Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 1/1 maq. 28-31
  • Ho Thabela Kotulo India

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thabela Kotulo India
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo ke Ileng ka Tla India
  • Ho Khetha Tsela ea Bophelo
  • Tšimo e Ncha e Kholohali
  • Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše
  • Mabaka a ho Thaba
  • Jehova, Tšepo ea Ka ho Tloha Bongoaneng ho ea Pele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Tseba se Nepahetseng le ho se Etsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Tumelo ea Lelapa e Tsietsing
    Tsoha!—2004
  • Ebe Baromuoa ba ne ba ka Bolela ho ea Fihla Hokae ka Bochabela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 1/1 maq. 28-31

Ho Thabela Kotulo India

Joalokaha ho boletse F. E. Skinner

HO ’NA e ne e batla e le hoo ke sitoang ho ho lumela—likopano tse 21 ka lipuo tse leshome, batho ba ka holimo ho 15 000 ba tlile ho tla ithuta se boleloang ke toka ea Molimo, ’me ho kolobelitsoe ba 545 ho tšoantšetsa lerato la bona ho Molimo o moholo oa toka, Jehova! Ho Lipaki tsa Jehova tse 9 000 tse India, ena e ne e le tlhoro ea 1989. Empa ho ’na ka ho khetheha e ne e le lebaka la ho thaba. Hobane’ng? Hobane ha ke qala ho hata mobung oa India ka Phupu 1926 ho hang ke ne ke sa nahane hore ho ka ba le liketsahalo tse hlollang hakaalo. Ka nako eno ho ne ho e-na le bahoeletsi ba molaetsa oa ’Muso ba ka tlaase ho 70 naheng eo kaofela. ’Na le mosebetsi-’moho le ’na re ile ra amohela kabelo e kaakang lilemong tse ka holimo ho 63 tse fetileng!

Kamoo ke Ileng ka Tla India

Ka Motšeanong 1926 ke ile ka ea kopanong e khōlō e neng e le London, Engelane, ’me hang ka mor’a moo ka khutlela haeso Sheffield. Matsatsi a seng makae hamorao, ha ke khutla tšebeletsong ea tšimo, ke ile ka fumana telegram e nkemetse. E ne e baleha tjena: “Moahloli Rutherford o batla ho u bona.”

Moena Rutherford, mopresidente oa bobeli oa Mokhatlo oa Watch Tower, o ne a tsoa New York a tlile kopanong e neng e sa tsoa feta, ’me o ne a sa ntsane a le London. Hoseng ho latelang ha ke le ka tereneng ke khutlela London, ke ne ke ntse ke ipotsa, ‘See se bolela eng?’ Ha ke fihla ofising ea lekala, ke ile ka isoa ho Moena Rutherford, ’me o ile a mpotsa: “Na ua tsotella hore na u ka sebetsa karolong efe ea lefatše?”

Ka arabela, “Che.”

“Na u ka thabela ho ea India?”

Ka arabela ke sa tsila-tsile, “U batla ke ee neng?” Ka hona, libeke tse tharo hamorao, ’na le George Wright re ile ra kena seketsoaneng se eang India. Ke ne ke le lilemo li 31, ’me kelellong le pelong ea ka ho ne ho se tika-tiko mabapi le hore na ke ne ke batla ho etsa’ng ka bophelo ba ka.

Ho Khetha Tsela ea Bophelo

Ka 1918 ntoa ea pele ea lefatše e ne e se e letse, ’me ke ne ke sa tsoa qeta lilemo tse ’nè lebothong la Brithani. Ke ne ke thahasella mosebetsi oa ho nka lifoto le radio transmission, ’me ke ne ke bulehetsoe ke menyetla e metle ea khoebo. Hape, ke ne ke ntse ke nahana ka lenyalo. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, ke ile ka fumana kutloisiso ea lintho e ileng ea fetola tsela eohle eo ke talimang bophelo ka eona.

Ntate o ne a ile a amohela sete ea Studies in the Scriptures, ’me morekisi e mong oa libuka, kamoo bo-pula-maliboho ba neng ba bitsoa ka teng ka nako eo, o ile a qala ho ithuta Bibele le lelapa leso. Mosali eo e ne e kile ea e-ba tichere sekolong. Ka mor’a nako, sehlopha sa bahlankana ba lilemong tsa ka se ne se se se ea ha hae Moqebelo o mong le o mong bakeng sa tee le thuto ea Bibele. Ka makhetlo-khetlo o ile a re bolella hore re ithaopele ho sebelisoa ke Jehova, a re: “Le ka mohla u se ke ua hana kabelo.” Hape o ile a nkhothalletsa hore ke lule ke le lesooa.

Ka nakoana ke ile ka ba le maikutlo a loantšanang ka seo ke neng ke tla se etsa. Mantsoe a Jesu ho ’musi e mocha oa morui ho Mattheu 19:21 a ile a nthusa: “Ha u rata ho phetheha, e-ea, u rekise ka tseo u nang le tsona, u abele bafumanehi, ’me u tla ba le letlotlo leholimong; u ntano tla, u ntatele.” Ke ile ka nehelana ka lengolo la ho itokolla ha ka mosebetsing femeng eo ke neng ke e sebeletsa, ’me pele likhoeli tse tharo li fela ka fetoha morekisi oa libuka. Sena, hammoho le qeto ea ho lula ke le lesooa, se ile sa etsa hore ke tšoanelehe ho amohela kabelo eo ea bohlokoahali ea ho ea India hoo e ka bang lilemo tse ’nè hamorao.

Tšimo e Ncha e Kholohali

’Na le George Wright re ile ra abeloa ho ba balebeli ba mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso eseng India feela empa hape le Burma (eo hona joale e seng e le Myanmar) le Ceylon (eo hona joale e seng e le Sri Lanka). Hamorao, ho ile ha eketsoa Persia (eo hona joale e seng e le Iran) le Afghanistan. Boholo ba India bo ne bo batla bo le ka tlaase ho ba United States, empa lenane la baahi ba teng le ne le mena la baahi ba United States ka makhetlo a ’maloa. E ne e le naha e nang le lijo, meetlo, le lipuo tse fapaneng, e nang le batho ba litumelo tsa bolumeli tse fapa-fapaneng—Mahindu, Mamosleme, Maparsi, Majaine, Masikhe, le Mabuddha, hammoho le Mak’hatholike le Maprostanta.

Mosebetsi oa ho bolela o ne o ile oa qaleha India ka 1905, ’me oa fumana sefutho ha Charles T. Russell, mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, a etetse moo ka 1912. Puisano ea Russell le A. J. Joseph, seithuti sa Bibele se senyenyane se chesehang, e ile ea lebisa tokisetsong ea mosebetsi oa ka mehla oa ho bolela o tsoelang pele. Joseph o ile a fetolela libuka tsa Bibele lelemeng la habo la Malayalam ’me o ile a tsamaea a ba a ruta ka mokhoa o pharalletseng, haholo-holo ka boroa ho India. Kajeno, hoo e ka bang halofo ea bahoeletsi ba India ba phela tikolohong ena moo ho buuoang Malayalam, le hoja e le hoo e ka bang feela karolo ea 3 lekholong ea baahi ba India e phelang moo. Tikoloho ena, eo pele e neng e le Travancore le Cochin, e ile ea fetoha Naha ea Kerala ka 1956.

’Na le George Wright re ne re fapanyetsana mosebetsi oa ho ba ofising ea Bombay le ho tsoa bakeng sa maeto a ho bolela libakeng tse hōle. Re ne re sebelisa ka botlalo liporo, lipere, le likariki tse huloang ke lipoho tsa India. Hamorao re ile ra sebelisa koloi. Ka nako eno khopolo e ne e le feela ho siea libuka le ho memela batho ho tla sebakeng seo ho kopanoang ho sona bakeng sa thuto ea sehlopha. Re ne re shebane le Bakreste ka lebitso ba buang Senyesemane.

Qalehong, ke ile ka fuoa mabitso le liaterese tsa bohle ba neng ba entse lipeeletso tsa Molula-Qhooa. Boholo ba batho bana e ne e le ba sebetsang litereneng kapa mehaleng. Ke ile ka etela e mong le e mong oa bona ho fumana hore na o na le thahasello ea sebele. Ka lilemo tse ngata ke ne ke ee ke ee Punjab ka leboea ho India ka Pherekhong e be ke hahlaula ho tloha Lahore ho ea Karachi. Kaha ba bangata ba ne ba hloile Bibele haholo, metse eo ho neng ho e-na le Bakreste ka lebitso ho eona e ne e fokola e bile e qalikane.

Moena o ne a ee a tsamaee le ’na e le mofetoleli, ’me re ne re lula le batho re bile re e-ja le bona. Baahi ba motse ba ne ba lula matlong a hahiloeng ka litene tsa seretse se omisitsoeng ke letsatsi, a ruletsoeng ka joang kapa ka mapolanka. Ba ne ba robala holim’a li-charpoy, libethe tse nang le maoto a mane tse entsoeng ka mapolanka tseo karolo eo ho robaloang ho eona e entsoeng ka liropo tse lohiloeng. Hangata balemi ba ne ba ee ba lule holim’a li-charpoy tsa bona ba tšoere Bibele, ba ntse ba tsuba peipe e folisoang ka metsi e bolelele ba halofo ea mithara ho ea ho mithara, ba ntse ba phetla mangolo ha re ba hlalosetsa linnete tsa Molimo. Liboka tse tšoareloang ka ntle li ne li ipaka li le ntle ka ho fetisisa, kaha karolo e khōlō ea selemo pula e ne e e-ba sieo. Le hoja Maeurope a mangata a ne a ikhantša haholo hore a ka ea libokeng tse joalo, Maindia a ne a phuthehela kae kapa kae.

Re ile ra leka ho hatisa libuka ka lipuo tse ngata ka hohle kamoo ho ka khonehang. Bukana World Distress ea puo ea Kanarese e ile ea fumana katleho e khethehileng. E ile ea susumelletsa mohlophisi oa koranta ea bolumeli e tsoang nako le nako ea Kanarese hore a re memele ho fana ka lihlooho bakeng sa koranta ea hae, ’me ka nakoana e itseng, re ne re hlahisa lihlooho tsa neheletsano tsa buka ea Deliverance ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse peli.

Lilemo tsa ho tloha ka 1926 ho ea ho 1938 li ile tsa bona mosebetsi o moholohali oa ho bolela o neng o etsoa ke bo-pula-maliboho ba chesehang. Re ile ra tsamaea lik’hilomethara tse likete-kete, ’me ra aba libuka tse ngata haholo, empa keketseho e ne e e-tla butle. Ka 1938 ho ne ho e-na le bo-pula-maliboho ba 18 feela le bahoeletsi ba 273 liphuthehong tse 24 tse neng li qhalakane ho pholletsa le India.

Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše

Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qhoma ka 1939, empa re ile ra tsoela pele ka ho bolela ha rōna. Ha e le hantle, qalong ea 1940 mosebetsi oa ho paka seterateng o ile oa qalisoa. Esita le bo-khaitseli ba rōna ba Maindia ba ile ba kopanela ho oona, e leng ho tsotehang ha re talima meetlo ea sebaka seo. Lilemo hamorao seithuti se seng sa Bibele se ile sa bolella Paki e ’ngoe e ileng ea se kōpa hore se kopanele mosebetsing o joalo: “Ke mosali oa Moindia, ’me nke ke ka bonoa ke bua le monna seterateng hobane nka nyelisoa har’a baahisani kaofela. Nke ke ka bua le monna seterateng esita le haeba e le mong ka ’na.” Leha ho le joalo, bo-khaitseli ba rōna ba Bakreste ba India ba fetohile basebeletsi ba chesehang ba phatlalatsa.

Lilemong tseo tsa ho qala, ho ne ho boetse ho lokisetsoa likopano. Linako tsa hoseng li ne li neheloa bakeng sa tšebeletso ea tšimo, eo karolo e khōlō ea eona e neng e le ho tsamaea lik’hilomethara tse ngata ho bolella batho ba lulang moo le ba fetang ka tsela ka liboka tsa phatlalatsa. Ba fetang 300 ba ile ba e-ba teng ho se seng sa liboka tsena, mananeo a tšoareloa tlas’a moriti oa lephephe la lifate tsa bamboo le makhasi a lipalema. Empa ho bolela nako e tobileng eo ho qaloang ka eona ho ne ho se na thuso e kaalo, kaha e ne e le batho ba seng bakae ba nang le lioache. Ba ne ba itlela feela ha ba rata, ’me liboka li ne li qaloa ha ho phuthehile bamameli ba lekaneng. Methoaela e meng e ne e ee e fihle seboka se se se ntse se tsoela pele.

Hangata lenaneo le ne le tsoela pele ho fihlela ka hora ea leshome bosiu, ’me joale ba bangata ba ne ba lokela ho tsamaea lik’hilomethara tse ’maloa ho ea fihla hae. Haeba khoeli e ne e chabile, ho ne ho le molemo; ho ne ho pholile ’me ho le monate. Haeba khoeli e ne e le sieo, batho ba ne ba nka lekala la palema e be ba le sotha ho le etsa toche. Ha e hotelitsoe, toche eo e ne e etsa khanya e bofubelu bo lerootho. Ha khanya e eketsehileng e hlokahala, toche eo e ne e tsokotsoa moeeng ho fihlela e tuka malakabe. Sena se ne se fana ka khanya e lekaneng ea ho bona tsela sebakeng se matsoatlara.

Hoo e ka bang ka nako ena ’muso o ile oa thibela ho kenngoa ha libuka tsa Mokhatlo ka hare ho India le Ceylon. Mochini oa rōna o monyenyane oa khatiso o Travancore o ile oa haptjoa, ’me ’muso o bohareng oa ntša taelo e thibelang ho hatisoa ha libuka tsa rōna. Hamorao, ka 1944, e mong oa baena ba rōna ea neng a sebetsa mosebetsi oa physiotherapy o ne a ntse a phekola Monghali Srivastava, letona le leng ’Musong oa Viceroy, ’me o ile a botsoa ka taba ea thibelo.

Moena oa rōna o ile a bolelloa: “Se k’a tšoenyeha.” Monghali Srivastava o ile a mo hlalosetsa hore Monghali Jenkins (letona le neng le sa rate mosebetsi oa rōna) o ne a tla be a ea phomolong haufinyane ’me motsoalle e moholo oa Monghali Srivastava o ne a tla mo nkela sebaka. Monghali Srivastava o ile a mo khothatsa: “Kōpa Monghali Skinner hore a tle, ’me ke tla mo kopanya le Monghali Francis Mudie,” ea tla nkela Jenkins sebaka. Qetellong, ke ile ka bitsoa; ke ile ka buisana le Monghali Mudie, ’me thibelo e ile ea tlosoa ka molao ka la 9 Tšitoe, 1944.

Mabaka a ho Thaba

Lebaka le leholo la ho thaba le ile la e-ba teng ka 1947 ha baromuoa ba pele ba koetlisitsoeng Gileade ba fihla India. Ho fihla ha bona ho ile ha thulana le nako ea bohlokoahali historing ea India, kaha selemong sona seo, ka la 15 Phato, e ile ea fumana boipuso pusong ea Brithani. Ha sechaba se arohana ho ba India ea Mahindu le Pakistan ea Mamosleme, ho ile ha e-ba le tšollo e tšabehang ea mali. Ho sa tsotellehe sena, baromuoa ba babeli ba tsoang sekolong sa Gileade ba ile ba romeloa Pakistan, e neng e se e fetohile sechaba se ipusang ho tloha ka la 14 Phato. Ka mor’a nakoana baromuoa ba bang ba leshome ba ne ba sebetsa India ka boeona, ’me ba bang ba bangata ba ile ba fihla ho tla thusa lilemong tse latelang.

Ho ileng ha tlisa thabo e eketsehileng pelong ea ka ke ha ho theoa mekhoa ea tlhophiso. Mosebetsi oa potoloho o ile oa qaleha ka 1955 ha moena Dick Cotterill, ea neng a tsoa sekolong sa Gileade, a khetheloa ho ba molebeli oa pele oa potoloho. O ile a sebeletsa ka botšepehi ho fihlela lefung la hae ka 1988. Joale, ka 1960, re ile ra ba le tokisetso ea rōna ea pele ea molebeli oa setereke oa ka mehla, e ileng ea thusa lipotoloho haholo. Ka morao ho 1966 ha ho baromuoa ba bang ba tsoang linaheng lisele ba ileng ba lumelloa ho kena ka har’a naha. Empa ka mor’a nakoana mosebetsi oa bopula-maliboho bo khethehileng o ile oa buleha, ’me bo-pula-maliboho ba Maindia ba tšoanelehang ba romeloa likarolong tse ngata tsa India. Kajeno, ho na le ba ka bang 300 mosebetsing ona.

E bile feela ka 1958 ha re qetella re fihletse bahoeletsi ba ’Muso ba 1 000. Empa joale lebelo le ile la eketseha, ’me hona joale re na le ba ka holimo ho 9 000. Ho feta moo, lenane la rōna la ba 24 144 ba neng ba le teng Sehopotsong ka 1989 le bontša hore batho ba bang ba bangata ba thahasellang ba batla thuso. Sri Lanka joale e se e le lekala le arohileng. Ke thabo e kaakang ho bona hore ba eketsehile ho tloha ho bahoeletsi ba babeli feela ka 1944 ho ea ho ba fetang 1 000 kajeno, ho sa tsotellehe ntoa e ntseng e tsoela pele naheng ea habo bona.

Keketseho ea bahoeletsi e ile ea boela ea bolela keketseho lekaleng la rōna. Ka mor’a lilemo tse 52 e le Bombay e phetheselang, ntlo-khōlō ea rōna e ile ea fallisetsoa motseng o haufi oa Lonavla ka 1978. Le ka mohla ke ne ke sa nahane hore re ne re tla ba le thepa e tsoetseng pele joaloka li-computer tsa MEPS le mochini o moholo o hatisang ka mebala e ’meli ho hatisa libuka ka lipuo tse ngata tsa India. Kajeno, re hlahisa Molula-Qhooa ka lipuo tse 9 le libuka tse ling ka lipuo tse 20 tse fapaneng.

Ha ho hlokahale hore ke bolele hore litšiu tsa lekala la rōna le neng le sebetsa mosebetsi oa banna ba babeli khale li ne li fete. Joale re na le lelapa la Bethele le nang le litho tse fetang 60! Ke le lilemo li 95, ke thabile hore e be ke sa ntsane ke le tšebeletsong ea nako e tletseng ofising ea lekala ’me ke sebeletsa ke le setho sa Komiti ea Lekala ea India. ’Me haholo-holo ke thabela ho bona ka mahlo mosebetsi oa kotulo matsatsing ana a bofelo. Ka sebele, ke taba e thabisang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela