U Rarolla Liphapang Joang?
U sisinyeha habohlasoa—’me ea boraro mokolokong oa litlou tse hlano tsa letsopa e oa seluloaneng se ka holim’a leifo. Tlou ena ea letsopa e tla lokela ho tsosolosoa. Ho seng joalo, mokhoa o lumellanang oo litlou tsena li behoang ka oona o tla senyeha. Leha ho le joalo, mosebetsi oa ho e tsosolosa o batla ho etsoa ka hloko, ’me ha u ikutloe u tšoaneleha. U tla tlameha ho batla keletso kapa esita le ho kōpa setsebi hore se etse mosebetsi ona.
TUMELLANO pakeng tsa baena le bo-khaitseli ba moea ke ea bohlokoa haholo ho feta mekhabiso feela tjee. Mopesaleme o ile a bina ka ho tšoanelehang: “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!” (Pesaleme ea 133:1) Ho rarolla liphapang le Mokreste-’moho le uena ka linako tse ling e ka ba taba e batlang ho sebetsoa ka hloko haholo. Ho feta moo, ba bang ha ba e sebetse ka tsela e nepahetseng. Hangata ‘tsosoloso’ ena e ba bohloko ho sa hlokahale kapa e ba e sa utloahaleng hantle, e sieang boikutlo bo bobe.
Leha ho sa hlokahale, Bakreste ba bang ba batla ho kenya baholo ba behiloeng litabeng tseo ba neng ba ka li sebetsa e le bona. Sena se ka etsahala hobane ba sa nepisise hore na ba tšoanetse ho etsa joang. Moena e mong ea nang le phihlelo ho faneng ka keletso ea Bibele o ile a hlalosa hore: “Baena ba rōna ba bangata ha ba tsebe kamoo ba ka sebelisang keletso ea Bibele ho lokisa liphapang tsa bona.” O ile a tsoela pele: “Hangata, ha ba latele tsela eo Jesu a etsang lintho ka eona.” Kahoo, hantle-ntle Jesu o ile a re’ng ka kamoo Mokreste a lokelang ho rarolla liphapang le moena oa hae? Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tloaelana hantle le keletso ee le ho ithuta kamoo e ka sebelisoang kateng?
Liphapang tse Fokolang
“Ka baka leo, ha u hlahisa kabelo ea hao aletareng, ’me teng u hopola hobane ngoan’eno o na le taba le uena, siea kabelo ea hao moo, pel’a aletare, u ee ho boelana le ngoan’eno pele, u ntano tla hlahisa kabelo ea hao.”—Mattheu 5:23, 24.
Ha Jesu a ne a bua mantsoe ao, e ne e le tloaelo ho Bajode hore ba nyehele mahlabelo, kapa ba nehelane ka likabelo aletareng ea tempele Jerusalema. Haeba Mojode a ne a sitetsoe Moiseraele oa habo, ea sitiloeng o ne a ka fana ka nyehelo e feletseng e chesitsoeng kapa nyehelo ea sebe. Mohlala oo Jesu a faneng ka oona o tla ka nako ea bohlokoa haholo. Ha motho a le aletareng ’me a le makhatheng a ho nyehela kabelo ea hae ho Molimo, a hopola hore ngoan’abo o na le ho hong khahlanong le eena. E, ho ne ho hlokahala hore Moiseraele a utloisise hore ho boelana le ngoan’abo ho lokela ho tla pele ho ho phethahatsa tšoanelo e joalo ea bolumeli.
Le hoja linyehelo tse joalo li ne li hlokahala Molaong oa Moshe, tsona ka botsona e ne e se tsa bohlokoa bo boholo haholo mahlong a Molimo. Moprofeta Samuele o ile a re ho Morena Saule ea sa tšepahaleng: “Hleka Jehova o khahloa ke licheso le ke mahlabelo, joalo ka ha a khahloa ha ho utluoa lentsoe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, ’me mamelo e fetisa mafura a lipheleu.”—1 Samuele 15:22.
Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a pheta tatelano ena ea lintho ho ea ka bohlokoa ba tsona ’me a bontša barutuoa ba hae hore ba tlameha ho rarolla liphapang tsa bona pele ba etsa linyehelo. Kajeno, linyehelo tse hlokoang ho Bakreste ke tsa moea—“sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.” (Ba-Heberu 13:15) Leha ho le joalo, molao-motheo ona o ntse o sebetsa. Moapostola Johanne ka ho tšoanang o bontša hore e ka ba lefeela hore motho a bolele hore o rata Molimo haeba a hloile ngoan’abo.—1 Johanne 4:20, 21.
Ho thahasellisang ke hore motho ea hopolang hore ngoan’abo o na le ho hong khahlanong le eena o lokela ho nka bohato ba pele. Boikokobetso boo a bo bontšang ka tsela eo bo ka ’na ba hlahisa litholoana tse ntle. Mohlomong, motho ea sitetsoeng a ke ke a hana ho sebelisana le motho ea tlang ho eena a lumela liphoso tsa hae. Molao oa Moshe o ne o qaqisa hore ntho leha e le eng e nkiloeng ka phoso e ne e lokela ho khutlisoa e feletse ’me e ne e lokela ho eketsoa ka karolo ea bohlano. (Levitike 6:5) Ho tsosolosa likamano tsa khotso, le tse lumellanang ka ho tšoanang ho tla ba bonolo haeba, ka kutloisiso e feletseng ea poleloana ena, ea sitiloeng a bontša takatso ea hae ea ho etsa ho fetang ho hlokahalang ho lokisa tšenyo leha e le efe eo e ka ’nang eaba o e bakile.
Leha ho le joalo, hase kamehla boiteko ba ho tsosolosa likamano tsa khotso ho atlehang. Buka ea Liproverbia e re hopotsa hore ho thata ho rarolla liphapang le motho ea thatafalloang ke ho ananela. Liproverbia 18:19 e re: “Ngoan’abo motho, ha a hlabehile, o thata ho feta motse o qhobosheane; liphapang tsa bona li ba joalo ka mekoallo e koallang matlo a borena.” Phetolelo e ’ngoe e baleha tjena: “Ngoan’abo motho ha a sitetsoe o haptjoa ka thata haholo ho feta motse o matla: ’Me ho ngangisana ha bona ho tšoana le mekoallo ea qhobosheane.” (The Englishman’s Bible) Leha ho le joalo, qetellong, boiteko bo entsoeng ka tieo le ka boikokobetso ho ka etsahala hore bo atlehe tabeng ea balumeli-’moho ba lakatsang ho khahlisa Molimo linthong tsohle. Empa moo ho nang le pelaelo ea sebe se feteletseng ho hlokahala hore ho sebelisoe keletso ea Jesu e tlalehiloeng ho Mattheu khaolo ea 18.
Ho Rarolla Liphapang tse Tebileng
“Ekare ha ngoan’eno a u sitetsoe, e-ea, u mo laee u e-na le eena a notši; ha a u mamela, etlaba u ruile ngoan’eno. Empa ha a sa u mamele, u ee le e mong, leha ba ka ba babeli, polelo tsohle li tle li tiee ke melomo ea lipaki tse peli kapa tse tharo. Ekare ha a sa ba utloe, u bolelle kereke; ha a sa utloe le kereke, ho uena a be joalo ka mohetene le mo-lekhetho.”—Mattheu 18:15-17.
Ho thoe’ng haeba Mojode (kapa hamorao, Mokreste) a ne a oela mathateng a tebileng le morapeli-’moho le eena oa Jehova? Ea neng a nahana hore o sitetsoe o ne a lokela ho nka bohato ba pele. O ne a lokela ho bua taba boinotšing le ea sitiloeng. Ka sebele o ne a ka rua ngoan’abo habonolo haholoanyane ka hore a se ke a leka ho ikemela, haholo-holo haeba e ne e bile taba ea ho se utloisise feela ho neng ho ka felisoa kapele. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tla lokisoa habonolo haeba ba amehang ka ho toba e ne e le bona feela ba tsebang ka taba eo.
Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore bohato ba pele bo se ke ba lekana. Hore ho sebetsoe boemo boo, Jesu o ile a re: “U ee le e mong, leha ba ka ba babeli.” Ke hantle ha bana e ka ba lipaki tse boneng. Mohlomong ba ne ba ile ba utloa ha e mong oa batho bana a etselletsa e mong, kapa mohlomong ba nkoang e ne e bile lipaki tsa tumellano e ngotsoeng eo bana ba babeli ba seng ba sa utloane ka eona. Ka lehlakoreng le leng, ba nkoang e ka ba lipaki ha lintlha leha e le life, tse kang bopaki bo ngotsoeng kapa ba molomo li buuoa ho fumana lebaka la bothata. Le hona mona, palo e nyenyane kamoo ho ka khonehang—‘a le mong, leha e le ba babeli’—ke eona e lokelang ho tseba taba ena. Sena se ka thibela hore lintho li mpefale haeba taba e ne e le ho se utloisise feela.
Sepheo sa motho ea sitetsoeng e lokela ho ba sefe? Na o lokela ho leka ho nyenyefatsa Mokreste-’moho le eena ’me a batle hore a bontše boikokobetso bo feteletseng? Ha ho talingoa keletso ea Jesu, Bakreste ha baa lokela ho potlakela ho ahlola banab’abo bona. Haeba mofosi a hlokomela phoso ea hae, a kōpa tšoarelo, ’me a leka ho lokisa litaba, ea sitetsoeng o tla be a ‘ruile ngoan’abo.’—Mattheu 18:15.
Haeba taba e sitiloe ho rarolleha, e ne e lokela ho isoa phuthehong. Tabeng ea pele, sena se ne se bolela baholo ba Bajode empa hamorao, se ne se bolela baholo ba phutheho ea Bokreste. Mofosi ea sa bakeng a ka ’na a lokela ho lelekoa phuthehong. Seo ke sona se boleloang ka ho mo nka a le “joalo ka mohetene le mo-lekhetho,” e leng bao Bajode ba neng ba ba koekoetla. Bohato bona bo tebileng bo ne bo ke ke ba nkoa ke Mokreste leha e le ofe a le mong. Baholo ba behiloeng, ba emelang phutheho, ke bona feela ba filoeng matla a ho nka bohato bo joalo.—Bapisa le 1 Ba-Korinthe 5:13.
Taba ea hore hoa etsahala hore mofosi ea sa bakeng a khaoloe, e bontša hore Mattheu 18:15-17 ha e amane le liphapang tse fokolang. Jesu o ne a bua ka litšito tse tebileng, empa leha ho le joalo e le tsa mofuta o ka ’nang oa lokisoa lipakeng tsa batho ba babeli feela ba amehang. Ka mohlala, tšito e ka ’na ea e-ba ho etselletsa, ho amang botumo ba mohlaseluoa ka botebo. Kapa mohlomong e ka ama litaba tsa lichelete, hobane litemana tse latelang li na le setšoantšo sa Jesu sa lekhoba le se nang mohau le neng le tšoaretsoe molato o moholo. (Mattheu 18:23-35) Molato o sa lefuoang ka nako eo ho lumellanoeng ka eona e ka ’na ea e-ba bothata feela ba nakoana bo ka rarolloang habonolo pakeng tsa batho bao ba babeli. Empa e ka ba sebe se tebileng, e leng, bosholu, haeba ea alimiloeng ka manganga a ile a hana ho lefa molato oa hae.
Libe tse ling li ke ke tsa rarolloa habonolo feela pakeng tsa Bakreste ba babeli. Tlas’a Molao oa Moshe, libe tse tebileng tse kang ho bitsetsa motho e mong bomalimabe phatlalatsa li ne li lokela ho tlalehoa. (Levitike 5:1; Liproverbia 29:24) Ka ho tšoanang, libe tse tebileng tse amang bohloeki ba phutheho li lokela ho tlaleheloa baholo ba Bakreste.
Leha ho le joalo, litaba tse ngata tsa likhohlano pakeng tsa Bakreste ha li oele tlas’a mokhoa ona oa ho sebetsa litaba.
Na Ebe U ka Tšoarela Feela?
Hang-hang ka mor’a hore Jesu a hlalose kamoo ho ka rarolloang liphapang tse tebileng, o ile a ruta thuto e ’ngoe ea bohlokoa. Rea bala: “Eaba hona Petrose a mo atamelang, a re: Morena, ngoan’eso ha a ntse a ntšiteloa, ke tla mo tšoarela hakae na? E tla ba hasupa na? Jesu a re ho eena: Ke re ho uena: E se ke ea e-ba hasupa, e mpe e be hamashome a supileng a baloang hasupa.” (Mattheu 18:21, 22) Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba tšoarele “hasupa ka tsatsi le le leng.” (Luka 17:3, 4) Ho hlakile joale hore ho ipiletsoa ho balateli ba Kreste hore ba rarolle liphapang ka hore ba tšoarelane ka bolokolohi.
Ena ke karolo e hlokang boiteko bo matla. Motho eo litaba tsa hae li qotsitsoeng sethathong o ile a re: “Baena ba bang ho hang ha ba tsebe ho tšoarela.” A phaella: “Ba bonahala ba makala ha motho e mong a hlalosa hore ba ka khetha ho tšoarela, taba ea pele le e ka sehloohong e le hore ba boloke khotso ka phuthehong ea Bokreste.”
Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le mamellane, le rekolohelane, ’me ekare ha e mong a e-na le komang le e mong joalo ka ha Kreste a le hauhetse, etsang joalo le lōna.” (Ba-Kolosse 3:13) Ka hona, pele re e-ea ho ngoan’abo rōna eo e ka ’nang eaba o re sitetsoe, ho ka ba molemo ho nahanisisa ka lipotso tse latelang: Na tšito ee ke eo ho leng bohlokoa hore ke bue le eena ka eona? Na ka sebele ho ke ke ha etsahala hore ka moea oa ’nete oa Bokreste, ke lebale se etsahetseng? Haeba ke ne ke le boemong ba hae, na ke ne nke ke ka batla hore ke tšoareloe? ’Me haeba ke khetha hore ke se ke ka tšoarela, na nka lebella hore Molimo a arabe lithapelo tsa ka ’me a ntšoarele? (Mattheu 6:12, 14, 15) Lipotso tse joalo li ka re thusa haholo hore re be ba tšoarelang.
Boikarabelo bo bong ba rōna ba bohlokoa re le Bakreste ke ho boloka khotso ka phuthehong ea batho ba Jehova. Ka hona, a re sebeliseng keletso ea Jesu. Sena se tla re thusa hore re tšoarele ka bolokolohi. Moea o joalo oa ho tšoarela o tla tlatsetsa leratong la boena leo e leng letšoao le khethollang barutuoa ba Jesu.—Johanne 13:34, 35.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Bakreste ba ka rarolla liphapang tsa bona ka ho latela keletso ea Jesu