Ho Phahama le ho oa ha Khoebo ea Lefatše
Karolo 5—Ho Tšoaseha Khoebong e Khōlō ho Ntse ho Ipha Matla
NTOA ea I ea Lefatše e ne e s’o lale ha boemo bo mahlonoko ba moruo oa Europe bo bontša hore ho tla ba le khathatso e eketsehileng. Koluoa e ile ea fihla bofelong ba October 1929. ’Maraka oa matsete oa New York o ile oa oa ka sekhahla se seholo. Batho ba ile ba tsila-tsila. Ka mor’a moo libanka tse makholo li ile tsa oa. Batho ba likete ba ile ba lahleheloa ke liranta tse limillione, ba bang ba bona ba bile ba itihela mehahong e melelele hore ba shoe.
Ho Oa ho Hoholo ha Moruo ho ile ha senya moruo oa lefatše ’me ha mpefatsa maemo a ileng a etsa hore Ntoa ea II ea Lefatše e fetohe pherekano ea lipolotiki e ileng ea latela. Moprofesa oa histori René Albrecht-Carrié o ile a hlalosa lilemo tsa bo-1930 e le “tseo ho tsona ho ’nileng ha hlaha litlokotsi tse latellanang koluoeng ea moruo.”
Kahoo, lilemo tse ka tlaase ho 20 ka mor’a 1914 ho ne ho totobetse hore litsamaiso tsa moruo oa lefatše li ne li thatafalloa ho finyella litekanyetso tsa lekholo le lecha la lilemo. Sena ke sa bohlokoa hobane ho latela kemiso ea nako ea Bibele le boprofeta ba bomolimo, nako ea Molimo ea ho lumella puso ea motho e sa laoleheng e ile ea fela ka 1914. Selemong seo sa bohlokoa, Molimo o ile oa hloma ’Muso oa leholimo o neng o lokela ho etsa hore boteng ba oona bo sa bonahaleng bo hlokomeloe ka liketsahalo tse bonahalang. Bopaki bo bong bo boletsoe ho Mattheu khaolo 24, Luka khaolo 21, le Tšenolo khaolo 6, e leng likhaolo tseo re u khothalletsang ho li bala.
Bopaki bo bong bo hlahelletseng ba hore ’Muso o hlomiloe leholimong ke ba hore baahi ba lefatše ba tsoela pele ho senya lefatše. (Tšenolo 11:18) Re na le mabaka a mangata a ho etsa qeto ea hore boprofeta bona boa phethahala ha re hlokomela tšilafatso e leng teng lefatšeng ka kakaretso, ho senyeha ha lera le thibelang ho futhumala ha lefatše le ho senyeha ha tikoloho ho bakoang ke phello ea ho futhumala ha lefatše.
Khoebo e Khōlō—Na ke Mosilafatsi e Moholo?
Phetoho e khōlō ea mesebetsi ea lifeme e ile ea rala motheo bakeng sa mofuta o sa tloaelehang oa tsoelo-pele—tsoelo-pele e ileng ea nolofalletsa batho ho fumana seo ba se batlang le seo ba se hlokang habonolo, ka potlako le ka mokhoa o sa tureng empa ka nako e tšoanang e baka pula ea asiti, e etsang hore ho qhaloe lik’hemik’hale, ebe li senya meru ea lefatše; e nolofalletsang bahahlaoli ho tsamaea ka sefofane ho ea likarolong tse ling tsa lefatše hore ba silafatse mabōpo a leoatle a neng a hloekile le ho senya libaka tsa tlhaho; ke tsoelo-pele eo ka baka la ho silafatsa moea oa rōna, lijo le metsi e re tšosang ka lefu le tlang pele ho nako.
Ka ntle le ho ntlafatsa theknoloji e felletseng ka ho senya lefatše, khoebo e khōlō e boetse e fane ka tšusumetso. Joalokaha makasine oa Time o ile oa hlokomela, “ke khale ho potlakela ho etsa liphaello ha likhoebo tse khōlō e le sesosa se seholo sa tšilafatso.” Setsebi se seng sa Machaba a Kopaneng sa moruo le meru se ile sa qotsoa se bolela hore “ho senngoa ha meru hoo e seng ha molao ho amana le meharo.”
Litsamaiso tsa moruo tse laoloang ke ’muso li molato ka mokhoa o tšoanang. Ka 1987 moqolotsi oa litaba Richard Hornik o ile a ngola hore: “Hoo e ka bang lilemo tse mashome a mararo tsa puso ea Bokomonisi, Peking e boletse hore ho ke ke ha etsahala hore tsamaiso ea puso moo sechaba se nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho e felle ka tšenyo ea tikoloho.” Empa joale nako ea ho tobana le liphello e ne e fihlile, ’me esita le Chaena e ne e ithuta “likotsi tseo tsoelo-pele ea moruo tikolohong e li tlisitseng.”
Moqolotsi e mong oa litaba o ile a bitsa kotsi ena e bakiloeng ke tšilafatso lilemong tse 40 Europe Bochabela “lekunutu le nyonyehang ka ho fetisisa la bokomonisi.” Ke hona ho bonahalang hore na tšenyo e bile khōlō hakae, e etsang hore Bitterfeld, e bohōle ba lik’hilomithara tse 50 ka leboea ho Leipzig, e khetholloe ka ho ba sebaka seo ho boleloang hore e ka ’na eaba ke se silafetseng ka ho fetisisa lefatšeng.
Litholoana tsa Tlholisano e Sehlōho
Le hoja liketso tsa rōna tse ngata le likarabelo tsa rōna li laoloa haholo ke bolumeli le lipolotiki, ho isa bohōleng bo itseng li boetse li susumetsoa ke khoebo e khōlō. Ha e le hantle, ho tšoasa batho ka matla ha khoebo ho ka ’na ha hlokomeloa hamolemo ka ho fetisisa tseleng eo ka eona e fetolang botho ba batho.
Motheo oo lefatše la khoebo e sa laoloeng ke ’muso e theiloeng holim’a ’ona, moea oa tlholisano e sehlōho, o tletse hohle—sekolong, mosebetsing, libakeng tsa boithabiso le tsa lipapali ’me ka linako tse ling esita le ka lapeng. Ho tloha bonyenyaneng bacha ba rutoa ho hlōlisana, ho ba ba molemo ho feta ba bang, ho ba ba pele. Ho atleha moruong ho talingoa e le ntho e molemo ka ho fetisisa, ’me ho beiloe lithibelo tse seng kae mabapi le tsela ea ho etsa sena. Banna le basali ba khothalletsoa hore ba lakatse botumo e le hore ba ka atleha le ho sebelisa likhoka haeba ho hlokahala.
Bo-rakhoebo ba koetlisitsoe hore ba be le botsoalle le ho ba mosa. Empa na ke ka mehla litšobotsi tsee li senolang botho ba bona ba sebele kapa li mpa li bontša ho ikhakanya ha bona ha ba phetha karolo e itseng? Ka 1911 moqolotsi oa litaba oa Leamerika, Edgar Watson Howe, o ile a fana ka keletso ena: “Ha motho a leka ho u rekisetsa ntho e itseng, u se ke ua nahana hore o mosa hakaalo ka linako tsohle.”
Tlholisano e hōlisa boikutlo ba mōna, mohono le meharo. Batho ba atlehang ba ka ’na ba qala ho nahana hore ba phahametse ba bang e leng se etsang hore ba be makōkō le ho nahana hore ke batho ba bohlokoa ka ho fetisisa le ba hatellang. Ka lehlakoreng le leng, ba sa atleheng ka mehla ba ba le boikutlo ba ho se itšepe le bo ba nyahamisang. Ba tobane le likhatello tsa tlholisano tseo ba hlōloang ho sebetsana le tsona ka katleho, ba ka ikhethela ho ikhula bathong, e leng maikutlo a re thusang ho hlalosa keketseho ea ho ipolaea ha bacha linaheng tse ling.
Ka baka la ho hlōleha ho fa motho e mong le e mong seo a se hlokang ka ho lekaneng, tsamaiso ea moruo e sa sebetseng hamolemo e ka fetola botho ba batho ea etsa hore e be ba se nang teboho, baithati, le ba sa utloelaneng bohloko kapa ka lehlakoreng le leng, ea etsa hore e be ba halefileng, ba iqenehelang le ba ikutloelang bohloko. ’Me ka ho phahamisetsa chelete le leruo boemong ba molingoana, khoebo e ka senya bomoea ba batho habonolo.
Matla a Thetsang a Chelete
Hang ha sechaba se tsebisitsoe chelete, e ile ea qala ho kenella mokhatlong oa batho ’me ka ho etsa joalo ea laola likamano tsa batho. Tsamaiso ea theko e ile ea beha tekanyo ea chelete thepeng le litšebeletsong. Kapele ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea lekanngoa ka chelete, e le tekanyo eo ka eona bohlokoa ba lintho tsohle bo neng bo ka lekanngoa. Leha ho le joalo, sena se ile sa pata ’nete e boletsoeng ka mokhoa o thahasellisang pineng e reng: “bophelong lintho tse sa lefelloeng ke tsona tse molemo ka ho fetisisa.”
Esita le batho ba ile ba lekanngoa ka chelete, ba ahloloa motheong oa chelete eo ba e fumanang kapa oa maruo a bona. Moqolotsi oa litaba Max Lerner o ile a hlokomela sena ka 1949 ha a ne a ngola: “Ho latela tloaelo ea rōna, banna ba hafang ka nkatana re ba entse melingoana ’me ha re mamele feela seo ba se buang ho tlalloeng ha bona, empa re mamela le bohlale ba bona tabeng efe kapa efe lefatšeng.” Haufinyane moqolotsi oa litaba o ile a belaella pono e tsitsitseng ea mopresidente oa U.S. ea hore bohlokoa ba motho bo ka lekanngoa ka leruo la hae. Moqolotsi enoa o ile a hlokomela hore “lipakane tsa ho ba le lintho tse bonahalang li nkoa e le tsa bohlokoa ka ho fetisisa hoo li fetotseng lilemo tsa bo-1980 hore e be ‘lilemo tseo tšekamelo ea batho e laoloang ke takatso ea ho ba barui,’ nako eo ka eona motho a neng a tla tsejoa le ho ahloloa ho latela leruo la hae.”
Ho bea khatiso e fetisisang cheleteng le linthong tseo e ka li rekang ho bonahala ho senya bohlokoa ba likamano tsa batho. Mohlankana e mong ea tsoang Bangladesh, ka mor’a hore a fallele Europe moo tsamaiso ea moruo e sa laoloeng ke ’muso o ile a hlahisa ntlha ea bohlokoa: “Mona batho ba thahasella lintho; hae re thahasella batho haholoanyane.”
Maikutlo a ho bea mohopolo cheleteng a boetse a senya mosebetsi, a o etsa mokhoa oa ho finyella pakane e itseng, ’me o fetohe moroalo eseng thabo. Motho ha a sebeletse ho finyella ntho e itseng leha e le hona ho fumana thabo ea ho fa ba bang lintho tseo ba li hlokang empa o sebeletsa ho fumana chelete feela. Boikutlo bona bo amoha motho thabo hobane “ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta ho fuoeng.”—Liketso 20:35, NW.
Na U Batla Hore Khoebo e Khōlō e U Fetole?
Ho hlokomeloa ha melao ea tlhaho e simolohileng ho Molimo le ho sebelisoa ha eona ho entse hore ho be le tsoelo-pele saenseng le theknolojing eo hangata e ’nileng ea tlisetsa batho molemo o moholo. Ka mohlala, Lipaki tsa Jehova li leboha haholo mekhoa e tsoetseng pele ea khatiso, ea ho tsamaea le ea puisano e ntlafalitsoeng e li thusang ho phethahatsa thōmo ea tsona ea ho bolela ka tsela eo ha e ne e le sieo li neng li tla sitoa.—Mattheu 24:14.
Ho ntse ho le joalo, ha ho pelaelo hore monyetla oa ho etsa botle oo tsoelo-pele ena e nang le oona o sentsoe ke batho ba lumelletseng botho ba bona ho fetoloa ke bolumeli ba bohata, ka tsela e se nang bomolimo, lipolotiki tse senyehileng le litsamaiso tsa moruo tse sa phethahalang.
Na u batla hore monyetla oa hao oa ho etsa se molemo o senngoe ke botho bo fetotsoeng ka tsela e seng molemo? Na u tla lumella khoebo e meharo ho lekanyetsa lintho tsa hao tsa bohlokoa tse tlang pele bophelong motheong oa chelete? na u tla lumella lerato la chelete le matlotlo e be tsona tsa bohlokoa bophelong ba hao ho feta likamano tsa batho? hore e u amohe bomoea ba hao?
Ka baka la ho tšoasa batho ka matla ho tloha ka 1914, na ho na le tsela eo ka eona khoebo e ka thibeloang ho fetola botho ba rōna? E, e teng! Ha se re bontša hore na sena ke’ng, sehlooho sa ho qetela letotong lena se tla re hlalosetsa hore na ke joang re ka phelang ka tsela eo re tla bona letsatsi leo ka lona batho ba tla khona ho lokoloha ’me ba re: “Qetellong Matšoenyeho a Bakoang ke Chelete a Felile!”
[Lebokose le leqepheng la 23]
hoebo e Khōlō e Thusa ho Tšoaea ‘Mehla ea Qetello’
Ka ho fetola botho ba batho khoebo e khōlō e thusa ho fana ka bopaki ba ‘mehla ea qetello’ joalokaha bo fumanoa ho 2 Timothea 3:1-4, (NW): Empa tseba sena, hore mehleng ea qetello linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng [ho kopanyelletsa le bothata ba ho sebetsana le matšoenyeho a bakoang ke moruo]. Hobane batho e tla ba . . .
Baithati: Batho ba ratang lintho tse bonahalang ke baithati, e leng boikutlo bo khothalletsoang ke phatlalatso ea khoebo, e phehang khang ea hore: ‘U lokeloa ke se molemo ka ho fetisisa. U be ea lokileng ho uena ka bouena. Etelletsa lithahasello tsa hao tsa botho pele’
Ba ratang chelete: Sesoasoi se seng sa Leamerika Mark Twain se kile sa re: “Batho ba bang ba rapela boemo bo phahameng sechabeng, ba bang ba rapela bahale, ba bang ba rapela melingoana ’me ba bang ba rapela Molimo, . . .empa kaofela ha bona ba rapela chelete”
Ba iphahamisang, baikhohomosi: Ralipolotiki e mong oa Lejeremane ha a bua ka lifeme tsa lik’hemik’hale tse lenama ha li kōptjoa ho thibela tšilafalo o itse: “Ke hlokomela hore maikutlo a busang ke a mabe haholo. Ke a ho khantša matla”
Ba sa leboheng, ba sa tšepahaleng: Sengoli sa Lenyesemane Thomas Fuller se itse: “Maruo a eketsa takatso ho e-na le ho e khotsofatsa” hape, “theko le thekiso le khoebo e tloaelehileng ke ho qhekella ho etsoang ka tumellano e akaretsang”
Ba se nang lerato la tlhaho: Lifeme tseo ka baka la ho batla phaello li rekisetsang linaha tse tsoelang pele moruong lihlahisoa tse thibetsoeng ka molao libakeng tse ling kapa tse hahang lifektheri tse kotsi linaheng tseo ho tsona ho se nang melao e thata ea tšireletso ha li bontše kameho ka bophelo ba batho ba bang
Ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, ba etselletsang ba bang: Setsebi sa moruo Adam Smith se ile sa re: “Khoebo eo ka tlhaho e lokelang ho ba tlamo ea bonngoe le botsoalle pakeng tsa linaha joaloka pakeng tsa batho ka bomong, e se e fetohile mohloli oa khohlano le bora”
Ba se nang boitšoaro, ba bohale: Ho reka ka sekoloto ka ho tlōlisang, ho sebelisa karete ea ho reka sekoloto ka ho hlokang taolo le khopolo ea “reka hona joale, lefa hamorao,” tseo khoebo e li khothalletsang molemong oa botho, li bontša ho hloka boitšoaro; ho hahamalla lintho tsa khoebo ho ipiletsa bofokoling ba botho ’me ho etsa chelete e ngata ka ho rekisa lithethefatsi, ka ho kopanela boitšoarong bo bobe le ka ho bapala papali ea chelete
Ba sa rateng molemo, baeki: The German Tribune e re: “Moo ho nang le litšenyehelo tse phahameng tsa ho sebetsana le tšilafalo ea tikoloho ka katleho, litekanyetso tsa boitšoaro ke tse soabisang haholo.” Batho ba hlokang litekanyetso tsa boitšoaro ba nolofalloa ho khelosa ba bang molemong oa bona
Ba manganga: Lihlopha tse matla tse kang tse rekisang lithunya le koae, ka manganga li sebelisa chelete e ngata leanong la bopolotiki la hore ba tla fumana thekiso e phahameng le hoja lihlahisoa tsa bona li bea bophelo bo botle ba sechaba le tšireletseho kotsing
Baikhohomosi: Ho ba le maruo hase lebaka la ho ikhohomosa ho sa tsotellehe se boleloang ke batho ba ratang lintho tse bonahalang. Moqapi oa lipale oa Mogerike Aesop o itse: “Ka nepo ponahalo e ka ntle ha e emele bohlokoa bo ka hare”
Ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo: Khoebo ea boithabiso e hatella menyaka e behellang bomoea ka thōko ’me e bōpile moloko oa batho o lemalletseng ho batla monyaka
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Mohlomong khoebo e thusitse ho etsa hore Europe e be kontinente e silafetseng ka ho fetisisa lefatšeng