Lintho tse ka Bonoang Naheng e Tšepisitsoeng
Gileade—Sebaka sa Batho ba Sebete
NAKOANA pele Baiseraele ba tšela Nōka ea Jordane ho ea Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a ba phehella: “Le be sebete le matla. . . . Jehova Molimo oa lōna ke eena ea tsamaeang le lōna.”—Deuteronoma 31:6, NW.
Meloko ea Rubene le Gade le halofo ea oa Manasse e ne e akarelelitsoe khothatsong e entsoeng ke Moshe. Ba ne ba bone ‘hoba naha ea Gileade e tšoanela mehlape,’ ka hona ba ile ba kōpa ho abeloa ho ea phela sebakeng sa Gileade.—Numere 32:1-40.
Gileade e ne e le ka mose oane, ka bochabela, ho Jordane. E ne e batla e le karolo eohle e ka bochabela, ho tloha ntlheng e ka leboea ea Leoatle le Shoeleng ho ea Leoatleng la Galilea. Sebaka sena se tloha Phuleng ea Jordane ho ea lihlabeng tse metsi a mangata le maralleng a machitja. Ka hona Gileade e ne e le sebaka se setle bakeng sa ho lema koro le ho fulisa mehlape. Setšoantšo se ka holimo se u fa leseli la hore na karolo ea Gileade e ne e le joang. Empa ke hobane’ng ha re hokahanya sebete le sebaka see se hlileng se thabisang?
Ho totobetse hore meloko e ileng ea khetha ho phela Gileade ha e-ea ka ea etsa joalo ka tšabo. Hopola hore e ile ea lumela ho tšela Jordane ho ea loantša lira Naheng e Tšepisitsoeng. ’Me ha e khutlela Gileade, e ne e hloka sebete se eketsehileng. Hobane’ng? Ba ne ba le meeling ea naha, ba pepesetsehile ho hlaseloa ke Baammone ka boroa-bochabela le Basyria ka leboea. ’Me ba ile ba fela ba hlaseloa.—Joshua 22:9; Baahloli 10:7, 8; 1 Samuele 11:1; 2 Marena 8:28; 9:14; 10:32, 33.
Litlhaselo tseo e ne e le maemo ao ka ho khetheha ho neng ho hlokahala sebete ho ’ona. Ka mohlala, ka mor’a hore Jehova a lumelle Baammone ho tuba Bagileade, batho ba Molimo ba ile ba baka ’me ba sokolohela boeta-peleng ba “monna ea matla, senatla” seo ntate oa sona a neng a reiloe Gileade. Monna enoa oa senatla, kapa ea sebete, e ne e le Jafeta. O tsebahala haholo ka kano e ileng ea bontša hore, esita le hoja a ne a le sebete, o ile a batla tataiso le tšehetso ea Molimo. Jafeta o ile a ikana hore haeba Molimo a ka nehela Baammone ba bahatelli matsohong a hae, motho oa pele ea neng a tla mo khahlanyetsa a tsoa ntlong ea hae ‘o tla mo etsa secheso,’ kapa sehlabelo, ho Molimo.a Eo e bile ngoana ea mong oa Jafeta, morali oa hae, eo hamorao a ileng a ea sebeletsa sehalalelong sa Molimo. E, Jafeta, le morali oa hae ka tsela e fapaneng, ba bontšitse sebete.—Baahloli 11:1, 4-40, NW.
Ho bonahatsa sebete hoo mohlomong ho sa tsebahaleng hakaalo ho etsahetse nakong ea Saule. Nahana ka boemo, hopola hore ha Saule e e-ba morena, Baammone ba ile ba sokela banna ba Jabeshe-Gileade ka hore ba tla ba honya mahlo a ka letsohong le letona, toropo ena e ka ’na eaba e ne e le nōkaneng e phunyeletsang maralleng ho ea Jordane. Kapele Saule o ile a bokella lebotho ho ea matlafatsa Jabeshe. (1 Samuele 11:1-11) Re ntse re hopotse seo kelellong, a re eeng qetellong ea puso ea Saule ’me re bone kamoo sebete se ileng sa bontšoa.
E ka ’na eaba u-ua hopola hore Saule le bara ba hae ba bararo ba ile ba shoa ntoeng le Bafilista. Lira tseo li ile tsa khaola hlooho ea Saule ’me ka tlhōlo tsa fanyeha litopo tsa Saule le bara ba hae lerakong la Bethe-Shane. (1 Samuele 31:1-10; ka ho le letona, u bona leralla le chekiloeng la Bethe-Shane.) Taba ena ea fihla Jabeshe, maralleng a Gileade ka ’nģane ho Jordane. Ke eng seo Bagileade ba neng ba ka se etsa ha ba tobane le sera se matla hakaalo se neng se ka hlōla morena oa Iseraele?
Sheba ’mapeng. “Banna bohle ba matla ba tloha, ba nyenya le bosiu bohle, ba nka setopo sa Saule le litopo tsa bara ba hae lerakong la Bethe-Shane, ba li tlisa Jabeshe, ba li chesa teng.” (1 Samuele 31:12) E, ba ile ba futuha bosiu ho ea qhobosheaneng ea sera. U ka utloisisa lebaka leo Bibele e ba bitsang linatla, kapa ba sebete.
Ha nako e ntse e ea, meloko e leshome e ile ea ikarola ho theha ’muso o ka leboea oa Iseraele, ’me sena se ne se akarelletsa Gileade. Lichaba tse ba potolohileng, ho qala ka Basyria e be ho latela Baassyria li ile tsa qala ho inkela likarolo tsa naha eo e ka bochabela ho Jordane. Ka hona ho sa tsotellehe liketsahalo tse fetileng tsa ho bontša sebete, batho ba Gileade ba ile ba lefella ho ba sebakeng seo se leng meeling.—1 Marena 22:1-3; 2 Marena 15:29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kahlolo e hlokolosi ea tlaleho e hanyetsa qoso ea hore Jafeta o entse sehlabelo sa motho ka morali oa hae. Bona Insight on the Scriptures, Moqolo 2, maqephe 27-8, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[’Mapa o leqepheng la 8]
LEOATLE LA GALILEA
LEOATLE LE SHOELENG
Nōka ea Jordane
Bethe-shane
Ramothe-Gileade
Jabeshe
GILEADE
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Based on a map copyrighted by Pictorial Archive (Near Eastern History) Est. and Survey of Israel.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 8]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.