Na U sa Hopola?
Na u ile ua ananela ho bala litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa? Bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:
▫ Ke thuso efe e sebetsang e ka fuoang ba kulang le ba hōlileng ka phuthehong kajeno?
Phuthehong ea pele ea Bokreste, ho ne ho bolokoa lethathamo la bahlolohali ba hlokang thuso ea lintho tse bonahalang. (1 Timothea 5:9, 10) Ka ho tšoanang kajeno, baholo ba ka ’na ba etsa lethathamo la ba kulang le ba hōlileng ba hlokang tlhokomelo e khethehileng. Leha ho le joalo, ha hoa tlameha hore ho tlohelloe baholo hore e be bona feela ba etsang boiteko karolong ena. Bohle ka phuthehong ba tlameha ho hlokomela litlhoko tse joalo. (1 Timothea 5:4-8)—8/15, maqephe 28-9.
▫ Na pale ea Bibele ea hore Jonase o ile a metsoa ke sebōpuoa sa leoatleng e ke ke ea lumeloa?
Che, ebang ke sperm whale, great white shark, kapa whale shark e ka metsa motho. Ho feta moo, Jesu ka boeena o ile a tiisa hore tlaleho ea Jonase ke ’nete. (Mattheu 12:39, 40)—8/15, leqephe 32.
▫ Ho sebelisa lithatho ka lebaka la tumela-khoela ho hlahisa kotsi efe?
Ha e le hantle ho li sebelisa ho nyahamisa batho hore ba ka tobana le mathata a bona ka bohlale ba sa cheche ’me li ba khothaletsa ho retelehela lehlohonolong joaloka makhona-tsohle. Hape li neha ba li sebelisang boikutlo ba bohata ba tšireletseho. Habohlokoa ho feta moo, motho ea lumelang matleng a bonohe a lithatho tsa lehlohonolo o nehelana ka bophelo ba hae hore bo laoloe ke matla a sa bonahaleng a bodemona.—9/1, leqephe 4.
▫ Ke lintho life tse ’nè tse ka thusang ho etsa hore lenyalo le tšoarelle?
Ke ho ikemisetsa ho mamela, ho khona ho kōpa tšoarelo, matla a ho fana ka tšehetso ea maikutlo e sa khaotseng, le takatso ea ho ama ka tsela e bontšang kameho. (1 Ba-Korinthe 13:4-8; Ba-Efese 5:33; Jakobo 1:19)—9/1, leqephe 20.
▫ Tsela e ’ngoe eo Jehova a fanang ka mamello ho ba tobanang le liteko ke efe?
Jehova o etsa sena ka mehlala ea mamello e tlalehiloeng ka Lentsoeng la hae, Bibele. (Ba-Roma 15:4) Ha re nahana ka eona, re khothaletsoa ho mamella, ’me re boetse re ithuta ho eketsehileng ka tsela ea ho bontša mamello.—9/15, maqephe 11-12.
▫ Boinehelo ba bomolimo ke eng?
Boinehelo ba bomolimo bo bolela boinehelo ho Jehova bo re susumeletsang ho etsa se mo thabisang, esita leha re tobane le liteko tse boima hobane re rata Molimo ho tsoa pelong.—9/15, leqephe 15.
▫ Re lokela ho talima mohau oa Molimo joang?
Le ka mohla ha rea lokela ho nkela mohau o moholo oa Molimo tlaase. Re tlameha ho tšoana le Pauluse ’me re bontše kananelo ea rōna ka ho loana le ho se phethahale ha rōna. (1 Ba-Korinthe 9:27) Ka tsela ena re tla bontša hore, esita leha re tobane le mathata, re na le takatso e tiileng ea ho etsa se setle.—10/1, leqephe 23.
▫ Ke hobane’ng ha ho loketse hore ebe Pauluse o ngotse mamello e le tšobotsi ea pele ea lerato?
Ho ’nile ha boleloa hore ho ke ke ha ba le ntho e kang botsoalle ba Bokreste ho se na mamello, kapa ho se na ho amohela motho e mong kamoo a leng ka teng ka mamello. Ho joalo hobane bohle ha rea phethahala, ’me ho se phethahale ha rōna le mefokolo ea rōna ke teko ho batho ba bang. Ka lebaka leo, mamello ke ea bohlokoa hore lerato le be teng pakeng tsa baena.—10/15, leqephe 21.
▫ Na Bakreste ba pele ba ne ba sebelisa lebitso la Molimo?
Bopaki bo bontša hore ho joalo. Jesu o rutile balateli ba hae ho rapela Molimo: “Lebitso la hao a le ke le khethehe.” (Mattheu 6:9) ’Me qetellong ea tšebeletso ea hae o ile a rapela: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng.” (Johanne 17:6) Ntle le moo, likopi tsa pele tsa Septuagint li ne li e-na le lebitso la Molimo ka sebōpeho sa Tetragrammaton ea Seheberu.—11/1, leqephe 30.
▫ Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang hore tsela eo re nkang liphoso tsa rōna ka eona e ka ama bophelo ba rōna?
Ka manganga Morena Saule o ile a hana keletso, ’me liphoso tsa hae li ile tsa eketseha, ’me qetellong tsa fella ka hore a shoe a se na kamohelo ea Molimo. (1 Samuele 15:17-29) Ka lehlakoreng le leng, ho sa tsotellehe liphoso tsa hae le libe tsa hae, Morena Davida ka ho bontša pako o ile a amohela taeo ’me a lula a tšepahala ho Jehova. Mehlala ena ea Bibele e bontša hore ho amohela liphoso tsa rōna ho re thusa ho ba le kamano e ntle le Molimo ’me ka hona re be le tebello ea bophelo bo sa feleng. (Pesaleme ea 32:1-5)—11/15, maqephe 29-30.
▫ Jehova o thusa batho ba hae joang ha ba tsielehile ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho kapa maemo a mang?
Jehova ha a thuse ka ho lebisa matla a tlhaho hosele ka mohlolo kapa ka ketso e ’ngoe e phahametseng tlhaho, empa ke ka matla a mang ao batho ba bangata ba hlileng ba sa a utloisiseng—lerato. E, ruri Jehova o rata batho ba hae, ’me o entse hore ba ratane ka matla hoo a khonang ho phethahatsa ho bona se bonahalang e le mohlolo. (1 Johanne 4:10-12, 21)—12/1, leqephe 10.