Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 29
  • Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ne u tla etsa’ng?
  • Mabaka a mararo a ho lumela ha u entse liphoso
  • Kamoo u ka ithutang liphosong tsa hao
  • Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?
    Likarabo Tsa Lipotso Tse 10 Tseo Bacha ba li Botsang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Lumela Phoso?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Re Lokela ho ba le Maikutlo Afe ka Liphoso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Na U Ithuta Liphosong Tsa Hao?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 29
Bashanyana ba babeli ba shebileng fensetere ea koloi eo ba e thubileng ka bolo

BACHA BAA BOTSA

Nka Lokisa Liphoso Tsa ka Joang?

  • U ne u tla etsa’ng?

  • Mabaka a mararo a ho lumela ha u entse liphoso

  • Kamoo u ka ithutang liphosong tsa hao kateng

U ne u tla etsa’ng?

Bala ka se ileng sa etsahalla Karina ’me u nahane se u etsahalla. U ne u tla etsa’ng ha u ne u le boemong ba hae?

Karina: “Ke ne ke khanna ka lebelo le phahameng ha ke ne ke e-ea sekolong ’me lepolesa le ile la nkemisa ’me la mpha tekete. Ke ne ke koatile haholo! Ke ile ka joetsa ’Mè ’me o ile a re ke lokela ho bolella Ntate, e leng seo ke neng ke sa batle ho se etsa.”

U ne u tla khetha ho etsa’ng linthong tse latelang?

  1. A: Ho ithōlela feela u tšepile hore Ntate a ke ke a tseba.

  2. B: Ho bolella Ntate se hlileng se etsahetseng.

U ka ’na ua lekeha ho khetha ho etsa A. U ka ’na ua ipolella hore ’Mè o tla nahana hore u se u boleletse Ntate. Empa ho na le mabaka a utloahalang a hore u bolele liphoso tsa hao​—ebang li amana le ho fumana tekete kapa lintho tse ling.

Mabaka a mararo a ho lumela ha u entse liphoso

  1. 1. Hobane ho nepahetse. Ha Bibele e bua ka tsela eo Bakreste ba lokelang ho itšoara ka eona e re: “Re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”​—Baheberu 13:18.

    “Ke sebelitse ka thata hore ke tšepahale ’me ke nke boikarabelo ka liketso tsa ka​—le hore hang ha ke entse phoso ke e lumele.”​—Alexis.

  2. 2. Hobane batho ba nolofalloa ho tšoarela batho ba lumelang liphoso tsa bona. Bibele e re: “Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.”​—Liproverbia 28:13.

    “Ha ho bonolo ho lumela liphoso tsa hao empa ha u etsa joalo batho ba tla u tšepa. Baa bona hore ua tšepahala. Ha u lumela phoso ea hao, u etsa hore ntho e neng e le mpe e be ntle.”​—Richard.

  3. 3. Habohlokoa le ho feta, ho khahlisa Jehova Molimo. Bibele e re: “Motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.”​—Liproverbia 3:32.

    “Ka mor’a hore ke etse phoso e tebileng, ke ile ka hlokomela hore ke lokela ho itlaleha ’me ke e lumele. Jehova o ne a ke ke a ntlhohonolofatsa haeba ke ne ke sa etse lintho ka tsela ea hae.”​—Rachel.

Joale, Karina o ile a etsa’ng? O ile a leka ho patela ntate oa hae taba ea hore o fumane tekete. Empa o ne a ke ke a e pata ka ho sa feleng. Karina o re: “Hoo e ka bang selemo hamorao, ha Ntate a ntse a shebile tlaleho ea rōna ea inshorense, o ile a hlokomela hore ke ile ka fumana tekete. Ke ile ka kena mathateng​—esita le ’Mè o ne a halefile haholo ha a hlokomela hore ha kea etsa seo a neng a mpoleletse hore ke se etse!”

Seo a ithutileng sona: Karina o re: “Ho pata liphoso tsa hao ho mpefatsa boemo le ho feta. Li ntse li tla hlahella hamorao!”

Kamoo u ka ithutang liphosong tsa hao

Kaofela re etsa liphoso. (Baroma 3:23; 1 Johanne 1:8) Joalokaha re bone, ho lumela liphoso tsa rōna hang ka mor’a hore re li etse, ho bontša hore re batho ba ikokobelitseng le ba bohlale.

Mohato oa bobeli ke ho ithuta liphosong tsa hao. Ka bomalimabe, bacha ba bang ha ba fumane monyetla oo! Ba ka ’na ba ikutloa kamoo mocha e mong ea bitsoang Priscilla a kileng a ikutloa kateng. O re: “Liphoso tsa ka li ne li ’nyahamisa haholo. Ke ne ke ikhalala, kahoo liphoso tsa ka li ne li bonahala e le moroalo o nkimelang. Ke ne ke sithabela ’me ke ikutloa ke se na thuso.”

Ngoanana ea khannang koloi a shebile seipone se mo bontšang ka morao

Na ka linako tse ling u ikutloa ka tsela eo? Haeba ho joalo, hopola sena: Ho lula u touta ka liphoso tseo u ileng ua li etsa nakong e fetileng, ho tšoana le ho lula u shebile seipone se u bontšang ka morao u ntse u khanna. Ho tsepamisa kelello linthong tse fetileng ho tla etsa hore u ikutloe u se na thuso ’me u sa khone ho sebetsana le mathata a larileng ka pele.

Ho e-na le hoo, sheba lintho ka tsela ea sebele.

“Nahana ka liphoso tseo u ileng ua li etsa nakong e fetileng ’me u ithute ho tsona, e le hore u se ke ua li pheta. Empa u se ke ua nahanisisa ka tsona haholo hoo li ka u nyahamisang.”​—Elliot.

“Ke leka ho ithuta liphosong tsa ka ’me nako le nako ha ke etsa phoso, ke leka ho bona hore na nka ntlafatsa hokae le hore na nka sebetsana le boemo boo ka tsela e fapaneng joang nakong e tlang. Ho molemo ho etsa joalo hobane ho u fa monyetla oa hore u hōle.”​—Vera.

SEO BACHA BA BANG BA SE BUANG

Connor

“Batho ba bang ba halefa haholo ha ba entse liphoso ha ba bang bona ba se na taba. Ntho e molemo ke hore u amehe ka liphoso tsa hao ka ho lekaneng hore u ithute ho hong ho tsona le ho li qoba.”​—Connor.

Dami

“Ha limathi li oa, ha li hlajoe ke lihlong empa li sebelisa matla a tsona e le hore li eme. Ke sona seo u lokelang ho se etsa ha u entse phoso. Ha u ithuta liphosong tsa hao ’me u sebelisa matla a hao ho li lokisa, u ba motho ea molemo.”​—Dami.

Zipporah

“Ke hantle ho nahana ka liphoso tsa hao ka tsela e leka-lekaneng. Sebelisa seo u ithutileng sona ’me u qobe ho pheta phoso eo. Empa u se ke ua li lumella hore li u nyahamise. Ithute ho tsona ’me u tsoele pele.”​—Zipporah.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela