Bacha—Le Mamela Thuto ea Mang?
“Ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele . . . lithuto tsa batemona.”—1 TIMOTHEA 4:1.
1. (a) Bacha ba na le khetho efe? (b) Jehova o ruta joang?
POTSO e lebisitsoeng ho bacha mona ke ena, Le mamela thuto ea mang? Sena se fana ka maikutlo a hore lōna bacha le na le khetho. Khetho e pakeng tsa ho arabela thutong ea bomolimo le ho lateleng lithuto tsa bademona. Jehova o ruta ka Lentsoe la hae, Bibele, hammoho le ka tšebeletso ea bao a ba sebelisang e le baemeli ba hae lefatšeng. (Esaia 54:13; Liketso 8:26-39; Mattheu 24:45-47) Empa na lea makala hore ebe bademona le bona baa ruta?
2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho itebela khahlanong le lithuto tsa bademona nakong ee ka ho khetheha?
2 Moapostola Pauluse o ngotse: “Mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa batemona.” (1 Timothea 4:1) Kaha re phela “mehleng ea qetello” eo ho eona Satane le bademona ba hae ba leng mafolo-folo ka ho khethehileng, na lea bona hore na ke hobane’ng re botsa potso ee, Le mamela thuto ea mang? (2 Timothea 3:1-5; Tšenolo 12:7-12) Kaha Satane le bademona ba hae ba mano, mekhoa ea bona ea ho sebetsa e khelosa haholo, ke habohlokoa hore le nahanele potso ena ka hloko.—2 Ba-Korinthe 11:14, 15.
Bademona le Lithuto tsa Bona
3. Bademona ke bo-mang, morero oa bona ke ofe, ’me ba batla ho o finyella joang?
3 Ka nako e ’ngoe bademona e ne e le mangeloi a Jehova, empa ba ile ba fetohela ’Mōpi oa bona eaba kahoo ba fetoha mahlahana a Satane. (Mattheu 12:24) Morero oa bona ke ho silafatsa batho le ho ba furallisa ho sebeletsa Molimo. E le ho finyella sena, bademona ba sebelisa matichere a batho ho ntšetsa pele tsela ea bophelo ea boithati, ea boitšoaro bo bobe e nyatsuoang ke Jehova. (Bapisa le 2 Petrose 2:1, 12-15.) Ho hlahloba kamoo mangeloi ao pele a neng a tšepahala a ileng a fetoha bademona kateng ho tla le thusa ho khetholla lithuto tsa ’ona le tsela ea bophelo eo lithuto tsena li e ntšetsang pele.
4. (a) Ke hobane’ng ha mangeloi a sa utloeng a ile a tla lefatšeng mehleng ea Noe? (b) Ho ile ha etsahala eng ka mangeloi a khopo le bana ba ’ona nakong ea Moroallo?
4 Mehleng ea Noe, mangeloi a itseng a ile a khahloa haholo ke barali ba batle ba batho hoo libōpuoa tsena tsa moea li ileng tsa tlohela libaka tsa tsona leholimong ’me tsa tla lefatšeng. Kopano ea tsona ea botona le botšehali le basali e ile ea fella ka bana ba moloko o tsoakaneng ba bitsoang Banefilimi. Kaha hase ha tlhaho hore libōpuoa tsa moea li phele ’moho le batho, seo mangeloi a sa utloeng a ileng a se etsa le basali bao se ne se fosahetse feela joaloka liketso tsa bosodoma tse ileng tsa etsoa hamorao ke banna le bashanyana ba Sodoma. (Genese 6:1-4; 19:4-11; Juda 6, 7) Le hoja balekane ba mangeloi ba ile ba bolaoa ke metsi a moroallo hammoho le bana ba bona ba moloko o tsoakaneng, mangeloi a khopo a ile a tlohela ’mele ea ’ona ea nama ’me a khutlela leholimong moo a ileng a fetoha metsoalle ea bademona ea Satane Diabolose.—2 Petrose 2:4.
5. Bademona ke libōpuoa tsa mofuta ofe, ’me ba leka joang ho senya melao ea Molimo?
5 Ka baka la boitsebiso bona ba histori, na lea bona hore na ka sebele bademona ke libōpuoa tsa mofuta ofe? Ke batho ba boitšoaro bo khopameng ba botona le botšehali ba laolang lefatše lena le hlanyetsang likamano tsa botona le botšehali ba sa bonahale. Le hoja ba ’nile ba thibeloa ho nka ’mele ea batho hape, ba thabisoa ke boitšoaro ba botona le botšehali bo khopameng ba batho bao ba ka ba silafatsang lefatšeng. (Ba-Efese 6:11, 12) Bademona ba leka ho senya melao ea Jehova mabapi le bohloeki le boitšoaro ka ho etsa hore e bonahale e na le lithibelo tse sa hlokahaleng. Mangeloi ana a khopo a buella boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali e le tsela ea bophelo e tloaelehileng, e thabisang.
Ho Ntšetsa Pele Lithuto tsa Bademona
6. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala hore ebe bademona ba ntšetsa pele lithuto tsa bona ka tsela e bolotsana?
6 Hore bademona ba ka ntšetsa pele lithuto tsa bona ka tsela e bolotsana ha hoa lokela ho re makatsa, kaha ona ke mokhoa oo moeta-pele oa bona, Satane Diabolose, a ileng a o sebelisa ha a khelosa Eva. Hopola hore o ile a bua le eena joalokaha eka o ne a batla ho mo thusa. Satane o ile a botsa: “A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na?” Eaba ka mano o leka ho nyatsa thuto ea Molimo ka ho bolella Eva hore o ne a tla rua molemo ka ho ja tsa sefate se thibetsoeng. Diabolose o ile a tšepisa: “Mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joalo ka melimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 3:1-5) Ka hona Eva o ile a hoheleha, e, a qhekelloa, hore a se utloe Molimo.—2 Ba-Korinthe 11:3; 1 Timothea 2:13, 14.
7. Phello ea lithuto tse bolotsana tsa bademona e ’nile ea ba efe, ’me see se fana ka temoso efe?
7 Le mehleng ea morao tjena, ba bangata ba ’nile ba qhekelloa. Bademona ba ntšelitse pele boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali ka bolotsana hoo bo seng bo amoheloa ke ba bangata bao pele ba neng ba bo nyatsa. Ka mohlala, ha mongoli e mong ea fanang ka keletso limakasineng United States a araba lengolo le buang ka taba ea batho ba seng lenyalong ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali, o ngotse: “Ha ho mohla nkileng ka nahana hore ke tla fetola maikutlo tabeng ena, empa joale ke lumela hore baratani ba tiileng ka lenyalo la bona ba lokela ho nka maeto a seng makae hammoho bofelong ba beke e le ho hlahloba ho tšoanelana ha bona.” Eaba oa phaella: “Ke sitoa ho lumela hore ke ’na ea ngotseng seo!” Le hoja a ne a sitoa ho lumela hore o ne a khothalelitse bohlola, ke sona seo a neng a se entse! Ka ho hlakileng, re tlameha ho ba hlokolosi hore lithuto tsa bademona li se ke tsa ama pono ea rōna mabapi le mekhoa eo Molimo a e nyatsang.—Ba-Roma 1:26, 27; Ba-Efese 5:5, 10-12.
8. (a) Lentsoe “lefatše” le sebelisitsoe joang ka Bibeleng? (b) Ke mang ea busang lefatše, ’me balateli ba Jesu ba lokela ho talima lefatše joang?
8 Le ka mohla re se ke ra lebala hore Satane ke “morena oa lefatše lena.” Ha e le hantle, moapostola Johanne o itse “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (Johanne 12:31; 1 Johanne 5:19) Ke ’nete hore ka linako tse ling Jesu o ne a sebelisa lentsoe “lefatše” ha a bua ka batho bohle. (Mattheu 26:13; Johanne 3:16; 12:46) Leha ho le joalo, ka makhetlo a mangata haholo, o ile a sebelisa lentsoe “lefatše” ha a bua ka mokhatlo oohle oa batho o hlophisitsoeng o leng ka ntle ho phutheho ea Bokreste ba ’nete. Ka mohlala, Jesu o itse balateli ba hae ba tlameha hore e se be “karolo ea lefatše” (mokhatlo oa batho o sa lokang) le hore kaha hase karolo ea lefatše, lefatše le ne le tla ba hloea. (Johanne 15:19; 17:14-16, NW) Ho phaella moo Bibele e ile ea lemosa hore re lokela ho qoba ho ba metsoalle ea lefatše lena le busoang ke Satane.—Jakobo 4:4.
9, 10. (a) Ke lintho life tsa lefatše tse susumeletsang takatso e sa lokang ea botona le botšehali? (b) Ke joang ho ka khonehang ho khetholla hore na ke mang ea susumeletsang seo boithabiso ba lefatše bo se rutang?
9 Moapostola Johanne o pheheletse: “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng.” O ile a boela a re: “Tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate.” (1 Johanne 2:15, 16) Nahana ka sena. Ho na le eng lefatšeng kajeno se susumeletsang takatso e fosahetseng, ha re re, bakeng sa likamano tsa botona le botšehali tse sa lumelloang ka molao? (1 Ba-Thessalonika 4:3-5) Ho thoe’ng ka ’mino o mongata oa lefatše? Ofisiri ea sepolesa California e behileng leihlo batlōli ba molao bao kahlolo ea bona e fanyehiloeng e itse: “Ha e le hantle, ’mino o ruta hore ha ua lokela ho mamela batsoali ba hao, le hore u lokela ho phela bophelo ka tsela eo u e ratang.” Na u hlokomela mohloli oa thuto e fanoang ke ’mino o joalo?
10 Hopola hore, ha e le hantle, Satane o ile a bolella Eva: ‘Ua lahleheloa. Phela bophelo ka tsela eo u e ratang. Iketsetse qeto ea se molemo le se sebe. Ha ho hlokahale hore u mamele Molimo.’ (Genese 3:1-5) Na oo hase molaetsa oa mofuta o tšoanang le o fumanoang ’minong o mongata oa lefatše? Empa bademona ha ba rute ka ’mino feela. Ba boetse ba sebelisa mananeo a khoebo a thelevishene, libaesekopo, le li-video bakeng sa ho ruta. Joang? Mecha ea puisano ea lefatše e hlahisa boithabiso bo etsang hore lithuto tsa boitšoaro tsa Molimo li bonahale e le tse hatellang. E buella bohlola ka ho bo hatisa le ho bo hlahisa e le bo lakatsehang.
11. Mabapi le boitšoaro, hangata thelevishene e ruta eng?
11 Makasine U.S.News & World Report o itse: “Ka 1991, litsamaiso tse tharo tsa [U.S.] li ile tsa bontša liketsahalo tse fetang 10 000 tsa likamano tsa botona le botšehali nakong ea mantsiboea eo thelevishene e shebelloang ke batho ba bangata; ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe e bontšang likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa banyalani, litsamaiso tsena li ile tsa bontša liketsahalo tse 14 tsa likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo.” Ka ho bontša liketsahalo tse fetang 9 000 tsa likamano tsa botona le botšehali tse sa lumelloang ka molao nakong ea mantsiboea eo thelevishene e shebelloang ke batho ba bangata ka selemo se le seng, u ka re thelevishene e ruta eng? Barry S. Sapolsky, eo e neng e le motlatsi oa mohlophisi oa “Sex in Primetime Television: 1979 Versus 1989,” o itse: “Haeba motho ea leng lilemong tsa bocha a shebella TV ka lilemo moo batho ba kopanelang boitšoarong ba ho bapala ka maikutlo a ba bang a lerato kapa bo bontšang likamano tsa botona le botšehali pepenene, ha lilemo li ntse li feta litšoantšo tsena tse likete li tla ba ruta hore likamano tsa botona le botšehali li monate—ntle le liphello tsa letho.” Ha ho pelaelo ka sena: Boithabiso ba lefatše bo ruta bacha hore ha ho na melao, hore bohlola boa amoheleha, le hore ha ho na liphello tse mpe bakeng sa ho phela ka tsela eo Molimo a e nyatsang.—1 Ba-Korinthe 6:18; Ba-Efese 5:3-5.
12. Ke hobane’ng ha boithabiso ba lefatše bo le kotsi ka ho khethehileng ho bacha ba Bakreste?
12 ’Mino, libaesekopo, li-video, le thelevishene tsa lefatše li etselitsoe ho ipiletsa ho bacha. Li buella lithuto tse silafetseng tsa bademona! Empa na see sea makatsa? Ak’u nahane. Haeba bolumeli ba bohata le lipolotiki e le karolo ea lefatše la Satane—’me ho hlakile hore ke karolo ea lona—na hoa utloahala ho lumela hore boithabiso bo ntšetsoang pele ke lefatše ha bo na tšusumetso ea bademona? Ho hlokahala hore lōna bacha ka ho khetheha le itebele hore le “se lumelle lefatše le le potolohileng ho le qobella ho tšoana le lona.”—Ba-Roma 12:2, The New Testament in Modern English, ea J. B. Phillips.
Itlhahlobe
13. Ke ho itlhahloba hofe ho lokelang ho etsoa?
13 Taba ea hore na u mamela lithuto tsa mang ha e laoloe feela ke lipuo tsa hao empa hape le liketso tsa hao. (Ba-Roma 6:16) Kahoo ipotse, ‘Na boikutlo ba ka le tsela ea ka ea bophelo li angoa ka ho sa lokelang ke seo ke ithutang sona ka mecha ea lefatše e phatlalatsang leshano? Na ebe lithuto tsa bademona li ntse li kekella bophelong ba ka?’ E le ho u thusa ho arabela lipotso tse joalo, ke hobane’ng ha u sa bapise nako le boiteko tseo u li qetang u ithuta Bibele, u ba teng libokeng tsa Bokreste, le ho bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo le eo u e qetang u shebeletse TV, u mametse ’mino, u kopanetse papaling eo u e ratang, kapa u etsa mesebetsi e kang eo? Kaha ho hongata—ha e le hantle, bophelo ba hao—ho kotsing, itlhahlobe ka botšepehi.—2 Ba-Korinthe 13:5.
14. Ke eng se tla ama bophelo ba rōna ba moea, ’me ke khopolo efe e tebileng eo re lokelang ho e hopola?
14 Ua hlokomela hore lijo tsa nama tseo u li jang li tla ama bophelo ba hao ba ’mele. Ka ho tšoanang, bophelo ba hao ba moea bo angoa ke seo u se fepang kelello le pelo ea hao. (1 Petrose 2:1, 2) Le hoja u ka ’na ua ithetsa mabapi le hore na hantle-ntle u thahasella eng, u ke ke ua thetsa Moahloli oa rōna, Jesu Kreste. (Johanne 5:30) Kahoo ipotse, ‘Hoja Jesu o ne a le lefatšeng, na ke ne ke tla hlajoa ke lihlong ha a kena ’me a utloa ’mino oa ka kapa a bona seo ke se shebileng?’ Taba e tebileng ke hore Jesu o shebile ’me o tseba liketso tsa rōna.—Tšenolo 3:15.
Hanela Lithuto tsa Bademona
15. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho loana ka thata ho hanela lithuto tsa bademona?
15 Khatello eo bademona ba e tlisetsang bacha hore ba mamele lithuto tsa bona e khōlō. Meea ena e khopo ho bonahala e fana ka bophelo ba ho ikhahlisa ka nako le motsotso—ba boithabiso le monyaka. E le ho thabisa Molimo, Moshe oa boholo-holo o ile a hana “menate ea libe e felang kapele” e le setho se hlaheletseng ntlong ea Faro. (Ba-Heberu 11:24-27) Ha ho bonolo ho hana seo bademona ba fanang ka sona, kahoo u tlameha ho loana ka thata ho etsa se lokileng. Ho joalo haholo-holo hobane re futsitse sebe ’me hangata lipelo tsa rōna li laba-labela ho etsa se sebe. (Genese 8:21; Ba-Roma 5:12) Ka lebaka la litšekamelo tsa boetsalibe, esita le moapostola Pauluse o ile a tlameha ho se iqenehele le ho se lumelle litakatso tsa hae tsa nama ho mo laola.—1 Ba-Korinthe 9:27; Ba-Roma 7:21-23.
16. Bacha ba ka hanela likhatello tsa ho kopanela boitšoarong bo bobe joang?
16 Le hoja u ka ’na ua lekoa hore u ‘latele bongata ho ea etsa tse mpe,’ Molimo a ka u thusa ho hanela khatello ea lithaka tsa hao ea ho latela tsela ea tsona e fosahetseng. (Exoda 23:2; 1 Ba-Korinthe 10:13) Empa u tlameha ho mamela tataiso ea Molimo, u nke mantsoe a hae e le a bohlokoa pelong ea hao. (Pesaleme ea 119:9, 11) Ho hlokahala u hlokomele hore ha bacha ba ikarola ho batho ba bang, takatso ea botona le botšehali e ka phahama ’me ea lebisa ho tlōleng molao oa Molimo. Mocha e mong o ile a lumela: “Ha ke le mong le mohlankana oa ka, ’mele oa ka o batla ho etsa ntho e itseng ’me boko ba ka bo mpolella hore ke etse e fapaneng.” Kahoo hlokomela mefokolo ea hao ’me u hlokomele hore pelo ea hao e mano. (Jeremia 17:9) U se ke ua ikarola. (Liproverbia 18:1) Beha meeli lipontšong tsa lerato. ’Me habohlokoa ka ho khethehileng, etsa setsoalle se haufi feela le ba ratang Jehova le ba nang le tlhompho e tebileng bakeng sa melao ea hae.—Pesaleme ea 119:63; Liproverbia 13:20; 1 Ba-Korinthe 15:33.
17. Ke eng se ka thusang bacha ba Bakreste ho fumana matla a ho hanela lithuto tsa bademona?
17 Thuto e hlokolosi ea lingoliloeng tsa Bokreste tse etselitsoeng ho u matlafatsa moeeng e tla u thusa. Ka mohlala, nahana ka buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang le khaolo e reng “Ntoa ea ho Etsa Botle” bukeng U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Etsa hore thupelo ea Mangolo e fanoang e thophothele kelellong le pelong ea hao, ’me e tla u matlafatsa. Taba eo u sa lokelang ho e lebala le ka mohla ke hore lefatšeng lena le laoloang ke bademona ha ho bonolo ho etsa se lokileng. Kahoo loana ka thata. (Luka 13:24) Haha matla a hao a moea. U se ke ua etsisa ba fokolang, ba tletseng tšabo ba latelang letšoele.
Rua Molemo Thutong ea Bomolimo
18. Melemo e meng ea ho mamela thuto ea bomolimo ke efe?
18 Hape, hopola hore le ka mohla u ke ke ua lahleheloa ke letho le molemo ka ho mamela thuto ea Jehova. Ka sebele oa u rata, ke kahoo a “u rutang ho ithuisa molemo.” (Esaia 48:17, NW) Kahoo mamela thuto ea Jehova, ’me u qobe masisa-pelo a letsoalo le sohlokehileng, ho lahleheloa ke boitlhompho, ho ima ho sa batleheng, maloetse a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, kapa litlokotsi tse tšoanang. Jehova oa thaba ha bahlanka ba hae ba mo fa karabo phephetsong ea Satane ea hore batho ba ke ke ba lula ba tšepahala ho Molimo tlas’a teko. (Jobo 1:6-12) Haeba u thabisa pelo ea Jehova ka ho tšepahala ho eena, u tla pholoha ha a liha kahlolo e bohloko lefatšeng lena, athe bohle ba nyelisang melao ea hae ba tla timela.—Liproverbia 27:11; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10; 1 Johanne 2:17.
19. Molemo oa ho kopanela le batho ba ananelang melemo ea thuto ea Jehova ke ofe?
19 Haeba u etsa setsoalle se haufi le ba ananelang seo Jehova a ba etselitseng sona, u ka ithuta phihlelong ea bona. Motho e mong eo pele e neng e le lekhoba la lithethefatsi le ea neng a tloaetse ho etsa boitšoaro bo bobe o hlalositse: “Hoja ha kea ka ka mamela Jehova, nkabe ke shoele. Motho eo ke neng ke lokela ho nyalana le eena o bolailoe ke AIDS. Metsoalle eohle ea ka e haufi ea lefatše ea nakong e fetileng e bolailoe ke AIDS kapa e se e le haufi le ho shoa. Ke e bona hangata literateng, ’me ke leboha Jehova letsatsi le leng le le leng ka melao ea hae e laolang batho ba hae le e tla re boloka re halalela hafeela re e sebelisa. Ha ho mohla nkileng ka thaba, ka khotsofala, le ho sireletseha tjena bophelong ba ka.” Ka sebele, ho mamela thuto ea Jehova ho re ruisa molemo ka linako tsohle!
Etsa Khetho e Nepahetseng
20, 21. (a) Bacha ba na le likhetho life tse peli? (b) Ho mamela thuto ea bomolimo ho tla fella ka molemo ofe oa nako e telele?
20 Rea le phehella lōna bacha: Etsang khetho e nepahetseng ka ho sebeletsa Jehova. Joale khomarelang qeto eo ka tieo. (Joshua 24:15) Ha e le hantle, le ka etsa khetho e le ’ngoe feela ho tse peli. Jesu o itse ho na le tsela e pharaletseng le e hebe-hebe—e bobebe ea ho etsa se khahlisang motho. Tsela eo e lebisa selomong, timetsong. Tsela e ’ngoe e patisane. Ke tsela eo ho leng thata ho tsamaea ho eona lefatšeng lena la bophelo bo hlephileng, le laoloang ke bademona. Empa tsela eo qetellong e tla isa ba tsamaeang ho eona lefatšeng le lecha le hlollang la Molimo. (Mattheu 7:13, 14) U tla nka tsela efe? U tla mamela thuto ea mang?
21 Jehova o tlohella khetho ho uena. Ha a leke ho u qobella ho mo sebeletsa. “Ke beile pel’a hao bophelo le lefu,” moprofeta oa Molimo Moshe o ile a rialo, ’me a phehella: “Ikhethele bophelo.” Khetho ena e etsoa ka hore “u rate Jehova, Molimo oa hao, u utloe lentsoe la hae, ’me u mo khomarele.” (Deuteronoma 29:2; 30:19, 20) E se eka ka bohlale u ka khetha ho mamela thuto ea bomolimo ’me u thabele bophelo bo se nang bofelo lefatšeng le lecha la Molimo le khanyang.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Bademona ke bo-mang, ’me ba ruta eng?
◻ Bademona ba ntšetsa pele lithuto tsa bona joang kajeno?
◻ Ho ka khoneha joang hore motho a hanele lithuto tsa bademona?
◻ Melemo ea ho mamela lithuto tsa Jehova ke efe?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Pele ho Moroallo, mangeloi a sa utloeng le bana ba ’ona a ile a ntšetsa pele pefo le boitšoaro bo hlephileng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Na u ne u tla hlajoa ke lihlong haeba Jesu a ne a ka utloa ’mino oo u o ratang?