Jehova, Tšepo ea Ka ho Tloha Bongoaneng ho ea Pele
JOALOKAHA HO BOLETSE BASIL TSATOS
Selemo e ne e le sa 1920; sebaka, maralla a Arcadia a leng Peloponnisos e ntle, Greece. Ke ne ke le liphateng, ke hoehla ke tšoeroe ke mokakallane oa Spain o tšajoang haholo o neng o putula lefatše.
NAKO le nako ha tšepe ea kereke e ne e lla, ke ne ke hlokomela hore e tsebisa ka lefu la mohlaseluoa e mong. Na e ne e tla ba ’na ea latelang? Ka lehlohonolo, ke ile ka hlaphoheloa, empa ba limillione ha baa ka ba hlaphoheloa. Le hoja ke ne ke le lilemo li robeli feela ka nako eo, phihlelo ena e tšosang e ntse e lutse ka ho hlaka kelellong ea ka.
Ho Ameha ka Lintho tsa Moea Esale Qalong
Nakoana hamorao, Ntate-moholo o ile a shoa. Ka mor’a lepato, ke hopola ’Mè a tla ho ’na le ngoan’eso lebaleng labo rōna. Ntle ho pelaelo a leka ho kokobetsa bohloko ba rōna, ka bonolo o ile a re: “Bana, bohle re lokela ho tsofala le ho shoa.”
Esita le hoja a ile a bua ka bonolo joalo, mantsoe a hae a ile a ntšoenya. Ke ile ka nahana: ‘Ke ho soabisang hakaakang! Le ho hlokang toka hakaakang!’ Empa re ile ra khothala bobeli ba rōna ha ’Mè a eketsa: “Leha ho le joalo, ha Morena a e-tla hape, o tla tsosa bafu, ’me re ke ke ra hlola re e-shoa!” Hoo e ne e le ho tšelisang hakaakang!
Ho tloha ka nako eo ho ea pele ke ile ka thahasella haholo ho tseba hore na ebe nako eo e thabisang e tla tla neng. Ke ile ka botsa batho ba bangata, empa ha ho ea ileng a mpolella, leha e le hore ho ne ho bonahala eka ho na le ea thahasellang ho bua ka taba eo.
Ka letsatsi le leng ha ke le lilemo li ka bang 12, ntate o ile a amohela buka e tsoang ho moholoane oa hae ea neng a lula United States. E ne e e-na le sehlooho The Harp of God, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society. Ke ile ka sheba lethathamo la tse ka hare, ’me mahlo a ka a ile a tlala thabo ha ke bona khaolo e reng “Ho khutla ha Morena oa Rōna.” Ke ile ka e bala ka thahasello e khōlō, empa ke ile ka soaba hore ebe ho ne ho sa fanoa ka selemo sa ho khutla hoo. Leha ho le joalo, buka eo e ile ea bontša hore ho ne ho se hōle haholo.
Hang-hang ke ile ka qalisa ho ea sekolong se phahameng ’me ka tšoareha haholo ka lithuto tsa ka. Leha ho le joalo, nako le nako, rangoane ea neng a le Amerika o ne a romela likopi tsa Molula-Qhooa, tseo ke neng ke thabela ho li bala. Hape, Sontaha se seng le se seng, ke ne ke ea sekolong sa Sontaha, moo hangata mobishopo a neng a tla ho buisana le rōna.
Ka Sontaha se seng, mobishopo o ne a ferekane haholo ’me a re: “Baeti ba tlatsa motse oa rōna ka likhatiso tsa bokhelohi.” Eaba o phahamisa kopi ea Molula-Qhooa ’me a hoeletsa: “Haeba leha e le ofe oa lōna a fumana likhatiso tse kang ena lapeng, a li tlise kerekeng, ’me ke tla li chesa.”
Molumo oa lentsoe la hae o ile oa ntšoenya, empa ke ile ka tšoenngoa le ho feta ke moea oa hae oa boiphetetso. Ka hona, ha kea ka ka lumellana le kōpo ea hae. Leha ho le joalo, ke ile ka ngolla rangoane ho mo kōpa hore a se hlole a romela likhatiso tsa Watch Tower. Leha ho le joalo, ke ile ka tsoela pele ho nahanisisa ka taba ea ho khutla ha Kreste.
Takatso ea Moea ea Hōla
Ha phomolo ea lehlabula e fihla, ke ile ka ntša potlolomente ea ka bakeng sa ho paka liphahlo tsa ka. Ka tlaase-tlaase ho ne ho e-na le libukana tse tharo tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Ka tsela e itseng ke ne ke sa li hlokomela pele. E ’ngoe e ne e bitsoa Where Are the Dead?
Ke ile ka nahana, ‘E bonahala e thahasellisa.’ Le hoja ke ne ke hopola temoso ea mobishopo, ke ile ka etsa qeto ea ho bala libukana tseo ka hloko ho fumana liphoso tseo ke neng ke nahana hore li teng ka hare. Ke ile ka nka potloloto ’me ka hloko ka qalella ho batla. Ho makaleng ha ka, ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka libukaneng tseo e ne e utloahala, ’me taba ka ’ngoe e boleloang e ne e e-na le mangolo a bontšitsoeng ao ’mali a ka a hlahlobang ka Bibeleng.
Kaha re ne re se na Bibele, ke ile ka ipotsa hore na ebe mangolo a bontšitsoeng moo a ne a sebelisitsoe hampe ho lumellana le morero oa bangoli. Ka hona ke ile ka ngolla rangoane ’me ka mo kōpa hore a nthomelle kopi ea Bibele e feletseng. O ile a etsa joalo hang-hang. Ke ile ka e bala kaofela ka makhetlo a mabeli, ’me le hoja ke ne ke sa utloisise lintho tse ngata ka ho eona, ke ile ka khahloa ke libuka tsa Daniele le Tšenolo. Ke ne ke batla ho utloisisa lintho tseo li li profetileng, empa ho ne ho se motho ea fumanehang ea ka nthusang.
Ke ile ka tlohela sekolo ka 1929, ’me hang ka mor’a moo rangoane ea Amerika o ile a nthomella likopi tsa Molula-Qhooa hape. Ke ile ka qala ho li thabela ka ho eketsehileng ’me ka mo kōpa hore a nthomelle tsona ka mehla. Ke ile ka boela ka qala ho buisana le ba bang ka tšepo bakeng sa nako e tlang eo ke neng ke ithuta ka eona limakasineng tseo. Empa joale bophelo ba ka bo ile ba fetoha ka matla.
Khatelo-pele Moeeng Burma
Bo-malome ba ne ba falletse Burma (eo hona joale e leng Myanmar), ’me lelapa le ile la etsa qeto ea hore ha nka e’o lula le lona, ho ne ho tla eketsa phihlelo ea ka ’me mohlomong ho mpulele menyetla ea khoebo. Ka mehla sebaka sa Bochabela se ne se nkhohela, ka hona ke ile ka thabisoa ke tebello ea ho ea moo. Ha ke le Burma, ke ile ka tsoela pele ho amohela Molula-Qhooa ho tsoa ho rangoane, empa ke ne ke e-s’o ka ke kopana ka seqo le Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li bitsoa joalo nakong eo.
Ka letsatsi le leng ke ile ka thaba haholo ha ke fumana tsebiso ho Molula-Qhooa ka libuka tsa Light, meqolo e ’meli e neng e hlalosa buka ea Bibele ea Tšenolo. Ho phaella moo, ke ile ka hlokomela hore mosebetsi oa Liithuti tsa Bibele Burma o ne o hlokomeloa ke ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e India, e leng Bombay. Hang-hang ke ile ka ngola ho kōpa libuka tsa Light, ’me ka boetse ka kōpa hore Liithuti tsa Bibele India li romeloe ho tla bolela Burma.
Libuka tseo li ile tsa fihla ka poso kapele-pele, ’me hoo e ka bang beke hamorao, Liithuti tsa Bibele tsa Burma li ile tsa nketela. Ke ne ke thabile ho hlokomela hore ho ne ho e-na le sehlopha se senyenyane sa tsona moo ke neng ke lula teng Rangoon (eo hona joale e leng Yangon), motse-moholo oa Burma. Li ile tsa ’memela ho ba teng sehlopheng sa tsona sa thuto ea ka mehla ea Bibele le ho kopanela le tsona boboleling ba ntlo le ntlo. Qalong ke ne ke batla ke le leqe empa kapele ka qala ho thabela ho arolelana tsebo ea Bibele le Mabuddha, Mahindu, le Mamosleme, hammoho le ba ipolelang hore ke Bakreste.
Joale lekala la India le ile la romela Rangoon basebeletsi ba babeli ba nako e tletseng (ba bitsoang bo-pula-maliboho), Ewart Francis le Randall Hopley. Bobeli qalong ba ne ba hlaha Engelane empa ba ne ba sebelelitse India ka lilemo tse ngata. Ba ile ba nkhothatsa haholo, ’me ka 1934, ke ile ka kolobetsoa e le tšoantšetso ea boinehelo ba ka ho Jehova.
Paki e Sebete
Ka mor’a nako lekala la India le ile la romela bo-pula-maliboho ba eketsehileng Burma. Ba babeli ba bona, Claude Goodman le Ron Tippin, ba ile ba etela seteisheneng sa terene ’me ba buisana le Sydney Coote, mohlokomeli oa literene. O ile a amohela libuka, a li bala a ba a tsoa ka ’nģane, ’me a qala ho ngolla khaitseli ea hae e nyetsoeng, Daisy D’Souza, e Mandalay. Le eena o ile a hlokomela hore libuka tseo lia thahasellisa ’me a kōpa tse eketsehileng.
Daisy, eo e kileng ea e-ba Mok’hatholike ea mafolo-folo, e ne e le motho ea nang le sebete se sa tloaelehang. O ile a qala ho etela baahelani ba hae le ho ba bolella lintho tseo a neng a ithuta tsona. ’Me eitse ha a etetsoe ke moruti oa parishe, ea ileng a botsa hore na ke hobane’ng ha a khaolitse ho ea kerekeng, o ile a ’montša hore Bibele ha e tšehetse lintho tseo a li rutang, joaloka lihele tse tukang.
Qetellong moruti a ’motsa: “Ka mor’a lilemo tsee tsohle ke ba bolella ka lihele tse tukang, joale nka ba bolella joang hore ha ho na sebaka se joalo? Ha ho motho ea tla batla ho tla kerekeng.”
Daisy o ile a arabela: “Haeba u Mokreste ea tšepahalang, u tla ba ruta ’nete, ho sa tsotellehe liphello.” Joale a eketsa: “Haeba u sa etse joalo, ’na ke tla etsa joalo!” ’Me o ile a fela a etsa joalo.
Dick le Daisy le barali ba bona ba babeli ba baholoanyane ba ile ba kolobetsoa Rangoon hong le ’na. Lilemo tse tharo hamorao, ka 1937, ke ile ka nyala morali oa bona oa bobeli, Phyllis.
Ho Balehela India
Mabotho a Japane a ile a futuhela Burma nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ’me Rangoon e ile ea haptjoa ka March 8, 1942. Baahi ba melata ba ile ba qobelloa ho tsoa kapele-pele ho ea India. Ba makholo ba ile ba leka ho tsoa le merung, empa ba bangata ba ile ba shoela tseleng. Ho ile ha etsahala hore ebe ke ne ke tseba mohlanka oa ’muso ea neng a ikarabella ho ntšeng batho ka har’a naha, ka hona ke ile ka khona ho boloka litekete bakeng sa likepe tsa ho qetela tse laelang thepa ho tloha Rangoon ho ea Calcutta. Ho siea ntlo ea rōna le lintho tse ngata ka lepotla-potla le joalo e bile nako e bohloko ho rōna bohle. Burma e ile ea haptjoa ke Majapane ho tloha ka 1942 ho isa ho 1945.
Ha re fihla India chelete ea rōna e ne e phophothehile, ’me ho ne ho se bonolo ho fumana mosebetsi. Sena se ile sa fella ka ho lekoa ha tumelo. Ke ile ka kopana le mosebeletsi oa ’muso oa Brithani ea ileng a ntšepisa mosebetsi o lefang haholo o neng o sa amane le ntoa, empa o ne o akareletsa ho sebeletsa ke le karolo ea tsamaiso ea sesole. Ka thuso ea Jehova, ke ile ka khona ho hana tšepiso eo ’me ka hona ka boloka letsoalo le hloekileng la Bokreste. (Esaia 2:2-4) Ka litsela tse ling hape, re ile ra utloa thuso e lerato ea Jehova.
Re ile ra lula New Delhi, motse-moholo oa India, moo ho neng ho batla ho sa khonehe ho fumana bolulo. Leha ho le joalo, re ile ra fumana phaposi e khōlō ka hare ho motse. E ne e e-na le phaposi e khōlō ea ho phomola e nang le monyako oa eona feela, ’me ka lilemo tse seng kae tse latelang phaposi ena e ile ea sebeletsa e le Holo ea ’Muso bakeng sa Phutheho ea Lipaki tsa Jehova Delhi. Leha ho le joalo, ka lebaka la thibelo likhatisong tsohle tsa Mokhatlo oa Watch Tower India ka 1941, re ile ra sitoa ho fumana lingoliloeng tsa Bibele.
Kamoo Thibelo e Ileng ea Tlosoa
Sontaha se seng ka 1943, ba neng ba ile litšebeletsong tsa kereke Delhi ba ile ba amohela pampitšana e tekenetsoeng ke baruti ba 13 ba likereke tse fapaneng. E ne e lemosa: “BAAHI BA DELHI HLOKOMELANG LIPAKI TSA JEHOVA.” Qoso e ne e le hore re thibetsoe India ka mabaka a lipolotiki.
Ka tumello ea ofisi ea lekala e Bombay, kapele-pele re ile ra hatisa le ho aba pampitšana e neng e pepesa baruti. Kaha ke ne ke le molebeli ea okamelang, lebitso la ka le aterese li ne li ngotsoe botlaaseng ba pampitšana eo e neng e ngotse likakata. Kapele ka mor’a moo, ha sepolesa se fumana ’na le Margrit Hoffman re ntse re aba likopi tsa pampitšana eo, re ile ra tšoaroa ’me ra koalloa teronkong. Leha ho le joalo, kapele-pele re ile ra lokolloa ka beile.
Hamorao, ha Margrit a ntse a tsoela pele ka tšebeletso ea hae, o ile a etela lelapeng la Monghali Srivastava, letona la ’muso le tsebahalang haholo kabineteng ea ’musisi oa India. Monghali Srivastava o ile a mo amohela ka mofuthu, ’me nakong ea puisano, khaitseli o ile a mo bolella hore lingoliloeng tsa rōna li ne li thibetsoe ka leeme India. Letsatsing lona leo ho ile ha etsahala hore Margrit a kopane le setho sa palamente sa setereke sa Madras. Se ne se tlile motseng ho tla ba teng sebokeng sa palamente. Khaitseli o ile a se hlalosetsa ka ho hloka toka ho sebelisitsoeng ho thibela lingoliloeng tsa rōna, ’me se ile sa tšepisa hore se tla hlahisa taba eo sebokeng se atamelang.
Ka nako eo, ke ne ke sebetsa ke le physiotherapist sepetleleng sa sebakeng seo. Ho ile ha etsahala hore Monghali Srivastava a hlaheloe ke kotsi, ’me sepetlele se ile sa nthomela ho ea bona hore na ebe physiotherapy e ka mo thusa. Ke ile ka fumana Monghali Srivastava e le motho ea botsoalle, ’me eitse ha re ntse re buisana, ke ile ka ’molella ke sa rera hore Mofumahatsana Hoffman le ’na re ne re lokolotsoe teronkong ka beile. Ke ile ka hlalosa hore e ne e le ka lebaka la khatello ea baruti hore ebe lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele li ne li thibetsoe ka mabaka a lipolotiki le hore ka ho feletseng ha re kopanele lipolotiking. Ke ile ka tsoela pele ho ’molella hore moemeli oa lekala la rōna, Edwin Skinner, o ne a ile a etsa likōpo bakeng sa puisano ho tla hlalosa boemo ba rōna, empa ho ’nile ha hanoa.
Matsatsi a ’maloa hamorao, Monghali Srivastava o ile a mpolella: “Monghali Jenkins [mosebeletsi oa ’muso ea neng a sa thabele mosebetsi oa rōna] o tla ea pencheleng ka mor’a matsatsi a seng makae, ’me sebaka sa hae se tla nkoa ke Monghali Francis Mudie. Kōpa Monghali Skinner hore a tle, ’me ke tla mo teanya le Monghali Francis.”
Monghali Srivastava o ile a hlophisa seboka seo joalokaha a ne a tšepisitse. Nakong ea sona, Monghali Francis Mudie o ile a bolella Moena Skinner: “Nke ke ka u tšepisa letho, empa ke tla hlahloba taba eo.” Kaha palamente e ne e lokela ho buloa haufinyane, Moena Skinner o ile a lula ho tla boha ha ngoale e khiba. Tumellanong le mantsoe a sona, setho sa palamente se tsoang Madras se ile sa ema ’me sa botsa: “Na ke ’nete hore likhatiso tsa Watch Tower Bible and Tract Society li thibetsoe ka mabaka a lipolotiki?”
Monghali Francis Mudie o ile a arabela: “Che, ho ile ha tlisoa thibelo ka mabaka a tšireletso, empa hona joale ’muso o entse qeto ea ho tlosa thibelo eo.”
E ile ea e-ba nako e thabisang hakaakang ho rōna ha re utloa litaba tseo! Beke hamorao ofisi ea lekala e Bombay e ile ea amohela lengolo le tiisang ho felisoa ha thibelo.
Ho Khutlela Burma e Harasantsoeng ke Ntoa
Puso ea Brithani e ile ea boela Burma ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, ’me ba leshome ba rōna Lipaki re ile ra khutlela Rangoon likhoeli tse ’maloa hamorao. Re ile ra thabela ho bona Lipaki tse fokolang tsa sebakeng seo tse neng li setse. Naha e ne e le boemong bo hlobaetsang. Litšebeletso tsa sechaba ho kopanyeletsa motlakase le lipalangoang tsa sechaba, li ne li sa fumanehe. Ka hona re ile ra reka koloi e khōlō ho masole ’me ra e sebelisa hamolemo ho palamisa batho ho ea libokeng tseo re neng re li hlophisitse hang ka mor’a hore re khutle.
Motho ea thahasellang o ile a re neha setša, ’me ka thuso ea batho ba mosa sebakeng seo, re ile ra haha Holo ea ’Muso e lekaneng. E ne e hahiloe ka lipalo tse thata tsa bamboo, mabota a entsoe ka ’mete oa bamboo, ’me e ruletsoe ka joang. Mona ka April 1947, Nathan H. Knorr, eo e neng e le mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower nakong eo, le mongoli oa hae, Milton G. Henschel, ba ile ba fana ka lipuo nakong ea ketelo ea bona Rangoon. Nakong eo, re ne re e-na le Lipaki tse 19 Burma eohle. Empa puong ea phatlalatsa ea Moena Knorr, e neng e tšoaretsoe Holong ea New Excelsior, ho bile teng ba 287!
Re Lula Australia
Ka January 4, 1948, Burma e ile ea fumana boipuso ho Great Britain, ’me batho ba bangata ba Europe ba ile ba ho nka ho le molemo ho tloha naheng eo. Ka mor’a ho nahanisisa litaba ka thapelo, ’na le Phyllis re ile ra etsa qeto ea ho nka morali oa rōna ’me re fallele Australia. Re ile ra lula Perth, motse-moholo o ka Bophirimela ho Australia.
Ha re tloha Burma hape, ’me lekhetlong lena re ela ruri, e ne e le nako e bohloko haholo ho rōna. Nako le nako, re ’nile ra utloa ho baratuoa moo, ’me re ile ra thabela ho tseba hore mosebetsi oa ’Muso o tsoela pele ka tieo naheng eo.
Ho qala ka 1978, ka lilemo tse ’nè re ile ra thabela ho sebeletsa liphutheho tsohle tsa ba buang Segerike metseng e meholo ea Australia. Hona ho ne ho bolela ho nka maeto a malelele, kaha ke lik’hilomithara tse fetang 4 200 ho tloha lebōpong le ka bophirima ho ea lebōpong le ka bochabela la naha ena e khōlō. Ka mor’a nakoana, boemo ba leholimo, bo fapanang haholo tulong ka ’ngoe, bo ile ba tlatsetsa ho fokoleng ha bophelo ba rōna. Ka hona re ile ra lula Perth hape, moo ke tsoelang pele ho sebeletsa ke le moholo ho e ’ngoe ea liphutheho tse 44 motseng ona.
Kaha litšiu li se li ile, ha ke sa bona hantle, ’me ho se ho le thata ho bala. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mathata a bophelo, lipelo tsa rōna li ntse li le ncha. Ka bobeli re letetse ka tšepo letsatsi le thabisang ha bohle ba tšabang Jehova ba tla bona ho khanya ha letsatsi la mohau oa hae ‘le ba chabela, ka mahlaseli a lona a phekolang; ’me ka sebele re tla tsoa re thale joaloka manamane a nontšitsoeng.’—Malakia 4:2, NW.a
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka December 13, 1992, ha pale ena ea bophelo e ne e phethoa, Moena Tsatos o ile a robala lefung.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Lelapa la ka le Baena Henschel le Knorr Burma (Myanmar) ka 1947
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Basil Tsatos le mosali oa hae, Phyllis, Australia