Re Lokela ho Etsa Tšebeletso ea Rōna re sa Fele Pelo
1. Jehova o bontšitse joang hore ha a felle moloko oa batho pelo?
1 Molimo ha a fele pelo ha a sebelisana le batho. (Ex. 34:6; Pes. 106:41-45; 2 Pet. 3:9) Mohlala o mong o hlaheletseng o bontšang hore ha a fele pelo ebile o lerato o amana le mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso lefatšeng lohle. Jehova o sebelitse le moloko oa batho ka lilemo tse ka bang 2 000, empa o ntse a hulela ba tšepahalang ho eena. (Joh. 6:44) Re ka etsisa tšobotsi ea Jehova ea ho se fele pelo joang tšebeletsong ea rōna?
2. Re ka bontša joang hore ha re fele pelo ha re sebetsa tšimo ea rōna?
2 Tšebeletso ea Ntlo le Ntlo: Re etsisa ho se fele pelo ha Jehova ka ho bolela re “sa khaotse” tšimong eo ho eona batho ba e-s’o ka ba bontša hore ba thahasella litaba tse molemo. (Lik. 5:42) Re mamella re sa fele pelo ha batho ba iphapanya, ba re soma ba bile ba hanyetsa tšebeletso ea rōna. (Mar. 13:12, 13) Re boetse re bontša ho se fele pelo ka ho phehella ha re nosetsa peō ea ’nete esita le moo ho leng thata ho fumana batho ba ratang ’nete malapeng.
3. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re se ke ra fela pelo ha re etsa maeto a ho boela le ha re khanna lithuto tsa Bibele?
3 Lithuto Tsa Bibele: Ha re lema semela, ha rea lokela ho fela pelo. Re ka se hlokomela, empa re ke ke ra etsa hore se hōle ka potlako. (Jak. 5:7) Ka ho tšoanang, motho o hōla moeeng butle-butle le ka mekhahlelo. (Mar. 4:28) Bao re ithutang le bona ba ka ’na ba bona ho le thata ho tlohela lithuto tsa bolumeli ba bohata kapa meetlo e haneloang ke Mangolo. Ha rea lokela ho leka ho potlakisa khōlo ea bona ka ho ba hatella hore ba etse liphetoho. Ha rea lokela ho ba fella pelo empa ho lokela ho fete nako e lekaneng e le hore moea oa Molimo o sebetse ka lipelong tsa bona.—1 Bakor. 3:6, 7.
4. Ho se fele pelo ho ka re thusa joang hore re atlehe ho pakela beng ka rōna ba sa lumelang?
4 Beng ka Rōna ba sa Lumelang: Le hoja re e-na le takatso e matla ea hore beng ka rōna ba sa lumelang ba ithute ’nete, re bontša hore ha re ba felle pelo ka hore re emele nako e loketseng ea ho ba bolella ka tumelo ea rōna, re ntse re le hlokolosi hore re se ke ra ba imetsa ka litaba tse ngata haholo. (Moek. 3:1, 7) Pele nako eo e fihla, re ba pakela ka liketso tsa rōna ’me re lula re loketse ho bolela tumelo ea rōna ka maikutlo a bonolo le ka tlhompho e tebileng. (1 Pet. 3:1, 15) Ka sebele, tšebeletso e etsoang ka ho se fele pelo e tla atleha haholo ’me e tla khahlisa Ntate oa rōna ea leholimong.