Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 2/1 maq. 17-21
  • Etsisa ho se Fele Pelo ha Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsisa ho se Fele Pelo ha Jehova
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nahana ka ho se Fele Pelo ha Jehova
  • Nahana ka ho se Fele Pelo ha Baprofeta
  • “Mamello ea Jobo”
  • “Letsatsi la Jehova le Tla Tla”
  • Ithute Mohlaleng oa Jehova le Jesu oa ho Bontša Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lula u E-na le Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Na U ka Bonahatsa Mamello?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Re Lokela ho Etsa Tšebeletso ea Rōna re sa Fele Pelo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 2/1 maq. 17-21

Etsisa ho se Fele Pelo ha Jehova

‘Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, . . . empa ha a fele pelo.’—2 PETROSE 3:9.

1. Ke mpho efe eo ho seng e tšoanang le eona eo Jehova a e tekileng ka pel’a batho?

JEHOVA o tekile ka pel’a rōna ntho eo ho seng motho ea ka e tekang. Ke ntho e ipiletsang haholo le ea bohlokoa, empa e ke ke ea rekoa ebile re ke ke ra e fumana ka ho e sebeletsa. O tekile ka pel’a rōna mpho ea bophelo bo sa feleng—’me boholo ba rōna re tla bo fumana lefatšeng la paradeise. (Johanne 3:16) Ka sebele re tla bo thabela! Ho ke ke ha hlola ho e-ba le lintho tse ngata tse bakang masoabi hakana—liqabang, pefo, bofuma, tlōlo ea molao, ho kula, esita le lefu. Batho ba tla phela ka mokhoa o phethahetseng ka khotso le kutloano pusong e lerato ea ’Muso oa Molimo. Re labalabela Paradeise eo hakaakang!—Esaia 9:6, 7; Tšenolo 21:4, 5.

2. Ke hobane’ng ha Jehova a e-s’o felise tsamaiso ea lintho ea Satane?

2 Jehova le eena o labalabela nako eo ka eona a tla theha Paradeise lefatšeng. Taba ena ke ’nete hobane Jehova o rata ho loka le toka. (Pesaleme ea 33:5) Ha a thabele ho bona lefatše le sa tsotelleng melao-motheo ea hae e lokileng kapa le sa e rateng, e leng lefatše le eisang bolaoli ba hae le le hlorisang batho ba hae. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha a e-s’o nke khato ea ho felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho ea Satane. Mabaka ao a ama se nepahetseng le se fosahetseng tabeng ea bobusi ba hae. Ha Jehova a ntse a rarolla tseko ena, o bontša tšobotsi e ntle haholo ea ho se fele pelo, e leng tšobotsi eo kajeno batho ba bangata ba se nang eona.

3. (a) Moelelo oa mantsoe a Segerike le a Seheberu ao Bibele e a fetolelang e le “ho se fele pelo” ke ofe? (b) Joale re tla tšohla lipotso life?

3 Bibeleng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, ho na le lentsoe la Segerike le fetoletsoeng ka makhetlo a mararo e le “ho se fele pelo.” Ka ho toba le bolela “pelo e telele” ’me le atisa ho fetoleloa e le “tiisetso,” ’me ka lekhetlo le le leng e le ‘ho bontša ho se fele pelo.’ Moelelo oa sehlooho oa lentsoe la Segerike le la Seheberu bakeng sa “ho se fele pelo” ke mamello le ho lieha ho halefa. Ebe ho se fele pelo ha Jehova ho re thusa joang? Re ka ithuta eng ntlheng ea hore Jehova le bahlanka ba hae ba tšepahalang ha ba fele pelo ebile baa mamella? Re tseba joang hore ho se fele pelo ha Jehova ho na le moeli? A re tšohleng taba ena.

Nahana ka ho se Fele Pelo ha Jehova

4. Moapostola Petrose o ile a ngola eng mabapi le ho se fele pelo ha Jehova?

4 Moapostola Petrose o ile a ngola tjena mabapi le ho se fele pelo ha Jehova: “Le ele hloko ’nete ena e le ’ngoe, baratuoa, hore letsatsi le le leng ho Jehova le joaloka lilemo tse sekete ’me lilemo tse sekete li joaloka letsatsi le le leng. Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:8, 9) Re kōpa u hlokomele lintlha tse peli tse boletsoeng mona tse ka re thusang ho utloisisa ho se fele pelo ha Jehova.

5. Tsela eo Jehova a balang nako ka eona e ama joang seo a se etsang?

5 Ntlha ea pele ke hore Jehova ha a bale nako joaloka rōna. Ho Ea phelang ka ho sa feleng, lilemo tse sekete li lekana le letsatsi le le leng. Ha a thibeloe kapa ha a patisoe ke nako, empa ha a liehe ho nka khato. Kaha bohlale ba Jehova ha bo na moeli, o tseba nako e nepahetseng ea ho nka khato molemong oa bohle ba amehang, ’me ha a fele pelo ha a emetse nako eo hore e fihle. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho etsa qeto ea hore Jehova o iphapanyelitse bohloko boo e ka ’nang eaba bahlanka ba hae baa bo utloa hona joale. Ke Molimo ea nang le “qenehelo e bonolo,” ke mothofatso oa lerato. (Luka 1:78; 1 Johanne 4:8) A ka etsolla ka ho feletseng le ka ho sa feleng tšenyo eohle e bakiloeng ke hore ebe o ile a lumella mahlomola ka nakoana.—Pesaleme ea 37:10.

6. Ha rea lokela ho nahana’ng ka Molimo, hona hobane’ng?

6 Ha e le hantle, ha ho bonolo hore motho a letele seo a se labalabelang. (Liproverbia 13:12) Kahoo, ha batho ba lieha ho phethahatsa litšepiso tsa bona, batho ba bang ba ka nahana hore ha ba sa rerile ho li phethahatsa. Ka sebele e ka ba booatla ho nahana seo ka Molimo! Haeba re nka hore ho se fele pelo ha Molimo ke ho lieha, ka mor’a nako, habonolo feela re ka qala ho belaela le ho nyahama, ebe re ipeha kotsing ea ho otsela moeeng. Ho hobe le ho feta, re ka thetsoa ke bao Petrose a lemositseng ka bona pejana—e leng basomi, kapa batho ba se nang tumelo. Batho bao baa soma ba re: “Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.”—2 Petrose 3:4.

7. Ho se fele pelo ha Jehova ho amana joang le takatso ea hae ea hore batho ba bake?

7 Ntlha ea bobeli eo re ka e fumanang mantsoeng a Petrose ke hore Jehova ha a fele pelo hobane o lakatsa hore bohle ba fihle pakong. Ba hanang ka manganga ho tlohela litsela tsa bona tse mpe, ba tla timetsoa ke Jehova. Leha ho le joalo, Molimo ha a thabisoe ke lefu la ea khopo. Ho e-na le hoo, o khahloa ke ho bona batho ba baka, ba furalla litsela tsa bona tse mpe, ’me ba phela. (Ezekiele 33:11) Ka lebaka leo, ha a fele pelo ’me o etsa hore litaba tse molemo li boleloe lefatšeng lohle e le hore batho ba ka fumana monyetla oa ho phela.

8. Ho se fele pelo ha Molimo ho bonahetse joang litšebelisanong tsa hae le sechaba sa Iseraele?

8 Ho se fele pelo ha Molimo ho bonoa hape litšebelisanong tsa hae le sechaba sa boholo-holo sa Iseraele. Ka lilemo tse makholo, o ile a mamella ho se utloe ha bona. Nako le nako o ne a ba khothatsa ka baprofeta ba hae, a re: “Furallang litsela tsa lōna tse mpe ’me le boloke litaelo tsa ka, litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng, ho ea ka molao oohle oo ke o laetseng baholo-holo ba lōna le oo ke o rometseng ho lōna ka bahlanka ba ka baprofeta.” Ba ile ba etsa joang? Ka masoabi, “ha baa ka ba mamela.”—2 Marena 17:13, 14.

9. Ho se fele pelo ha Jesu ho ile ha tšoana le ha Ntat’ae joang?

9 Qetellong, Jehova o ile a roma Mora oa hae, ea ileng a etsa sohle ho kholisa Bajuda hore ba lokela ho boelana le Molimo. Ho se fele pelo ha Jesu ho ne ho tšoana hantle le ho se fele pelo ha Ntat’ae. Ka lebaka la ho tseba hantle hore o tla tloha a bolaoa, Jesu o ile a bua ka kutloelo-bohloko, a re: “Jerusalema, Jerusalema, ’molai oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe ba rometsoeng ho eena,—ke hangata hakaakang ke ileng ka batla ho bokella bana ba hao, ka tsela eo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona! Empa le ne le sa batle.” (Matheu 23:37) Mantsoe ana a amang maikutlo hase a moahloli ea se nang mohau ea thabelang ho ahlola motho empa ke a motsoalle ea lerato ea sa felleng batho pelo. Joaloka Ntat’ae ea leholimong, Jesu o ne a rata hore batho ba bake e le hore ba qobe kahlolo e bohloko. Ba bang ba ile ba mamela litemoso tsa Jesu eaba ba qoba kahlolo e sehlōhō e ileng ea oela Jerusalema ka 70 C.E.—Luka 21:20-22.

10. Ho se fele pelo ha Molimo ho re tsoetse molemo ka tsela efe?

10 Ruri ho se fele pelo ha Molimo hoa hlolla, na ha ho joalo? Ho sa tsotellehe hore na ho se mamele ha motho ho hoholo hakae, Jehova o lumeletse e mong le e mong oa rōna, hammoho le batho ba bang ba limilione hore re fumane monyetla oa ho mo tseba le oa ho ba le tšepo ea poloko. Petrose o ile a ngolla Bakreste-’moho le eena a re: “Le nke ho se fele pelo ha Morena oa rōna e le poloko.” (2 Petrose 3:15) Na ha re lebohe hore ebe ho se fele pelo ha Jehova ho re buletse monyetla oa ho bolokoa? Na ha re rapelle hore Jehova a se ke a re fella pelo ha re ntse re mo sebeletsa letsatsi le letsatsi?—Matheu 6:12.

11. Ho utloisisa hore Jehova ha a fele pelo ho tla re susumelletsa ho etsa’ng?

11 Ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a sa fele pelo, ho tla re thusa hore re se ke ra fela pelo ha re letetse poloko eo a tla e tlisa, ebile ha ho mohla re tla etsa qeto ea hore o lieha ho phethahatsa litšepiso tsa hae. (Lillo tsa Jeremia 3:26) Ha re ntse re rapella hore ’Muso oa Molimo o tle, re na le tšepo ea hore Molimo o tseba nako e molemo ea ho araba thapelo eo. Ho feta moo, re susumeletseha ho etsisa Jehova ka ho se fele pelo joaloka eena ha re sebelisana le barab’abo rōna le bao re ba bolellang litaba tse molemo. Le rōna ha re batle hore ba bang ba timetsoe empa re ka rata ho ba bona ba baka ’me ba e-ba le tšepo eo re nang le eona ea bophelo bo sa feleng.—1 Timothea 2:3, 4.

Nahana ka ho se Fele Pelo ha Baprofeta

12, 13. Tumellanong le Jakobo 5:10, moprofeta Esaia o ile a atleha joang hore a se ke a fela pelo?

12 Ho nahana ka hore Jehova ha a fele pelo, ho re thusa hore re ananele tšobotsi ena le ho sebeletsa ho ba le eona. Ha ho bonolo hore batho ba sa phethahalang ba se ke ba fela pelo, empa ba ka khona hore ba se ke ba fela pelo. Re ithuta sena ka bahlanka ba Molimo ba khale. Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Barab’eso, nkang baprofeta ba ileng ba bua ka lebitso la Jehova e le mohlala oa ho utloisoa bohloko ke bobe le ho se fele pelo.” (Jakobo 5:10) Hoa tšelisa ebile hoa khothatsa ho tseba hore ba bang ba atlehile ho hlōla mathata ao re lokelang ho tobana le ’ona.

13 Ka mohlala, ruri moprofeta Esaia o ne a lokela ho bontša ho se fele pelo kabelong ea hae. Jehova o ile a mo tsebisa seo ka hore a re ho eena: “E-ea, ’me u re ho batho bana, ‘Utloang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la utloisisa; bonang ka ho pheta-pheta, empa le se ke la ba le tsebo leha e le efe.’ Etsa hore lipelo tsa batho bana e be tse sa amoheleng letho, ’me u etse hore litsebe tsa bona li se ke tsa arabela, u koale mahlo a bona, e le hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona le hore ba se ke ba utloa ka litsebe tsa bona, le hore lipelo tsa bona li se ke tsa utloisisa le hore ba se ke ba khutla eaba ba iphumanela pholiso.” (Esaia 6:9, 10) Ho sa tsotellehe hore batho ba ne ba sa arabele, ka lilemo tse ka bang 46 Esaia o ile a bolela molaetsa oa temoso o tsoang ho Jehova, a sa fele pelo! Ka tsela e tšoanang, ho se fele pelo ho tla re thusa ho mamella mosebetsing oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo, esita le ha ba bangata ba sa amohele litaba tse molemo.

14, 15. Ke eng e ileng ea thusa Jeremia hore a loantše mahlomola le ho nyahama?

14 Ha e le hantle, ha baprofeta ba ntse ba etsa mosebetsi oa bona, ba ne ba sa sebetsane feela le batho ba sa arabeleng, ba ne ba bile ba hlorisoa. Jeremia o ile a kenngoa metšoasong, a koalloa ka “tlung ea litlamo,” a ba a lahleloa ka lemeneng. (Jeremia 20:2; 37:15; 38:6) Batho bao a neng a batla ho ba thusa ke bona ba ileng ba mo hlokofatsa ka tsela ena. Empa Jeremia ha aa ka a hlonama, ebile ha aa ka a iphetetsa. O ile a mamella a sa fele pelo ka lilemo tse mashome.

15 Jeremia ha aa ka a koaloa molomo ke ho hlorisoa kapa ho songoa, ’me lintho tsena ha li re koale melomo kajeno. Ke ’nete hore ka linako tse ling re ka ’na ra nyahama. Jeremia le eena o ile a nyahama. O ile a ngola a re: “Lentsoe la Jehova le fetohile sesosa sa nyeliso le sesomo ho ’na letsatsi lohle. Ka re: ‘Nke ke ka bua ka eena, ’me ha ke sa tla hlola ke bua ka lebitso la hae.’” Joale ho ile ha etsahala’ng? Na Jeremia o ile a tlohela ho bolela litaba tse molemo? O ile a tsoela pele a re: “Ka pelong ea ka [lentsoe la Molimo] la e-ba joaloka mollo o tukang o koaletsoeng masapong a ka; ka khathala ke ho le tiisetsa, ’me ke ne ke sa khone ho le mamella.” (Jeremia 20:8, 9) Hlokomela hore ha a ne a nahana haholo ka ho songoa ke batho, o ile a felloa ke thabo. Empa ha a ne a nahana ka hore molaetsa ona oa hlolla ebile ke oa bohlokoa, thabo ea hae e ne e khutla. Ho feta moo, Jehova o ne a e-ba le Jeremia “joaloka senatla se tšabehang,” a mo matlafatsa hore a bolele lentsoe la Molimo ka cheseho le ka sebete.—Jeremia 20:11.

16. Ke joang re ka lulang re thabile mosebetsing oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo?

16 Na moprofeta Jeremia o ne a thabela mosebetsi oa hae? O ne a o thabela haholo! O ile a re ho Jehova: “Mantsoe a hao a ile a fumanoa, eaba kea a ja; ’me lentsoe la hao ho ’na e ba thabo e khaphatsehang le ho nyakalla ha pelo ea ka; etsoe ke ’nile ka bitsoa ka lebitso la hao, Jehova.” (Jeremia 15:16) Jeremia o ile a thabela tlotla ea ho emela Molimo oa ’nete le ho ruta lentsoe la hae. Le rōna re ka thaba. Ho feta moo, joalokaha mangeloi a thaba leholimong, le rōna rea thaba hore ebe lefatšeng lohle batho ba bangata hakana ba amohela molaetsa oa ’Muso, baa baka, ebile ba kena tseleng e isang bophelong bo sa feleng.—Luka 15:10.

“Mamello ea Jobo”

17, 18. Jobo o ile a mamella ka tsela efe, ’me qetellong ho ile ha etsahala’ng?

17 Ka mor’a hore morutuoa Jakobo a bue ka baprofeta ba boholo-holo, o ile a ngola a re: “Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a ileng a fana ka eona, hore Jehova o na le lerato le mofuthu haholo ’me o mohau.” (Jakobo 5:11) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “mamello” mona, le na le moelelo o tšoanang le oa lentsoe leo Jakobo a le sebelisitseng bakeng sa “ho se fele pelo” temaneng e tlang pele ho ena. Setsebi se seng se ile sa bontša phapang pakeng tsa mantsoe ana a mabeli ha se ngola se re: “[Ho se fele pelo] ho sebetsa ha batho ba re tšoara hampe, [mamello] ke ho phehella ka sebete ha maemo a re thatafalla.”

18 Jobo o ile a tšoenyeha haholo. Leruo la hae le ile la fela, a shoeloa ke bana, a ba a tšoaroa ke boloetse bo bohloko. Hape o ile a loana le liqoso tsa bohata tsa hore Jehova oa mo otla. Jobo ha aa ka a llela ka pelong, empa o ile a utloahatsa sello sa hae hoo a bileng a bolela hore o ne a lokile ho feta Molimo. (Jobo 35:2) Leha ho le joalo, ha aa ka a felloa ke tumelo, ebile ha aa ka a senya botšepehi ba hae. Ha aa ka a rohaka Molimo joalokaha Satane a ne a itse o tla mo rohaka. (Jobo 1:11, 21) Qetellong ho ile ha etsahala’ng? Jehova o ile “a hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho feta tšimoloho ea hae.” (Jobo 42:12) Jehova o ile a folisa Jobo, a eketsa leruo la hae habeli, a ba a mo putsa ka bophelo bo bolelele le bo thabileng a e-na le baratuoa ba hae. Ho mamella ha Jobo ka botšepehi ho ile ha boela ha mo thusa hore a utloisise botho ba Jehova haholoanyane.

19. Re ithuta’ng ka ho mamella ha Jobo a sa fele pelo?

19 Re ithuta eng ka ho mamella ha Jobo a sa fele pelo? Joaloka Jobo, re ka ’na ra kula kapa ra ba le mathata a mang. Mohlomong re ka ’na ra se ke ra utloisisa hantle hore na ke hobane’ng ha Jehova a lumella hore re lekoe ka tsela e itseng. Leha ho le joalo, ’nete eo re e tsebang ke ea hore: Haeba re tšepahala, re tla hlohonolofatsoa. Joang kapa joang Jehova o putsa ba mo batlang ka tieo. (Baheberu 11:6) Jesu o ile a re: “Ea mameletseng ho fihlela bofelong ke eena ea tla pholoha.”—Matheu 10:22; 24:13.

“Letsatsi la Jehova le Tla Tla”

20. Ke hobane’ng ha re sa tsilatsile hore letsatsi la Jehova le tla tla?

20 Le hoja Jehova a sa fele pelo, hape o lokile ’me a ke ke a mamella bokhopo ka ho sa feleng. Ho se fele pelo ha hae ho na le moeli. Petrose o ile a ngola a re: ‘Molimo ha aa ka a ithiba ho faneng ka kotlo ho lefatše la boholo-holo.’ Le hoja Noe le lelapa la hae ba ile ba bolokoa ba phela, lefatše leo le sa tšabeng Molimo le ile la koaheloa ka metsi. Jehova o ile a boela a ahlola Sodoma le Gomora, a li etsa molora. Likahlolo tsena li ile tsa “behela batho ba se nang bomolimo mohlala oa lintho tse tlang ho tla.” Ha re tsilatsile: “Letsatsi la Jehova le tla tla.”—2 Petrose 2:5, 6; 3:10.

21. Re ka bontša ho se fele pelo le ho mamella joang, ’me re tla tšohla taba efe sehloohong se latelang?

21 Kahoo, a re etsiseng ho se fele pelo ha Jehova ka hore re thuse ba bang hore ba fihle pakong e le hore mohlomong ba ka bolokoa. Hape a re etsiseng baprofeta ka ho bolela litaba tse molemo re sa fele pelo le haeba batho bao re ba bolellang ba sa arabele. Ho feta moo, re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa haholo haeba, joaloka Jobo, re mamella liteko ’me re tsoela pele re tšepahala. Re na le mabaka ’ohle a ho thabela tšebeletso ha re bona kamoo Jehova a hlohonolofalitseng haholo kateng boiteko ba batho ba hae ba ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle. Re tla bona sena sehloohong se latelang.

Na U sa Hopola?

• Ke hobane’ng ha Jehova a sa fele pelo?

• Re ithuta eng ka ho se fele pelo ha baprofeta?

• Jobo o ile a bontša mamello joang, ’me qetellong ho ile ha etsahala’ng?

• Re tseba joang hore ho se fele pelo ha Jehova ho na le moeli?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ho se fele pelo ha Jesu ho ne ho tšoana hantle le ho se fele pelo ha Ntat’ae

[Litšoantšo tse leqepheng la 20]

Jehova o ile a putsa ho se fele pelo ha Jeremia joang?

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Jehova o ile a putsa mamello ea Jobo joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela