Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 8/15 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Khetha Davida
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Monna ea Ratoang ke Pelo ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Esaia—I
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Davida le Goliathe
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 8/15 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Kaha Jesu ke ngoana oa leloko la Jese le la Davida, ke hobane’ng ha a bitsoa “motso” oa baholo-holo ba hae Jese le Davida?

Ka ho tloaelehileng u nahana hore motso oa sefate kapa semela o hlaha pele ho kutu kapa makala. Kahoo ho ka bonahala ho utloahala hore ho buuoe ka Jese (kapa mora oa hae Davida) e le motso oo qetellong Jesu a hlahileng ho oona. Leha ho le joalo, Esaia 11:10 (NW) e boletse esale pele hore Messia ea tlang e tla ba “motso oa Jese,” ’me Ba-Roma 15:12 (NW) e sebelisitse boprofeta bona ho Jesu Kreste. Hamorao Tšenolo 5:5 (NW) e mo bitsitse “Tau ea leloko la Juda, motso oa Davida.” Ho na le mabaka bakeng sa ho mo tsebahatsa tjena.

Hangata Bibele e sebelisa semela, se kang sefate, ka tšoantšetso. Ka linako tse ling sena se bakoa ke ’nete ea hore peō ha e mela ’me e hōla, metso e hōla pele ho makala a maholo, makala a mang a manyenyane, kapa litholoana tseo kaofela li tšehetsoang ke metso. Ka mohlala, Esaia 37:31 ea baleha: “Masala a phonyohileng a ntlo ea Juda a tla mela metso fatše, a behe le litholoana holimo.”—Jobo 14:8, 9; Esaia 14:29.

Haeba motso o lemala, sefate kaofela sea ameha. (Bapisa le Mattheu 3:10; 13:6.) Ka lebaka leo, Malakia o ile a ngola: “Tsatsi leo le tlang le tla ba chesa, ho bolela Jehova oa makhotla, ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.” (Malakia 4:1) Se boleloang se hlakile—timetso e feletseng. Batsoali (metso) ba tla felisoa, haesita le bana (makala) ba bona.a Sena se hatella boikarabelo boo batsoali ba nang le bona ka bana ba banyenyane; bokamoso ba ka ho sa feleng ba bana ba bona ba banyenyane bo ka lekanyetsoa ke boemo ba batsoali ba bona ho Molimo.—1 Ba-Korinthe 7:14.

Puo e sebelisitsoeng ho Esaia 37:31 le Malakia 4:1 e hatella ntlha ea hore makala a maholo (le litholoana tse makaleng a manyenyane) li fumana bophelo ba tsona metsong. Sena ke senotlolo sa ho utloisisa kamoo Jesu e leng “motso oa Jese” le “motso oa Davida.”

Ka tsela ea nama, Jese le Davida e ne e le baholo-holo ba Jesu; e ne e le metso, eena e le lehlomela kapa lekala. Esaia 11:1 e boletse tjena ka Messia ea tlang: “Lekala le tla tsoa kutung ea Jese, lehlomela le hlomele metsong ea hae, le behang litholoana.” Ka ho tšoanang ho Tšenolo 22:16, Jesu o ipitsa “moloko oa Davida.” Empa o boetse o ipitsa “motso oa Davida.” Hobane’ng?

Tsela e ’ngoe eo ka eona Jesu e leng “motso” oa Jese le Davida ke hore ke ka eena tatellano ea moloko oa bona e sa leng teng. Kajeno ha ho motho ea ka pakang hore ke oa leloko la Levi, Dane, kapa esita le la Juda, empa re ka tiisa hore leloko la Jese le la Davida le ntse le le teng hobane hona joale Jesu oa phela leholimong.—Mattheu 1:1-16; Ba-Roma 6:9.

Jesu o boetse a amohela boemo ba ho ba Morena oa leholimo. (Luka 1:32, 33; 19:12, 15; 1 Ba-Korinthe 15:25) Sena se amana le kamano ea hae esita le baholo-holo ba hae. Ka boprofeta, Davida o ile a bitsa Jesu Morena oa hae.—Pesaleme ea 110:1; Liketso 2:34-36.

Qetellong, Jesu Kreste o fuoa matla a ho ba Moahloli. Nakong e tlang ea Lilemo tse Sekete, melemo ea thekollo ea Jesu e tla fetisetsoa esita le ho Jese le Davida. Ka nako eo bophelo ba bona lefatšeng bo tla itšetleha ka Jesu, ea tla sebeletsa e le “Ra-bo-sa-feleng” oa bona.—Esaia 9:6.

Ka lebaka leo, le hoja Jesu a hlahile lelokong la Jese le Davida, seo a leng sona le seo e leng hona a tla se etsa se mo etsa hore a tšoanelehe ho bitsoa “motso oa Jese” le “motso oa Davida.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mantsoe a ngotsoeng a boholo-holo a Phoenicia a ha ho patoa bafu a sebelisa puo e tšoanang. A bolela tjena ka leha e le bafe bao e leng ba pele ho sebelisa sebaka sa lepato: “E se eka ba ka se be le metso tlaase kapa litholoana holimo!”—Vetus Testamentum, April 1961.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela