Ke Hobane’ng ha Lefatše le Khomaretsoe ke Tšabo?
KE MANG ea batlang ho phela a tšohile? Motho feela ea tloaelehileng o lakatsa ho sireletseha, ho se letho le tšosang bophelo ba hae kapa matlotlo a hae. Ke ka hona ba bangata ba tlohang libakeng tse tletseng tlōlo ea molao. Leha ho le joalo, lisosa tsa tšabo li teng hohle.
Likotsi tse bakoang ke lihlomo le likotsi tsa libōpi tsa matla a nuclear li tsosa tšabo ea hore moloko oa batho o tla senngoa. Pefo e ntseng e e-ja setsi e eketsa tšabo. Ba bangata ba tšaba hore AIDS e tla fetoha seoa se bolaeang ka ho fetisisa sa lekholo lena la lilemo. Ho senyeha ha tikoloho ea rōna ho har’a lisosa tse ling tsa tšabo. Na lintho tsee tse bakang tšabo li na le seo li se bolelang ka ho khethehileng? ’Me na ho na le mohla re ka tšepang hore re tla phela lefatšeng le se nang tšabo e joalo?
Tšabo ea Lefatše ka Bophara e na le Seo e se Bolelang
Tšabo ea kajeno e sabaletseng e na le seo e se bolelang ka lebaka la se ileng sa boleloa esale pele ka Bibeleng. Jesu Kreste boprofeteng ba hae bo buang ka mehla ea qetello o ile a bolela maemo a neng a tla baka tšabo. O itse: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nģa tse ngata.” Jesu o buile hape ka “ngatafalo ea bokhopo.” Ho tloha ka 1914, lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, le ngatafalo ea bokhopo tseo ho seng tse kileng tsa tšoana le tsona li feletse ka tšabo e khōlō le tahlehelo ea bophelo.—Mattheu 24:7-14.
Esita le boikutlo ba batho boa tšosa kajeno. Ho 2 Timothea 3:1-4, re bala mantsoe a moapostola Pauluse a boprofeta: “Mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” Kaha re pota-potiloe ke batho ba joalo mehleng ena ea qetello, hase feela ho nang le tšabo e kana-kana!
Seo Lefatše Lena le ka se Lebellang
Jesu o ile a bapisa nako ena le mehla ea qetello ea lefatše la mehleng ea Noe. Ha ho pelaelo hore tšabo e ne e le khōlō ka nako eo, hobane tlaleho ea histori ea Bibele e re: “Lefatše le ne le bolile pel’a Molimo, ’me lefatše le ne le tletse ho bolaeana [pefo, NW].” Eaba “Molimo o re ho Noe: Bofelo ba nama eohle bo fihlile pel’a ka, hobane lefatše le tletse ho bolaeana.” (Genese 6:11, 13) Lefatše leo le khopo le ne le le mabifi hoo Molimo a ileng a le felisa ka Moroallo oa lefatše lohle. Leha ho le joalo, ka lebaka la lerato, Jehova Molimo o ile a boloka Noe ea lokileng le lelapa la hae.—2 Petrose 2:5.
Ebe ke eng seo lefatše la hona joale le mabifi le ka se lebellang? Ha e le hantle, Molimo o hloile ho se tsotelle boiketlo ba batho ba bang ho mabifi. Sena se totobala mantsoeng a mopesaleme: “Jehova ka boeena o hlahloba ea lokileng hammoho le ea khopo, ’me ka sebele sephefumolohi sa Hae se hloile mang kapa mang ea ratang pefo.” (Pesaleme ea 11:5, NW) Jehova o ile a felisa lefatše le mabifi la mehleng ea Noe. Kahoo joale, na re ke ke ra lebella hore Molimo a felise lefatše lee le hlasetsoeng ke pefo e susumetsang tšabo?
