Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 3/1 maq. 3-4
  • Na Tlhōlisano ke Senotlolo sa Katleho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Tlhōlisano ke Senotlolo sa Katleho?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ehlile Tlhōlisano E-ea Putsa?
  • Khotso ea Kelello Sechabeng se Nang le Moea oa Tlhōlisano
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Karolo 6—Matšoenyeho a Bakoang ke Moruo—a Tla Fela Neng?
    Tsoha!—1992
  • Phehella Khotso U Qobe Tlholisano
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Ho Pholosoa, Eseng ka Mesebetsi Feela, Empa ka Mosa o sa Tšoanelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 3/1 maq. 3-4

Na Tlhōlisano ke Senotlolo sa Katleho?

“HA HO ntho ea bohlokoa ho feta ho hlōla.” Kajeno ba bangata ba phela tumellanong le mantsoe ana, ao hangata a amahanngoang le mokoetlisi oa libapali tsa bolo oa Amerika, Vince Lombardi. Hona joale, linaha tseo pele e neng e le tsa Bokomonisi li keneletse tabeng ea ho phahamisa khopolo ea tlhōlisano. Ho sebelisa tlhōlisano ’marakeng oa tsona ho boleloa e le se hlokahalang bakeng sa ho rua. Linaheng tsa Bochabela batsoali ba bangata ba susumeletsa bana ba bona ho hlōlisana le ba bang ’me ba ba isa likolong tsa poraefete moo ba rutoang maqheka a ho pasa litlhahlobo tsa ho kena likolong. Batsoali bana ba amehileng ka ho tlōlisang ka taba ena ba kholisehile hore ho kena sekolo se hlaheletseng ke senotlolo sa katleho ea kamoso.

Ba bangata ba ka ’na ba lumela ka tieo hore tlhōlisano ke senotlolo sa katleho. Ho latela tumelo ea bona, batho ba ile ba tsoela pele ka lebaka la ho hlōlisana. Karolo ea 65,9 lekholong ea batsamaisi ba lik’hamphani tse khōlō tseo Federation of Economic Organizations ea Japane e ileng ea etsa liphuputso ho tsona, ba itse: “Tlhōlisano bakeng sa ho ntlafatsa thekiso ea thepa ke mohloli oa matla a lik’hamphani tsa Japane.” ’Me ho bonahala eka lik’hamphani tsa Majapane li ’nile tsa atleha ka nako e telele. Leha ho le joalo, na ehlile tlhōlisano ke senotlolo sa katleho?

Na Ehlile Tlhōlisano E-ea Putsa?

Batho ba hlōlisanang le ba bang ba bonahatsa moea oa boithati, oa ’na pele. Baa thaba ha ba bang ba e-ba le mathata, ba nahana hore sena se ka ba bonahatsa ba le molemonyana. Ba ka ’na ba sebelisa maqheka a khopisang ba bang molemong oa bona oa boithati. Ho phehella katleho ho joalo ka tlhōlisano ho tla lebisa hokae? Yasuo, ea ileng a qoela peisong ea ho ba motho oa bohlokoa k’hamphaning ea hae, o hopola tsela ea hae ea nako e fetileng ’me o re: “Ka baka la ho tlala moea oa tlhōlisano le ho ba le mohopolo oa ho ntlafatsa thekiso ea thepa, ke ile ka ipapisa le ba bang ’me ka ikutloa ke ba phahametse. Ha batho bao ba behoa boemong bo ka holimo ho ba ka, ke ne ke tšoenyeha ’me letsatsi le leng le le leng ke belaela ka tsela eo k’hamphani e tšoarang basebetsi ka eona. Ke ne ke se na metsoalle eo ehlileng e leng ea sebele.”

Hape moea oa tlhōlisano o ka fella ka ho shoa kapele. Joang? Mainichi Daily News ea Japane e amahanya karoshi, kapa ho shoa ka lebaka la ho sebetsa ho feta tekano, le mofuta oa A oa boitšoaro. Mofuta oa A o hlalosa tsela ea boitšoaro e mamellang ho ameha ka ho tlōlisang ka tšebeliso e molemo ea nako, tlhōlisano le khohlano. Liithuti tsa pelo tsa Amerika, Friedman le Rosenman li amahanya mofuta oa A oa boitšoaro le lefu la pelo le fokotsang phallo ea mali methapong e meholo ea pelo. E, moea oa tlhōlisano o ka bolaea.

Hape, tlhōlisano mosebetsing e ka fella ka ho kula ’meleng le kelellong. Mohlala o mong ke oa Keinosuke, eo e neng e le morekisi ea ka holimo-limo oa e ’ngoe ea lifeme tse khōlō tse rekisang likoloi Japane. O ile a iketsetsa lebitso ka ho rekisa likoloi tse 1 250. Setšoantšo sa hae se ne se kentsoe foreiming ’me se fanyehiloe ka phaposing e sebelisoang ke boto ea batsamaisi ntlo-khōlō ea k’hamphani. Le hoja a ne a tsoafa ho sebetsa a sebelisa basebetsi-’moho le eena bakeng sa ho mo thusa hore a phahamisoe mosebetsing, k’hamphani e ile ea mo khannela hore a hlōlisane le ba bang. Phello e bile hore ka selemo se le seng o ile a ba le liso tsa ka maleng tsa mefuta e ’meli e sa tšoaneng. Selemong sona seo, batsamaisi ba 15 k’hamphaning ea hae ba ile ba kena sepetlele, ’me e mong o ile a ipolaea.

Lapeng, maikutlo a ho loanela ho ba le lintho tse bonahalang tse lekanang le tsa baahisani a etsa hore batho ba etse mponeng ka lintho tseo ba nang le tsona bophelong ka tsela ea tlhōlisano e sa feleng. (1 Johanne 2:16) Ke lefatše la khoebo feela le fumanang molemo ho sena, se tlisetsa barekisi ba lefatše lena chelete.—Bapisa le Tšenolo 18:11.

Le hoja moea oa tlhōlisano o ka ’na oa etsa hore motho e be ea tšoanelehang mosebetsing, ha ho makatse hore ebe Morena Salomone o ile a hlokomela: “’Na ka bonna ke bone mosebetsi oohle o boima le ho tšoaneleha ka hohle mosebetsing, hore ho bolela ho hlōlisana ha motho le e mong; sena le sona ke lefeela le ho ikitlaeletsa moea.” (Moeklesia 4:4, NW) Kahoo re ka boloka khotso ea kelello joang ha re ntse re phela sechabeng se nang le moea oa tlhōlisano? E le hore re ka fumana karabo, a re qaleng ka ho bona hore na khopolo ea tlhōlisano e qalile hokae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela