Lefatše le Khomaretsoe ke Tšabo
KA LA 26 February, 1993, mohaho oa Setsi sa Khoebo sa Lefatše o mekato e 110 o New York City o ile oa reketlisoa ke ho phatloha ha bomo e khōlō e neng e patiloe ka koloing. Basebetsi ba baloang ka likete ba ile ba koalloa ka har’a li-lift tse emeng kapa ba tlameha ho theoha ba baleha le methating e tletseng mosi. Ba ile ba utloa tšabo e sabaletseng hona joale lefatšeng lena le mabifi.
Batho linaheng tse ngata ba ’nile ba tšosoa ka libomo, tse seng li tloaelehile haholo linaheng tse kang Ireland le Lebanon. Ka sebele, tse 13 li ile tsa phatloha ka letsatsi le le leng feela—la la 12 March, 1993—Bombay, India, li bolaea batho ba ka bang 200! Moshebelli e mong o ile a re: “Bombay eohle e tletse tšabo.” Ho latela makasine oa Newsweek, “ho qaphaka ha libomo tse patiloeng likoloing ho etsa hore li tšajoe ka ho eketsehileng.”
Tšabo ea Nuclear e Hana ho Fela
Ho na le tšabo ea hore libōpi tsa matla a nuclear li hlaseleha habonolo ka libomo. Ho ka ba le tšenyo e khōlō le mahlomola haeba sebaka seo ho fehloang nuclear ho sona se ka hlaseloa ka katleho. Tšabo ena e pakiloe ke ha monna e mong ka khang a ne a leka ho kenya koloi ea hae keiting ea tšireletso ea moo ho fehloang nuclear Sehleke-hlekeng sa Three Mile, United States.
Ba bangata ba tšohile hore batšosi le babusi ba hakaletseng puso ba tla reka lihlomo tsa nuclear. Ba bang ba tšohile hore bo-rasaense ba nuclear ba Soviet ba baloang ka likete ba se nang mesebetsi ba tla leka ho rekisa tsebo ea bona. Ho feta moo, le hoja selekane sa START le litumellano tse ling li ipiletsa hore ho fokotsoe karolo e khōlō ea libetsa tsa nuclear tse etselitsoeng ho hlasela mehloli ea sesole ea sera, ho kenngoa tšebetsong ha litumellano tse joalo ha ho na ho finyelloa ka lilemo tse telele. Khabareng, monyetla oa hore libetsa tsena li ka ’na tsa sebelisoa ke moikakasi e mong ea chesehang ka mokhoa o feteletseng o tlameha ho leketla holim’a moloko oa batho joaloka leru la sefefo se ka ’nang sa hlasela neng kapa neng.
Pefo e Hōlisa Tšabo
Keketseho e sabaletseng ea tlōlo ea molao e mabifi e etsa hore batho ba tšabe ka matlung a bona le literateng. Ho hakanngoa hore ka 1990 ho ile ha bolaoa baahi ba Amerika ba 23 200. Ka mohlala, motseng oa Chicago, keketseho tšebelisong ea liphutheloana tse tsujoang tsa cocaine e ile ea tlatsetsa lipolaong tse ka bang 700 ka selemo se le seng. Libaka tse itseng tsa metse e meng li fetohile mabala a ntoa ao ho ’ona batho ba fetang ka tsela, ho akarelletsa bana, ba ’nileng ba bolaoa ha ho thunyanoa. Makasine o mong o re: “Pefo e phahama ka potlako metseng e boholo bo lekaneng. . . . E mong le e mong oa ameha ha ho pholletsa [United States] metse e tletse lithethefatsi le bacha ba litlokotsebe. Selemo le selemo lelapa le le 1 ho a 4 Amerika le oeloa ke tlōlo ea molao e mabifi kapa bosholu.”—U.S.News & World Report, ea la 7 October, 1991.
Ho tšaba peto ho etsa hore basali ba lule ba tšohile. Fora lipeto tse tlalehoang sepoleseng li ile tsa eketseha ka 62 lekholong ho tloha ka 1985 ho fihlela ka 1990. Nakong ea lilemo tse tšeletseng litlhaselo tsa likamano tsa botona le botšehali li ile tsa menahana habeli ho fihlela ho 27 000 Canada. Jeremane e ile ea tlaleha tlhaselo ea likamano tsa botona le botšehali e le ’ngoe eo ho eona ka metsotso e meng le e meng e supileng motho oa mosali a hlaseloang.
Bana le bona ba tšohile hore na ba sireletsehile. Newsweek e tlaleha hore United States, “bana, esita le ba lihlopheng tsa bone le tsa bohlano, baa itlhomella, ’me matichere le batsamaisi ba likolo baa tšaba.” Boemo bo tebile hoo kotara ea litereke tse khōlō tsa likolo tsa litoropo, e sebelisang lintho tse lemosang ha ho fetisoa tšepe, empa bacha ba ikemiselitseng ba fumana tsela ea ho li qhekella ka hore ba neheletse ba bang lithunya le lifensetereng.
Ho Tšaba AIDS
Batho ba bangata ka ho eketsehileng ba tšaba ho tšoaroa ke AIDS. United States feela ho bile le batho ba fetang 230 000 bao e ba tšoereng. AIDS e fetohile sesosa sa botšelela se seholo sa lefu har’a ba lilemo li 15 ho isa ho tse 24. Newsweek e re: “Ho na le tebello e tšosang ea hore kamoso ho kula ho tla saballa haholoanyane.”
Lefu le bakoang ke AIDS le ntse le ata haholoanyane har’a batho ba mafapheng a tantši, theatera, libaesekopo, ’mino, lifeshene, thelevishene, mesebetsi e khabane, le tse ling tse joalo. Tlaleho e ’ngoe e ile ea bolela hore karolo ea 60 lekholong ea mafu a banna ba lilemong tse 25 ho isa ho tse 44 ba Paris ba lingoli, mesebetsi e khabane le boikhathollo a bakiloe ke AIDS. WHO (World Health Organization [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo]) e tlaleha hore ho tloha ho batho ba limilione tse 8 ho isa ho ba limilione tse 15 lefatšeng ka bophara ba tšoaelitsoe HIV. Dr. Michael Merson, motsamaisi e mong oa WHO, o re: “Joale ho hlakile hore palo ea ba tšoaetsoang HIV lefatšeng ka bophara e ntse e eketseha ka potlako, haholo-holo linaheng tse hōlang moruong.”
Kamoo ho leng kateng, ho boetse ho na le tšabo e amanang le tikoloho le tšabo ea mefuta e meng. Empa leha ho le joalo, litlaleho tsena tse boletsoeng li hlakisa e le tsona feela hore lefatše le khomaretsoe ke tšabo. Na ho na le ho hong ho khethehileng ho boleloang ke see? Na ho na le mohla re ka lebellang ho lokoloha tšabong?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover photos: Left: Tom Haley/Sipa Press; Bottom: Malanca/Sipa Press
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Bob Strong/Sipa Press