Moapostola Petrose o ile a bululeloa ke Molimo hore a bue ka ho ba teng ha Kreste le ho profeta tlokotsi bakeng sa lefatše le khopo la hona joale. O ile a ngola: “Mehleng ea morao, ho tla hlaha basomi ba tla tsamaea ka litakatso tsa bona, ba soma, ba re: E kae pallo ea ho tla ha hae? Hobane, ha e sa le ho e-shoa bontate moholo, ntho tsohle li sa ntse li tiile, li sa le joalo ka qalong, ha li hloloa.” Petrose joale o ile a sebelisa lentsoe “maholimo” ho emela tsamaiso ea puso e sa phethahalang e okametseng moloko oa batho le lentsoe “lefatše” bakeng sa mokhatlo oa batho o sa lokang. O itse: “Hobane ba lebala ka boomo hoba maholimo a na a hloloe khale ke lentsoe la Molimo, le hoba le lona lefatše le ntšitsoe metsing, la bolokoa har’a metsi; le hoba lefatše la mehleng eo [mehleng ea Noe] le timelitsoe ka ’ona, ha le koahetsoe ke metsi. Ha e le maholimo a joale le lefatše la joale, li boloketsoe mollo ke lentsoe lona leo, li boloketsoe letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.”—2 Petrose 3:3-7.
Ka khopolo e tšoanang, Pauluse o ile a supa hore Kreste le mangeloi a matla a hae o ne a tla tlisa ‘phetetso ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna. Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng.’ (2 Ba-Thessalonika 1:6-9) Buka ea ho qetela ea Bibele e bua ka ho bokellela lichaba “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” ’me e re tiisetsa hore Jehova o tla “senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18; 16:14-16.
Nako ea Nyakallo, Eseng Tšabo
Ho e-na le ho tšosoa ke seo Bibele e se bolelang esale pele bakeng sa lefatše lena, batho ba khabane ba na le lebaka la ho nyakalla. Haufinyane Jehova o tla felisa lefatše lena le khopo, empa sena se tla etsoa molemong oa ba ratang ho loka. Ke eng se tla latela ha Molimo a felisa tsamaiso ea hona joale ea lintho? Ka sebele, tsamaiso e ncha tlas’a ’Muso oa leholimo oa Molimo, oo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba o rapelle! O ile a re: “Joale lōna, rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:9, 10) Ke liphetoho life tse ka lebelloang ha thato ea Molimo e etsoa lefatšeng?
Ntoa le ho tšosa ha eona e tla be e felile. Pesaleme ea 46:9 e re: “O [Jehova Molimo] felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.” Joale batho “ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feie ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang.”—Mikea 4:4.
Maloetse a bolaeang a ke ke a hlola a baka tšabo le ho felisa bophelo. Tšepiso ea bomolimo ke hore: “Ha ho motho ea ahileng Jerusalema ea tla re: Ke bohloko.” (Esaia 33:24) Ke lebaka le leholo hakaakang la nyakallo!
Tšabo e amanang le tlōlo ea molao le pefo le eona e tla fela. Pesaleme ea 37:10, 11 ea tšepisa: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”
Tšabo ea kajeno e tla nkeloa sebaka joang ke khotso ea ’nete le tšireletseho? Ka puso e le ’ngoe ea ho loka—’Muso oa Molimo. Mabapi le nako ea rōna, Daniele 2:44 ea bolela: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.” Morena ea behiloeng ke Jehova, Jesu Kreste, “e ka khona a buse, a tle a be a bee lira tsohle ka tlas’a maoto a hae.” (1 Ba-Korinthe 15:25) Puso ea Lilemo tse Sekete ea Jesu e tla phethahatsa morero oa pele oa Molimo oa hore a be le lefatše la paradeise le ahiloeng ka ho sa feleng ke batho ba nyakaletseng.—Luka 23:43; Tšenolo 20:6; 21:1-5.
Lefatšeng leo la Paradeise, ho tla ba le tšabo e le ’ngoe e molemo. E tla ba tšabo ea “ho tšaba Jehova.” (Liproverbia 1:7) Ha e le hantle, esita le hona joale re tšoanela ho ba le tšabo ena, hobane ke tlhompho e tebileng e tsamaeang le ho tšaba ho halefisa Molimo hobane re ananela mosa o lerato oa hae le molemo. Tšabo ena e hloka hore re tšepe Jehova ka ho feletseng le ho mo mamela ka botšepehi.—Pesaleme ea 2:11; 115:11.
Liketsahalo tse tšosang li tšoaea mehla ena hore ke ea qetello. Leha ho le joalo, haeba re paka hore re rata Molimo, re ka nyakalla ho e-na le ho tšaba. Boprofeta ba Bibele bo bontša hore haufinyane Molimo o tla felisa lefatše lena. Le tla nkeloa sebaka ke lefatše le lecha la ho loka le tšepisitsoeng la Jehova Molimo. (2 Petrose 3:13) Ka sebele, tlas’a puso ea ’Muso ho tla tloha ho e-ba le lefatše le se nang tšabo e se nang molemo.
[Lebokose le leqepheng la 6]
MATLA A KOPI E LE ’NGOE
MOHLANKANA e mong oa Poland, ea bitsoang Tomasz, o ile a kena khathatsong ea molao e ileng ea mo etsa hore a balehe ka hare ho naha. Ka likhoeli tse tšeletseng o ile a haola Europe ka ho tsamaea a kōpa beng ba makoloi a fetang hore ba mo palamise, o ne a robala tenteng ’me a sebetsa mesebetsi e fapa-fapaneng. Khabareng, kelellong ea hae ho ne ho lutse potso e le ’ngoe: Morero oa bophelo ke eng?
Potso ea Tomasz e ile ea arabeloa ha a ne a neoa kopi ea Molula-Qhooa ka Sepolishe. O ile a e bala ka makhetlo a mangata ’me a hlokomela hore makasine ona o na le ’nete eo a neng a ntse a e batla. Tomasz o ile a tsamaea leeto la lik’hilomithara tse 200 ho ea ofising ea lekala ea Watch Tower e Selters/Taunus, Jeremane, ka ho ’na a kōpa beng ba makoloi a fetang hore ba mo palamise. Ha a fihla ka Mantaha mantsiboea, o ile a ntša makasine oa hae oa Molula-Qhooa eaba o re: “Nka lakatsa ha motho e mong a ka ntlhalosetsa haholoanyane ka se ka hare ho makasine ona. Ho hlokahala hore ke etse joang?”
Mantsiboeeng ’ona ao, ba babeli ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba bua le Tomasz ka morero oa bophelo, ba sebelisa Bibele e le motheo oa moqoqo oa bona. Tomasz ka ho chesehela ho ithuta haholoanyane, o ile a khutlela ofising ea lekala letsatsi le leng le le leng bekeng eo, a ithuta Bibele le buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.
Tomasz o ile a etsa qeto ea ho khutlela Poland, le hoja a ne a ka thulana le mathata moo. Kahoo, ka Labohlano, matsatsi a mane feela hoba a fihle ofising ea lekala ea Selters, Tomasz o ile a leba naheng ea habo. O ile a qala hang-hang ho ithuta le Lipaki tsa Jehova, Poland. Tomasz o ile a tsoela pele kapele ’me ka cheseho a qala ho bua le ba bang ka seo a neng a ithuta sona. Ka October 1993, likhoeli tse ’nè feela ka mor’a hore a etele Selters ka lekhetlo la pele, o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova.
Kopi e le ’ngoe feela ea Molula-Qhooa e ile ea thusa mohlankana enoa hore a batlisise morero oa bophelo!
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Tlas’a puso ea ’Muso oa Jesu Kreste, le ka mohla lefatše le ke ke la hlola le khomareloa ke tšabo