Pale ea Bophelo
Ho Tseba se Nepahetseng le ho se Etsa
JOALOKAHA HO BOLETSE HADYN SANDERSON
Jesu o kile a re ho baapostola ba hae: “Haeba le tseba lintho tsena, lea thaba haeba le li etsa.” (Johanne 13:17) Ka sebele, re ka ’na ra tseba se nepahetseng, empa ka linako tse ling bothata ea e-ba ho se etsa! Ho sa tsotellehe seo, ka mor’a hore ke phele lilemo tse fetang 80, ’me ke qete tse 40 ke le tšebeletsong ea boromuoa, ke kholisehile hore mantsoe ao a Jesu ke ’nete. Ho etsa seo Molimo a re laelang sona ruri ho tlisa thabo. Ak’u re ke hlalose seo.
KA 1925, ha ke ne ke le lilemo li tharo, batsoali ba ka ba ile ba ea puong ea Bibele e neng e le motseng oa heso oa Newcastle, Australia. Puo eo e neng e re, “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa,” e ile ea kholisa ’Mè hore o ne a fumane ’nete, eaba o qala ho ea libokeng tsa Bokreste kamehla. Leha ho le joalo, kapele thahasello ea Ntate e ile ea tapa. O ile a hanyetsa tumelo e ncha ea ’Mè eaba o tšosa ’Mè ka hore o tla tloha lapeng haeba a sa e tlohele. ’Mè o ne a rata Ntate ’me a batla ho boloka lelapa le le ’moho. Leha ho le joalo, o ne a tseba hore ntho ea bohlokoa ke ho mamela Molimo, ’me o ne a ikemiselitse ho etsa se nepahetseng mahlong a hae. (Matheu 10:34-39) Ntate o ile a tloha lapeng, ’me ka mor’a moo ke ne ke mo bona seoelo.
Ha ke hopola nakong e fetileng, ke hlolloa ke botšepehi boo ’Mè a neng a e-na le bona ho Molimo. Qeto ea hae e ile ea etsa hore ’na le ausi oa ka, e leng Beulah, re thabele bophelo bo khotsofatsang phuthehong ea Jehova. Hape qeto eo e ile ea re ruta thuto ea bohlokoa ea hore ha re tseba se nepahetseng, re lokela ho loanela ho se etsa.
Liteko Tsa Tumelo
Liithuti Tsa Bibele, joalokaha Lipaki Tsa Jehova li ne li bitsoa joalo nakong eo, li ile tsa leka ka hohle hore li thuse lelapa leso. Nkhono o ile a tla lula le rōna ’me le eena o ile a amohela ’nete ea Bibele. Eena le ’Mè ba ile ba fetoha bo-mphato mosebetsing oa ho bolela o ileng oa etsa hore batho ba ba hlomphe ka lebaka la seriti sa bona le botsoalle boo ba neng ba bo bontša.
Ho sa le joalo, barab’abo rōna ba hōlileng ba Bakreste ba ile ba ntlhokomela ka tsela e khethehileng ’me ba nkoetlisa hamolemo haholo. Kapele ke ile ka ithuta ho sebelisa karete ea ho fana ka bopaki hore ke buisane le batho ka tsela e bonolo malapeng a bona. Hape ke ne ke sebelisa keramafono e nkehang hore ke bapale lipuo tsa Bibele tse rekotiloeng ebile ke kopanela mekolokong ea ba jereng liplakate seterateng se seholo sa toropo. Ke ne ke thatafalloa ho etsa joalo, kaha ke ne ke loantšana le ho tšaba batho. Leha ho le joalo, ke ne ke tseba se nepahetseng ’me ke ne ke ikemiselitse ho se etsa.
Ka mor’a hore ke phethele lithuto tsa ka tsa sekolo, ke ile ka qala ho sebetsa bankeng, ’me mosebetsi oa ka o ne o akarelletsa hore ke etele makala a mangata a banka eo ho pholletsa profinse eohle ea New South Wales. Le hoja ho ne ho e-na le Lipaki tse ’maloa karolong eo ea naha, koetliso eo ke neng ke e fumane e ile ea nthusa hore ke boloke tumelo ea ka e phela. ’Mè o ne a ’ngolla mangolo a ’matlafatsang moeeng.
Mangolo ao a ile a nthusa ka nako e loketseng. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e se e qalile ’me ke ile ka laeloa hore ke il’o ingolisetsa ho ea sesoleng. Mookameli oa banka e ne e le motho ea chesehelang kereke ebile e le molaoli oa sesole sebakeng seo. Eitse ha ke mo hlalosetsa ka boemo ba ka ba ho se nke lehlakore joaloka Mokreste, o ile a re ke khethe linthong tsena tse peli—ke tlohele bolumeli ba ka kapa ke tlohele ho sebetsa bankeng! Litaba li ile tsa fihla mosenekeng ha ke ne ke itlhahisa setsing sa moo ho thaotheloang sesole. Mookameli eo o ne a le teng moo ’me a nchebile ka thahasello e khōlō ha ke atamela tafoleng eo ho ntseng ho ngolisetsoa ho eona. Eitse ha ke hana ho saena lipampiri tsa ho ngolisoa sesoleng, ba boholong ba ile ba halefa. Ho ne ho le boima, empa ke ne ke ikemiselitse ho etsa se nepahetseng. Ka thuso ea Jehova, ke ile ka khoba matšoafo ’me ka lula ke tiile. Hamorao ha ke utloa hore likebekoa li ntse li mpatla, ke ile ka phutha mehasoana eaba ke kena tereneng e latelang ’me ka tloha motseng oo!
Hoba ke khutlele Newcastle, ke ile ka isoa ka lekhotleng ke e-na le bara ba bang babo rōna ba supileng ba neng ba hanne ho ea sesoleng. Moahloli o ile a re ahlolela likhoeli tse tharo teronkong re sebetsa ka thata. Le hoja ho ba teronkong e ne e se phihlelo e monate, ho etsa se nepahetseng ho ile ha re tlisetsa melemo. Ka mor’a hore re lokolloe teronkong, e mong eo ke neng ke e-na le eena teronkong, eo e neng e bile e le Paki ea heso, ea bitsoang Hilton Wilkinson, o ile a ’memela hore ke il’o mo sebeletsa lebenkeleng la hae la lifoto. Ha ke le moo, ke ile ka kopana le eo e neng e tla ba mosali oa ka, e leng Melody, eo mosebetsi oa hae e neng e le ho amohela baeti lebenkeleng leo la lifoto. Kapele ka mor’a hore ke lokolloe teronkong, ke ile ka kolobetsoa e le ho bontša boinehelo ba ka ho Jehova.
Ho Etsa Pakane ea ho Kena Tšebeletsong ea Nako e Tletseng
Ka mor’a hore re nyalane, ’na le Melody re ile ra ipulela lebenkele la lifoto Newcastle. Kapele, mosebetsi oa rōna o ile oa e-ba mongata hoo re ileng ra qala ho ba le mathata ’meleng le moeeng. Hoo e batlang e le nakong eona eo, Ted Jaracz, ea neng a sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Australia, eo hajoale e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a buisana le rōna ka lipakane tsa rōna tsa moea. Ka mor’a puisano eo, re ile ra etsa qeto ea ho rekisa khoebo ea rōna le ea ho nolofatsa bophelo ba rōna. Ka 1954 re ile ra reka tereilara e nyenyane, eaba re fallela motseng oa Ballarat o profensing ea Victoria, ’me ra qala ho sebetsa re le bo-pula-maliboho, kapa baevangeli ba nako e tletseng.
Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba rōna ha re ntse re sebetsa le phutheho e nyenyane e Ballarat. Nakong ea likhoeli tse 18, palo ea batho ba bang teng libokeng e ne e eketsehile ho tloha ho ba 17 ho ea ho ba 70. Joale re ile ra memeloa ho ea tšebeletsong ea ho tsamaea, kapa mosebetsi oa potoloho profensing ea Australia Boroa. Ka lilemo tse tharo tse latelang, re ile ra thabela ho etela liphutheho tse motseng oa Adelaide hammoho le libakeng tse haufi le Nōka ea Murray tseo ho tsona ho hlahisoang veine le litholoana tsa mofuta oa lamunu. Bophelo ba rōna bo ne bo fetohile haholo! Re ne re thabile re sebetsa ’moho le bara le barali babo rōna ba ratehang. Ruri oo e ne e le moputso o babatsehang oa ho etsa seo re neng re tseba hore se nepahetse!
Kabelo ea Boromuoa
Ka 1958, re ile ra tsebisa ofisi ea lekala ea Australia ka morero oa rōna oa ho ea Kopanong ea Machaba ea “Thato ea Molimo” e neng e tla tšoareloa New York City hamorao selemong sona seo. Ofisi ea lekala e ile ea re araba ka ho re romella liforomo tsa kōpo ea ho ea sekolong sa boromuoa sa Gileade se United States. Kaha lilemo tsa rōna li ne li ka ba 35, re ne re nahana hore re se re le baholo haholo hore re ka amoheloa Gileade. Leha ho le joalo, re ile ra romela likōpo tsa rōna ’me ra memeloa ho ea sehlopheng sa bo32 sa sekolo sa Gileade. Ha re le bohareng ba thupelo eo, re ile ra bolelloa moo re abetsoeng ho ea sebeletsa teng re le baromuoa—e leng India! Ho sa tsotellehe hore ebe qalong re ile ra tšoenyeha, re ne re batla ho etsa se nepahetseng ’me ra amohela kabelo ea rōna re thabile.
Hoseng ho hong ka 1959, re ile ra fihla ka sekepe Bombay (eo hona joale e leng Mumbai). Ho ne ho e-na le basebetsi ba makholo ba robetseng lepalapaleng moo boema-kepeng. Moea o ne o tletse menkho eo re sa e tloaelang. Eitse ha letsatsi le chaba, re ile ra hla ra utloa seo re ka se lebellang. Ho ne ho se mohla re kileng ra utloa mocheso o mokaalo! Banyalani ba baromuoa, e leng Lynton le Jenny Dower, bao re neng re kile ra bula maliboho le bona Ballarat, ba ile ba re amohela. Ba ile ba re isa ofising ea lekala ea India, e neng e le foleteng e nyenyane e mokatong o ka holimo, haufi le setsi sa toropo. Ba neng ba lula moo e ne e le basebetsi ba tšeletseng ba baithaopi ba Bethele. Pele re leba kabelong ea rōna, Mor’abo rōna Edwin Skinner, eo e neng e bile moromuoa India ho tloha ka 1926, o ile a re eletsa hore re reke mekotla e ’meli ea tsela e entsoeng ka seile. Ho ne ho tloaelehile ho bona batho ba nkile mekotla eo litereneng tsa India ’me hamorao e ile ea re thusa haholo maetong a rōna.
Ka mor’a hore re qete matsatsi a mabeli re tsamaea ka terene, re ile ra fihla kabelong ea rōna Tiruchchirappalli, e leng motse o profensing e ka boroa ea Madras (eo hona joale e bitsoang Tamil Nadu). Ha re le moo, re ile ra sebetsa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba bararo ba Maindia ba neng ba pakela baahi ba 250 000 ba moo. Ho ne ho pheloa ka tsela ea khale sebakeng seo. Ka nako e ’ngoe, re ne re saletsoe ke chelete e ka tlaase ho liranta tse 26. Empa eitse ha re felloa ke chelete eo, Jehova ha aa ka a re lahla. Motho e mong ea neng a ithuta Bibele o ile a re alima chelete ea hore re hire sebaka se loketseng sa ho tšoarela liboka. Ka lekhetlo le leng ha re ne re haelloa ke lijo, moahelani ea mosa o ile a re tlisetsa lijo tse tšetsoeng k’heri tseo a neng a li phehile. Ke ne ke li thabetse haholo, empa linōko tsa tsona li ne li le bohale hoo li ileng tsa mpakela thaabe!
Tšebeletsong ea Tšimo
Le hoja batho ba bang ba ne ba bua Senyesemane Tiruchchirappalli, ba bangata ba ne ba bua Setamile. Ka hona, re ile ra ikitlaetsa ho ithuta mokhoa o bonolo oa ho bua le batho tšebeletsong ea tšimo ka puo eo. Seo se ile sa etsa hore batho ba bangata ba sebakeng seo ba re hlomphe.
Re ne re thabela tšebeletso ea ho ea ka ntlo le ntlo haholo. Ka tlhaho Maindia ke batho ba ratang baeti, ba bangata ba ne ba re re kene ka tlung ’me ba re fa lijonyana tse bobebe. Kaha hangata mocheso o ne o lula e le likhato tse 40 tsa Celsius, re ne re leboha haholo moea oa bona oa ho amohela baeti. E ne e le ho bontša mekhoa e metle hore pele re bolela molaetsa oa rōna, re ke re qoqe. Hangata beng ba matlo ba ne ba botsa ’na le mosali oa ka ba re: “Le tsoa kae? Na le na le bana? Ke hobane’ng ha le se na bona?” Mothating ona, hangata ba ne ba re bolella hore na ba ka re isa ngakeng efe e ipabolang! Leha ho le joalo, meqoqo eo e ne e re fa monyetla oa ho itsebahatsa le ho hlalosa kamoo mosebetsi oa rōna o thehiloeng Bibeleng e leng oa bohlokoa kateng.
Batho ba bangata bao re neng re ba pakela e ne e le ba bolumeli ba Bohindu—e leng tumelo e fapaneng hōle le ea Bokreste. Ho e-na le ho phehisana likhang ka ho rarahana ha filosofi ea Sehindu, re ne re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo feela—’me ho ne ho e-ba le litholoana tse ntle. Ka likhoeli tse tšeletseng feela, batho ba ka bang 20 ba ile ba qala ho tla libokeng lehaeng la rōna la baromuoa. E mong oa batho bana e ne e le moenjiniere oa mesebetsi ea sechaba ea bitsoang Nallathambi. Eena le mor’a hae, Vijayalayan, hamorao ba ile ba thusa batho ba ka bang 50 hore e be bahlanka ba Jehova. Vijayalayan o ile a boela a sebeletsa ka nakoana lekaleng la India.
Re Lula re le Tseleng
Re ne re bile India ka nako e ka tlaase ho likhoeli tse tšeletseng ha ke ne ke memeloa ho sebeletsa ke le molebeli oa setereke oa pele oa nako eohle naheng eo. Sena se ne se akarelletsa hore ke tsamaee ho pholletsa naha ea India, ke hlophisa likopano ebile ke sebetsa le lihlopha tse robong tsa lipuo tse sa tšoaneng. E ne e le mosebetsi o boima. Ka likhoeli tse tšeletseng re ne re paka liphahlo le thepa e ’ngoe ka literankeng tse tharo tsa lesenke le ka mekotleng ea rōna e thata ’me re tloha ka terene motseng oa Madras (eo hona joale e leng Chennai). Kaha setereke sa tšimo ea rōna se ne se ka ba boholo ba lik’hilomithara tse 6 500, re ne re lula re le tseleng. Ka lekhetlo le leng, re ile ra phethela kopano motseng o karolong e ka boroa oa Bangalore ka Sontaha. Eaba joale re kena tseleng ho leba Darjeeling ka leboea mosikong oa lithaba tsa Himalaya ho ea tšoara kopano e ’ngoe beke e latelang. Ha re e-ea Darjeeling re ne re tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 2 700 ’me re chencha literene ka makhetlo a mahlano.
Maetong ao a rōna a pele, re ne re thabela ho bontša filimi ea The New World Society in Action. Filimi ena e ne e tsebisa batho hore na mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatšeng oa Jehova o moholo hakae le hore na o etsa mosebetsi ofe. Hangata ho ne ho e-ba le batho ba makholo lifiliming tsena. Ketsahalong e ’ngoe re ile ra bontša filimi ena sehlopheng sa batho ba khobokaneng pel’a tsela. Ha filimi e ntse e bapala, maru a sefefo a ile a theha ’me kapele-pele a tla a lebile sebakeng seo re neng re le ho sona. Kaha ka nako e ’ngoe letšoele le ne le kile la baka morusu ha re emisa filimi pele e fela, ke ile ka etsa qeto ea ho tsoela pele ho e bontša empa ke e mathisa kapele. Ka thabo, filimi eo e ile ea fela ntle ho tšitiso ha pula e qala ho rotha.
Lilemong tse latelang, ’na le Melody re ile ra etela likarolong tse ngata tsa India. Kaha sebaka ka seng se ne se e-na le lijo tse ikhethang, moaparo, puo le botle ba naha, ho ne ho le joalokaha eka re tloha naheng e ’ngoe re leba ho e ’ngoe. Ruri pōpo ea Jehova e tletse lintho tse sa tšoaneng tse hlollang! Ho boetse ho joalo le ka liphoofolo le limela tsa India. Ka letsatsi le leng, ha re ne re hlomile tente morung oa Nepal, re ile ra bona nkoe e khōlōhali. E ne e le phoofolo e ntle haholo. Eitse ha re e bona, takatso ea rōna ea ho ba Paradeiseng, moo qetellong ho tla ba le khotso pakeng tsa batho le liphoofolo, e ile ea matlafala.
Ntlafatso Tlhophisong ea Liphutheho
Mehleng eo ea pele, ho ne ho hlokahala hore barab’abo rōna ba India ba latele haufi-ufi litokisetso tsa Jehova tsa ho hlophisa mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Liphuthehong tse ling, banna ba ne ba lula ka lehlakoreng le leng ha basali ba lula ka ho le leng. Hangata liboka li ne li sa qale ka nako. Sebakeng se seng, bahoeletsi ba ’Muso ba ne ba bitsoa ke tšepe e llang haholo hore ba tle libokeng. Libakeng tse ling bahoeletsi ba ne ba fihla ka bonngoe ha ba nahana hore ke nako ea ho qalisa liboka, ba sheba letsatsi ho e-na le ho sheba lioache. Likopano le ketelo ea balebeli ba tsamaeang li ne li sa be teng kamehla. Barab’abo rōna ba ne ba ikemiselitse ho etsa se nepahetseng, empa ba ne ba lokela ho koetlisoa.
Ka 1959, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ile oa theha Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso. Lenaneo lena la koetliso le neng le etsoa lefatšeng ka bophara le ile la thusa balebeli ba potoloho, bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa le baholo ba liphutheho hore ba phethe boikarabelo ba bona ba Mangolo ka mokhoa o atlehileng haholoanyane. Ha sekolo sena se ne se qala ho tšoaroa India ka December 1961, ke ne ke le morupeli. Butle-butle, litholoana tsa koetliso eo li ile tsa fihla liphuthehong ho potoloha le naha, ’me liphutheho li ile tsa hatela pele ka potlako. Hang feela ha barab’abo rōna ba ne ba tseba se nepahetseng, moea oa Molimo o ne o ba susumetsa hore ba se etse.
Likopano tse khōlō le tsona li ne li khothatsa barab’abo rōna ebile li ba kopanya. Kopano e ikhethang har’a tsona e ne e le Kopano ea Machaba ea “Litaba Tse Molemo Tsa ka ho sa Feleng” e neng e tšoaretsoe New Delhi ka 1963. Lipaki tse tsoang India eohle li ile tsa tsamaea lik’hilomithara tse likete hore li ee kopanong eo, tse ngata li ile tsa ikhokhotha chelete eohle hore li ee kopanong. Kaha ho ne ho boetse ho e-na le baemeli ba 583 ba tsoang linaheng tse ling tse 27, e ne e le lekhetlo la pele Lipaki tsa India li kopana le barab’abo rōna ba bangata hakaalo ba etileng le ho thabela botsoalle le bona.
Ka 1961, ’na le Melody re ile ra memeloa ho ea ba karolo ea lelapa la Bethele Bombay, moo hamorao ke ileng ka sebeletsa ke le setho sa Komiti ea Lekala. Ke ile ka fumana likabelo tse ling hape. Ka lilemo tse ngata, ke ile ka sebeletsa ke le molebeli ea etelang makala ho pholletsa Asia le Bochabela bo Hare. Kaha mosebetsi oa ho bolela o ne o thibetsoe linaheng tse ngata ho tsena, ho ne ho hlokahala hore bahoeletsi ba libakeng tseo ba be ‘seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo ba hloke molato joaloka maeba.’—Matheu 10:16.
Katoloso le Liphetoho
Ka 1959, ha re ne re qala ho fihla India, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba mafolofolo ba 1 514 naheng ena. Kajeno palo eo e eketsehile ho feta ba 24 000. E le hore re hlokomele khōlo eo, re ile ra fallela mehahong e mecha ea Bethele ka makhetlo a mabeli sebakeng sa Bombay kapa haufi le teng. Eaba ka March 2002, lelapa la Bethele le falla hape—lekhetlong lena le ne le fallela mohahong o mocha o haufi le Bangalore, karolong e ka boroa ea India. Hajoale mohahong ona oa sejoale-joale ho lula litho tsa Bethele tse 240, ’me tse ling li fetolela lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse 20.
Le hoja ’na le Melody re ne re lebeletse ka tjantjello ho fallela Bangalore, ka 1999 re ile ra tlameha ho khutlela Australia ka lebaka la ho haelloa ke bophelo. Hona joale re sebeletsa re le litho tsa lelapa la Bethele Sydney. Le hoja re se re tlohile India, lerato la rōna le ntse le le matla bakeng sa metsoalle ea rōna e ratehang le bana ba rōna ba moea ba naheng eo. Re thaba hakaakang ha re fumana mangolo a bona!
Ha re hopola lilemo tse fetang 50 re le tšebeletsong ea nako e tletseng, ’na le Melody re utloa re hlohonolofalitsoe haholo. Qalong, re ne re etsa mosebetsi oa ho boloka litšoantšo tsa batho pampiring ea lifoto, empa mosebetsi oa ho boloka batho ba phela mohopolong oa Molimo e bile khetho e molemo haholo. Re bile le liphihlelo tsa bohlokoa hakaakang ka lebaka la ho etsa qeto ea ho etelletsa thato ea Molimo pele bophelong ba rōna! Ruri ho etsa seo Molimo a reng se nepahetse ho thabisa e le kannete!
[Limmapa tse leqepheng la 15]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
INDIA
New Delhi
Darjeeling
Bombay (Mumbai)
Bangalore
Madras (Chennai)
Tiruchchirappalli
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Hadyn le Melody ka 1942
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Lelapa la Bethele la India ka 1975