Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 9/1 maq. 13-18
  • Lula Haufi le Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lula Haufi le Puso ea Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Puso ea Sebele ea Molimo ke Eng?
  • Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Puso ea Molimo
  • Pono ea Puso ea Molimo Malebana le Puso ea Lefatše
  • Beha Thoriso ea Molimo ka Pele
  • “Le be Baetsisi ba Molimo”
  • Jehova o Busa—Ka Puso ea Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Balisa le Linku Pusong ea Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Karolo 10—’Muso o Phethahetseng Qetellong!
    Tsoha!—1991
  • Ho Alosa le ’Mōpi oa Rōna e Moholo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 9/1 maq. 13-18

Lula Haufi le Puso ea Molimo

“Jehova ke Moahloli oa rōna, Jehova ke Moheni-molao oa rōna, Jehova ke Morena oa rōna.”—ESAIA 33:22, NW.

1. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba amehile ka ’muso?

BATHO bohle ba amehile haholo ka ’muso. ’Muso o molemo o tlisa khotso le nala. Bibele e re: “Ke ka ho loka morena a tiisang ’muso.” (Liproverbia 29:4) Ka lehlakoreng le leng, ’muso o mobe o lebisa ho hlokeng toka, bobolung le khatellong. “Mohla ho busang e mobe, sechaba se ee se lle.” (Liproverbia 29:2) Ho pholletsa le histori, batho ba ’nile ba leka mefuta e mengata ea mebuso, ’me ka masoabi, hangata ba ’nile ba ‘lla’ ka lebaka la khatello ea babusi ba bona. (Moeklesia 8:9) Na ’muso oa mofuta leha e le ofe o tla atleha ho tlisetsa bafo ba oona khotsofalo e sa feleng?

2. Ke hobane’ng ha “puso ea Molimo” e le tlhaloso e loketseng ea ’muso oa Iseraele ea boholo-holo?

2 Rahistori Josephus o ile a bolela mofuta o khethehileng oa ’muso ha a ne a ngola: “Lichaba tse ling li ’nile tsa beha matla a phahameng ka ho fetisisa a lipolotiki tlhokomelong ea puso ea marena, tse ling tsa a beha pusong ea maquloana, ha tse ling tsona li a behile bathong ba bangata. Leha ho le joalo, monehi-molao oa rōna, [Moshe], ha aa ka a khahloa ke le o mong oa mefuta ena ea tsamaiso ea lipolotiki, empa o ile a fa molao-motheo oa hae tsamaiso ea seo—haeba ho ka lumeloa hore ho sebelisoe tlhaloso e matla joalo—se ka bitsoang hore ke ‘puso ea Molimo’, a beha bobusi bohle le matla a ho laela matsohong a Molimo.” (Against Apion, II, 164-5) Ho latela Concise Oxford Dictionary, puso ea Molimo e bolela “mofuta oa ’muso o busoang ke Molimo.” Poleloana ena ha e hlahe ka Bibeleng, empa e hlalosa hantle ’muso oa Iseraele ea boholo-holo. Le hoja Baiseraele ba ne ba e-na le morena ea bonahalang, ’musi oa bona oa sebele e ne e le Jehova. Moprofeta oa Moiseraele, Esaia, o ile a re: “Jehova ke Moahloli oa rōna, Jehova ke Monehi-molao oa rōna, Jehova ke Morena oa rōna.”—Esaia 33:22, NW.

Puso ea Sebele ea Molimo ke Eng?

3, 4. (a) Puso ea sebele ea Molimo ke eng? (b) Haufinyane, puso ea Molimo e tla tlisa litlhohonolofatso life molokong oohle oa batho?

3 Ho tloha haesale Josephus a qapa poleloana eo, lichaba tse ngata li ’nile tsa hlalosoa e le puso ea Molimo. Tse ling tsa tsona li ’nile tsa bonahala li hloka mamello, li chesehela lintho ka ho feteletseng ’me li hatella ka sehlōhō. Na e ne e le puso ea sebele ea Molimo? Eseng ho ea ka moelelo oo Josephus a sebelisitseng poleloana eo ka oona. Bothata ke hore tlhaloso ea poleloana “puso ea Molimo” e ’nile ea atolosoa. World Book Encyclopedia e e hlalosa e le “mofuta oa ’muso oo ho oona naha e busoang ke moprista kapa baprista, ’me e le oo ho oona litho tsa boprista li nang le matla a ho laela litabeng tsa sechaba le tsa bolumeli.” Leha ho le joalo, puso ea sebele ea Molimo hase ’muso oa baprista. Ke puso ea sebele ea Molimo, ’muso o busoang ke ’Mōpi oa bokahohleng, Jehova Molimo.

4 Haufinyane, lefatše lohle le tla ba tlas’a puso ea Molimo, ’me eo e tla ba tlhohonolofatso e kaakang! “Molimo ka boeena o tla ba le [moloko oa batho]. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:3, 4) Ha ho na puso ea boprista ea batho ba sa phethahalang e ka tlisang thabo e joalo. Ke puso ea Molimo feela e ka etsang joalo. Kahoo, Bakreste ba ’nete ha ba leke ho hlahisa puso ea Molimo ka liketso tsa lipolotiki. Ka mamello, ba letela hore Molimo ka nako ea hae le ka tsela ea hae, a hlome puso ea Molimo ea lefatše lohle.—Daniele 2:44.

5. Puso ea sebele ea Molimo e sebetsa kae kajeno, ’me ke lipotso life tse phahamisoang mabapi le eona?

5 Leha ho le joalo, khabareng, puso ea sebele ea Molimo ea sebetsa. Kae? Har’a bao ka boithaopo ba ikokobelletsang puso ea Molimo ’me ba sebelisana hammoho ho etsa thato ea hae. Ba joalo ba tšepahalang ba bokeletsoe e le “sechaba” sa moea lefatšeng ka bophara, ‘naheng’ ea sona ea moea. Ke masala a “Iseraele ea Molimo” hammoho le metsoalle ea ’ona ea Bakreste ba ka holimo ho limilione tse hlano le halofo. (Esaia 66:8; Bagalata 6:16) Bana ke bafo ba Jesu Kreste, Morena oa leholimo ea behiloeng teroneng ke Jehova Molimo, “Morena oa bosafeleng.” (1 Timothea 1:17; Tšenolo 11:15) Mokhatlo oo o hlophisitsoeng ke oa puso ea Molimo ka tsela efe? Litho tsa oona li talima matla a ho laela a mebuso ea lefatše joang? ’Me batho ba sebelisang matla a ho laela sechabeng sa bona sa moea ba bolokile molao-motheo oa puso ea Molimo joang?

Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Puso ea Molimo

6. Molimo a ka busa mokhatlo o hlophisitsoeng, o bonahalang oa batho joang?

6 Ke joang Jehova ea lulang maholimong a sa bonahaleng a ka busang mokhatlo o hlophisitsoeng oa batho? (Pesaleme ea 103:19) Ka hore ba kopanelang le oona ba latele keletso ena e bululetsoeng: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao.” (Liproverbia 2:6; 3:5) Ba lumella Molimo hore a ba buse ha ba ntse ba boloka “molao oa Kreste” le ho sebelisa melao-motheo e bululetsoeng ea Bibele bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. (Bagalata 6:2; 1 Bakorinthe 9:21; 2 Timothea 3:16; bona Matheu 5:22, 28, 39; 6:24, 33; 7:12, 21.) Hore ba etse sena, e lokela ho ba liithuti tsa Bibele. (Pesaleme ea 1:1-3) Joaloka Baberea ba khale ba neng “ba e-na le likelello tse bulehileng,” ha ba latele batho, empa kamehla ba netefatsa lintho tseo ba ithutang tsona ka Bibeleng. (Liketso 17:10, 11; Pesaleme ea 119:33-36) Joaloka mopesaleme, baa rapela: “U nthute kutloisiso e ntle le tsebo, hobane ke lumetse litaelo tsa hao.”—Pesaleme ea 119:66.

7. Tlhophiso ea bolebeli pusong ea Molimo ke efe?

7 Mokhatlong o mong le o mong o hlophisitsoeng, ho lokela ho be le ba bang ba sebelisang matla a ho laela kapa ba fanang ka tataiso. Lipaki tsa Jehova hase mekhelo, ’me li mamela tsamaiso ea bolaoli e boletsoeng ke moapostola Pauluse: “Hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Bakorinthe 11:3) Tumellanong le sena, ke banna ba tšoanelehang feela ba sebeletsang e le baholo liphuthehong. ’Me le hoja Jesu—“hlooho ea monna e mong le e mong”—a le leholimong, lefatšeng ho ntse ho e-na le barab’abo ba tlotsitsoeng “ba setseng,” ba nang le tšepo ea ho busa le eena maholimong. (Tšenolo 12:17; 20:6) Bana ba bōpa “lekhoba le tšepahalang le le masene” le kopaneng. Bakreste ba ikokobelletsa Jesu, ’me ka hona, ba ikokobelletsa le hlooho ea Jesu, e leng Jehova, ka ho amohela bolebeli ba “lekhoba” leo. (Matheu 24:45-47; 25:40) Ka tsela ena, puso ea Molimo e hlophisehile. “Molimo ke Molimo, eseng oa ho hloka taolo, empa oa khotso.”—1 Bakorinthe 14:33.

8. Baholo ba Bakreste ba tšehetsa molao-motheo oa puso ea Molimo joang?

8 Baholo ba Bakreste ba tšehetsa molao-motheo oa puso ea Molimo hobane baa hlokomela hore ba ikarabella ho Jehova ka tsela eo ka eona ba sebelisang matla a bona a lekanyelitsoeng a ho laela. (Baheberu 13:17) ’Me ha ba etsa liqeto, ba itšetleha ka bohlale ba Molimo, eseng ba bona. Karolong ena, ba latela mohlala oa Jesu. E ne e le motho ea bohlale ka ho fetisisa ea kileng a phela. (Matheu 12:42) Leha ho le joalo, o ile a bolella Bajuda: “Mora a ke ke a etsa ntho le e ’ngoe e le ho itsoelang ho eena, haese feela seo a bonang Ntate a se etsa.” (Johanne 5:19) Baholo ba boetse ba na le boikutlo bo tšoanang le ba Morena Davida. O ne a sebelisa matla a ho laela a bohlokoa pusong ea Molimo. Leha ho le joalo, o ne a batla ho latela tsela ea Jehova, eseng ea hae. O ile a rapela: “Jehova, u mpontše tsela ea hao, u ntsamaise tseleng e lokileng.”—Pesaleme ea 27:11.

9. Bakreste ba inehetseng ba na le pono efe e leka-lekaneng mabapi le tšepo e sa tšoaneng le litokelo tse sa tšoaneng tsa tšebeletso pusong ea Molimo?

9 Ba bang ba ’nile ba belaela hore na ho loketse hore ebe matla a ho laela phuthehong a sebelisoa ke banna ba tšoanelehang feela kapa hore ebe ba bang ba na le tšepo ea leholimo ha ba bang ba na le tšepo ea lefatšeng. (Pesaleme ea 37:29; Bafilippi 3:20) Leha ho le joalo, Bakreste ba inehetseng baa hlokomela hore litokisetso tsena li boletsoe ka Lentsoeng la Molimo. Ba tšehetsa puso ea Molimo. Haeba li belaelloa, hangata ke batho ba sa amoheleng melao-motheo ea Bibele. Ntle ho moo, Bakreste baa tseba hore banna le basali baa lekana mahlong a Jehova ha ho tluoa tabeng ea poloko. (Bagalata 3:28) Ho Bakreste ba ’nete, ho ba morapeli oa ’Musi oa bokahohleng ke tokelo e phahameng ka ho fetisisa e ka fumanehang, ’me ba thabela ho phetha mosebetsi leha e le ofe oo Jehova a ba lokiselitseng oona. (Pesaleme ea 31:23; 84:10; 1 Bakorinthe 12:12, 13, 18) Ho feta moo, ka sebele bophelo bo sa feleng ke tšepo e babatsehang, ho sa tsotellehe hore na bo leholimong kapa bo lefatšeng.

10. (a) Jonathane o ile a bonahatsa boikutlo bofe bo botle? (b) Bakreste ba bonahatsa moea o tšoanang le oa Jonathane joang kajeno?

10 Ka hona, Lipaki tsa Jehova li tšoana le Jonathane, mora ea neng a tšaba Molimo oa Morena Saule. Mohlomong Jonathane e ka be e bile morena ea khabane. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho se tšepahale ha Saule, Jehova o ile a khetha Davida hore e be eena morena oa bobeli oa Iseraele. Na Jonathane o ile a halefisoa ke see? Che. E ile ea e-ba motsoalle ea molemo oa Davida a ba a mo sireletsa ho Saule. (1 Samuele 18:1; 20:1-42) Ka tsela e tšoanang, ba nang le tšepo ea lefatšeng ha ba honohele ba nang le tšepo ea leholimo. ’Me Bakreste ba ’nete ha ba honohele ba sebelisang matla a ho laela a puso ea Molimo ka phuthehong. Ho e-na le hoo, “ba nahanela ka lerato ho feta kamoo ho tloaelehileng,” ba hlokomela mosebetsi oa bona o boima molemong oa bara le barali babo bona ba moea.—1 Bathesalonika 5:12, 13.

Pono ea Puso ea Molimo Malebana le Puso ea Lefatše

11. Bakreste ba ikokobeletsang puso ea Molimo ba talima babusi ba lefatše joang?

11 Haeba Lipaki tsa Jehova li tlas’a puso ea Molimo, li talima babusi ba lichaba joang? Jesu o ile a re balateli ba hae e ne e ke ke ea e-ba “karolo ea lefatše.” (Johanne 17:16) Leha ho le joalo, Bakreste ba hlokomela molato oa bona ho “Sesare,” mebuso ea lefatše. Jesu o itse ba lokela ho ‘lefa lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.’ (Matheu 22:21) Ho latela Bibele, mebuso ea batho ‘e lutse e behiloe ke Molimo maemong a eona a lekanyelitsoeng.’ Jehova, Mohloli oa matla ’ohle a ho laela, o lumella mebuso hore e be teng ’me o lebeletse hore e etsetse ba tlas’a taolo ea eona molemo. Ha e etsa joalo, ke “mosebeletsi oa Molimo.” “Ka lebaka la matsoalo [a bona],” Bakreste ba ikokobeletsa ’muso oa sebaka seo ba phelang ho sona. (Baroma 13:1-7) Ho hlakile hore haeba ’muso o ka batla ntho e itseng e hananang le molao oa Molimo, Bakreste ba tla “mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.

12. Ha Bakreste ba hlorisoa ke ba nang le matla a ho laela, ba latela mohlala oa bo-mang?

12 Ho thoe’ng haeba Bakreste ba ’nete ba hlorisoa ke ba nang le matla a ho laela pusong? Joale ba latela mohlala oa Bakreste ba pele, ba ileng ba mamella linako tsa mahloriso a maholo. (Liketso 8:1; 13:50) Liteko tsena tsa tumelo li ne li lebeletsoe, kaha Jesu o ne a lemositse hore li ne li tla tla. (Matheu 5:10-12; Mareka 4:17) Leha ho le joalo, Bakreste bao ba pele ha baa ka ba iphetetsa ho bahlorisi ba bona; leha e le hore tumelo ea bona e ile ea fokola tlas’a khatello. Ho e-na le hoo, ba ile ba latela mohlala oa Jesu: “Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.” (1 Petrose 2:21-23) E, melao-motheo ea Bokreste e ile ea hlōla leqhooko la Satane.—Baroma 12:21.

13. Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa arabela joang mahlorisong le liphutuhong tse li senyang lebitso?

13 Hoa tšoana le kajeno. Lekholong lena la lilemo, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa hlokofatsoa haholo ke babusi ba hatellang—feela joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele. (Matheu 24:9, 13) Linaheng tse ling, batho ba lekang ho qobella ba nang le matla a ho laela hore ba be khahlanong le Bakreste bana ba tšepahalang ba hasanya mashano ka bona le lintho tse ba senyang lebitso. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe “tlaleho e mpe” joalo, Lipaki li ipuella e le basebeletsi ba Molimo ka boitšoaro ba tsona bo botle. (2 Bakorinthe 6:4, 8) Ha ho khoneha, li hlahisa taba ea tsona ho ba boholong le ka makhotleng a naha e le hore li bontše ho hloka ha tsona molato. Li sebelisa menyetla leha e le efe e li bulehetseng bakeng sa ho sireletsa litaba tse molemo phatlalatsa. (Bafilippi 1:7) Empa ha li entse sohle seo li ka se khonang se tumellanong le molao, li tlohela litaba matsohong a Jehova. (Pesaleme ea 5:8-12; Liproverbia 20:22) Feela joaloka Bakreste ba pele, haeba ho hlokahala, ha li tšabe ho utloa bohloko ka lebaka la ho loka.—1 Petrose 3:14-17; 4:12-14, 16.

Beha Thoriso ea Molimo ka Pele

14, 15. (a) Ke eng e tlang pele ho ba tšehetsang molao-motheo oa puso ea Molimo? (b) Ke ketsahalong efe moo Solomone a ileng a beha mohlala o motle oa boikokobetso boemong ba hae ba bolebeli?

14 Ha Jesu a ruta balateli ba hae ho rapela, ntho ea pele eo a ileng a bua ka eona e bile khalaletso ea lebitso la Jehova. (Matheu 6:9) Tumellanong le sena, ba phelang tlas’a puso ea Molimo ba batla thoriso ea Molimo, eseng ea bona. (Pesaleme ea 29:1, 2) Bibele e tlaleha hore lekholong la pele la lilemo, sena e ne e le tšitiso ho ba bang ba ileng ba hana ho latela Jesu hobane “ba ne ba rata thoriso ea batho,” ba ne ba rata ho rorisoa ke batho. (Johanne 12:42, 43) Ka sebele, ho hloka boikokobetso hore motho a behe Jehova ka pele ho bohlokoa boo a inkang a e-na le bona.

15 Solomone o ile a bontša boikutlo bo botle tabeng ena. Bapisa mantsoe a hae ha ho neheloa tempele e khanyang eo a neng a e hahile le mantsoe a Nebukadnezare mabapi le mesebetsi ea hae ea ho haha. Ka boikhohomoso bo feteletseng, Nebukadnezare o ile a ithorisa: ‘Na hase eona Babilona e khōlo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e tle e be moaho oa borena, e be khanya ea boholo ba ka na?’ (Daniele 4:30) Ho fapana le hoo, ka boikokobetso Solomone o ile a nyenyefatsa seo a neng a se finyeletse, a re: “Na, ruri, Molimo o tla hle a ahe lefatšeng le batho? Bona, haesitana le maholimo a maholo hakana-kana a sa u lekane, ebe joale Tempele ee, e hahiloeng ke ’na, eona e ka u lekana joang?” (2 Likronike 6:14, 15, 18, BPN; Pesaleme ea 127:1) Solomone ha aa ka a iphahamisa. O ne a tseba hore e ne e mpa feela e le moemeli oa Jehova ’me o ile a ngola: “Ha ho hlaha boikhohomoso, eba lihlong lia hlaha le tsona; empa bohlale bo ho ba ikokobetsang.”—Liproverbia 11:2.

16. Baholo ba ipakile e le tlhohonolofatso ea sebele joang ka ho se ithorise?

16 Ka tsela e tšoanang, baholo ba Bakreste ba phahamisa Jehova, eseng bona. Ba latela keletso ea Petrose: “Haeba leha e le mang a sebeletsa, a a sebeletse joaloka ea itšetlehileng ka matla ao Molimo a fanang ka ’ona; e le hore linthong tsohle Molimo a ka tlotlisoa ka Jesu Kreste.” (1 Petrose 4:11) Moapostola Pauluse o ile a hlalosa “boemo ba molebeli” e le “mosebetsi o motle,” eseng e le boemo bo phahameng ba bohlokoa. (1 Timothea 3:1) Baholo ba behiloe hore ba sebeletse, eseng hore ba buse. Ke mesuoe le balisa ba mohlape oa Molimo. (Liketso 20:28; Jakobo 3:1) Baholo ba ikokobelitseng le ba itelang ke tlhohonolofatso ea sebele phuthehong. (1 Petrose 5:2, 3) “Le ’ne le nke banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa” ’me le lebohe Jehova hore ebe o fane ka baholo ba tšoanelehang ba bangata hakaana hore ba tšehetse puso ea Molimo “matsatsing [ana] a ho qetela.”—Bafilippi 2:29; 2 Timothea 3:1.

“Le be Baetsisi ba Molimo”

17. Ba tlas’a puso ea Molimo ba etsisa Molimo ka litsela life?

17 Moapostola Pauluse o ile a khothatsa: “Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.” (Baefese 5:1) Ba ikokobelletsang puso ea Molimo ba leka ka hohle kamoo batho ba sa phethahalang ba ka khonang hore ba tšoane le Molimo. Ka mohlala, Bibele e re ka Jehova: “Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.” (Deuteronoma 32:3, 4) E le ho etsisa Molimo tabeng ena, Bakreste ba batla ho tšepahala, ho loka le ho leka-lekana tabeng ea toka. (Mikea 6:8; 1 Bathesalonika 3:6; 1 Johanne 3:7) Ba qoba lintho tse ngata tseo lefatše le li amohelang, tse kang boitšoaro bo bobe, ho chachehela tsa ba bang le meharo. (Baefese 5:5) Kaha bahlanka ba Jehova ba latela litekanyetso tsa Molimo, eseng tsa batho, mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ke oa puso ea Molimo, o hloekile ’me oa hlompheha.

18. Tšobotsi e ikhethang ea Molimo ke efe, ’me Bakreste ba bonahatsa tšobotsi ee joang?

18 Tšobotsi e ikhethang ea Jehova Molimo ke lerato. Moapostola Johanne o re “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Kaha puso ea Molimo e bolela ho busoa ke Molimo, ho tšoana le ho busoa ke lerato. Jesu o ile a re: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo o bontšitse lerato le ikhethang matsatsing ana a thata a ho qetela. Nakong ea ntoa e neng e reretsoe ho timetsa morabe o itseng ka ho feletseng Afrika, Lipaki tsa Jehova li ile tsa bontša lerato ho bohle, ho sa tsotellehe hore na ke ba morabe ofe. Nakong eo ka eona ntoa e neng e kupa moo e neng e le Yugoslavia, Lipaki tsa Jehova tsa libakeng tsohle li ile tsa thusana, ha lihlopha tse ling tsa malumeli li ne li kopanela ho se neng se bitsoa tlhoekiso ea morabe. Boemong ba motho ka mong, Lipaki tsa Jehova li loanela ho ela hloko keletso ea Pauluse: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang a li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe bohle. Empa le be mosa e mong ho e mong, le e-na le qenehelo e bonolo, le tšoarelana ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.”—Baefese 4:31, 32.

19. Ke litlhohonolofatso life tse hlahang hona joale le nakong e tlang bakeng sa ba ikokobelletsang puso ea Molimo?

19 Ba ikokobelletsang puso ea Molimo ba thabela litlhohonolofatso tse ngata. Ba na le khotso le Molimo le Bakreste-’moho le bona. (Baheberu 12:14; Jakobo 3:17) Ba na le morero bophelong. (Moeklesia 12:13) Ba na le tšireletseho ea moea le tšepo e tiileng ea bokamoso. (Pesaleme ea 59:9) Ka sebele, ba thabela ho latsoa esale pele hore na ho tla ba joang ha moloko oohle oa batho o se o le tlas’a puso ea Molimo. Bibele e re nakong eo, “ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.” (Esaia 11:9) Eo e tla ba nako e khanyang hakaakang! Kaofela ha rōna e se eka re ka boloka sebaka sa rōna Paradeiseng eo e tlang ka ho lula haufi le puso ea Molimo hona joale.

Na U ka Hlalosa?

◻ Puso ea sebele ea Molimo ke eng, ’me e fumanoa hokae kajeno?

◻ Batho ba ikokobelletsa puso ea Molimo joang bophelong ba bona?

◻ Ke ka litsela life bohle ba tlas’a puso ea Molimo ba batlang hore thoriso ea Molimo e be ka pele ho ea bona?

◻ Ba tšehetsang puso ea Molimo ba etsisa litšobotsi life tsa bomolimo?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Solomone o ile a beha thoriso ea Molimo ka pele ho ea hae

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela