Na U ka Bonahatsa Mamello?
JEHOVA o ile a bolella Abrame: “Tloha lefatšeng la heno . . . u ee lefatšeng leo ke tlang ho u bontša lona. Ke tla u etsa sechaba se seholo, ke u hlohonolofatse, ’me ke tla hōlisa lebitso la hao.” (Genese 12:1, 2) Ka nako eo Abrame o ne a le lilemo li 75. O bile le kutlo ’me ka bohlale a bonahatsa mamello bophelong bohle ba hae, a letela Jehova.
Qetellong, Molimo o ile a etsa tšepiso ena ho Abrahama (Abrame) ea mamellang: “Ke u tiisetsa hore tlhohonolofatsong ke tla u hlohonolofatsa, katisong ke tla u atisa.” Moapostola Pauluse o ile a phaella: “’Me ka hona ka mor’a hore Abrahama a bontše mamello, o ile a fumana tšepiso ena.”—Ba-Heberu 6:13-15, NW.
Mamello ke’ng? Libuka tse hlalosang mantsoe li e hlalosa e le bokhoni “ba ho letela ntho e itseng ka khutso” kapa ho bonahatsa “ho ithiba ka mamello tlas’a maemo a halefisang kapa khatello.” Ka hona mamello ea hao e behoa tekong ha u lokela ho letela e mong kapa ho hong, kapa ha u halefisoa kapa u le tlas’a khatello ea kelello. Maemong a joalo motho ea nang le mamello o sala a ipotlile; ea hlokang mamello o ba lepotla-potla ’me o khopiseha habonolo.
Lefatše la Mehla ea Rōna le Hlokang Mamello
Libakeng tse ngata tsa litoropo ka ho khethehileng, taba-khōlō ke ho potlaka eseng ho mamella. Ho batho ba limilione ba phelang metseng e nang le batho ba bangata haholo, letsatsi ka leng le qaleha ha alamo ea hoseng e lla. Ke moo ho qalehang lehlapha-hlapha—ho ea kae-kae, ho ea bona motho ea itseng, ho phetha ho hong ho itseng. Na ho na le se makatsang ha ba bangata e le ba ferekaneng le ba hlokang mamello?
Na u ea felang pelo ha u talimane le mefokolo ea ba bang? Albert o re: “Ha ke rate taba ea ho se be nakong.” Boholo bo tla lumela hore ho letela motho ea siiloeng ke nako ke ho tlisang khatello kelellong, haholo-holo ha ho e-na le se lokelang ho finyelloa ka nako e behiloeng. Mabapi le Duke oa Newcastle, ralipolotiki oa Brithani oa lekholo la bo18 la lilemo, ho ne ho thoe: ‘O lahleheloa ke halofo ea hora hoseng, eo a e lelekisang letšehare lohle a sa tsebe ho e fumana.’ Haeba u ne u lokela ho itšetleha ka motho ea joalo letsatsi le letsatsi, na u ne u tla lula u e-na le mamello?
Ha u khanna koloi, na u potlakela ho halefa le ho ferekana, u ba leqe ho leta, kapa u lekeha hore u jahe ka ho fetisisa? Maemong a joalo, hangata ho hloka mamello ho bolela koluoa. Ka 1989, ho se neng se bitsoa Jeremane Bophirimela ka nako eo, likotsi tsa mebileng tse fetang 400 000 li ile tsa tlisa ho lemala le lefu. Har’a tsena, e le ’ngoe ho tse tharo e ile ea bakoa ke ho tsamaella haufi-ufi le koloi e ka pele kapa ho jaha haholo. Ka hona, bonyane ho isa bohōleng bo itseng, ho hloka mamello ho ne ho ikarabella bakeng sa likotsi kapa lefu la batho ba fetang 137 000. Eo ke tefo e khōlō hakaakang ea ho hloka mamello!
Ann oa tletleba: “Ke ho fumana ho le thata ho ba le mamello ha e mong a nkena hanong ka linako tsohle, kapa ha e mong a ithorisa haholo.” Karl-Hermann o lumela hore mamello ea hae e phephetsoa ke “ba banyenyane ba hlokang hlompho ho ba hōlileng.”
Maemo ana le a mang a ka ’na a u etsa hore u hloke mamello. Joale, ke joang he, u ka hlaolelang mamello e eketsehileng?
Jehova a ka Matlafatsa Mamello ea Hao
Batho ba bangata ba nahana hore mamello e bontša ho se khone ho etsa qeto kapa bofokoli. Leha ho le joalo, ho Jehova ke letšoao la matla. Eena ka boeena “o sa mameletse . . . hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ka hona, e le ho matlafatsa ho ithiba ha hao ka mamello, itšoarelle haufi-ufi ka Jehova ’me u itšetlehe ho eena ka pelo ea hao eohle. Ho matlafatsa kamano ea hao le Molimo ke oona feela mohato oa bohlokoa ka ho fetisisa mabapi le ho hōlisa boikutlo ba mamello.
Ho feta moo, ke habohlokoa haholo ho tseba merero ea Jehova bakeng sa lefatše le moloko oa batho. Abrahama “o na a lebeletse motse o nang le motheo [’Muso oa Molimo], oo Molimo e leng mohahi le mothei oa oona.” (Ba-Heberu 11:10) Ka ho tšoanang, ho tla ba molemo ho boloka pono e hlakileng ea litšepiso tsa bomolimo le ho khotsofalla ho letela Jehova. Joale u tla hlokomela hore mamello, ho hang ha e bontše ho tsila-tsila ho etsa qeto, ha e le hantle e tlisa batho borapeling ba ’nete. Kahoo, “le lemohe hobane mamello ea Morena oa rōna, ke poloko.”—2 Petrose 3:15.
Ho thoe’ng haeba maemo a hao a botho ka booona a leka mamello ea hao hoo e batlang e le ka ho sa mamelleheng? Na ba sa lumelang ba u beha tlas’a khatello e utloisang bohloko? Na u kutse ka nako e telele e bonahalang e le e sa feleng? Boemong bo joalo, nka ka ho teba seo morutuoa Jakobo a ileng a se ngola. Ka mor’a ho supa mohlaleng oo baprofeta ba faneng ka oona oa ho bontša mamello, o ile a senola lekunutu la ho ipoloka u khutsitse ha u hatellehile habohloko kelellong. Jakobo o itse: “E mong har’a lōna ha a le mahlomoleng, a rapele.”—Jakobo 5:10, 13.
Ka tieo kōpa Molimo thapelong hore a matlafatse mamello ea hao le hore a u thuse ho laola moea oa hao ha u le tekong. Retelehela ho Jehova khafetsa, ’me o tla u thusa ho tseba maemo kapa mekhoa ea ba bang e hlahisang tšokelo e khethehileng boiketlong ba hao. Ho rapela esale pele bakeng sa maemo ao e ka ’nang ea e-ba a lekang ho ka u thusa hore u lule u e-na le khutso.
E-ba le Pono e Loketseng ka Uena le ka ba Bang
Ho boloka sebōpeho sa kelello e nang le khutso, u lokela ho italima le ho talima ba bang ka mokhoa o loketseng. Sena se khoneha ka thuto ea Bibele, kaha e bontša hore e mong le e mong o futsitse ho se phethahale ’me ka hona o na le mefokolo. Ho feta moo, tsebo ea Bibele e tla u thusa ho hōla leratong. Tšoaneleho ena ke ea bohlokoa haholo bakeng sa ho bonahatsa mamello ho ba bang.—Johanne 13:34, 35; Ba-Roma 5:12; Ba-Filippi 1:9.
Lerato le taba-tabelo ea ho tšoarela li ka u kokobetsa ha u ferekana. Haeba e mong a e-na le mekhoa e u halefisang, lerato le tla u hopotsa hore ho sa lumelleheng ke mekhoa, eseng motho eo. Nahana hore na ke hangata hakae mefokolo ea hao e tlamehang ebe e beha mamello ea Molimo tekong le kamoo e tlamehang ebe e halefisa ba bang.
Ho ipona ka mokhoa o loketseng le hona ho tla u thusa ho leta ka mamello. Ka mohlala, na u ’nile ua hahamalla litokelo tšebeletsong ea Jehova, empa ea e-ba masoabi feela? Na u utloa mamello ea hao e fela ka potlako? Haeba ho joalo, joale hopola hore ho hloka mamello ho hongata ho thehiloe boikakasong. Salomone o ile a re: “Momamelli o molemo ho feta moikakasi.” (Moeklesia 7:8, BPN) E, boikakaso ke tšitiso e khōlō ho hlaoleleng mamello. Na hase ’nete hore motho ea ikokobelitseng o nolofalloa ke ho leta ka khutso? Ka hona, hlaolela boikokobetso, ’me u tla tseba hamolemo ho amohela tieho u e-na le khotso ea kelello.—Liproverbia 15:33.
Mamello e Putsa ka ho Enneng
Abrahama o tsebahala haholo-holo ka tumelo ea hae. (Ba-Roma 4:11) Leha ho le joalo, mamello e ile ea etsa hore tumelo ea hae e be e tšoarellang. Moputso oa hae bakeng sa ho letela Jehova e bile ofe?
Abrahama o ile a fuoa tšepo e eketsehileng ho Jehova. Kahoo lebitso la Abrahama le ile la e-ba leholo ’me litloholo tsa hae ea e-ba sechaba se matla. Lichaba tsohle tsa lefatše li ka itlhohonolofatsa ka peō ea hae. Abrahama o ile a sebeletsa joaloka ’muelli bakeng sa Molimo haesita le joaloka ea tšoantšetsang ’Mōpi. Na ho ne ho ka ba le moputso leha e le ofe o fetang oo bakeng sa tumelo ea Abrahama le mamello?
“Jehova o na le kameho e lerato le e mofuthu haholo” ho Bakreste bao ka mamello ba tiisetsang liteko. (Jakobo 5:10, 11, NW) Batho ba joalo ba thabela letsoalo le hloekileng hobane ba etsa thato ea hae. Kahoo, tabeng ea hao, haeba u letela Jehova ’me ka mamello u tiisetsa liteko, ho ithiba ha hao ka mamello ho tla fella ka kamohelo ea Jehova le tlhohonolofatso ea hae.
Mamello e sebeletsa batho ba Molimo hantle litšobotsing tsohle tsa bophelo. Bahlanka ba babeli ba Jehova, ba bitsoang Christian le Agnes, ba ile ba ithuta sena ha ba ne ba rera ho lebeletsana. Ba ile ba liehisa tebeletsano ka baka la ho hlompha batsoali ba Christian, ba neng ba hloka hore ho fete nako bakeng sa ho tseba Agnes. Ke phello efe eo ketso ee e bileng le eona?
Christian oa hlalosa: “Re ile ra hlokomela hamorao hore na mamello ea rōna e ile ea bolela ho hokae ho batsoali ba ka. Ho leta ha rōna ka mamello ha hoa ka ha felisa kamano lipakeng tsa ka le mosali oa ka. Empa e bile mohato oa pele ho haheng kamano ea rōna le batsoali ba ka.” E, mamello e putsa ka ho enneng.
Hape mamello e hōlisa khotso. Ba lelapa le metsoalle ba tla thabisoa ke hore ha u etse tseko ka phoso e ’ngoe le e ’ngoe ea bona. Khutso ea hao le ho ba ea utloisisang ha ba bang ba etsa liphoso ho tla thibela maemo a hlabisang lihlong. Maele a Sechaena a re: “Ho ba le mamello nakong ea khalefo ho tla u qobisa matsatsi a lekholo a tsieleho.”
Mamello e ntlafatsa botho ba hao, ’me e thusa ho boloka litšoaneleho tse ling tsa hao tse ntle li le boemong bo botle. E thusa ho etsa tumelo ea hao hore e be e tšoarellang, khotso ea hao e be teng ka nako e telele, le lerato la hao e be le sa thekeseleng. Ho ba le mamello ho tla u thusa hore u thabe ha u etsa mosa, molemo, le bonolo. Ho bonahatsa mamello ho haha matla ao e leng a bohlokoa haholo bakeng sa ho hlaolela tiisetso le boitšoaro.
Kahoo, letela phethahatso ea litšepiso tsa Jehova ka mamello, u tiisetsoa bokamoso bo hlollang. Joaloka Abrahama, e se eka “ka tumelo le mamello [u] ka ba ea jang lefa la litšepiso.”—Ba-Heberu 6:12, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Kamano e haufi-ufi le Jehova e tla u thusa ho bonahatsa mamello, joalokaha Abrahama a entse