Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 4/8 maq. 13-15
  • Karolo 6—Matšoenyeho a Bakoang ke Moruo—a Tla Fela Neng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 6—Matšoenyeho a Bakoang ke Moruo—a Tla Fela Neng?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kofuto e Molemo ka ho Fetisisa
  • Na Tlhōlisano ea Moruo ea Hlokahala?
  • Ho Itšoasolla Bakeng sa Ntho e ’Ngoe e Molemo!
  • Bothata ba ho Ithuta ho Leta
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Karolo 5—Ho Tšoaseha Khoebong e Khōlō ho Ntse ho Ipha Matla
    Tsoha!—1992
  • Phatlalatso e na le Matla a ho Kholisa
    Tsoha!—1988
  • Na Tlhōlisano ke Senotlolo sa Katleho?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 4/8 maq. 13-15

Ho Phahama le ho oa ha Khoebo ea Lefatše

Karolo 6—Matšoenyeho a Bakoang ke Moruo—a Tla Fela Neng?

HAFEELA ho tšoaseha khoebong e meharo ho ntse ho ipha matla ho batho ba bangata, matšoenyeho a bakoang ke moruo a tla ’ne a tsoele pele. Tseo ke litaba tse sa thabiseng. Litaba tse thabisang ke hore haufinyana matla a eona a tla felisoa, ka ho etsa joalo, ho felisoe matšoenyeho a bakoang ke moruo ka ho sa feleng. Hona joale Lipaki tsa Jehova tse fetang limillione tse ’nè li bolella batho ba bang litaba tsena tse thabisang hohle lefatšeng.—Bona lebokose leqepheng la 14.

Kofuto e Molemo ka ho Fetisisa

Morero oa phatlalatso khoebong ke ho rekisa lihlahisoa kapa litšebeletso. Bakeng sa ho ntšetsa lithekiso pele, sechaba se lokela ho susumelletsoa ho reka. Mamatjana a phatlalatso, likoranta, limakasine, sea-le-moea le thelevishene, ’me re se re sa bolele letho ka limakasine tse phatlalatsang lintho tse rekisoang tse khathatsang tse lebisitsoeng ho beng ba matlo tse reretsoeng ho finyella sena.

Liphatlalatso tse rarahaneng tsa thelevishene tsa mehleng ea joale li fapane haholo le melaetsa ea matona a ’muso a neng a etsa likhoeletso Greece ea boholo-holo. Empa morero oa ho phatlalatsa—e leng ho susumetsa batho—ha oa fetoha. Ho qaptjoa ha mochine oa khatiso oa Johannes Gutenberg ho ile ha bula menyetla e joalo e mecha ea ho phatlalatsa ha sechaba hoo ho ea bofelong ba 1758 sengoli se seholo sa Lenyesemane Samuel Johnson se neng se ka ngola: “Hona joale liphatlalatso li ja setsi hoo ho leng bonolo ho li utloisisa, ’me kahoo ho bohlokoa ho fumana tlhokomelo ka ho etsa litšepiso tse babatsehang ’me ka linako tse ling ka ho phehella ka linako tse ling [hape] ka tsela e hlomphehang le e mosa.” Re ka nahana hore Johnson o ngotse mantsoe ana kajeno ka 1992.

Phatlalatso e ile ea susumetsoa bocha ke phetoho e khōlō ea mesebetsi ea lifeme. Lihlahisoa tse ngata tse ncha tseo e ileng ea etsa hore li fumanehe habonolo li ne li hloka bareki bao hona joale ba neng ba ka finyelloa ka mokhoa o rarahaneng haholoanyane oa ho phatlalatsa ka likoranta le limakasine. Ha nako e ntse tsamaea, sea-le-moea le thelevishene li ile tsa fihla ho bamameli ba bangatanyana. Phatlalatso e ile ea fetoha khoebo ka litokelo tsa eona. Mekhatlo ea phatlalatso e ile ea theoa hoo e ka bang ka 1812 ha Reynell and Son e ne e buloa London.

Ha phatlalatso e tšepahala ’me e re bolella ka lihlahisoa tse leng teng kapa litšebeletso tse khotsofatsang tlhoko ea rōna, e sebeletsa morero o motle. Leha ho le joalo, ha ho sa le joalo ha e tšela meeli e loketseng, ha e re thetsa hore re reke seo re sa se hlokeng le ho re kenya likolotong tse re imelang molemong oa ho ikhotsofatsa hona hoo. Mongoli e mong o ile a e hlalosa ka tsela e tjena: “Ea re kholisa, ea re qela, e behelana mabaka le rōna, e hapa tlhokomelo ea rōna.” Oa phaella: “Ebang re lemoha sena kapa che, kaofela ha rōna re angoa ke phatlalatso, hamolemo kapa hampe.”

Hangata bareki ba khelosoa ke litšobotsi tse sa lokang. Baphatlalatsi ba ipiletsa boikutlong ba ho itšepa; ba sebetsana le maikutlo. Ba ka ’na ba fana ka linnete tse sa fellang. Ho hobe ka ho fetisisa, ba ka ’na ba pata litšobotsi tse mpe kapa tse kotsi tsa sehlahisoa sa bona, ’me ka ho etsa joalo ba bontša ho se tsotelle ho tebileng ka boiketlo ba batho ba bang—tsena tsohle li etsoa lebitsong la tlhōlisano ea moruo.

Na Tlhōlisano ea Moruo ea Hlokahala?

Le uena joaloka batho ba bang ba bangata, mohlomong u ikutloa hore tlhōlisano ea hlokahala bakeng sa tsoelo-pele. Ka sebele, hona joale, ka botšepehi tlhōlisano ea moruo e ka ’na ea sireletsa moreki ka litsela tse ling. Empa buka ea ho ithuta Psychology and Life e belaela ka hore na ebe tlhōlisano “ke tšobotsi e hlokahalang ea sebōpeho sa motho,” e ile ea botsa: “Na re lokela ho ema le ho letela tlhōlo hore re thabe?”

Buka ena e hlokometse hore le hoja batho ba hōletseng sechabeng se hlōlisanang ka ho hlakileng “ba hlile ba arabela phepetsong ea ho hlōla motho e mong,” buka ena e boetse e bolela hore tlhōlisano hase tšobotsi ea kelello eo re hlahileng re na le eona. Ha e le hantle, qetellong tlhōlisano e kotsi. Liteko li senotse hore e “hlahisa boikutlo ba ho hlōla ka litsela tsohle boo hangata bo sa lokelang boleng bo phahameng ka ho fetisisa ba mosebetsi.”

Ka mohlala, tlhōlisano e ka hōlisa maikutlo a ho tšaba ho hlōleha. Empa tšabo, ho sa tsotellehe hore na ke sekolong, mosebetsing kapa leha e le kae, ha ea loka bakeng sa mosebetsi oa boleng bo phahameng. Ho feta moo, tlhōlisano e ka etsa hore batho ba se tšepahale kapa hore ba qhekelle. Liithuti tse ikemiselitseng ka ho fetelletseng ho fumana matšoao a phahameng lithutong li ka lahleheloa ke morero oa sebele oa thuto: ho ba hlomella ho ba batho ba molemo haholoanyane sechabeng.

Nakong eo Psychology and Life e ngoloang ka eona lilemong tsa bo-1930, e ile ea qotsa Masamoa joaloka mohlala oa sechaba se seholo se sa hlōlisaneng. E ile ea hlalosa: “Batho baa sebetsa le ho bokella lihlahisoa tsa mesebetsi ea bona pokellong e le ’ngoe moo batho bohle ba neng ba ka intšetsa ho ea ka litlhoko tsa bona.” E ile ea phaella: “Litsebi tsa anthropology li tlaleha hore batho ba joalo ba thabile ka ho felletseng joaloka batho ba bang likarolong tse ling tsa lefatše.”

Kahoo, ha ho hlokahale hore tsamaiso ea moruo e putsang le e atlehileng e itšetlehe ka tlhōlisano. Rakhoebo ea hlahelletseng o bolela hore le hoja tlhōlisano e hlile e sa hlokahale bakeng sa ho susumetsa batho ba e-song ho hōle ka ho felletseng maikutlong, batho ba hōlileng maikutlong ha ba thatafalloe ho fumana tšusumetso mosebetsing ka booona. Thabo e fumaneha ka ho ithuta, ho qapa lintho, ho thabisa ba bang, ho ntlafatsa lintho le ho sibolla lintho tse ncha.

Joale, ka ho utloahalang, keletso e molemo ea Bibele ke ena: “A re se keng ra ithorisa, ra fehla moea oa tlhōlisano e mong ho e mong, ra honohelana.”—Ba-Galata 5:26, NW; Moeklesia 4:4.

Ho Itšoasolla Bakeng sa Ntho e ’Ngoe e Molemo!

Ho hlakile hore Satane o sebelisa khoebo e meharo e le kofuto ea ho finyella merero ea hae. Ka ho tlisa matšoenyeho a bakoang ke moruo, o ntse a tšoasa batho ka ho eketsehileng. Ho tšoenyeha ka ho khotsofatsa takatso ea lintho tse bonahalang ho pupetsa ho finyella tlhoko ea lintho tsa bohlokoa tsa moea. Khopolo ea hore thepa ea bareki e etselitsoe ho sebelisoa le ho lahloa e buelloang ke khoebo e ama tikoloho ka mokhoa o sa lokang. Boikutlo ba eona ba ho batla lintho tsohle kaofela hona joale bo senya khotsofalo le thabo. Ha e le hantle, ha liphaello tsa molao tsa moruo li sa hokahanngoa le melao-motheo ea Molimo, li tla fetoha boithati ’me qetellong li fetoha meharo.

Leha ho le joalo, meharo le boithati bo fetelletseng ke mefuta ea borapeli ba litšoantšo bo sa thabiseng Molimo. (Ba-Kolosse 3:5, NW) Batho ba lumellang botho ba bona ho fetoloa hampe ke khoebo ba tšoana le babuelli ba bolumeli ba bohata le babuelli ba puso ea motho, ba tsamaea sebakeng se kotsi. Ba kotsing ea hore ba fetohe ba sa amoheloeng ke Molimo. Jesu o ile a hlokomelisa: “Le itlhokomele hore le ka mohla lipelo tsa lōna li se ke tsa imeloa ke ho ja ho tlōla le ho noa haholo le matšoenyeho a bophelo [ho kopanyelletsa le matšoenyeho a bakoang ke moruo], ’me ka tšohanyetso letsatsi leo [la kahlolo ea Jehova] la le tsometsa.”—Luka 21:34, NW.

Bao e leng Bakreste ba lokela ho itšoasolla litsamaisong tsa moruo tse sa phethahalang ka ho hana moea oo li o buellang. Botho ba batho bo lokela ho lokisoa ke ’Mōpi ea matla ’ohle eseng ke tšusumetso e matla ea chelete. Ho lokela hore ho phehelloe botšepehi ka linako tsohle. Motho o lokela ho fumana khotsofalo linthong tseo a nang le tsona eseng nako le nako ho phehella tse eketsehileng.—Ba-Efese 5:5; 1 Timothea 6:6-11; Ba-Heberu 13:18.

E le hore re behe lintho tsa bohlokoa tse tlang pele, nako le nako Bakreste ba lokela ho hlahloba lipakane tsa bona bophelong. (Ba-Filippi 1:9, 10) Sena se bonahala mofuteng oa mosebetsi oo ba o khethang le thutong eo ba e khethelang bana ba bona. Ba ntse ba hopola hore “tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo [ba] bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng. ’Me lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” Ka linako tsohle ba ikhopotsa hore ha lefatše le feta, khoebo ea lefatše e tla hlōleha ka ho felletseng joaloka ‘Ho Oa ha Wall Street’ hoo batšehetsi ba hona ba ke keng ba hlola ba ho tsosolosa.—1 Johanne 2:16, 17.

[Lebokose le leqepheng la 14]

Ho ke ke ha ba le Matšoenyeho a Bakoang ke Moruo Tlas’a ’Muso oa Molimo

Ho ke ke ha ba le litheko tse nyolohang ka sekhahla ka baka la khaello ea lijo: “Lefatše ka bolona le tla hle le hlahise lijo tsa lōna; Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.” “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase joale ka merokoli.”—Pesaleme ea 67:6, NW; 72:16.

Ho ke ke ha ba le sekoloto sa ngaka se sa lefshoang: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joale ka khama, leleme la semumu le tla bina, hobane metsi a tla kolla naheng e tšehla.”—Esaia 33:24, NW; 35:5, 6.

Ho ke ke ha ba le lichelete tsa rente tse hanyapetsang: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona. Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je litholoana tsa eona.”—Esaia 65:21, 22.

Ha ho batho ba tla aroloa ka lihlopha tsa barui le bafutsana: “Jehova o tla ahlolela lichaba tse ngata, a khalemele merabe e matla, ho isa hole. . . . Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.”—Mikea 4:3, 4.

Ha ho litlhoko leha e le life tse ke keng tsa phethahatsoa: “Ha e le ba batlang Jehova, ba ke ke ba haelloa ke letho le molemo.” “U fuparolla seatla sa hao ’me u khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.”—Pesaleme ea 34:10, NW; 145:16, NW.

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Qetellong tlas’a ’Muso oa Molimo matšoenyeho a bakoang ke moruo a tla fela

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela