Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • pr karolo 3 maq. 10-16
  • Mohloli o Ikhethang oa Bohlale bo Phahameng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mohloli o Ikhethang oa Bohlale bo Phahameng
  • Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka ea Khale ka ho Fetisisa, e Abiloeng ka Bongata bo Fetisisang
  • Ho Nepahala Litabeng tsa Saense
  • Ho Nepahala ha Histori
  • Ho Lumellana ha Litaba le ho Hloka Leeme
  • Tšobotsi ea Eona e Ikhethang ka ho Fetisisa
  • Boprofeta bo Phethahetseng
  • E Fana ka Karabo
  • Lithuto Tsa ’Nete Tse Khahlisang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Na Buka ee e Lumellana le Saense?
    Buka ea Batho Bohle
  • Buka e Senolang Tsebo ea Molimo
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
pr karolo 3 maq. 10-16

Karolo 3

Mohloli o Ikhethang oa Bohlale bo Phahameng

1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba Bibele?

1 Na Bibele ke tlaleho ea bohlale boo bo phahameng? Na e ka re fa likarabo tsa ’nete lipotsong tsa bohlokoa tse amanang le morero oa bophelo?

2 Ka sebele re tšoanela ho hlahloba Bibele. Lebaka le leng ke hore ke buka e ikhethang ka ho fetisisa e kileng ea ngoloa, e fapaneng haholo le buka leha e le efe e ’ngoe. Nahana ka linnete tse latelang.

Buka ea Khale ka ho Fetisisa, e Abiloeng ka Bongata bo Fetisisang

3, 4. Bibele ke ea khale hakae?

3 Bibele ke buka ea khale ka ho fetisisa e kileng ea ngoloa, likarolo tsa eona li ile tsa ngoloa lilemong tse ka bang 3 500 tse fetileng. E ngotsoe lilemo tse makholo a mangata pele ho buka leha e le efe e nkoang e halalela. Ea pele ho libuka tse 66 tseo e nang le tsona e ile ea ngoloa hoo e ka bang lilemo tse sekete pele ho Buddha le Confucius le lilemo tse ka bang likete tse peli pele ho Muḥammad.

4 Histori e tlalehiloeng ka Bibeleng e khutlela morao qalong ea lelapa la motho ’me e hlalosa kamoo re bileng teng mona lefatšeng. Ebile e re khutlisetsa morao nakong ea pele batho ba bōptjoa, e re fa linnete mabapi le ho etsoa ha lefatše.

5. Ke libuka tse kae tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho tse sa ntseng li le teng, ha li bapisoa le lingoliloeng tsa boholo-holo tsa lefatše?

5 Libuka tse ling tsa bolumeli, esita le tseo e seng tsa bolumeli, li na le likopi tse seng kae feela tsa libuka tsa tsona tsa khale tse ngotsoeng ka letsoho tse sa ntseng li le teng. Likopi tse ka bang 11 000 tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele kapa likarolo tsa eona li teng ka Seheberu le ka Segerike, tse ling tsa tsona ke tsa hoo e ka bang haufi le nako ea ha e qala ho ngoloa. Li ’nile tsa ba teng le hoja ho ’nile ha etsoa litlhaselo tse matla khahlanong le Bibele.

6. Bibele e ’nile ea abjoa ka bongata bo bokae?

6 Hape, Bibele ke buka e abiloeng ka bongata bo fetisisang historing. Libibele kapa likarolo tsa eona tse ka bang limillione tse likete li tharo li ’nile tsa abjoa ka lipuo tse ka bang likete tse peli. Ho boleloa hore karolo ea 98 lekholong ea lelapa la batho e na le Bibele ka puo ea bona. Ha ho buka leha e le efe e ’ngoe e atamelang moo ka kabo.

7. Ho ka thoe’ng ka ho nepahala ha Bibele?

7 Ho phaella moo, ha ho na buka leha e le efe e ’ngoe ea boholo-holo e tšoanang le Bibele tabeng ea ho nepahala. Bo-rasaense, bo-rahistori, baepolli ba lintho tsa khale, litsebi tsa jeokrafi, litsebi tsa puo, le ba bang ba tiisa litlaleho tsa Bibele ka ho tsoelang pele.

Ho Nepahala Litabeng tsa Saense

8. Bibele e nepahetse hakae litabeng tsa saense?

8 Ka mohlala, le hoja Bibele e sa ngoloa e le buka ea thuto ea saense, e lumellana le saense ea ’nete ha e tšohla litaba tsa saense. Empa libuka tse ling tsa boholo-holo tse nkoang li halalela li na le litšōmo tsa saense, liphoso, le mashano a pepenene. Hlokomela mehlala e mene feela ea e mengata ea ho nepahala ha Bibele litabeng tsa saense:

9, 10. Ho fapana le ho bonahatsa lipono tseo e seng tsa saense tsa mehleng ea eona, Bibele e ile ea re’ng ka se tšehelitseng lefatše?

9 Se tšoereng lefatše sebakeng. Mehleng ea boholo-holo ha Bibele e ntse e ngoloa, ho ne ho e-na le likhopolo-taba tse ngata mabapi le se tšoereng lefatše sebakeng. Ba bang ba ne ba lumela hore lefatše le tšehelitsoe ke litlou tse ’nè tse emeng holim’a sekolopata se seholo sa leoatle. Aristotle, rafilosofi oa Mogerike le rasaense oa lekholo la bone la lilemo B.C.E., o ile a ruta hore le ka mohla lefatše le ke ke la leketla sebakeng se feela. Ho e-na le hoo, o ile a ruta hore lihloliloeng tsa leholimo li khomaretse ho liqitikoe tse thata, tse bonaletsang, ’me qitikoe ka ’ngoe e le ka har’a qitikoe e ’ngoe. Kamoo ho boleloang ka teng lefatše le ne le le ka har’a qitikoe e ka hare-hare, ’me qitikoe e ka ntle e ne e tšoere linaleli.

10 Empa, ho fapana le ho etsisa likhopolo tse inahaneloang, tseo e seng tsa saense tse neng li le teng nakong ea ho ngoloa ha eona, Bibele e boletse ka ho toba (hoo e ka bang ka selemo sa 1473 B.C.E.) hore: “[Molimo o ile] a leketlisa lefatše holim’a bofeela-feelane.” (Jobo 26:7, BPN) Seheberung sa pele, lentsoe le sebelisitsoeng mona bakeng sa “bofeela-feelane” le bolela “eseng ntho leha e le efe,” ’me lena ke lona feela lekhetlo leo le hlahang ka lona ka Bibeleng. Setšoantšo seo e fanang ka sona sa lefatše le pota-potiloeng ke sebaka se feela se hlokomeloa ke litsebi e le pono e tsotehang bakeng sa mehla ea eona. Theological Wordbook of the Old Testament e re: “Ka ho tsotehang Jobo 26:7 e tšoantša lefatše le neng le tsejoa ka nako eo le leketlile sebakeng, ka hona e lebeletse seo saense e tla se sibolla nakong e tlang.”

11, 12. Batho ba ile ba utloisisa ’nete ea Jobo 26:7 neng?

11 Polelo ea Bibele e nepahetseng ke ea pele ho Aristotle ka lilemo tse fetang 1 100. Leha ho le joalo, lipono tsa Aristotle li ile tsa tsoela pele ho rutoa e le ’nete ka lilemo tse ka bang 2 000 ka mor’a lefu la hae! Qetellong, ka 1687 C.E., Monghali Isaac Newton o ile a hatisa seo a se sibolotseng mabapi le hore lefatše le tšoeroe sebakeng kamanong le lihloliloeng tse ling tsa leholimo ka ho hohelana, ke hore, matla a khoheli. Empa seo e bile hoo e ka bang lilemo tse 3 200 ka mor’a hore Bibele e bolele habonolo feela hore lefatše le leketlile “holim’a bofeela-feelane.”

12 E, hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng, ka nepo Bibele e ile ea bolela hore lefatše ha le na setšehetso se bonahalang, e leng ’nete e tumellanong le melao e sa tsoa utloisisoa ea matla a khoheli le motsamao. Setsebi se seng se itse: “Hore na Jobo o tsebile ’nete eo joang, ke potso e ke keng ea rarolloa habonolo ke ba latolang pululelo ea Mangolo a Halalelang.”

13. Lilemong tse makholo tse fetileng batho ba ne ba utloisisa sebōpeho sa lefatše joang, empa ke eng se ileng sa fetola likelello tsa bona?

13 Sebōpeho sa lefatše. The Encyclopedia Americana e itse: “Setšoantšo sa khale ka ho fetisisa se tsejoang seo batho ba neng ba e-na le sona ka lefatše ke hore ke sebaka se bataletseng, se sa sisinyeheng se leng bohareng ba bokahohle. . . . Khopolo ea lefatše leo e leng qitikoe e ne e sa amoheloe ke batho ba bangata ho fihlela Mehleng ea Tsosoloso.” Bo-ralikepe ba bang ba pele ba ne ba bile ba tšaba hore ba ka ’na ba sesisetsa lintšing tsa lefatše le bataletseng. Empa ho hlahisoa ha compass le lisebelisoa tse ling tse tsoetseng pele ho ile ha etsa hore ho be bonolo ho nka maeto a malelele leoatleng. Buka e ’ngoe ea boitsebiso e hlalosa hore “maeto [ana] a tšibollo a ile a bontša hore lefatše le lechitja, ha lea batalla joalokaha batho ba bangata ba ne ba lumela.”

14. Bibele e ile ea hlalosa sebōpeho sa lefatše joang, hona neng?

14 Leha ho le joalo, nako e telele pele ho maeto a joalo, hoo e ka bang lilemong tse 2 700 tse fetileng, Bibele e itse: “Ke eena ea nang le terone ea hae holim’a phikoloho ea lefatše.” (Esaia 40:22) Lentsoe la Seheberu leo mona le fetoletsoeng e le “phikoloho” le ka boela la bolela “qitikoe,” joalokaha libuka tse sa tšoaneng tsa lipatlisiso li bontša. Ka hona, liphetolelo tse ling tsa Bibele li re, “selikalikoe sa lefatše” (Douay Version) le, “lefatše le lechitja.”—Moffatt.

15. Ke hobane’ng ha Bibele e sa ka ea susumetsoa ke lipono tseo e seng tsa saense mabapi le lefatše?

15 Ka hona, Bibele ha ea ka ea susumetsoa ke lipono tseo e seng tsa saense tse neng li atile nakong eo mabapi le se tšehelitseng lefatše le sebōpeho sa lona. Lebaka le bonolo: Moqapi oa Bibele ke Moqapi oa bokahohle. O bōpile lefatše, kahoo o lokela ho tseba hore na le leketlile ho eng le hore na sebōpeho sa lona ke sefe. Ka hona, ha a bululela Bibele, o ile a etsa bonnete ba hore ha ho akareletsoe lipono tseo e seng tsa saense ho eona, ho sa tsotellehe hore na ba bang nakong eo ba ne ba li lumela hakae.

16. Kaheho ea lintho tse phelang e lumellana le polelo ea Bibele joang?

16 Likarolo tse bōpang lintho tse phelang. Genese 2:7 e re: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše.” The World Book Encyclopedia e re: “Metsoako eohle ea lik’hemik’hale e bōpang lintho tse phelang e teng le linthong tse sa pheleng.” Kahoo lik’hemik’hale tsohle tsa motheo tse bōpang lintho tse phelang, ho akarelletsa le motho, li boetse li fumanoa lefatšeng ka bolona. Sena se lumellana le polelo ea Bibele e bolelang thepa eo Molimo a e sebelisitseng ha a bōpa batho le lintho tsohle tse phelang.

17. ’Nete ea kamoo lintho tse phelang li hlahileng ka teng ke efe?

17 “Ho latela mefuta ea tsona.” Bibele e bolela hore Molimo o bōpile batho ba babeli ba pele le hore batho ba bang bohle ba hlahile ho bona. (Genese 1:26-28; 3:20) E bolela hore lintho tse ling tse phelang, joaloka litlhapi, linonyana, le liphoofolo, li entse se tšoanang, tsa hlaha “ho latela mefuta ea tsona.” (Genese 1:11, 12, 21, 24, 25, NW) Ke sona seo bo-rasaense ba se fumaneng pōpong ea tlhaho, hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang e tsoa ho motsoali oa mofuta oa eona. Ha ho na mokhelo. Tabeng ena setsebi sa physics Raymo se re: “Bophelo bo hlahisa bophelo; ho etsahala ka linako tsohle liseleng tsohle. Empa lintho tse sa pheleng li hlahisitse bophelo joang? Ke e ’ngoe ea lipotso tse khōlō tse hlokang likarabo tšebetsong ea bophelo, ’me ho tla fihlela joale ha ho letho leo litsebi tsa tšebetso ea bophelo li ka fanang ka lona haese likhopolo-taba feela. Ka tsela e itseng lintho tse sa pheleng li ile tsa khona ho itlhophisa ka tsela ea lintho tse phelang. . . . Ka lehlakoreng le leng e tlameha ebe moqapi oa Genese o ne a nepile.”

Ho Nepahala ha Histori

18. Ramolao e mong o re’ng ka ho nepahala ha histori ea Bibele?

18 Bibele e na le histori ea boholo-holo e nepahetseng ka ho fetisisa ho feta buka leha e le efe e teng. Buka A Lawyer Examines the Bible e totobatsa ho nepahala ha histori ea eona ka tsela ena: “Le hoja likhopolo-taba, litšōmo le bopaki ba bohata li le hlokolosi hore li behe liketsahalo tse amanang sebakeng se hōle le nakong e ke keng ea lekanngoa, ka ho etsa joalo li tlōla melao ea pele eo rōna litsebi tsa molao re ithutang eona ea ho ipiletsa hamolemo, hore ‘polelo e tlameha ho fana ka nako le sebaka,’ lipale tsa Bibele li re fa nako le sebaka sa lintho tse amanang ka ho nepahala ho phahameng.”

19. Buka e ’ngoe ea litšupiso e entse tlhaloso efe ka boitsebiso ba histori ea Bibele?

19 The New Bible Dictionary ea hlalosa: “ [Mongoli oa Liketso] o ngola pale ea hae ka sebōpeho sa histori ea morao-rao; tlaleho eo a e ngotseng e tletse litšupiso tse buang ka bo-’maseterata ba motse, babusi ba profensi, marena a linaha tse itšetlehileng ka tse ling, joalo-joalo, ’me nako le nako litšupiso tsena li ipaka li nepahetse mabapi le sebaka le nako e amehang.”

20, 21. Setsebi se seng sa Bibele se re’ng ka histori ea Bibele?

20 Ha a ngola ho The Union Bible Companion, S. Austin Allibone o re: “Monghali Isaac Newton . . . o ne a boetse a tsebahala e le mohlahlobisisi oa lingoliloeng tsa boholo-holo, ’me o ile a hlahloba Mangolo a Halalelang ka hloko. Qeto ea hae ke efe ntlheng ee? O re: ‘Ke fumana litšobotsi tse eketsehileng tse tiileng tsa ho nepahala Testamenteng e Ncha ho feta historing leha e le efe [ea lefatše] eo e seng ea bolumeli.’ Dr. Johnson o bolela hore re na le bopaki bo eketsehileng ba hore Jesu Kreste o ile a shoela Calvary, joalokaha ho boletsoe Likosepeleng, ho feta boo re nang le bona ba hore Julius Caesar o shoeletse Capitol. Ka sebele, re na le bo bongata haholo.”

21 Buka ena ea boitsebiso ea phaella: “Botsa mang le mang ea ipolelang hore o belaella bonnete ba histori ea Kosepele lebaka leo a nang le lona la ho lumela hore Caesar o ile a shoela Capitol, kapa hore Moemphera Charlemagne o ile a roesoa moqhaka e le Moemphera oa Bophirimela ke Mopapa Leo III. ka 800? . . . U tseba joang hore motho ea kang Charles I. [oa Engelane] o kile a phela, ’me a khaoloa hlooho, le hore Oliver Cromwell e bile ’musi sebakeng sa hae? . . . Monghali Isaac Newton o fuoa tlotla ea ho sibolla molao oa matla a khoheli . . . Re lumela lipolelo tsohle tse sa tsoa fanoa mabapi le banna bana; ’me re lumela joalo hobane re e-na le bopaki ba histori ba ’nete ea tsona. . . . Haeba, ha ho hlahisoa bopaki bo joalo ka bona, ho na le batho leha e le bafe ba ntseng ba hana ho lumela, re ba tlohela e le lithoto tse manganga kapa ba se nang tsebo ka ho hlokisang tšepo.”

22. Ke hobane’ng ha ba bang ba hana ho amohela ho nepahala ha Bibele?

22 Joale buka ena ea boitsebiso ea phetha: “Joale, re tla re’ng ka bao, ho sa tsotellehe bopaki bo bongata boo hona joale bo hlahisitsoeng ba ho nepahala ha Mangolo a Halalelang, ba ipolelang hore ha baa kholiseha? . . . Ka sebele re na le lebaka la ho etsa qeto ea hore pelo ke eona e nang le phoso ho fapana le kelello;—hore ha ba lakatse ho lumela se ba theolang boemong ba bona ba boikhohomoso, le se tla ba qobella ho phela bophelo bo fapaneng.”

Ho Lumellana ha Litaba le ho Hloka Leeme

23, 24. Ke hobane’ng ha ho lumellana ha litaba tsa Bibele e le ho ikhethang?

23 Ak’u nahane ka buka e qalileng ho ngoloa nakong ea ’Muso oa Roma, ea tsoela pele ho ngoloa ho theosa le Mehla e Bohareng, ’me ea phethoa lekholong lena la bo20 la lilemo, e ngotsoe ke bangoli ba bangata ba fapaneng. U ne u tla lebella eng haeba bangoli ba ne ba sebetsa mesebetsi e fapa-fapaneng joaloka masole, marena, baprista, batšoasi ba litlhapi, balisa, le lingaka? U ne u tla lebella hore buka eo e lumellane ’me e momahane? U ka ’na ua re: ‘Le hanyenyane!’ Bibele e ngotsoe tlas’a maemo ana. Leha ho le joalo, e lumellana ka hohle-hohle, eseng feela likhopolong tse akaretsang empa le litabeng tse nyenyane.

24 Bibele ke pokello ea libuka tse 66 tse ngotsoeng nakong ea lilemo tse 1 600 ke bangoli ba ka bang 40 ba fapaneng, ho tloha ka 1513 B.C.E. ho fihlela ka 98 C.E. Bangoli ba ne ba phela bophelo ba mefuta e fapaneng, ’me ba bangata ba ne ba sa kopane le ba bang. Empa, ho felletse ka buka e latelang sehlooho se seholo, se momahaneng ka hohle-hohle, joalokaha eka e ngotsoe ke kelello e le ’ngoe. ’Me ho fapana le seo ba bang ba se lumelang, Bibele ha ea hlahisoa ke tsoelo-pele ea Bophirimela, empa e ngotsoe ke batho ba Bochabela.

25. Botšepehi le ho hloka leeme ha Bibele ho tšehetsa polelo efe ea bangoli ba Bibele?

25 Le hoja bangoli ba bangata ba boholo-holo ba tlalehile katleho le bokhabane ba bona feela, bangoli ba Bibele ba ile ba amohela liphoso tsa bona pepenene, hammoho le liphoso tsa marena le baeta-pele ba bona. Numere 20:1-13 le Deuteronoma 32:50-52 li tlaleha liphoso tsa Moshe, ’me ke eena ea ngotseng libuka tseo. Jonase 1:1-3 le 4:1 e thathamisa liphoso tsa Jonase, ea ngotseng litlaleho tseo. Mattheu 17:18-20; 18:1-6; 20:20-28; le 26:56 e tlaleha litšoaneleho tse mpe tse ileng tsa bontšoa ke barutuoa ba Jesu. Ka hona, botšepehi le ho hloka leeme ha bangoli ba Bibele li tšehetsa polelo ea bona ea hore ba bululetsoe ke Molimo.

Tšobotsi ea Eona e Ikhethang ka ho Fetisisa

26, 27. Ke hobane’ng ha Bibele e nepahetse hakaale litabeng tsa saense le tse ling?

26 Bibele ka boeona e senola lebaka leo ka lona e nepahetseng litabeng tsa saense, tsa histori, le tse ling le lebaka leo ka lona e lumellanang le ho tšepahala hakana. E bontša hore Motho ea Phahameng, Molimo ea matla ’ohle, ’Mōpi ea qapileng bokahohle, ke eena Moqapi oa Bibele. Ke feela hore o sebelisitse batho hore ba ngole Bibele, a ba susumetsa ka matla a hae a sebetsang hore ba ngole seo a ba bululetseng hore ba se ngole.

27 Ka Bibeleng moapostola Pauluse o re: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.” ’Me moapostola Pauluse o ile a re: “Mohla le amohetseng lentsoe la Molimo, leo le le utloileng ho rōna, le le amohetse e seng joale ka hoja e le lentsoe la batho, empa la kholoa hore ke lentsoe la Molimo, joale ka ha e le lona ka sebele.”—2 Timothea 3:16, 17; 1 Ba-Thessalonika 2:13.

28. Ka hona, Bibele e tsoa hokae?

28 Ka hona, Bibele e tsoa kelellong ea Moqapi a le mong—Molimo. ’Me ka matla a hae a susumetsang tšabo, e bile ntho e bonolo ho eena ho etsa bonnete ba hore botšepehi ba se ngotsoeng boa bolokoa ho tla fihlela mehleng ea rōna. Motho ea hlaheletseng libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Bibele, Monghali Frederic Kenyon, ka 1940, o itse tabeng ena: “Moralo oa ho qetela oa pelaelo leha e le efe ea hore Mangolo a tlile ho rōna hantle kamoo a neng a ngotsoe joale o tlositsoe.”

29. Matla a Molimo a puisano a ka tšoantšoa joang?

29 Batho ba khona ho romela melaetsa ea seea-le-moea le thelevishene lefatšeng e tsoa lik’hilomithareng tse likete sepaka-pakeng, esita le ho tsoa khoeling. Mechine e tsamaeang sepaka-pakeng e ’nile ea khutlisetsa boitsebiso le litšoantšo lefatšeng ho tsoa lipolaneteng tse leng bohōle ba lik’hilomithara tse makholo a limillione. Ka sebele ’Mōpi oa motho, ’Mōpi oa maqhubu a seea-le-moea, ke sona seo a neng a ka se etsa. Ka sebele, e bile ntho e bonolo ho eena ho sebelisa matla a hae a phahameng ho fetisetsa mantsoe le litšoantšo likelellong tsa bao a ba khethileng ho ngola Bibele.

30. Na Molimo o batla hore batho ba fumane hore na morero oa hae ke ofe ka bona?

30 Ho feta moo, ho na le lintho tse ngata mabapi le lefatše le bophelo bo ho lona tse fanang ka bopaki ba hore Molimo o thahasella batho. Ka hona, ke ho utloahalang hore o ne a tla rata ho thusa batho ho fumana hore na ke mang le hore na morero oa hae ke ofe bakeng sa bona ka ho bolela lintho tsena ka ho hlakileng bukeng—tokomane e sa fetoheng.

31. Ke hobane’ng ha molaetsa o bululetsoeng o ngotsoeng o phahame haholo ho feta boitsebiso bo fetisoang ka puo ea molomo?

31 Hape, nahana ka bophahamo ba buka e qapiloeng ke Molimo, ha e bapisoa le boitsebiso bo fetisitsoeng ke batho ka puo ea molomo feela. Puo ea molomo e ne e ke ke ea tšeptjoa, kaha batho ba ne ba tla bolela molaetsa ka mantsoe a bona, ’me ka mor’a nako e telele, moelelo oa oona o ne o tla sotheha. Ba ne ba tla fetisa boitsebiso ka puo ea molomo ho latela pono ea bona. Empa tlaleho e ngotsoeng e bululetsoeng ke Molimo, e sa fetoheng e na le monyetla o fokolang oa ho ba le liphoso. Hape, buka e ka kopitsoa le ho fetoleloa e le hore batho ba balang lipuo tse sa tšoaneng ba ka rua molemo ho eona. Kahoo na hase ho utloahalang hore ebe ’Mōpi oa rōna o sebelisitse mokhoa o joalo bakeng sa ho fana ka boitsebiso? Ka sebele, ke ho utloahalang haholo, kaha ’Mōpi o bolela hore ke sona seo a se entseng.

Boprofeta bo Phethahetseng

32-34. Ke eng seo Bibele e nang le sona seo ho seng buka leha e le ’ngoe e nang le sona?

32 Ho phaella moo, Bibele e bontša pululelo ea bomolimo ka tsela e ikhethang haholo: Ke buka ea boprofeta bo ’nileng ba phethahala le bo ntseng bo tsoela pele ho phethahala bo sa fose.

33 Ka mohlala, ho timetsoa ha Tyre ea boholo-holo, ho oa ha Babylona, ho tsosolosoa ha Jerusalema, le ho phahama le ho oa ha marena a Medo-Persia le Greece ho ne ho boletsoe ka ho qaqileng esale pele ka Bibeleng. Boprofeta boo bo ne bo nepahetse hoo bahlahlobisisi ba bang ba ’nileng ba leka, ntle ho thuso ea letho, ho bolela hore bo ile ba ngoloa ka mor’a hore liketsahalo tseo li etsahale.—Esaia 13:17-19; 44:27–45:1; Ezekiele 26:3-6; Daniele 8:1-7, 20-22.

34 Boprofeta boo Jesu a faneng ka bona mabapi le ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E. bo ile ba phethahala ka nepo. (Luka 19:41-44; 21:20, 21) ’Me boprofeta bo mabapi le ‘mehla ea qetello’ bo fanoeng ke Jesu le moapostola Pauluse bo ntse bo phethahala ka ho qaqileng mehleng ea rōna.—2 Timothea 3:1-5, 13; Mattheu 24; Mareka 13; Luka 21.

35. Ke hobane’ng ha e lokela ebe boprofeta ba Bibele bo tsoa ho ’Mōpi feela?

35 Ha ho kelello ea motho leha e le ofe, ho sa tsotellehe hore na e bohlale hakae, e neng e ka bolela liketsahalo tsa nako e tlang esale pele ka nepo hakaalo. Ke kelello ea ’Mōpi oa bokahohle ea matla ’ohle le ea bohlale ka ho fetisisa e neng e ka ho etsa, joalokaha re bala ho 2 Petrose 1:20, 21: “Ha ho boprofeta Lengolong bo hlahileng ka ho itlhalosetsa ha motho. Hobane ha e sa le, boprofeta ha boa ka ba tlisoa ke ho rata ha motho, empa ke ka tšusumetso ea Moea o Halalelang batho ba halalelang ba Molimo ba buileng.”

E Fana ka Karabo

36. Bibele e re bolella eng?

36 Ka hona, ka litsela tse ngata, Bibele e fana ka bopaki ba hore ke Lentsoe le bululetsoeng la Motho ea Phahameng. Kahoo, e re bolella lebaka leo batho ba leng lefatšeng ka lona, lebaka leo ho nang le bohloko bo bongata hakana, moo re eang teng, le kamoo maemo a tlang ho fetoha hore a be molemonyana. E re senolela hore ho na le Molimo ea phahameng ea bōpileng batho le lefatše lena ka morero le hore morero oa hae o tla phethahatsoa. (Esaia 14:24) Hape Bibele e re senolela hore na bolumeli ba ’nete ke bofe le kamoo re ka bo fumanang ka teng. Ka hona, ke oona feela mohloli oa bohlale bo phahameng o ka re bolellang ’nete ka lipotso tsohle tsa bohlokoa tsa bophelo.—Pesaleme ea 146:3; Liproverbia 3:5; Esaia 2:2-4.

37. Ke eng se lokelang ho botsoa ka Bokreste-’mōtoana?

37 Le hoja ho na le bopaki bo bongata ba ho nepahala le bonnete ba Bibele, na bohle ba bolelang hore baa e amohela ba latela lithuto tsa eona? Ka mohlala, nahana ka lichaba tse ipolelang hore li sebelisa Bokreste, ke hore, Bokreste-’mōtoana. Li ’nile tsa ba le Bibele ka makholo a mangata a lilemo. Empa na kannete monahano le liketso tsa tsona li bonahatsa bohlale bo phahameng ba Molimo?

[Litšoantšo tse leqepheng la 11]

Monghali Isaac Newton o ne a lumela hore lefatše le tšoeroe ke matla a khoheli sebakeng kamanong le lihloliloeng tse ling tsa leholimo

Setšoantšo seo Bibele e fanang ka sona sa lefatše le pota-potiloeng ke sebaka se feela se hlokomeloa ke litsebi e le pono e tsotehang bakeng sa mehla ea eona

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Bo-ralikepe ba bang ba pele ba ne ba bile ba tšaba hore ba tla sesisetsa lintšing tsa lefatše le bataletseng

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Ho na le bopaki bo eketsehileng ba hore Jesu Kreste o bile teng ho feta bo leng teng ba hore Julius Caesar, ’Musisi Charlemagne, Oliver Cromwell, kapa Mopapa Leo III ba kile ba phela

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Ho phethahala ha boprofeta boo Jesu a faneng ka bona mabapi le ho timetsoa ha Jerusalema ka 70 C.E. ho tiisoa ke Arch of Titus Rome

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela