Jehova o Busa—Ka Puso ea Bomolimo
“Jehova e tla ba morena ka ho sa feleng.”—PESALEME EA 146:10.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha boiteko ba motho ba ho busa bo hlōlehile? (b) Ke puso ea mofuta ofe eo bonneteng e ’nileng ea atleha?
HO TLOHA nakong ea Nimrode, batho ba ’nile ba leka litsela tse sa tšoaneng tsa ho busa batho. Ho bile le puso ea khatello, puso ea borena, puso ea lequloana, le mefuta e sa tšoaneng ea puso ea sechaba ka sechaba. Jehova o li lumeletse kaofela. Ka sebele, kaha Molimo ke Mohloli o ka sehloohong oa bolaoli bohle, ka kutloisiso e itseng o beile babusi ba fapaneng litulong tsa bona. (Ba-Roma 13:1) Leha ho le joalo, boiteko bohle ba batho mabapi le puso bo hlōlehile. Ha ho ’musi oa motho ea hlahisitseng mokhatlo oa batho o phelang ka ho sa feleng, o tsitsitseng le o lokileng. Hangata, “motho o ’nile a busa motho e mong ka ho mo ntša kotsi.”—Moeklesia 8:9, NW.
2 Na see se lokela ho re makatsa? Ho hlakile hore ha sea lokela! Motho ea sa phethahalang o ne a sa etsetsoa ho ipusa. “Tsela ea motho ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang esita le ho tataisa mohato oa hae.” (Jeremia 10:23, NW) Ke kahoo, ho theosa le histori, e leng mofuta o le mong feela oa puso o ’nileng oa atleha e le kannete. Ke ofe? Puso ea Bomolimo tlas’a tataiso ea Jehova Molimo. Ho latela Segerike sa Bibele, “puso ea bomolimo” e bolela puso [kraʹtos] ka Molimo [the·osʹ]. Ke puso efe e molemonyana e neng e ka ba teng ho feta ea Jehova Molimo ka boeena?—Pesaleme ea 146:10.
3. Mehlala ea pele ea puso ea bomolimo e bileng teng lefatšeng ke efe?
3 Puso ea bomolimo e ile ea busa ka nako e khutšoanyane Edene, ho fihlela Adama le Eva ba fetohela Jehova. (Genese 3:1-6, 23) Nakong ea Abrahama, ho bonahala hore puso ea bomolimo e bile teng motseng oa Saleme, oo Melkisedeke e neng e le morena le moprista oa oona. (Genese 14:18-20; Ba-Heberu 7:1-3) Leha ho le joalo, puso ea pele ea bomolimo eo ho eona Jehova Molimo a ileng a busa sechaba e ile ea thehoa lefeelleng la Sinai lekholong la bo16 la lilemo B.C.E. See se tlile joang? ’Me puso eo ea bomolimo e ile ea sebetsa joang?
Puso ea Bomolimo e Tsoetsoe
4. Jehova o ile a theha sechaba sa Iseraele sa puso ea bomolimo joang?
4 Ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a lokolla Baiseraele bokhobeng Egepeta ’me a timetsa makhotla a Faro a ba lelekisetsang Leoatleng le Lefubelu. Eaba O tataisetsa Baiseraele Thabeng ea Sinai. Ha ba ntse ba hlomme litente tsa bona botlaaseng ba thaba, Molimo o ile a ba bolella ka Moshe: “Le bone seo ke se entseng ho ba-Egepeta, le kamoo ke le pepileng kateng, ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho ’na. ’Me joale ekare ha le ka fela la utloa lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba letlotlo la ka la sebele har’a lichaba tse ling kaofela.” Baiseraele ba araba: “Tsohle tseo Jehova a li buileng re tla li etsa.” (Exoda 19:4, 5, 8) Ho ile ha etsoa selekane, ’me sechaba sa puso ea bomolimo sa Iseraele se ile sa tsoaloa.—Deuteronoma 26:18, 19.
5. Ho ka boleloa joang hore Jehova o ne a busa Iseraele?
5 Leha ho le joalo, ke ka tsela efe Iseraele e neng e busoa ke Jehova, ea sa bonahaleng mahlong a motho? (Exoda 33:20) Ka hore Jehova o ne a file sechaba sena melao le baprista. Ba neng ba utloa melao ’me borapeli ba bona bo le tumellanong le litokisetso tsa bomolimo tse laetsoeng ba ne ba sebeletsa ’Musi e Moholo oa Puso ea Bomolimo, Jehova. Ho phaella moo, moprista e moholo o ne a e-na le Urime le Thumanime, tseo Jehova Molimo a neng a fana ka tataiso ka tsona linakong tsa boemo ba tšohanyetso. (Exoda 28:29, 30) Ho feta moo, banna ba hōlileng ba tšoanelehang e ne e le baemeli ba Jehova pusong ea bomolimo ’me ba hlokomela Molao oa Molimo hore oa bolokoa. Haeba re nahana ka tlaleho ea ba bang ba banna bana, ho tla ba bonolo hore re utloisise tsela eo ka eona batho ba lokelang ho ikokobeletsa puso ea Molimo.
Bolaoli Tlas’a Puso ea Bomolimo
6. Ke hobane’ng ha e bile phephetso ho batho hore ba be le bolaoli pusong ea bomolimo, ’me ke banna ba mofuta ofe ba neng ba hlokahala bakeng sa boikarabelo boo?
6 Ba leng boemong ba bolaoli Iseraeleng ba ne ba na le tokelo e khōlō, empa e ne e le phephetso bakeng sa bona hore ba boloke ho leka-lekana. Ba ne ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se inke e le ba bohlokoa ho feta ho halaletsoa ha lebitso la Jehova. Polelo e bululetsoeng e reng “ha ho matleng a motho ea tsamaeang esita le ho tataisa mohato oa hae” e bile ’nete ho Baiseraele joalokaha e bile ’nete ho moloko oa batho bohle. Iseraele e ne e atleha hafeela banna ba hōlileng ba ne ba hopola hore Iseraele ke puso ea bomolimo le hore ba lokela ho etsa thato ea Jehova, eseng ea bona. Kapele ka mor’a ho thehoa ha Iseraele, mohoehali oa Moshe, Jethro, a hlalosa hantle hore e lokela ho ba banna ba mofuta ofe, ke hore, “banna ba tšoanelehang, ba tšabang Molimo, ba tšepahalang, ba hloileng phaello e sa lokang.”—Exoda 18:21.
7. Moshe e bile mohlala o motle oa ea bileng le matla a bolaoli tlas’a Jehova Molimo ka litsela life?
7 Oa pele ea ileng a sebelisa bolaoli bo phahameng Iseraeleng ke Moshe. E bile mohlala o motle oa motho ea nang le matla a bolaoli tokisetsong ea puso ea bomolimo. Ke ’nete, lekhetlong le leng bofokoli ba botho bo ile ba bonahala. Leha ho le joalo, ka mehla Moshe o ne a tšepa Jehova. Ha ho ne ho hlaha bothata bo neng bo e-s’o rarolloe, o ne a batla tataiso ea Jehova. (Bapisa le Numere 15:32-36.) Ke joang Moshe a ileng a hanela teko ea ho sebelisa boemo ba hae bo phahameng bakeng sa ho itlotlisa? Ha e le hantle, le hoja a ne a eteletse sechaba sa batho ba limilione pele, “e ne e le monna ea inyenyefalitseng ho feta batho bohle ba kileng ba phela holim’a lefatše.” (Numere 12:3, NW) O ne a se na takatso ea ho iphahamisa empa o ne a amehile ka ho tlotlisoa ha Molimo. (Exoda 32:7-14) ’Me Moshe o ne a na le tumelo e matla. Ha a bua ka eena pele e e-ba moeta-pele oa sechaba, moapostola Pauluse o itse: “A tiea joalo ka hoja a bona ea sa bonoeng.” (Ba-Heberu 11:27) Ho hlakile hore le ka mohla Moshe haa ka a lebala hore Jehova e ne e le eena ’Musi oa sebele oa sechaba. (Pesaleme ea 90:1, 2) Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa rōna kajeno!
8. Jehova o ile a fa Joshua taelo efe, ’me ke hobane’ng ha see se hapa tlhokomelo?
8 Ha mosebetsi oa bolebeli ba Iseraele o ipaka ho ba boima haholo bakeng sa hore Moshe a ka o etsa a le mong, Jehova o ile a beha moea oa hae holim’a banna ba hōlileng ba 70 ba neng ba mo thusa tabeng ea ho ahlola sechaba. (Numere 11:16-25) Lilemong tse itseng hamorao motse ka mong o ne o tla ba le banna ba hōlileng. (Bapisa le Deuteronoma 19:12; 22:15-18; 25:7-9.) Ka mor’a hore Moshe a shoe, Jehova o ile a etsa Joshua moeta-pele oa sechaba. Re ka nahana hore ka lebaka la tokelo ena, Joshua o ne a na le mosebetsi o mongata. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ’molella hore ho na le ntho e le ’ngoe eo le ka mohla a sa lokelang ho lesa ho e etsa: “Buka ena ea molao e se ke ea tloha molomong oa hao; u o nahane motšehare le bosiu, u tle u hlokomele ho etsa ka tsohle tse ngoliloeng teng.” (Joshua 1:8) Hlokomela hore le hoja Joshua a ne a na le lilemo tse 40 tšebeletsong, ho ne ho hlokahala hore a tsoele pele ho bala Molao. Le rōna ho hlokahala hore re ithute Bibele ’me re ikhopotse melao ea Jehova le melao-motheo ea hae—ho sa tsotellehe hore na re bile tšebeletsong ka nako e kae kapa re na le litokelo tse kae.—Pesaleme ea 119:111, 112.
9. Ke’ng se ileng sa etsahala Iseraeleng nakong ea baahloli?
9 Joshua o ile a lateloa ke baahloli ba ’maloa ba latelanang. Hoa soabisa hore ebe mehleng ea bona Baiseraele ba ne ba atisa ho “etsa ho leng hobe pel’a Jehova.” (Baahloli 2:11) Mabapi le nako ea baahloli, tlaleho e re: “Mohlang oo, ho no ho se morena Iseraeleng; e mong le e mong o na a etsa kamoo a ratang kateng.” (Baahloli 21:25) E mong le e mong o ne a iketsetsa liqeto mabapi le boitšoaro le borapeli, ’me histori e bontša hore Baiseraele ba bangata ba ne ba etsa liqeto tse mpe. Ba ne ba kenella borapeling ba litšoantšo ’me ka linako tse ling ba ne ba kopanela tlōlong e mpe ea molao. (Baahloli 19:25-30) Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba bonahatsa tumelo e behang mohlala.—Ba-Heberu 11:32-38.
10. ’Muso oa Iseraele o ile oa feta tlas’a phetoho efe e khōlō nakong ea Samuele, ’me ke’ng se ileng sa lebisa ho seo?
10 Nakong ea bophelo ba moahloli oa ho qetela, Samuele, Baiseraele ba ile ba ba boemong bo bobe haholo mabapi le puso. Ka lebaka la ho susumetsoa ke lichaba tse ba potolohileng tseo e leng lira tsa bona, tseo kaofela li neng li busoa ke marena, Baiseraele ba ile ba bolela hore le bona ba batla morena. Ba ile ba lebala hore ba ne ba se ntse ba na le Morena, hore ’muso oa bona ke puso ea bomolimo. Jehova o ile a bolella Samuele: “Ha ba lahle uena, ba lahlile ’na, hore ke se ke ka ’na ka ba morena oa bona.” (1 Samuele 8:7) Mohlala oa bona o re hopotsa hore na ho bonolo hakaakang ho lahleheloa ke pono ea rōna ea moea le ho susumetsoa ke lefatše le re potolohileng.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 2:14-16.
11. (a) Ho sa tsotellehe phetoho pusong, ke joang ho ka boleloang hore Iseraele e ile ea tsoela pele ho ba puso ea bomolimo e tlas’a marena? (b) Ke taelo efe eo Jehova a ileng a e neha marena a Iseraele, ’me e le ka morero ofe?
11 Leha ho le joalo, Jehova o ile a lumela kōpo ea Baiseraele ’me a khetha marena a bona a mabeli a pele, Saule le Davida. Iseraele e ile ea tsoela pele ho ba puso ea bomolimo, ea busoa ke Jehova. E le hore marena a eona a ka hopola sena, e mong le e mong oa bona o ne a tlameha ho iketsetsa kopi ea hae ea botho ea Molao ’me a o bale ka mehla, “a tle a ithute ho tšaba Jehova, Molimo oa hae, le ho boloka litaba tsohle tsa molao ona, le tsa taelo tsena, ’me a etse ka tsona. Pelo ea hae e tle e se ke ea ikhohomosetsa banab’abo.” (Deuteronoma 17:19, 20) E, Jehova o ne a rata hore ba nang le matla a bolaoli pusong ea hae ea bomolimo ba se iphahamise le hore liketso tsa bona li totobatse Molao oa hae.
12. Morena Davida o iketselitse tlaleho efe ea botšepehi?
12 Morena Davida o ne a na le tumelo e ikhethang ho Jehova, ’me Molimo o ile a etsa tšepiso e tiileng ea hore e tla ba ntate oa leloko la marena le neng le tla ba teng ka ho sa feleng. (2 Samuele 7:16; 1 Marena 9:5; Pesaleme ea 89:29) Ke habohlokoa hore re etsise ho ipeha ha Davida ka tlas’a Jehova ka boikokobetso. O itse: “Jehova, matla a hao a thabisa morena, poloko ea hao ea mo nyakalatsa!” (Pesaleme ea 21:1) Le hoja ka linako tse ling Davida a ile a hlōleha ka lebaka la mefokolo ea nama, hangata o ne a tšepa matla a Jehova, eseng a hae.
Liketso le Maikutlo ao Eseng a Puso ea Molimo
13, 14. Ke liketso life tse ling tse khahlanong le puso ea bomolimo tse ileng tsa etsoa ke balateli ba Davida?
13 Hase baeta-pele bohle ba Iseraele ba neng ba tšoana le Moshe le Davida. Ba bangata ba ile ba bonahatsa ho hloka tlhompho ka tsela e mpe haholo bakeng sa tokisetso ea puso ea bomolimo, ba lumella borapeli ba bohata Iseraeleng. Esita le baeta-pele ba bang ba tšepahalang ba ile ba etsa lintho ka tsela e khahlanong le puso ea bomolimo ka linako tse ling. Se neng se utloisa bohloko le ho feta e bile taba ea Salomone, ea ileng a fuoa bohlale bo boholo le monono. (1 Marena 4:25, 29) Leha ho le joalo, ka ho hlokomoloha molao oa Jehova, o ile a nyala basali ba bangata ’me a lumella borapeli ba litšoantšo Iseraeleng. Ho totobetse hore puso ea Salomone e bile ea khatello lilemong tsa hae tsa morao.—Deuteronoma 17:14-17; 1 Marena 11:1-8; 12:4.
14 Mora oa Salomone Roboame o ile a kōptjoa hore a fokotse moroalo o boima oa bafo ba hae. Ho e-na le ho sebetsa boemo bona ka bonolo, ka manganga o ile a tiisa bolaoli ba hae ka matla—’me a lahleheloa ke meloko e 10 ho e 12. (2 Likronike 10:4-17) Morena oa pele oa ’muso oa meloko e leshome e ileng ea ikarola e ne e le Jeroboame. Ha a leka ho tiisa hore ’muso oa hae le ka mohla o se kopane le oa sechaba sa habo, o ile a theha borapeli ba namane. Sena se ka bonahala e bile bohato bo bohlale lipolotiking, empa se bontšitse ho hlokomoloha puso ea bomolimo ka ho totobetseng. (1 Marena 12:26-30) Hamorao, qetellong ea bophelo bo bolelele ba tšebeletso e tšepahalang, Morena Asa o ile a lumella boikhohomoso hore bo silafatse tlaleho ea hae. O ile a tšoara moprofeta ea ileng a mo bolella keletso ea Jehova hampe. (2 Likronike 16:7-11) E, esita le batho ba hōlileng ka linako tse ling ba hloka keletso.
Qetello ea Puso ea Bomolimo
15. Ha Jesu a le lefatšeng, baeta-pele ba Bajode ba ile ba hlōleha joang e le balaoli pusong ea bomolimo?
15 Ha Jesu Kreste a le lefatšeng, Iseraele e ne e ntse e le tlas’a puso ea bomolimo. Leha ho le joalo, hoa soabisa hore ebe banna ba bangata ba hōlileng ba neng ba na le boikarabelo bo itseng ba ne ba sa sekamela linthong tsa moea. Ruri ba ile ba hlōleha ho hlaolela boinyenyefatso boo Moshe a ileng a bo bonahatsa. Jesu o ile a bua ka tšenyeho ea bona moeeng ha a re: “Bangoli le bafarisi ba lutse litulo tsa Moshe. Ka baka leo, le boloke, ’me le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona, le mpe le se ke la etsa ka liketso tsa bona; hobane ba bolela, empa ha ba etse.”—Mattheu 23:2, 3.
16. Baeta-pele ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bontša joang hore ha ba hlomphe puso ea bomolimo?
16 Ka mor’a ho fetisetsa Jesu ho Ponse Pilato, baeta-pele ba Bajode ba ile ba bontša hore na ke ho isa bohōleng bofe ba neng ba khelohile ho ikokobeletseng puso ea bomolimo. Pilato o ile a buisana le Jesu ’me a etsa qeto ea hore ha a na molato. Ha a tlisa Jesu ho Bajode, Pilato o ile a re: “Bonang, morena oa lōna ke eo!” Ha Bajode ba hoa ba bolela hore Jesu a bolaoe, Pilato a botsa: “Ke thakhise morena oa lōna na?” Baprista ba baholo ba araba: “Ha re na morena, ha e se Sesare.” (Johanne 19:14, 15) Ba ile ba nka Cesare e le morena, eseng Jesu, ‘ea ileng a tla ka lebitso la Jehova’!—Mattheu 21:9, NW.
17. Ke hobane’ng ha Iseraele oa nama e ile ea khaotsa ho ba sechaba se ka tlas’a puso ea bomolimo?
17 Ka ho hana Jesu, Bajode ba ile ba hana puso ea bomolimo, kaha e ne e lokela ho ba motho ea hlaheletseng nakong e tlang litokisetsong tsa puso ea bomolimo. Jesu e ne e le mora oa borena oa Davida ea neng a tla busa ka ho sa feleng. (Esaia 9:6, 7; Luka 1:33; 3:23, 31) Kahoo, Iseraele oa nama ea khaotsa ho ba sechaba sa Molimo se khethiloeng.—Ba-Roma 9:31-33.
Puso e Ncha ea Bomolimo
18. Ke puso efe e ncha ea bomolimo e tsoetsoeng lekholong la pele la lilemo? Hlalosa.
18 Leha ho le joalo, ho hlokomoloha ha Molimo Iseraele oa nama e ne e se qetello ea puso ea bomolimo lefatšeng. Ka Jesu Kreste, Jehova o ile a theha puso e ncha ea bomolimo. Ena e ne e le phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, eo ha e le hantle e neng e le sechaba se secha. (1 Petrose 2:9) Moapostola Pauluse o ile a e bitsa “Iseraele oa Molimo,” ’me qetellong litho tsa eona li ile tsa tsoa ‘mefuteng eohle, lipuong tsohle, le merabeng eohle, le lichabeng tsohle.’ (Ba-Galata 6:16; Tšenolo 5:9, 10) Le hoja litho tsena tsa puso e ncha ea bomolimo e ne e le bafo ba mebuso ea batho eo ba neng ba phela tlas’a eona, ka sebele li ne li busoa ke Molimo. (1 Petrose 2:13, 14, 17) Kapele ka mor’a tsoalo ea puso e ncha ea bomolimo, babusi ba Iseraele oa nama ba ile ba leka ho qobella barutuoa ba bang hore ba khaotse ho utloa taelo eo Jesu a ba fileng eona. Karabelo e bile efe? “E ka khona re utloe Molimo ho e-na le batho.” (Liketso 5:29) Ruri, eo e bile pono ea puso ea bomolimo!
19. Ke joang phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo e neng e ka bitsoa puso ea bomolimo?
19 Leha ho le joalo, puso e ncha ea bomolimo e ile ea sebetsa joang? Ha e le hantle, ho bile le Morena, Jesu Kreste, a emela ’Musi e Moholo oa Puso ea Bomolimo, Jehova Molimo. (Ba-Kolosse 1:13) Le hoja Morena a ne a sa bonahale maholimong, puso ea hae e ne e le ea sebele ho bafo ba hae, ’me litaelo tsa hae li ne li laola bophelo ba bona. Bakeng sa bolebeli bo bonahalang, ho ile ha khethoa banna ba hōlileng ba tšoanelehang moeeng. Jerusalema sehlopha sa banna ba joalo se ile sa sebeletsa e le sehlopha se busang. Baemeli ba sehlopha seo e ne e le baholo ba tsamaeang, joaloka Pauluse, Timothea le Tite. ’Me phutheho ka ’ngoe e ne e hlokomeloa ke sehlopha sa banna ba hōlileng, kapa baholo. (Tite 1:5) Ha bothata bo boholo bo hlaha, baholo ba ne ba ea ho sehlopha se busang kapa e mong oa baemeli ba sona, ea kang Pauluse. (Bapisa le Liketso 15:2; 1 Ba-Korinthe 7:1; 8:1; 12:1.) Ho feta moo, setho se seng le se seng sa phutheho se ne se nka karolo mabapi le ho tšehetsa puso ea bomolimo. E mong le e mong o ne a ikarabella ho Jehova bakeng sa ho sebelisa melao-motheo ea Mangolo bophelong ba hae.—Ba-Roma 14:4, 12.
20. Ho ka boleloa eng ka puso ea bomolimo linakong tsa ka mor’a lefu la baapostola?
20 Pauluse o ile a lemosa hore ka mor’a lefu la baapostola, bokoenehi bo ne bo tla hlaha, e leng se hlileng sa etsahala. (2 Ba-Thessalonika 2:3) Ha nako e ntse e feta, lenane la ba ipolelang hore ke Bakreste le ile la nyolohela ho limilione le ho makholo a limilione. Ba ile ba ba le mefuta e sa tšoaneng ea puso ea kereke, e kang ea sehlopha se phahameng se busang, ea presbitheri le ea phutheho. Leha ho le joalo, boitšoaro ba likereke tsena le litumelo li ne li sa bonahatse bobusi ba Jehova. Li ne li se tlas’a puso ea bomolimo!
21, 22. (a) Jehova o ile a tsosolosa puso ea bomolimo joang nakong ea bofelo? (b) Ke lipotso life mabapi le puso ea bomolimo tse tla arajoa nakong e tlang?
21 Nakong ea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho, ho ne ho lokela hore ho be le mosebetsi oa ho arola Bakreste ba ’nete ho Bakreste ba bohata. (Mattheu 13:37-43) Sena se ile sa etsahala ka 1919, e leng selemo sa bohlokoa haholo historing ea puso ea bomolimo. Ka nako eo boprofeta bo khanyang ba Esaia 66:8 bo ile ba phethahala: “Ke mang ea boneng e tšoanang le eona? Na naha e ka tsoaloa ka tsatsi le le leng, kapa sechaba se ka tsoaloa hang na?” Karabo ea lipotso tseo e bile e, e utloahalang! Ka 1919 phutheho ea Bokreste e ile ea boela ea e-ba teng e le “sechaba” se arohileng. Ka sebele “naha” e tlas’a puso ea bomolimo e ne e tsoetsoe joalokaha eka ke ka letsatsi le le leng! Ha nako ea bofelo e ntse e tsoela pele, mokhatlo o hlophisitsoeng oa sechaba sena se secha o ile oa hlophisoa e le hore o ka atametsoa haufinyane kamoo ho ka khonehang le o neng o le teng lekholong la pele la lilemo. (Esaia 60:17) Empa e ’nile ea e-ba puso ea bomolimo. Boitšoarong le tumelong, e ’nile ea bonahatsa melao le litekanyetso tse bululetsoeng ke Molimo ka Mangolong. ’Me ka mehla e ’nile ea ikokobeletsa Morena ea beiloeng teroneng, Jesu Kreste.—Pesaleme ea 45:17; 72:1, 2.
22 Na u na le karolo eo u e phethang pusong ee ea bomolimo? Na u na le boemo ba bolaoli ka har’a eona? Haeba ho joalo, na ua tseba hore ho sebetsa tumellanong le puso ea bomolimo ho bolela’ng? Na ua tseba hore u lokela ho qoba maraba afe? Lipotso tse peli tse qetellang li tla tšohloa sehloohong se latelang.
Na U ka Hlalosa?
◻ Puso ea bomolimo ke eng?
◻ Iseraele e ne e le puso ea bomolimo ka tsela efe?
◻ Ke tokisetso efe eo Jehova a ileng a e etsa ho hopotsa marena hore Iseraele ke puso ea bomolimo?
◻ Phutheho ea Bokreste e ne e le puso ea bomolimo ka tsela efe, ’me e ne e hlophisitsoe joang?
◻ Ke mokhatlo ofe o hlophisitsoeng oa puso ea bomolimo o theiloeng mehleng ea rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Pele ho Ponse Pilato, marena a Bajode a ile a nka Cesare e le morena ho e-na le Morena ea khethiloeng ke Jehova ka tsela ea puso ea Molimo