Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 8/1 maq. 2-5
  • Tšokelo ea Nyutlelie—Na e Qeteletse e Felile?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšokelo ea Nyutlelie—Na e Qeteletse e Felile?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Pepesetsehela Kotsing Hoa Eketseha
  • Ho Rekisoa Libomo
  • “Libomo tse Behetsoeng Nako” le “Mamena a Lefu” a Khotso
  • Ba Lokela ho Qhalla Litšila Hokae?
  • Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?
    Tsoha!—2004
  • Tšokelo ea Nyutlelie—E Hōle le ho Fela
    Tsoha!—1999
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
  • Na Tšokelo ea Nyutlelie e Tla ke e Fele?
    Tsoha!—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 8/1 maq. 2-5

Tšokelo ea Nyutlelie—Na e Qeteletse e Felile?

“HONA joale ho bonahala eka khotso e ka ba teng Lefatšeng ho feta nakong leha e le efe ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše.” Khakanyo ena e tletseng tšepo e entsoeng ke motlalehi oa litaba bofelong ba bo-1980 e ne e thehiloe ’neteng ea hore litumellano tsa bohlokoa tsa ho beha lihlomo fatše le liphetoho tse sa lebelloang tse khōlō lipolotiking qetellong li ne li felisitse Ntoa ea Mantsoe. Empa na tšokelo ea nyutlelie e leng tšobotsi e hlaheletseng ea qhoebeshano ea mebuso e matla, le eona e ile ea fela? Na ka sebele khotso le tšireletseho tse tšoarellang li ne li le haufi le ho finyelloa?

Ho Pepesetsehela Kotsing Hoa Eketseha

Nakong ea Ntoa ea Mantsoe, ha ho ntse ho itšetlehiloe ka ho fokotsa tšabo bakeng sa ho boloka khotso, mebuso e matla e ile ea lumellana ka ho ntšetsa-pele mahlale a nyutlelie ka sepheo sa ho fumana khotso qetellong empa ea lumellana ho thibela tšebeliso ea mahlale a joalo bakeng sa ho etsa libetsa tsa nyutlelie. Ka 1970 Selekane sa ho Thibela Keketseho ea Mebuso e Nang le Libetsa tsa Nyutlelie se ile sa qala ho sebetsa; hamorao se ile sa amoheloa ke lichaba tse ka bang 140. Leha ho le joalo, mebuso e nang le monyetla oa ho etsa libetsa tsa nyutlelie, e kang Argentina, Brazil, India, le Iseraele, e ile ea hana ho tekena esita le ho fihlela kajeno.

Leha ho le joalo, ka 1985, ’muso o mong o nang le monyetla oa ho etsa libetsa tsa nyutlelie, e leng Korea Leboea, o ile oa tekena. Kahoo ka la 12 March, 1993, ha e ne e tsebisa ka ho ikhula ha eona selekaneng seo, ka ho utloahalang lefatše le ile la arabela ka letheke-theke. Makasine oa litaba oa Jeremane Der Spiegel o ile oa hlokomela: “Tlhokomeliso ea ho ikhula Selekaneng sa ho Thibela Keketseho ea Libetsa tsa Nyutlelie e hlahisa boemo bo tšoanang le ba pele: Hona joale ho na le tšokelo ea tlhōlisano ea libetsa tsa nyutlelie, e qalileng Asia, e ka fetohang e kotsi le ho feta tlhōlisano ea libomo e neng e le lipakeng tsa mebuso e meholo.”

Ka lebaka la bochaba bo ntseng bo hlahisa lichaba tse ling tse ncha ka lebelo le makatsang, mohlomong palo ea mebuso e nang le libetsa tsa nyutlelie e tla eketseha. (Bona lebokose.) Moqolotsi oa litaba Charles Krauthammer oa lemosa: “Ho fela ha tšokelo ea Soviet ha ho bolele ho fela ha kotsi ea nyutlelie. Kotsi ea sebele ke ho eketseha ha mebuso e nang le libetsa tsa nyutlelie, ’me keketseho eo e sa tsoa qala.”

Ho Rekisoa Libomo

Mebuso e lakatsang ho ba le libetsa tsa nyutlelie e laba-labela ho fumana botumo le matla ao libetsa tsena li fanang ka ’ona. Ho boleloa hore naha e ’ngoe e rekile bonyane liqhomane tse peli tsa nyutlelie Kazakhstan. Rephabliki ena eo pele e neng e le ea Soviet e thathamisa ka molao hore liqhomane tsena li “nyametse.”

Ka October 1992 banna ba ’maloa ba ile ba tšoaroa Frankfurt, Jeremane, ba nkile cesium e ntšang mahlaseli haholo ea boima ba ligrama tse 200, e lekaneng ho silafatsa phepelo eohle ea metsi motseng oo. Beke hamorao, limokolara tse supileng li ile tsa tšoaroa Munich li nkile uranium e etsang boima ba lik’hilograma tse 2,2. Ho sibolloa ha bobolu bo bakiloeng ke lihlopha tse peli tsa limokolara tsa nyutlelie ka nako e etsang libeke tse peli ho ile ha tšosa ba boholong, kaha ho ne ho tlalehiloe liketsahalo tse hlano feela tse joalo lefatšeng ka bophara nakong ea selemo sohle se ka pele.

Ha ho tsebahale hore na batho bana ba ne ba ikemiselitse ho rekisetsa lihlopha tsa batšosi kapa mebuso ea sechaba. Leha ho le joalo, monyetla oa ho ba teng ha batšosi ba sebelisang libetsa tsa nyutlelie o ntse o hōla. Dr. David Lowry oa Setsi sa Phatlalatso sa Keketseho ea Linaha tse Nang le Libetsa tsa Nyutlelie Europe o hlalosa kotsi: “Sohle se hlokahalang hore motšosi a se etse ke ho romella sampole ea uranium e atlehileng haholo ho ba boholong ba nkoang e le ba bohlokoa bakeng sa ho e hlahloba, se bolela hore re na le e kana ’me bopaki ke bona. Ho joalokaha sekoeta se romela tsebe e khaotsoeng ea phofu ea sona.”

“Libomo tse Behetsoeng Nako” le “Mamena a Lefu” a Khotso

Ha selemo sa 1992 se qala, mechine e 420 e ntšang matla a nyutlelie ka tsela e laolehileng e ne e itšebeletsa ka khotso ka sepheo sa ho hlahisa motlakase; e meng e 76 e ne e ntse e hahuoa. Empa ha lilemo li ntse li feta, ho ile ha tlalehoa likotsi tse eketsehileng tse bakoang ke mechine e ntšang matla a nyutlelie ka tsela e laolehileng tse kang ho kula ho jeleng setsi, ho senyeha ha limpa, le mefokolo ea tsoalo. Tlaleho e ’ngoe e bolela hore ka 1967 liketsahalo tse ileng tsa hlaha fekthering ea plutonium ea Soviet li ne li ile tsa baka ho ntšoa ha mahlaseli a radioactivity ka makhetlo a mararo ho feta a ileng a ntšoa tlokotsing ea Chernobyl.

Ka ho hlakileng, ketsahalo ena ea morao ea Chernobyl, Ukraine, ka April 1986 ke e ileng ea hapa thahasello litabeng. Ka bo-1970, Grigori Medwedew, motlatsi oa moenjiniere e moholo fekthering ea nyutlelie e Chernobyl, o hlalosa hore “qubu e khōlō ea mahlaseli a radioactivity a tšoarellang nako e telele” ha a akhetsoe sepaka-pakeng “a ka bapisoa le libomo tse leshome tse ileng tsa senya Hiroshima ha ho talingoa liphello tsa nako e telele.”

Bukeng ea hae Tschernobylskaja chronika, Medwedew o thathamisa liketsahalo tse 11 tse tebileng tse etsahetseng mechineng e ntšang matla a nyutlelie ka tsela e laolehileng moo pele e neng e le Soviet Union bohareng ba bo-1980 le tse ling tse 12 tse ileng tsa etsahala United States. Tse etsahetseng United States li ne li akareletsa kotsi e tšosang ka 1979 Sehleke-hlekeng sa Three Mile. Mabapi le ketsahalo eo, Medwedew oa hlokomela: “E ne e le ketsahalo ea pele eo ka ho tebileng e ileng ea senya botumo bo botle ba matla a nyutlelie ’me ea tlosa maikutlo a ho ea le khongoana holimo likelellong tsa batho mabapi le tšireletso ea lifektheri tse sebetsang ka matla a nyutlelie—empa eseng likelellong tsa batho bohle.”

Sena se hlalosa lebaka leo ka lona likotsi tse sehlōhō li ntseng li etsahala. Selemong sa 1992 li ile tsa eketseha ka hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong Russia. Ka mor’a e ’ngoe ea liketsahalo tsena, ka March selemong sona seo seteisheneng sa Sosnovy Bore moo ho fehloang motlakase se St. Petersburg, Russia, boemo ba ho ntšoa ha mahlaseli bo ile ba phahama ka karolo ea 50 lekholong ka leboea-bochabela ho Engelane ’me bo ile ba feta boemo bo lumelletsoeng ka makhetlo a mabeli Estonia le ka boroa ho Finland. Moprofesa John Urquhart oa Univesithi ea Newcastle oa lumela: “Nke ke ka tiisa hore e ne e le ketsahalo ea Sosnovy Bore e ileng ea baka keketseho ena—empa haeba e ne e se ka lebaka la ketsahalo ea Sosnovy Bore, e ne e le ka lebaka la’ng?”

Ba boholong mebusong e meng ba bolela hore mefuta ea mechine e ntšang matla a nyutlelie ka tsela e laolehileng ea Chernobyl e na le phoso moetsong oa eona ’me ehlile e kotsi haholo hore e ka sebelisoa. Leha ho le joalo, e fetang 12 e ntse e sebelisoa bakeng sa ho khahlametsa litlhoko tse khōlō tsa motlakase. Batsamaisi ba bang ba mechine e ntšang matla a nyutlelie ka tsela e laolehileng ba bile ba qoselitsoe ho koala mechine e sebetsanang le tsamaiso ea tšireletso e le ha ba batla ho hlahisa motlakase o mongata. Litlaleho tse kang ena li tšosa linaha tse kang Fora, e sebelisang lifektheri tsa nyutlelie ho hlahisa motlakase oa eona o etsang karolo ea 70 lekholong. Haeba ho ka ba le ketsahalo e kang ea “Chernobyl,” lifektheri tse ngata Fora li ka ’na tsa tlameha ho koalloa ruri.

Kamoo ho bonahalang kateng esita le mechine e ntšang matla a nyutlelie ka tsela e laolehileng e nang le “tšireletso” e fetoha e sa sireletsehang ha e ntse e tsofala. Mathoasong a 1993, nakong ea tlhahlobo ea ho sireletseha e etsoang kamehla, ho ile ha fumanoa likarolo tse fetang lekholo tse peperaneng ka har’a tsamaiso ea lipeipi tsa setala mechineng e ntšang matla a nyutlelie ka tsela e laolehileng ea Brunsbüttel, o mong oa mechine ea khale ka ho fetisisa ea Jeremane. Ho ile ha fumanoa mapetso a joalo mechineng ea Fora le ea Switzerland. E ka ’na ea e-ba ho tsofala ha mechine ho tlatselitseng kotsing ea pele e tebileng fekthering ea Japane e ileng ea hlaha ka 1991. Hona ho fana ka maikutlo a hore ho ka ’na ha etsahala likotsi tse joalo United States, moo mechine ea khoebo e ntšang matla a nyutlelie ka tsela e laolehileng e ka bang ’meli ho e meraro e bileng teng ka lilemo tse ka holimo ho leshome.

Likotsi tsa mechine e ntšang matla a nyutlelie ka tsela e laolehileng li ka etsahala kae kapa kae neng kapa neng. Haeba mechine e joalo e le mengata, tšokelo le eona e ba khōloanyane; haeba mechine e le ea khale haholo, le kotsi e ka ba khōloanyane. Hase feela koranta e ’ngoe ka bosoasi e ileng ea e rehella ka libomo tse behetsoeng nako le mamena a lefu a radioactivity.

Ba Lokela ho Qhalla Litšila Hokae?

Haufinyane tjena batho ba ile ba makala ho fumana hore sebaka sa lipikiniki se pel’a nōka Lithabeng tse Telele tsa Fora se kampetsoe ka terata ’me se katiloe ke sepolesa. Koranta ea The European e ile ea hlalosa: “Litlhahlobo tsa kamehla tse ileng tsa etsoa ka mor’a lefu la mosali e mong sebakeng seo le bakiloeng ke chefu ea beryllium likhoeling tse peli tse fetileng li ile tsa senola hore boemo ba ho ntšoa ha mahlaseli a radioactivity tikolohong eo ea lipikiniki bo ne bo phahame ka makhetlo a 100 ho feta ba sebakeng se e potolohileng.”

Beryllium, tšepe e bobebe ka mokhoa o makatsang e hlahisoang ka mekhoa e mengata e fapaneng, e sebelisoa liindastering tsa lifofane, hape e sebelisoa liteisheneng tsa motlakase o hlahisoang ka matla a nyutlelie ha e lumeletsoe ho ntša mahlaseli. Motheong oa bopaki bo teng, fektheri e hlahisang beryllium e ne e lahletse litšila tse tsoang tšebetsong e kotsi ea ho ntšoa ha mahlaseli sebakeng seo sa lipikiniki kapa haufi le teng. The European e ile ea hlokomela: “Lerōle la beryllium, esita leha le sa ntše mahlaseli, ke o mong oa mefuta e chefu ka ho fetisisa ea litšila tsa indasteri tse kileng tsa tsejoa.”

Ho sa le joalo, ho tlalehiloe hore lifaki tse 17 000 tse tšetseng litšila tsa radioactivity li ile tsa lahleloa metsing a lebōpo la leoatle la Novaya Zemlya lilemong tse fetang 30 tse fetileng, le neng le sebelisoa ke Masoviet e le sebaka sa ho leka nyutlelie mathoasong a bo-1950. Ho phaella moo, likotoana tsa radioactivity tsa likepe tsa nyutlelie tse tsamaeang ka tlaase ho metsi le likarolo tsa bonyane mechine e ntšang matla a nyutlelie ka tsela e laolehileng e 12 li ile tsa lahleloa ka metsing ana a sebelisoang e le sebaka se loketseng sa ho lahlela litšila.

Hore na e etsoa ka boomo kapa che, tšilafalo ea nyutlelie e kotsi. Mabapi le sekepe se tsamaeang ka tlas’a metsi se ileng sa teba mabapi le lebōpo la leoatle la Norway ka 1989, Time e ile ea lemosa: “Sekepe seo se sentsoeng ke leoatle se se ntse se lutla cesium-137, mofuta oa liathomo tse bakang kankere. Ho fihlela joale ho lutla hoo ho talingoa ho fokola haholo hore ho ka ama lintho tse phelang leoatleng kapa bophelo ba batho. Empa Komsomolets le eona e ne e nkile liqhomane tse peli tsa nyutlelie tse nang le plutonium e boima ba lik’hilograma tse 13 eo halofo ea eona e neng e ka lula e phela ka lilemo tse 24 000 ’me chefu ea eona e ne e phahame hoo lethebanyana la eona le neng le ka bolaea motho. Litsebi tsa Russia li ile tsa lemosa hore plutonium e ne e ka qhalanela ka metsing ’me ea silafatsa karolo e khōlō ea leoatle kapele-pele ka 1994.”

Ka ho hlakileng, ho lahla litšila tsa radioactivity hase bothata bo ikhethang ba Fora le Russia feela. Time e tlaleha hore United States e na le “lithaba tse chesang tsa litšila ’me ha ho na sebaka se khethehileng moo li ka bolokoang teng kamehla.” E bolela hore lifaki tse limilione tsa lintho tse bolaeang li bolokiloe ka litorong tsa nakoana ’me kamehla ho na le monyetla oa hore ho ka “hlaha kotsi haeba li lahleha, li utsuoa le ho senya tikoloho haeba li ka tšoaroa hampe.”

E le ho hlakisa kotsi ena, tanka ea litšila tsa nyutlelie moo pele e neng e le fektheri ea libetsa tsa nyutlelie Tomsk, Siberia, e ile ea phatloha ka April 1993, ’me ea tlisa kelellong litšoantšo tse tšoanang le likotsi tsa Chernobyl.

Ka ho totobetseng, mehoo leha e le efe ea khotso le tšireletseho e thehiloeng khopolong ea ho felisoa ha tšokelo ea nyutlelie ha e na motheo o tiileng. ’Me leha ho le joalo khotso le tšireletseho li atametse. Re tseba seo joang?

[Lebokose le leqepheng la 4]

MEBUSO E NANG LE LIBETSA TSA NYUTLELIE

E 12 ’me Palo eo e Ntse e Eketseha

E SENG E PHATLALALITSOE kapa EO E HLILENG E NANG LE TSONA: Afrika Boroa, Belarus, Brithani, Chaena, Fora, India, Iseraele, Kazakhstan, Pakistan, Russia, Ukraine, United States

E NANG LE MONYETLA OA HO BA LE TSONA: Algeria, Argentina, Brazil, Iran, Iraq, Korea Boroa, Korea Leboea, Libya, Syria, Taiwan

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Esita le ho sebelisa matla a nyutlelie ka khotso ho ka ba kotsi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Background: U.S. National Archives photo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Cover: Stockman/International Stock

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

U.S. National Archives photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela