Na Lithatho tsa Mahlohonolo li ka U Sireletsa?
MONNA oa Brazil o ne a nkile lejoana le benyang la kristale ka mokotleng oa hae. Semathi sa Amerika se ne se nkile peni ea mahlohonolo. Holim’a bethe lelapeng le leng Ireland ho ne ho fanyehiloe sefapano sa Mohalaleli Brigid. Batho ba limillione ba sebelisa lintho tse joalo e le lithatho tsa mahlohonolo.a Ba lumela hore ho ba le lithatho tsena ho ka leleka kotsi ’me ha tlisa mahlohonolo.
E le mohlala, nahana ka Brazil. Ho ea ka makasine o bitsoang Veja, batho ba bangata ba Brazil ba tsamaea ba nkile “majoana le mabenyane a theko e tlaasana ao ho thoeng a na le matla a ho hohela lehlohonolo le ho fana ka matla a ’mele le a kelello ho mong’a oona.” Ka ho tšaba ho khopisa matla a sa bonahaleng, ba bang naheng eo ba fanyeha setšoantšo sa bolumeli kapa temana leboteng la ntlo ea bona. Ba bang ba bile ba sebelisa haesita le Bibele joaloka thatho e halalelang; ba e beha tafoleng, e lula e phetliloe ho Pesaleme ea 91.
Libakeng tse ka boroa ho Afrika, muti, kapa thebere, o sebelisoa ka ho tšoanang, eseng feela ka lebaka la matla a oona a ho phekola, empa e le tšireletso khahlanong le bomalimabe. Ho kula, lefu, maemo a mabe a lichelete, esita le ho hlōleha litabeng tsa lerato hangata ho nahanoa hore li tlisitsoe ke ho louoa ke lira kapa li tlisitsoe ke ho hlōleha ho khutsisa baholo-holo ba shoeleng. Hangata muti o fumanoa ngakeng ea litaola e lulang metsaneng ea mahaeng, e phehang pitsa ea motsoako oa litlama, lifate, kapa litho tsa liphoofolo. Ka ho thahasellisang, muti ha o fumanehe feela metsaneng ea mahae; o sebelisoa ka ho pharalletseng metseng e meholo ea Afrika e ka Boroa. Bahoebi le liithuti tse nang le mangolo a univesithi ba har’a ba itšetlehileng ka muti.
Ho batla lehlohonolo ho boetse ho atile linaheng tsa Europe. Buka Studies in Folklife Presented to Emyr Estyn Evans e-ea re tsebisa: “Ho batla ho se lebatooa kapa toropo ea Ireland eo ho sa khokhotheloang litšepe tse khoesoang litlhakong tsa lipere mamating kapa ka holim’a ’ona matlong ao ho luloang ho oona kapa mehahong e ka thōko.” Ho hlileng ho atileng naheng eo ke lifapano tse entsoeng ka limela tse bitsoang rush tse fanyehuoang ka holim’a libethe le menyako e le hore li tlise mahlohonolo. Bashebelli ba re ponahalong ea ka ntle feela, batho ba bangata ba Ireland ha ba nke litumela-khoela tse joalo ka ho teba. Leha ho le joalo, ke ba fokolang ba li hlokomolohang ka ho feletseng.
Ho Batla Tšireletso
Ke’ng se ipiletsang ka litumela-khoela tse joalo? Kamoo ho bonahalang ka teng li sebeletsa ho khotsofatsa tlhoko ea motheo eo batho ba nang le eona bakeng sa tšireletseho. Ka sebele, ke ba bakae ba ikutloang ba sireletsehile ha ba le mahaeng a bona, re se re sa bue ka ho tsamaea literateng bosiu? Ho phaellang ho seo ke khatello ea ho fepa le ho hlokomela bana. E, re phela ho seo Bibele e se bitsang “nako ea likhathatso.” (2 Timothea 3:1, The New English Bible) Kahoo e mpa e le ha tlhaho hore batho ba be le takatso e matla ea tšireletseho.
Hona ho ka ’na ha e-ba joalo haholo-holo lichabeng tseo litšebelisano le meea tsa mefuta e mengata le boselamose bo atileng. Tšabo e nahanoang ea meea ea bafu le ea ho hlaseloa ka ho tšeloa bomalimabe ke sera e ka etsa hore tšireletso ea thatho e bonahale e hlokahala ka sebele. Leha ho le joalo, The World Book Encyclopedia e re: “Batho ba bangata ba na le tšabo e ba etsang hore ba ikutloe ba sa sireletseha. Litumela-khoela li thusa ho hlōla tšabo e joalo ka ho fana ka tšireletseho. Li tiisetsa batho hore ba tla fumana seo ba se batlang le ho qoba khathatso.”
Matla a Belaetsang a Lithatho
Kahoo, lithatho tsa mefuta le libōpeho tse fapa-fapaneng lia roaloa, lia nkoa, le ho bonahatsoa ke batho ho pholletsa le lefatše. Empa na ke ho utloahalang ho lumela hore thatho e entsoeng ke motho e ka hla ea fana ka tšireletso ea sebele? Lintho tse ngata tse atileng haholo le ho sebelisoa joaloka lithatho ke lihlahisoa tsa khoebo. Na ke ho utloahalang le ho nang le kelello ho lumela hore ntho e entsoeng fekthering e ne e ka ba le matla a bonohe? Esita le moriana oo ka ho khetheha o tsoakiloeng ke ngaka ea litaola ea metsaneng ea mahaeng empa feela e le motsoako o entsoeng ka lintho tse tloaelehileng—metso, litlama, le tse joalo. Ke hobane’ng ha motsoako o joalo o ne o ka ba le matla a bonohe? Ntle ho moo, na ho na le bopaki ba ’nete ba hore batho ba sebelisang lithatho ba phela haleletsana—kapa ba thabile haholoanyane—ho feta ba sa li sebeliseng? Na ba etsang lithatho tse joalo tsa bonohe ha ba hlaseloe ke ho kula le lefu ka bobona?
Ho e-na le ho neha batho tšireletso ea sebele le boikutlo ba ho laola bophelo ba bona, ho sebelisa lithatho ka lebaka la tumela-khoela ha e le hantle ho nyahamisa batho hore ba ka tobana le mathata a bona ka bohlale ba sa cheche ’me li ba khothaletsa ho retelehela lehlohonolong joaloka makhona-tsohle. Ho tšepa matla a lithatho ho ka boela ha neha mosebelisi oa tsona boikutlo ba bohata ba tšireletseho. Motho ea tlas’a tšusumetso ea tahi a ka ’na a bolela hore boikutlo ba hae ba ho arabela ketsong e itseng le matla a hae ha lia thethefala, empa haeba a ka leka ho khanna, a ka ’na a itlhahisa kotsi kapa a lematsa ba bang. Ea behang tšepo ea hae matleng a lithatho a ka ’na a itlhahisa kotsi ka ho tšoanang. Ka ho ithetsa ka hore o sireletsehile, a ka ’na a ipeha kotsing kapa a etsa liqeto tse sa bontšeng bohlale.
Ho lumela matleng a lithatho ho boetse ho fupere likotsi tse tšabehang tse sa bonahaleng ho ba limillione ba li sebelisang. Likotsi tsena ke life, ’me na ho na le tsela leha e le efe e loketseng ea ho thibela kotsi ea tsona? Sehlooho se latelang se tla sebetsana le lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Webster’s Ninth New Collegiate Dictionary e hlalosa lentsoe “thatho” e le “(ntho e roaloang bakeng sa ho khabisa) eo hangata e ngotsoeng mantsoe a bonohe kapa letšoao bakeng sa ho sireletsa motho ea e roetseng khahlanong le (bobe bo kang boloetse kapa boloi) kapa ho mo thusa.”