Lipotso tse Tsoang ho Babali
Kaha Bakreste ha ba kopanele papaling ea chelete, na ba ka amohela litekete kapa ba nka karolo ho huleng litekete moo ba ka ’nang ba hapa meputso?
Ena ke potso e ’nileng ea botsoa nako le nako, ka hona e se e arabiloe likhatisong tsa rōna. Ka lipuo tse ling, re fane ka litšupiso tsa li-index tsa lingoliloeng tsa rōna, joaloka Watch Tower Publications Index 1930-1985 (le e tšoanang le eona e akaretsang ho tloha ho 1986-1990). Haeba Mokreste a e-na le li-index tse joalo ka puo ea hae, li ka ipaka e le thuso ho fumana likarabo tse khotsofatsang kapele.
Potso e botsitsoeng ka holimo ke mohlala. Ho sheba ho 1930-1985 Index tlas’a sehlooho, “Questions From Readers” u fumana sehloohoana “‘drawings,’ may Christian accept ticket for?” ’Mali o lebisoa karolong ea “Questions From Readers” ho Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa February 15, 1973, leqephe 127.a Lipaki tse ngata li na le moqolo (kapa likopi ka bomong) tsa Molula-Qhooa tsa 1973, kapa e ka ’na ea fumanoa pokellong ea libuka ea Liholo tsa ’Muso tse ngata.
Puisano e hatisitsoeng ka 1973 e ile ea supa hore ka ho loketseng Mokreste o qoba li-sweepstake kapa ho hula litekete moo ho amehang menyetla ea ho reka (joaloka litekete tsa rafole) kapa ho sebelisetsa chelete ho reka monyetla oa ho hapa moputso. Ka ho hlakileng, re qoba papali ea chelete, eo ka sebele e leng pontšo ea meharo.—1 Ba-Korinthe 5:11; 6:10; Ba-Efese 4:19; 5:3, 5.
Leha ho le joalo, lebenkele kapa khoebo, e ka ’na ea sebelisa ho hula litekete e le mokhoa oa ho phatlalatsa. Sohle seo motho a lokelang ho se etsa ke ho nehelana ka lebitso la hae kapa a romele foromo kapa tekete, ntle le hore a reke letho. Ho hula tekete ke karolo ea morero oa ho phatlalatsa; o reretsoe hore e be mokhoa o se nang leeme oa ho rera hore na ke mang ea tla fuoa moputso kapa meputso. Bakreste ba itseng ba ka ’na ba ikutloa hore ba ka amohela moputso moo ho huloang ho sa amehe papali ea chelete, feela joalokaha ba ne ba tla amohela lisampole tse sa lefelloeng kapa limpho tse ling tseo khoebo kapa lebenkele le ka li sebelisang lenaneong la lona la phatlalatso.
Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba tla hana ntho efe kapa efe ea mofuta ona, ba sa batle ho khopisa kapa ho ferekanya ba bang ’me hape ba batla ho ipoloka ba le hōle le khoheli leha e le efe ea ho tšepa ho bitsoang Mofumahali Lehlohonolo. Joalokaha Esaia 65:11 (NW) e bontša, bahlanka ba Molimo ha ba itsoakanye le “molimo oa Lehlohonolo” kapa “molimo oa Qetello.” Ba ka ’na ba boetse ba ikutloa hore ba ke ke ba batla ho ba karolo ea ho ikhapela tlhokomelo sechabeng eo ho ka ’nang ha hlokahala hore ba hapileng moputso ba kopanele ho eona. Ba ikutloang ka tsela ena ruri ha baa lokela ho nyatsa Mokreste kapa Bakreste bao matsoalo a bona a ba lumellang ho ameha ho huleng litekete joalo.—Bapisa le Ba-Roma 14:1-4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Boitsebiso bo tšoanang bo bontšitsoe tlas’a lihlooho tsa “Advertising,” “Business,” le “Gambling,” ka hona ho ba le lihlooho tse ngata ho Index ho thusa motho ho fumana boitsebiso.