matlotlo a bonahalang ha ho ise thabong e tšoarellang. (Moeklesia 5:12-15) Chelete e bolokiloeng bankeng e ka fela ka ho oa ha banka kapa ho felloa ke matla ha chelete. Ntlo ea chelete e boima e ka senngoa ke lifefo tse matlahali. Leha inshorense e ka tseba ho khutlisa karolo e itseng ea matlotlo a lahlehileng, le ka mohla e ke ke ea khutlisa tahlehelo e bang teng maikutlong. Li-stock le li-bond li ka fetoha lefeela ka tšohanyetso ha ’maraka oa khoebo o oa. Esita le mosebetsi o lefang hantle—ka mabaka a mangata—o ka ba teng kajeno ’me hosesane oa be o felile.

Ka mabaka ana ea tšepang Jehova o bona bohlale ba ho mamela temoso ea Jesu: “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng, moo tšoele le mafome a jang teng, le moo masholu a fatang teng, a utsoang. Le mpe le ipokellele matlotlo leholimong, moo tšoele le mafome li sa jeng teng, le moo ho seng masholu a fatang, a utsoang.”—Mattheu 6:19, 20.

Ke boikutlo bofe ba tšireletseho le ba thabo bo fetang ho tseba hore motho o behile tšepo ea hae ho Molimo o Matla ’Ohle, eo ka mehla a hlokomelang?—Pesaleme ea 94:14; Ba-Heberu 13:5, 6.

Ho Amohela Khalemelo ea Bomolimo

Keletso, esita le khalemelo, ea amoheleha ha e fanoa ka moea oa lerato ke motsoalle oa ’nete. Ea neng a ipolela hore ke motsoalle oa Jobo mohlanka oa Molimo ka ho itokafatsa o kile a re: “Ho thabile motho eo Molimo o mo khalemelang.” Le hoja polelo eo e le ’nete, seo Elifaze a se bolelang ka mantsoe ana—empa qoso ea hore Jobo o ne a le molato oa phoso e tebileng—e ne e se ’nete. E ne e le ‘motšelisi ea khathatsang hakaakang’! Leha ho le joalo, ha Jehova hamorao a khalemela Jobo ka tsela e lerato, ka boikokobetso Jobo o ile a amohela khalemelo ’me a ipeha tseleng ea ho thaba haholoanyane.—Jobo 5:17, NW; 16:2; 42:6, 10-17.

Kajeno, Molimo ha a bue ka ho toba le bahlanka ba hae joalokaha a buile ho Jobo. Ho e-na le hoo, o ba khalemela ka Lentsoe la hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o tsamaisoang ke moea. Leha ho le joalo, Bakreste ba phehellang lithahasello tsa lintho tse bonahalang, hangata ha ba na nako, matla, leha e le tšekamelo ea ho ithuta Bibele ka mehla le ho ba teng libokeng tsohle tseo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o li lokisetsang.

Tumellanong le Liproverbia 3:11-18, motho eo Molimo a mo laeang o hlokomela bohlale ba ho amohela khalemelo e joalo: “Ho lehlohonolo [“thabile,” NW] motho ea fumaneng bohlale, ea fihletseng kutloisiso; hobane khoebo ea jona e fetisa silevera, ho ata ha jona ho fetisa ha gauda. Bo fetisa liperela ka bohlokoa, tsohle tse lakatsehang ha li lekane le bona. Bo kakatletse bolelele ba litšiu letsohong le letona, le menono le boholo letsohong le letšehali. Litsela tsa bona ke litsela tse khahlehang, mebila ea bona ke khotso. Ke sefate sa bophelo ho ba bo ruileng, ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo [“thabo,” NW].”

Ho ba Ea Hloekileng le Ea Ratang Khotso

Jesu o hlalositse batho ba thabileng e le ba “hloekileng pelong” le ba “ratang khotso.” (Mattheu 5:8, 9, NW) Empa lefatšeng le khothaletsang mokhoa oa bophelo oa lintho tse bonahalang, ho bobebe hakaakang hore litakatso tsa boithati, mohlomong esita le tse sa hloekang li mele lipelong tsa rōna! Haeba re sa tataisoe ke bohlale ba bomolimo, ho bobebe hakaakang esita le hore re thetsoe ho sebelisoa mekhoa e belaetsang ea ho batla maruo e ka senyang likamano tsa khotso le ba bang! Ka mabaka a utloahalang, Bibele ea lemosa: “Hobane lerato la chelete ke motso oa mefuta eohle ea lintho tse kotsi, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba ’nile ba khelosoa tumelong ’me ba itlhabile hohle ka mahlaba a mangata.”—1 Timothea 6:10, NW.

Lerato la chelete le phahamisa pono ea boikhohomoso e hōlisang ho se khotsofale, ho hloka teboho, le meharo. Ho thibela moea o fosahetseng joalo hore o hōle, Bakreste ba bang pele ba etsa liqeto tse khōlō tse amang lichelete ba ipotsa lipotso tse kang: Na ke hlile kea e hloka? Na ke hloka ho reka ntho ee e theko e boima kapa ho fumana mosebetsi oo o lefang hantle, le o jang nako ho feta batho ba bang ba limillione ba tlamehang ho phela ntle le oona? Na mohlomong nka sebelisa chelete ea ka le nako ea ka hamolemonyana ke atolosa karolo ea ka borapeling ba ’nete, ka ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše ka bophara oa boboleli, kapa ho thusa batho ba se nang lintho tse bonahalang joaloka ’na?

Ho Bontša Tiisetso

E ’ngoe ea liteko tseo Jobo a ileng a qobelloa ho li tiisetsa e ne e le ho amohuoa moruo oa hae. (Jobo 1:14-17) Joalokaha mohlala oa hae o bontša, tiisetso ea hlokahala tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo. Bakreste ba bang ba lokela ho tiisetsa mahloriso; ba bang, teko; ho ntse ho le joalo, ba bang maemo a hlobaetsang a moruo. Empa tiisetso ea mofuta o mong le o mong e tla putsoa ke Jehova, joalokaha morutuoa oa Mokreste Jakobo a ngotse mabapi le Jobo: “Re bolela phatlalatsa hore ba thabileng ke ba tiiselitseng.”—Jakobo 5:11, NW.

Ho hlokomoloha lithahasello tsa moea ka lebaka la ho batla ho ntlafatsa boemo ba rōna ba moruo ho ka ’na ha tlisa thuso ea nakoana moruong, empa na ho tla re thusa ho boloka pono ea rōna ka thuso ea moruo ea ka ho sa feleng e khanya tlas’a ’Muso oa Molimo? Na ke kotsi eo re ka ipehang ho eona?—2 Ba-Korinthe 4:18.

Ho Fumana Thabo Hona Joale le ka ho sa Feleng

Ka ho totobetseng batho ba bang ba hanyetsa pono ea Jehova ka se hlokahalang ho thabisa batho. Ka ho hlokomoloha melemo ea nako e telele e bohlokoa haholoanyane, ha ba bone melemo ea botho e teng hona joale ea ho etsa seo Molimo a se eletsang. Ba hlōleha ho hlokomela hore ho tšepa lintho tse bonahalang ke lefeela le hore ho lebisa ho nyahameng. Ka nepo mongoli oa Bibele oa botsa: “Ha monono o ata, ba o jang le bona ba ata; ha ho le joalo, mong a oona o rua’ng ka oona, ha e se ho iponela oona ka mahlo a hae?” (Moeklesia 5:11; bona le Moeklesia 2:4-11; 7:12.) Thahasello e feta kapele hakaakang ’me le lintho tseo re neng re nahana hore re tlameha ho ba le tsona li qetella li bolokiloe ’me li lebetsoe!

Le ka mohla Mokreste oa ’nete a ke ke a itumella ho hatelloa hore a ipapise le baahisane ka seo ba nang le sona ka lintho tse bonahalang. Oa tseba hore boleng ba sebele ha bo lekanngoe ka seo motho a nang le sona, empa ka seo motho a leng sona. Ha ho na pelaelo kelellong ea hae mabapi le se hlokahalang ho thabisa motho—ho thaba ka ’nete: ho thabela kamano e ntle le Jehova le ho ipoloka a tšoarehile tšebeletsong ea Hae.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Lintho tse bonahalang feela le ka mohla li ke ke tsa tlisa thabo e tšoarellang

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Bibele e re: “Ho thabile ba falimehelang litlhoko tsa bona tsa moea”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela