Ke Hobane’ng ha U Hlahloba ho Nepahala ha Bibele?
U talima Bibele joang? Ba bang ba lumela ka tieo hore ke tšenolo ea Molimo ho batho. Ba bang ba lumela hore ke buka e tloaelehileng feela. Ho ntse ho le joalo ba bang ha ba e-s’o finyelle qeto. Haeba u na le pelaelo leha e ka ba efe ka tšimoloho ea Bibele, ho na le mabaka a qobellang a hore na ke hobane’ng u lokela ho e hlahloba le ho felisa tseko.
HO FIHLELA lekholong la bo18 la lilemo, Bibele e ne e hlomphuoa hohle e le Lentsoe la Molimo linaheng tsa Bokreste-’mōtoana. Empa ho tloha lekholong la bo19 la lilemo ho ea pele, palo e eketsehang ea barupelli, bo-rasaense, esita le litsebi tsa thuto ea bolumeli le baeta-pele ba likereke ba ile ba qala ho hlahisa pelaelo phatlalatsa mabapi le ho nepahala ha Bibele.
Ka lebaka leo, ho hlahlojoa ha Bibele mabapi le ho nepahala ha eona le tšimoloho ea eona ho se ho jele setsi hoo ba bangata ba ahlolang ntle le ho tseba se ka hare ho Bibele. Sebakeng sa Bibele, batho ba bangata ba Bokreste-’mōtoana ba talima lifilosofing tsa batho. Ho ntse ho le joalo, filosofi ea kajeno ha ea hlahisa lefatše le sireletsehileng kapa le thabileng. Leo ke lebaka le leng le letle la ho hlahloba Bibele le ho bona ebang tataiso ea eona e tlisa thabo le katleho.
Lebaka le leng la ho hlahloba ho nepahala ha Bibele ke tebello e ntle eo e fanang ka eona ho batho. Ka mohlala, Pesaleme ea 37:29 e re: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Tšenolo 21:3-5) Litšepiso tsena li na le phello efe ho uena? Ka sebele ana ke mabaka a lekaneng a ho hlahloba Bibele le ho bona haeba e ka tšeptjoa.
Ka mehla makasine ona o ’nile oa tšehetsa bonnete ba Bibele ’me hangata o ile oa fana ka bopaki ba ho nepahala ha eona. Ho na le likarolo tse ngata tseo ho nepahala ha Bibele ho ka hlahlojoang. Lihlooho tse fapaneng tsa Molula-Qhooa li tla u thusa ho araba lipotso tsena: Na linnete tse tsejoang tsa histori ea boholo-holo li tšoana le tsa Bibele? Na lintho tseo e li boletseng esale pele li nepahetse? Na keletso ea eona ke e sebetsang kapa na barupelli ba kajeno le bo-rafilosofi ba pakile hore Bibele e siiloe ke nako?
Jeokrafi ke karolo e ’ngoe eo u ka hlahlobang ho nepahala ha Bibele ho eona. Hangata litšōmo tsa bohetene li loantšana le linnete tsa jeokrafi. Ka mohlala, batho ba bangata ba boholo-holo ba ne ba bua ka lipale tsa maeto lefatšeng le neng le bitsoa la ba shoeleng. Mabapi le Bagerike ba boholo-holo, buka A Guide to the Gods ea hlalosa: “Lefatše le ne le talingoa joaloka sebaka se bataletseng se pota-potiloeng ke karolo e khōlō ea metsi e bitsoang Leoatle. Ka ’nģane ho lona ho ne ho e-na le Lefatše la ka Morao ho Lefu, naha e kang lehoatata e lefifi e nang le limela tse qalikaneng tse ntšo tse sa beheng litholoana.” Ha sena se ipaka ho ba tšōmo, bo-rafilosofi ba bahetene ba ile ba lokela ho beha lefatše la bona la ka morao ho lefu sebakeng se seng. Mongoli Richard Carlyon oa hlalosa: “Sebaka se tšoanelehang se ile sa fumanoa, ka tlaase ho lefatše, lefatše lena le ne le finyelloa ka litselana tse fapaneng ka tlaase ho lefatše.” Kajeno, rea tseba hore le sena ke tšōmo. Ha ho lefatše le joalo le ka tlaase kapa litselana.
Ho fapana le litšōmo tsa batho ba boholo-holo, Bibele ha e na lipono tse fosahetseng tsa hore lefatše le bataletse. Ho e-na le hoo, e bolela ’nete ea saense ea hore lefatše ke ntho e qetikoe e sa tšehetsoang ke letho. (Jobo 26:7; Esaia 40:22) Ho thoe’ng ka litlhaloso tse ling tsa jeokrafi tse boletsoeng Bibeleng? Na ke litšōmo, kapa na hoa etsahala ho bona ka nepo ka mahlo a kelello liketsahalo tsa Bibele ha u etela Egepeta ea kajeno, ho akaretsa Hlohla ea Sinai, le Iseraele ea kajeno?
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
“Eena ea nang le terone ea hae holim’a phikoloho ea lefatše.”—Esaia 40:22
“A leketlisa lefatše holim’a bofeela-feelane.”—Jobo 26:7, BPN