Na Tšireletso ea Sebele e ka Fumaneha?
SENGOLI sa meqoqo Ralph Waldo Emerson ka nako e ’ngoe se kile sa re: “Batho ba fokolang [kelellong] ba lumela lehlohonolong . . . Ba matla ba lumela sesoseng sa taba le liphellong tsa eona.” E, motho ea lumelang matleng a bonohe a lithatho tsa lehlohonolo o nehelana ka bophelo ba hae hore bo tsamaisoe ke matla a sa bonahaleng. O qhelela mabaka a utloahalang thōko ’me o ikokobeletsa tšabo e se nang mabaka, ea litumela-khoela.
Leha ho le joalo, Bibele e ka lokolla motho tšabong e joalo. E bontša hore lithatho ha li na thuso, ha li na matla. Ke joang? Ho ea ka The New Encyclopædia Britannica, “ho nahanoa hore [har’a lintho tse ling] tseo lithatho li fumanang matla ho tsona ke kamano ea tsona le matla a tlhaho.” Matla ana e ka ’na ea e-ba ‘meea ea bafu’ kapa ‘matla a lehlohonolo.’ Empa Bibele e bontša ka ho hlakileng hore bafu “ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5) Kahoo, ha ho na meea ea bafu e ka thusang kapa ea ntša ba phelang kotsi; kapa hona hore ho na le matla a itseng a sa bonahaleng joaloka lehlohonolo a ka sebetsang ho etsa lintho molemong oa hao.
Mehleng ea Bibele, Molimo o ile a otla ba neng ba mo lahla, ba lebalang thaba ea hae e halalelang, “ba lokisang tafole hantle bakeng sa molimo oa Lehlohonolo le ba tšellang molimo oa Qetello veine e tsoakiloeng.” Ho e-na le ho fumana tšireletso, babuelli bao ba lehlohonolo ba ile ba felisoa ka thipitlo. “Ke tla le neela sabole,” ho rialo Jehova Molimo.—Esaia 65:11, 12, NW.
Ka ho sebelisa tsebo tsa bonohe, sechaba sa boholo-holo sa Babylona ka ho tšoanang se ne se behile tumelo tšireletsong ea matla a sephiri. Empa Babylona e ile ea e-ba tlokotsing ho ntse ho le joalo. Moprofeta Esaia o ile a ba phephetsa: “Tšoarellang boloing ba lōna bonoheng bo boholo, mohlomong le ka fumana thuso ho tsona. . . . Empa che! ho sa tsotellehe bolotsana ba lōna bo atileng ha le na matla.” (Esaia 47:12, 13, The New English Bible) Ka mor’a nako sechaba seo se ile sa timela ka ho feletseng. Tumelo matleng a sephiri e ile ea ipaka e se na thuso. Ka ho tšoanang, ha ho thatho e ka etsang letho ho u thusa kapa ho u sireletsa.
Mofuta oa Borapeli ba Litšoantšo tse Rapeloang
Ho ntse ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba bona ho se na kotsi ka ho tsamaea ba nkile lejoana la kristale, leotoana la ’mutla, kapa mentlele oa bolumeli. Na tsee hase mekhabisonyana feela tjee e se nang kotsi? Eseng ho ea ka Bibele. E re tšebeliso ea lintho tsena tsa sephiri e kotsi.
Tšebeliso ea lithebere ke mofuta oa borapeli ba melimo ea litšoantšo—e leng ntho e nyatsoang ka ho hlakileng ka lentsoeng la Molimo. (Exoda 20:4, 5) Ke ’nete hore motho a ka ’na a se ke a ikutloa eka o rapela lithatho ka ho tobileng. Empa na ha ho bonahatse borapeli, boikutlo ba borapeli matleng a sephiri a phahametseng tlhaho ha motho a e-na le eona? ’Me na hase ’nete hore hangata tlhokomelo ea borapeli (joaloka ho aka) e nehoa lithatho ka botsona? Ho ntse ho le joalo, Bibele ho 1 Johanne 5:21, e eletsa Bakreste: “Itšabiseng melimo ea bohata.” Na sena se ne se ke ke sa akarelletsa lintho tse talingoang e le lithatho?
Leraba la Matla a Sephiri a Phahametseng Tlhaho
Ka lebaka la ho sebelisa lithatho, ba bangata ba tšoasoa ke matla a sephiri a phahametseng tlhaho. Ke ’nete, ba bangata ba ka ’na ba tsamaea ba nkile lejoana la kristale kapa motsoako oa moriana oa boloi ka lebaka la moetlo eseng ka lebaka la tumelo. Empa joalokaha ho ratana le letekatsi ho ka lebisa ho tšoaroeng ke AIDS, ho ratana le matla a sephiri a phahametseng tlhaho ho ka ’na ha e-ba le liphello tse kotsi haholo. E ne e le ka mabaka a utloahalang Molimo a ileng a hanela Baiseraele ho sebelisa boloi, bonohe, le ho lepa bokamoso. Bibele ea lemosa: “Bohle ba etsang litaba tseo, ba manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:10-14.
Hobane’ng thibelo e thata hakana? Hobane matla a sa bonahaleng a tšehelitseng liketso tse joalo hase meea ea bafu kapa matla a lehlohonolo empa ke Satane Diabolose le bademona ba hae.a ’Me tšebeliso ea lithatho e amana ka ho tobileng le borapeli ba bademona. Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words e re: “Boloing, tšebeliso ea lithethefatsi, ebang e ne e le ka tsela e bobebe kapa e matla, ka ho akaretsang e ne e tsamaisana le mantsoe a boloi le boipiletso matleng a sephiri a phahametseng tlhaho, le tokisetso ea mefuta e fapa-fapaneng ea lithatho, joalo-joalo.”
Ka hona ea nang le thatho ea boloi o bapalla tšebelisanong le meea. O ipeha kotsing ea ho ba tlas’a tšusumetso e khopo le taolong ea “molimo oa tsamaiso ena ea lintho”—Satane Diabolose. (2 Ba-Korinthe 4:4, NW) Ke ka lebaka le letle Bibele e re laelang ho qoba mefuta eohle ea tšebelisano le meea.—Ba-Galata 5:19-21.
Ho Khaola Mahlaahlela a Tumela-khoela
Leha ho le joalo The World Book Encyclopedia ea hlokomela: “Ho ka etsahala hore litumela-khoela li tla ’ne li be le sebaka bophelong hafeela batho ba ntse ba tšabana ’me ba e-na le ho hloka tšepo ka bokamoso.” Empa Lipaki tsa Jehova li thusa ba bangata ho itokolla litumela-khoeleng tse kotsi. Mosali e mong oa Afrika Boroa oa hopola: “Ke ne ke khathatsoa ke meea e khopo, ’me ntlo ea ka e ne tletse muti bakeng sa ho ntšireletsa khahlanong le eona.” Lipaki tsa Jehova li ile tsa mo thusa ho bona likotsi tsa ho bapalla matleng a sephiri a phahametseng tlhaho. O ile a arabela joang? O re: “Ke ile ka qala ho lahla sohle seo ke neng ke e-na le sona se neng se amana le bodemona. Bophelo ba ka bo ile ba ntlafala. Ke ile ka nehela bophelo ba ka ho sebeletsa Jehova ’me ke ile ka kolobetsoa.” Hona joale o lokolohile tumela-khoeleng le tšebelisanong le meea.
Hape, nahana ka ngaka e rekisang litlama ea Nigeria e neng e tsoaka tšebelisano le meea le tsebo ea eona ea ho phekola. Hangata e ne e ee e sokele Lipaki tsa Jehova le ho li rohaka, ’me e ne e atisa ho li leleka ha li etela ha eona. Ka nako e ’ngoe e bile ea lokisetsa motsoako o khethehileng, ea bua mantsoe a itseng a boloi holim’a ’ona ’me ea k’hoefa Paki sefahlehong ka ’ona! E ile ea meketsa: “Nakong ea matsatsi a supileng u tla be u shoele!” Matsatsi a supileng hamorao Paki e ile ea khutla, seo sa etsa hore ngaka eo e rekisang litlama e tsoe e baleha tlung ea eona, e lumela hore e bone sethotsela! Boloi ba eona bo ile ba pepeseha e le bo se nang thuso, e ile ea lumela ho ithuta Bibele ’me qetellong ea e-ba Paki ka boeona.
Le uena u ka lokoloha litlamong tsa tšabo le tumela-khoela. Ke ’nete hore sena se ka ’na sa se ke sa e-ba bonolo. Mohlomong u hōletse morabeng oo tšebeliso ea lithatho e tloaelehileng. Bakreste ba ile ba talimana le phephetso e joalo Efese ea boholo-holo. Ba ne ba phela morabeng o susumelitsoeng ka ho tebileng ke tšebelisano le meea. Ba ile ba etsa joang ha ba ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo? Bibele e re: “Ba bangata ba neng ba tšepile litaba tsa bonohe, ba tlisa libuka tsa bona, ba li chesa pel’a bohle; ha ho lekanngoa theko ea tsona, ha fihleloa hoba e lekane le lichelete tsa silevera tse likete tse mashome a mahlano.”—Liketso 19:19.
Ho Fumana Tšireletso ea Molimo
Na haeba u itokolla ka ho feletseng mophuleng ’ohle oa bonohe, na ha u na ho sala u sa sireletseha? Che, “Molimo ke setšabelo sa rōna le matla a rōna, ke thuso e fetisisang litsietsing.” (Pesaleme ea 46:1) Haholo-holo tšireletso ea Molimo e tla bonahala ha a timetsa tsamaiso ena e khopo ea lintho. “Jehova o tseba kamoo a ka lokollang batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa o bolokela batho ba khopo letsatsi la kahlōlo ho ba timetsa.”—2 Petrose 2:9, NW; bapisa le Pesaleme ea 37:40.
Ho sa le joalo, “nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle.” (Moeklesia 9:11, NW) Molimo ha a ka a tšepisa hore bahlanka ba hae ba tla phela bophelo bo sirelelitsoeng mathateng kapa hore o tla ba sireletsa likotsing tsohle tsa botho. Leha ho le joalo, o tšepisa ho sireletsa bomoea ba rōna le kamano ea rōna le eena. (Pesaleme ea 91:1-9) Joang? O re fa melao le melao-motheo e ka re ruisang molemo le hore sireletsa tšusumetsong e senyang ea Satane. (Esaia 48:17) Ka ho fumana tsebo ea litsela tsa Jehova, ‘matla a ho nahana ka booona a tla re lebela, ’me masene ka booona a tla re sireletsa’—ka mohlala, mesebetsing e se nang thuso kapa e kotsi.—Liproverbia 2:11.
Tsela e ’ngoe eo Molimo a re sireletsang ka eona ke ka ho re fa “matla a fetang a tloaelehileng” linakong tsa teko. (2 Ba-Korinthe 4:7, NW) ’Me ha maemo e le a sokelang Mokreste ho mo imela, O fana ka “khotso ea Molimo e fetisang kutloisiso eohle” ho lebela pelo le matla a ho nahana. (Ba-Filippi 4:7, NW) E, Mokreste o hlomeletsoe ‘ho ema a tiile khahlanong le liketso tsa bolotsana tsa Diabolose.’—Ba-Efese 6:11-13, NW.
U ka fumana tšireletso e joalo joang? Qala ka ho fumana tsebo ka Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste. (Johanne 17:3) Lipaki tsa Jehova li ka etsa ho hongata ho u thusa litabeng tsena. Ha u ntse u hlaolela kamano e mofuthu le Jehova, u tla qala ho elelloa tšireletso ea hae e mosa. Molimo o itse, joalokaha re bala ho Pesaleme ea 91:14: “Ereka ha a beile lerato la hae ho ’na, ke tla ’moloka, ke ’mee qhobosheaneng e phahameng, kahobane a tsebile lebitso la ka.”
Ka sebele, haeba u tšepahala ho eena, Molimo o tla qetella a u hlohonolofalitse ka bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha le tlang. Jehova oa tiisa mabapi le ba tlang ho phela ka nako eo: “Ha ho ea tlang ho ba tšosa; hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.” (Mikea 4:4, NW) Boloetse le lefu ha li sa tla ba teng. (Tšenolo 21:4) Kahoo, esita le hona joale, u ka thabela tšireletseho ka tekanyo e itseng—haeba u hlaolela kamano e haufi-ufi le Jehova. Joaloka mopesaleme, u tla khona ho re: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova, ea entseng maholimo le lefatše.”—Pesaleme ea 121:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona bukana e lekanang le makasine Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Bakreste Efese ba ile ba tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le matla a sephiri a phahametseng tlhaho
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
’Musong oa Molimo, ha ho sa tla ba le tšabo