Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 11/15 maq. 28-30
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Lumela Phoso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Lumela Phoso?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha ho Lebaka la ho Nyahama
  • Boikokobetso ke Tšoaneleho ea Bohlokoa
  • Ba Ile ba Lumela Liphoso
  • Ho Etsa ho Hong ka Liphoso tsa Rōna
  • Ha Moholo a Etsa Phoso
  • Potlakela ho Lumela Phoso
  • Ho Thabela ho Amohela Liphoso
  • Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?
    Bacha Baa Botsa
  • Re Lokela ho ba le Maikutlo Afe ka Liphoso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Ho Kōpa Tšoarelo ke Tsela e Atlehang ea ho Bōpa Khotso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 11/15 maq. 28-30

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Lumela Phoso?

EBILE boemo bo bong bo sa tloaelehang historing ea sesole. Mosali ea sa hlomelang ka libetsa o ile a khutlisa masole a 400 a se nang kutloelo-bohloko a neng a ikemiselitse ho iphetetsa bakeng sa thohako. Ka mor’a ho utloa thapeli ea mosali a le mong feela ea sebete, moeta-pele oa banna bao o ile a tlohela morero oa hae.

Moeta-pele eo e ne le Davida, eo hamorao e bileng morena oa Iseraele. O ile a mamela mosali Abigaile hobane a ne a lakatsa ho thabisa Molimo. Ha ka masene a ’montša hore ho iphetetsa ho monna oa hae, Nabale, ho ne ho tla fella ka molato oa mali, Davida o ile a khotsa: “Ho bokoe Jehova, Molimo oa Iseraele, ea u romileng kajeno lena ho tla nkhahlanyetsa! Ho bokoe le kelello ea hao, ho bokoe le uena, hobane u nthibetse kajeno, hore ke se ee ho tšolla mali, le ho iphetetsa ka letsoho la ka.” Davida o ile a leboha hore ebe Molimo o ile a sebelisa Abigaile ho mo thibela ho etsa phoso e tebileng.—1 Samuele 25:9-35.

Pesalemeng e ’ngoe, Davida o ile a botsa: “Ke mang ea ka lemohang liphoso?” (Pesaleme ea 19:12) Ho tšoana le eena, re ka ’na ra se ke ra hlokomela liphoso tsa rōna ntle leha e mong a re bontša tsona. Maemong a mang liphello tse sa thabiseng li re qobella ho elelloa hore re ile ra fosa, ra hloka bohlale kapa ra hloka mosa.

Ha ho Lebaka la ho Nyahama

Le hoja bohle re etsa liphoso, ha lia lokela hore e be sesosa sa ho nyahama. Setsebi sa Tsamaiso ea Puisano Pakeng tsa Lichaba Edward John Phelps o ile a hlokomela: “Motho ea sa etseng liphoso hangata ke motho ea sa etseng letho.” Morutuoa oa Mokreste Jakobo o itse: “Bohle re khopjoa nthong tse ngata.” (Jakobo 3:2) Na ngoana a ka ithuta ho tsamaea ho se mohla a khoptjoang? Che, hobane ngoana o ithuta ka liphoso ’me o tsoela pele a ntse a leka ho fihlela a tsitsa.

Ho phela bophelo bo tsitsitseng, le rōna re lokela ho ithuta ka liphoso tsa rōna le ka tsa ba bang. Kaha Bibele e pheta liphihlelo tsa ba bangata bao maemo a bona a ka ’nang a tšoana le a rōna, re ka thusoa ho qoba ho etsa liphoso tse tšoanang le tseo ba ileng ba li etsa. Joale, re ka ithuta eng liphosong tsa bona?

Boikokobetso ke Tšoaneleho ea Bohlokoa

Thuto e ’ngoe ke hore Molimo ha a nyatse bohle ba etsang liphoso empa o ahlola ba hanang ho li lokisa haeba ho khoneha. Morena Saule oa Iseraele haa ka a utloa litaelo tsa Jehova mabapi le ho timetsa Baamaleke. Ha moprofeta Samuele a ’motsa, Saule o ile a qala ka ho nyenyefatsa lintho eaba joale o leka ho beha molato ho ba bang. O ne a amehile haholo ka ho tlotloloha pontšeng ea bahlanka ba hae ho feta ho lokisa phoso. Kahoo, ‘Jehova a mo lahla hore e se hlole e e-ba morena.’—1 Samuele 15:20-23, 30.

Le hoja mohlahlami oa Saule, Davida, a ile a etsa liphoso tse tebileng, o ile a tšoareloa hobane ka boikokobetso o ile a amohela keletso le khalemelo. Boikokobetso ba Davida bo ile ba mo susumetsa hore a ele hloko mantsoe a Abigaile. Mabotho a hae a ne a se a le malala-a-laotsoe bakeng sa ntoa. Empa, pontšeng ea mabotho a hae, Davida o ile a lumela hore o ne a entse qeto ka lepotla-potla. Bophelong bohle ba hae, Davida o ile a thusoa ke boikokobetso bo joalo ho batla tšoarelo le ho lokisa mehato ea hae.

Hape boikokobetso bo susumetsa bahlanka ba Jehova ho lokisa mantsoe a builoeng ka ntle le ho nahanisisoa. Nakong ea nyeoe e neng e le ka pel’a Sanhedrin, moprista e moholo o ile a laela hore Pauluse a jabeloe. Moapostola a araba: “Molimo o tla u otla, uena lebota le soeufalitsoeng.” (Liketso 23:3, NW) Mohlomong ka lebaka la ho se bone hantle, Pauluse haa ka a elelloa hore na o bua le mang ho fihlela ha ba shebeletseng ba ’motsa: “Na u rohaka moprista e moholo oa Molimo na?” Ntlheng eo, Pauluse o ile a lumela phoso ea hae hang-hang, a re: “Banab’eso, ke ne ke sa tsebe hoba ke moprista e moholo; hobane ho ngoliloe, ho thoe: U se ke ua bua hampe ka morena oa sechaba sa heno.” (Liketso 23:4, 5; Exoda 22:28) E, Pauluse o ile a lumela phoso ea hae ka boikokobetso.

Ba Ile ba Lumela Liphoso

Hape Bibele e bontša hore ba bang ba ile ba fetola tsela ea bona ea ho nahana e fosahetseng. Ka mohlala, nahana ka mopesaleme Asafe. Kahobane batho ba khopo ba ne ba bonahala ba tsoella hamolemo, o ile a re: “Ka sebele ke ha lefeela hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka.” Empa Asafe o ile a hlaphoheloa ka mor’a ho ea tlung ea Jehova le ho thuisa ka melemo ea borapeli bo hloekileng. Ho feta mona, o ile a lumela phoso ea hae ho Pesaleme ea 73.—NW.

Jonase le eena o ile a lumella monahano o fosahetseng ho pupetsa pono ea hae. Ka mor’a ho bolela Ninive, o ne a amehile ka boiphetetso ba botho ho e-na le ho pholosoa ha baahi ba motse oo. Jonase o ile a hlonama ha Jehova a sa ahlole Batho ba Ninive ho sa tsotellehe pako ea bona, empa Molimo o ile a mo khalemela. Jonase o ile a elelloa hore pono ea hae e ne e fosahetse, hobane buka ea Bibele e rehelletsoeng ka eena ka botšepehi e lumela liphoso tsa hae.—Jonase 3:10–4:11.

Ha ka phoso a ne a nka hore mahlomola a hae a bakiloe ke Jehova Molimo, eseng Satane Diabolose, monna ea bitsoang Jobo o ile a leka ho paka hore o ne a sa tšoanela ho utloa bohloko. O ne a sa hlokomele tseko e khōloanyane: Na bahlanka ba Molimo ba tla lula ba tšepahala ho eena ha ba le tlas’a teko? (Jobo 1:9-12) Ka mor’a Elihu joale Jehova o ile a thusa Jobo ho bona phoso ea hae, o ile a lumela: “Ke buile ka tseo ke sa li utloisiseng . . . Ka baka lena, ke soabela polelo tsa ka, ke ikoahlaea ke le lerōleng, ke le moloreng.”—Jobo 42:3, 6, BPN.

Ho amohela liphoso ho re thusa ho boloka kamano e ntle le Molimo. Joalokaha mehlala e boletsoeng e bontša, a ke ke a re nyatsa bakeng sa liphoso tsa rōna haeba re li lumela ’me re etsa seo re ka se khonang ho lokisa menahano e fosahetseng, mantsoe a sa nahanisisoang hantle, kapa liketso tsa lepotla-potla. Re ka sebelisa tsebo ee joang?

Ho Etsa ho Hong ka Liphoso tsa Rōna

Ho lumela phoso ka boikokobetso le ho etsa ho hong ka eona ho ka matlafatsa litlamo tsa lelapa. Ka mohlala, mohlomong ka baka la mokhathala kapa ho utloa bohloko e ka ’na eaba motsoali o ile a khalemela ngoan’a hae ka tsela e khahlapetsang. Ho hana ho lokisa phoso ena ho ka ba le liphello tse mpe. Ka ho loketseng, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa tsoelang pele le ba hōlisa ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Ba-Efese 6:4, NW.

Mocha oa Mokreste ea bitsoang Paul o hopola ka mofuthu: “Ka mehla ntate o ne a kōpa tšoarelo haeba a ikutloa hore o ile a halefa ka ho tlōlisang. Seo se ile sa nthusa hore ke mo hlomphe.” Hore na ho kōpa tšoarelo hoa hlokahala boemong bo itseng ke taba ea botho. Leha ho le joalo, ho kōpa tšoarelo ho lokela ho lateloa ke boiteko bo tiileng ba ho qoba liphoso tse tšoanang ka nako e tlang.

Ho thoe’ng haeba monna kapa mosali a etsa phoso e tšoenyang? Ho e lumela ka botšepehi, ho kōpa tšoarelo ho tsoa pelong, le moea oa ho tšoarela li tla thusa ho boloka kamano ea bona e lerato. (Ba-Efese 5:33; Ba-Kolosse 3:13) Jesús, monna oa Spain ea halefang habonolo ea lilemong tsa bo-50, ha a ikhohomose hoo a ke keng a kōpa tšoarelo ho mosali oa hae, Albina. O re: “Re itloaelitse ho kōpa tšoarelo ha re khopisane. Sena se re thusa ho mamellana ka lerato.”

Ha Moholo a Etsa Phoso

Ho lumela liphoso le ho kōpa tšoarelo ka botšepehi ho tla thusa le baholo ba Bakreste ho sebetsa ’moho ka tumellano le ‘ho hlomphana.’ (Ba-Roma 12:10) Moholo a ka ’na a ba leqe ho lumela phoso hobane a tšaba hore sena se tla fokolisa matla a hae ka phuthehong. Leha ho le joalo, ho leka ho lokafatsa, ho hlokomoloha, kapa ho nyenyefatsa phoso ho ka ’na ha etsa hore ba bang ba se mo tšepe haholoanyane bolebeling ba hae. Moena ea hōlileng tsebong eo ka boikokobetso a kōpang tšoarelo, mohlomong bakeng sa seo a se buileng ntle le ho se nahanisisa, o fumana tlhompho ho ba bang.

Fernando, eo e leng moholo Spain, o hopola lekhetlo leo molebeli oa potoloho ea neng a okametse seboka se seholo sa baholo a ileng a bua polelo e sa nepahalang mabapi le kamoo seboka se lokelang ho tsamaisoa. Ha ka tlhompho moena e mong a lokisa seo a se buileng, hang-hang molebeli oa potoloho o ile a lumela hore o ne a fositse. Fernando oa hopola: “Ha ke bona a lumela phoso ea hae ka pel’a baholo bao bohle, seo se ile sa nkhahla haholo. Ke ile ka mo hlompha ka ho eketsehileng ka mor’a ho kōpa tšoarelo ha hae. Mohlala oa hae o ile oa nthuta hore na ke habohlokoa hakae ho hlokomela mefokolo ea ka.”

Potlakela ho Lumela Phoso

Ka mehla ho kōpa tšoarelo hoa ananeloa, haholo-holo ha ho etsoa ka potlako. Ha e le hantle, ho lumela phoso kapele ho molemonyana. Ka mohlala: Ka October 31, 1992, Mopapa John Paul II o ile a lumela hore Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ile la “fosa” lilemong tse 360 tse fetileng ka ho ahlola Galileo ha a ne a tiisa hore lefatše ha le bohareng ba bokahohle. Leha ho le joalo, ho chechisa ho kōpa tšoarelo ka nako e telele hakaalo ho fokotsa bohlokoa ba hona.

Hoa tšoana le likamanong tsa botho. Ho kōpa tšoarelo kapele ho ka folisa leqeba le bakiloeng ke polelo kapa ketso e seng mosa. Jesu o ile a re phehella hore re se liehe ho boloka khotso, ha a re: “Ha u hlahisa kabelo ea hao aletareng, ’me teng u hopola hobane ngoan’eno o na le taba le uena, siea kabelo ea hao moo, pel’a aletare, u ee ho boelana le ngoan’eno pele, u ntano tla hlahisa kabelo ea hao.” (Mattheu 5:23, 24) Hangata, ho tsosolosa likamano tsa khotso ho hloka feela hore re lumele hore re ile ra sebetsa litaba ka tsela e fosahetseng ’me re kōpe tšoarelo. Ho lieha ha rōna ho etsa sena, ho ka thatafatsa lintho haholoanyane.

Ho Thabela ho Amohela Liphoso

Joalokaha mehlala ea Saule le Davida e bontša, tsela eo re sebetsanang le liphoso tsa rōna ka eona e ka ama bophelo ba rōna. Saule ka manganga o ile a hana keletso, ’me liphoso tsa hae li ile tsa phaellana, qetellong tsa fihla tlhōrōng ea tsona ka hore a shoe a lahlehetsoe ke kamohelo ea Molimo. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe liphoso le libe tsa Davida, o ile a amohela khalemelo ka pako ’me a lula a tšepahala ho Jehova. (Bapisa le Pesaleme ea 32:3-5.) Na eo hase takatso ea rōna?

Moputso o moholohali oa ho lumela le ho lokisa phoso kapa ho bakela sebe ke ho tseba hore Molimo o se tšoaretse. Davida o itse: “Ho lehlohonolo eo . . . sebe sa hae se apesitsoeng! Ho lehlohonolo motho eo Jehova a sa ’malleng bokhopo ba hae.” (Pesaleme ea 32:1, 2) Joale, ho lumela phoso ke ntho e bohlale hakaakang!

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Na ngoana a ka ithuta ho tsamaea ho se mohla a khoptjoang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela