Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 3/8 maq. 24-26
  • Nka Hlōla Bofutsana Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Hlōla Bofutsana Joang?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Leraba la Mohono
  • Lekanyetsa Lintho tsa Hao tsa Bohlokoa
  • Ho Sebelisa Lintho ka ho li Baballa Lapeng
  • Chelete e Eketsehileng
  • Sekolo le Bofutsana
  • Ho Talima Pele
  • Nka Etsa’ng Haeba Lelapa Leso le Futsanehile?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Ho Thoe’ng Haeba Lelapa Leso le Futsanehile?
    Tsoha!—1992
  • Batšoaruoa ba Bofutsana
    Tsoha!—1998
  • Haufinyane, Ha ho ea Tla Futsaneha!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 3/8 maq. 24-26

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Hlōla Bofutsana Joang?

GREGORY, mocha ea tsoang Europe Bochabela, o hlile a inahana a futsanehile haholo. O ne a sa khone ho reka liaparo tse theko e boima kapa libapala-’mino joaloka bacha ba bang ba Bophirima. Ha nako e ntse e tsamaea, Gregory o ile a ferekanngoa ke maemo naheng ea habo ’me o ile a fallela Austria.

Likete-kete tsa lik’hilomithara ke moo ho neng ho phela Loyiso mocha ea tsoang libakeng tsa mahae tsa Afrika e ka boroa. Kaha Loyiso o ne a phela le lelapa la habo ka mokhoroaneng, o ile a honohela bacha ba toropo e haufi ba neng ba thabela “mabotho-botho”—metsi le motlakase.

Leha ho le joalo, mocha oa Moafrika ea bitsoang Vasco o ne a ka talima Loyiso le Gregory e le barui. Kaha Vasco o ile a tšosoa ke ntoa ea baahi, o ile a tsamaea lik’hilomithara tse ngata ho haola har’a meru ea Afrika e kotsi bakeng sa ho pholoha.

Kahoo, lentsoe “bofutsana” le tloaelehile, le bolela lintho tse fapaneng linaheng tse fapaneng le lichabeng tse fapaneng. Buka e ’ngoe ea Senyesemane e hlalosang mantsoe e hlalosa “bofutsana” e le “ho hloka lintho tsa bohlokoa ka ho fetelletseng le ho se be le mabotho-botho a lintho tse bonahalang.” Ke ho khothatsang ho hlokomela hore ho sa tsotellehe hore na u futsanehile hakae, ho na le batho ba bang ba futsanehileng haholoanyane. Ho sa le joalo, ha u se na liaparo tse shebahalang tsa sekolo kapa u haelloa ke lintho tsa motheo tse kang metsi, e ke ke eaba ho tšelisang hakaalo ho bolelloa hore ba bang ba futsanehile ho u feta.

Bibele ha e thoholetse ho ba mofutsana. Ho e-na le hoo, ka ho utloahalang ea lumela: “Bomalimabe ba mafutsana ke ho fumaneha ha ’ona.” (Liproverbia 10:15) Leha ho le joalo, tokollo e fetileng e bontšitse hore mocha a ka qoba a mang a maraba a bofutsana a kang botlokotsebe ba bacha.a Ka boiteko u ka hlaolela boikutlo bo botle le bo nang le tšepo. Leha ho le joalo, ho na le litsela life tse ling tsa ho hlōla likhatello tsa letsatsi le letsatsi tsa ho futsaneha?

Leraba la Mohono

Mocha oa Moafrika ea bitsoang Zanele ea lilemo li 17 o tletleba ka hore: “Ho ne ho ke ke ha e-ba hobe hakaalo haeba kaofela re ne re futsanehile. Empa ha u bona ba bang thelevisheneng kapa libakeng tse ling ba na le lintho tse ngata ho u feta, ke ntho e thata hore u e lumele.”

Maikutlo a Zanele ha se a makatsang ha re nahana ka lekhalo le leholohali la moruo le bochaba tse arohanyang batho kajeno. Ka lebaka leo khaso e phatlalatsang leruo le lintho tse bonahalang ka tsela e hlokang lihlong ka teng, mohlomong le uena ka tsela e tšoanang u ka ba le mohono ha u bona kamoo bacha ba ruileng ba phelang ka teng. (Jakobo 4:5) Leha ho le joalo, maele a Sejeremane a hlokomelisa: “Mohono ha o je letho ha e se pelo ea ’ona.”—Bapisa le Liproverbia 14:30.

Ha e le hantle, e hlile ha ho phoso ho batla maemo a molemonyana a bophelo. Empa bofutsana ke letšoao le khethollang tsamaiso ea lintho ea Satane e senyehileng ’me ke Molimo feela o ka lokisang le o tla lokisa leeme la lefatše. Haeba u phela naheng e futsanehileng moruong, mohlomong ha ho letho leo u ka le etsang ho ntlafatsa boemo ba hao. Esita le haeba ho e-na le menyetla ea moruo, hopola mantsoe a Salomone ho Moeklesia 4:4: “Ke boetse ke ithutile hore na ke hobane’ng ha batho ba sebetsa ka thata haholo hore ba atlehe: ke hobane ba honohela lintho tseo baahisani ba bona ba nang le tsona. Empa ke ntho e se nang molemo. Ho tšoana le ho lelekisa moea.”—Today’s English Version.

Haeba pakane ea hao ke ho fumana leruo ka litsela tsohle, habonolo feela u ka iphumana u le tekong ea ho sekisetsa litekanyetsong tsa hao tsa boitšoaro. Hape, maemo ao u ke keng ua a laola ka potlako feela a ka senya chelete ea hao eo u e sebelelitseng ka thata—a u siea u futsanehile ho feta. Kahoo Liproverbia 23:4, 5 ea hlokomelisa: “U se ke ua ikhathatsa ho bokella leruo . . . U le talimela’ng, ha e le moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele holimo joale ka ntsu.”

Lekanyetsa Lintho tsa Hao tsa Bohlokoa

Na sena se bolela hore u lokela ho itlohella u se na tšepo? Che le hanyenyane! Mohato o mong o loketseng ke ho se nahane ka lintho tseo u li hlokang empa ka lintho tsa hao tsa bohlokoa. Ke ’nete mohlomong u na le thepa e seng kae feela. Empa Dr. Tony Lake bukeng ea hae Relationships o hlokomela hore “motho e mong ea futsanehileng licheleteng mohlomong o na le mehloli e meng, joaloka lelapa le mo ratang, baahisani ba mosa kapa bolulo bo mo thabisang.” Ka sebele, lintho tse molemo joalo ke tsa bohlokoa haholo ho feta chelete! Maele a re: “Ho molemo ho ja moroho o fanoang ka lerato, ho e-na le matšufu a fanoang ka lehloeo.” (Liproverbia 15:17, BPN) Bacha ba Bakreste ba na le ntho e ’ngoe ea bohlokoa haholo: tšehetso ea “mokhatlo ’ohle oa baena.”—1 Petrose 2:17, NW.

Mohlomong u ka boela ua leka ho talima matlotlo a hao a lintho tse bonahalang ka leihlo le letle. Mohlomong ke ’nete hore u phela ntlong e itekanetseng mohlomong hape e le ea boholo-holo. Mohlomong u apara liaparo tsa khale le tse tabohileng kapa tse lapuoeng. ’Me mohlomong u ka boela ua laba-labela limenye-menye. Empa na u hloka liaparo tsa feshene kapa lehae le majaba-jaba hore u thabise Molimo? Na u hloka lijo tsa limenye-menye hore u ’ne u phele hantle ’meleng? Che ha ho joalo! Ho joalokaha moapostola Pauluse a boletse: “Haeba re na le lijo le liaparo, lintho tseo li tlameha ho re lekana.”—1 Timothea 6:8, TEV.

Monna oa Afrika Boroa Eldred, ea hōletseng lelapeng le futsanehileng o re: “Re hlile ra lumela hore lelapa le phela ka tekanyetso e tiileng ea chelete le hore re ke ke ra fumana sohle seo re neng re se batla.” Eldred o sa hopola hore ha marikhoe a hae a sekolo a ne a taboha, ’mè oa hae o ne a a lapa. Ha nako e ntse e tsamaea, ho ne ho tlala lilapa tse ngata ho feta lesela la pele la borikhoe! Eldred oa lumela: “Ke ile ka tlameha ho mamella ho songoa. Empa ntho ea bohlokoa ke hore liaparo tsa rōna li ne li hloekile.”

Ho Sebelisa Lintho ka ho li Baballa Lapeng

Le uena u ka nka mehato e sebetsang ho ntlafatsa boemo ba hao. Bibele e bua ka bao ka booatla ba “sebelisang chelete ea bona ka potlako hoo e felang hang feela ha ba e fumana.” (Liproverbia 21:20, TEV) Joale, iponahatse u le ea bohlale ka ho ba hlokolosi ka hore u se senye lijo, chelete kapa lintho leha e le life tsa bohlokoa ka lapeng. (Bapisa le Johanne 6:12.) Ho bapala papali ea chelete, tšebeliso e mpe ea joala, ho tsuba—tsena ha se litloaelo feela tse senyang chelete empa tse etsang hore u se fumane kamohelo ea Molimo. (2 Ba-Korinthe 7:1) Haeba litho tse ling tsa lelapa li se hlokolosi litšobotsing tsena, li behele mohlala o motle ka boitšoaro ba hao.—Bapisa le 1 Timothea 4:12.

Tsela e ’ngoe eo u ka tlatsetsang boiketlong ba lelapa leno ka eona ke ho thusa batsoali ba hao lapeng. Ithaopele ho thusa ho pheha, ho hloekisa, ho lokisa lintho le ka ho lema seratsoana. Ho etsa joalo ho tla u neha boikutlo ba khotsofalo ba ho finyella ho hong.

Chelete e Eketsehileng

Bacha ba bang ba tseba ho etsa monehelo o tobileng cheleteng ea lelapa ka ho ba le mosebetsi oa nakoana. Loyiso ea boletsoeng pelenyana o ne a rekisa meroho; o ne a e jala seratsoaneng se senyenyane ka mor’a ntlo ea habo. Meroho e tsoang seratsoaneng seo e ne e boetse e fepa lelapa labo. Liproverbia 28:19 e re: “Ea itemelang tšimo o tla khora bohobe.” Loyiso o ile a bona bonnete ba mantsoe ana.

Bacha ba bang ba ile ba nka mohato oa pele oa ho rekisa liaparo, lijo le patsi. Ba bang ba etsa mesebetsi e bonolo e kang ho lokisa lisebelisoa tsa lelapa, ho rongoa mabenkeleng le ho sala le bana.

Sekolo le Bofutsana

Ho latela 1989 Britannica Book of the Year, bacha ba bangata ba futsanehileng ha ba bone “molemo oa ho tiisetsa sekolong.” Hangata likolo linaheng tse ngata li na le bana ba bangata haholo ’me li hloka thepa e lekaneng e sebelisoang. Ha bacha ba lekanyetsa litebello tse fokolang tsa mosebetsi ha li bapisoa le tse sa lumelloang ke molao tsa ho etsa chelete ka potlako, ba bang ba felloa ke takatso eohle ea ho ea sekolong.

Leha ho le joalo, thuto e fokolang e eketsa bofutsana haholoanyane. Ho ka hlokahala hore u itaee, empa ho bohlale hore u ’ne u kene sekolo! Ak’u nahane ka ’masepala oa Howrah, karolo ea motse Calcutta, India. Moo batho ba 800 000 ba phela bofutsaneng bo utloisang bohloko. Bana ba bangata ba etsa mesebetsi e fokolang motšehare; leha ho le joalo, ba bangata ba kena sekolo bosiu hore ba rutehe. Esita le hoja ho kena sekolo ho le thata, se ke ua se tlohela. Ho kena sekolo ho ka u thusa ho hōlisa matla a puisano le ho nahana—e leng lintho tseo ka letsatsi le leng li ka u thusang ho fumana mosebetsi.

Ho Talima Pele

“Morui le mofumanehi ba khahlana hammoho; ea ba entseng ba babeli ke Jehova.” (Liproverbia 22:2) ’Nete eo e thusitse bacha ba likete ba Lipaki tsa Jehova ho hlōla bofutsana ka katleho. Ba ananela hore thabo ha ea itšetleha ka ho ba le matlotlo a lintho tse bonahalang, empa ka ho etsa setsoalle le Jehova Molimo ea amohelang bohle ba ratang ho mo sebeletsa—barui kapa mafutsana. Molimo o fana ka tšepo ea bophelo nakong e tlang lefatšeng le lecha le hlokang bofutsana.—2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4.

Ho sa le joalo, sebelisa chelete ea hao ka bohlale. Talima bokamosong. Ipolokele matlotlo a moea. (Mattheu 6:19-21) Talima ho hlōla bofutsana e le phephetso—phephetso eo u ka tobanang le eona ka katleho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona tokollo ea rōna ea February 8, 1992.

[Litšoantšo tse leqepheng la 25]

Taba-tabelo e ke ke ea ntlafatsa boemo ba hao, empa ho sebetsa ka thata sekolong ho ka etsa joalo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela