Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 10/1 maq. 3-4
  • Bibele—Bohlokoa ba Eona ba Sebele ke Bofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele—Bohlokoa ba Eona ba Sebele ke Bofe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lengolo Lohle le Molemo Bakeng sa ho Ruta
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lithuto Tsa ’Nete Tse Khahlisang Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Bibele ke Buka e Tsoang ho Molimo
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 10/1 maq. 3-4

Bibele—Bohlokoa ba Eona ba Sebele ke Bofe?

MONNA e mong oa lelapa o bolela hore: “Bibele ke sephiri, buka e ngotsoeng ka morero oa hore e se ke ea utloisisoa.” E mong oa hlalosa: “Kea tseba hore Bibele ke buka ea bohlokoa, empa ha ke e tsebe hakaalo. Ho thata ho e utloisisa.”

The Toronto Star e ile ea re: “Bakreste ba bangata ba tseba . . . ho honyenyane haholo ka Bibele.” Mofumahali e mong oa Mok’hatholike o ile a re: “Ho ba le Bibele ho nketsa hore ke ikutloe ke thabile. Ho tlisa khotso ea kelello.” Motšoasi e mong oa litlhapi o re: “Bibele e tšoana le sesupa-tsela se tataisang motho bophelong bona bo thata, bo ferekaneng ka ho fetisisa se mo lebisang sebakeng sa tšireletseho.” Ho ea ka mantsoe a eo e neng e le Mohindu, “Bibele ke Lentsoe la Molimo le mpho ho moloko oa batho hape ke setlhare sa mahlomola a moea.”

Ho na le maikutlo a mangata le a sa tšoaneng ka hore na bohlokoa ba ’nete ba Bibele ke bofe. Leha ho le joalo, bohlokoa ba sebele ba eona ke bofe?

Bibele ke buka ea bohlokoahali le e abjoang ka mokhoa o sabaletseng haholo ho feta buka leha e le efe e teng. Maqepheng a eona ho na le likarabo bakeng sa mathata a tsietsang ka ho fetisisa ao motho a kileng a thulana le ’ona kapa ao a sa ntseng a tla talimana le ’ona. Ha ho letho le ka lekanngoang le ho sebetsa ha keletso ea eona. E buella litekanyetso tsa boitšoaro tseo ho seng tse phahameng ho li feta. Molaetsa oa eona o matla o bile o molemo. Buka ena ea bohlokoa ho feta tsohle e lokela ho tlosoa liluloaneng tsa libuka ’me e fuoe tlhokomelo e khethehileng e be e hlahlobisisoe.

Re ka phetla Bibele ka kholiseho e feletseng ea hore e nepahetse ka ho feletseng, ea tšepahala, hape ke ’nete. Liketsahalo tsa histori tse tlalehiloeng ka ho eona li tiisoa ke histori ea lefatše. Khafetsa, lintho tse sibolloang ke baepolli ba lintho tsa khale li lumellana le hore Bibele e thehiloe holim’a litaba tsa sebele ’me e bolela ’nete. Botšepehi ba bangoli ba Bibele bao ho hakanngoang hore ba 40 bo ba khetholla e le banna ba neng ba lula ’neteng ba bile ba tšepahala. Ho lumellana ho ka hare ho Bibele ho bontša hore ha ea simoloha bathong. Liketsahalo tse tlalehiloeng ka ho eona ke tsa sebele. Batho bao e buang ka bona ke ba sebele. Libaka le litulo tseo e buang ka tsona ke tsa sebele. Ho feta moo, Bibele e na le boprofeta bo hlaheletseng boo ka ho ke keng ha latoloa bo tsebahatsang Jehova Molimo e le Moqapi oa Bibele.—2 Petrose 1:21.

Morupeli e Moholo oa rōna o ile a tiisa hore tsebo e amang thato ea hae le merero e ne e tla ba teng hore ba e batlang ba e fumane. Ha e le hantle, Jehova o re bolella ka puo e hlakileng hore ke thato ea hae hore batho ba mefuta eohle ba ithute Lentsoe la hae ’me “ba fihle tsebong ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4; Liproverbia 1:5, 20-33) Ena ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoahali tseo re ka li etsang bophelong ba rōna. Ke phephetso eo re tlamehang ho talimana le eona. Bakreste ba pele ba ne ba utloisisa sena. E mong oa bona o ile a susumeletseha hore a re: “Seo ke se kōpang, ke hore lerato la lōna le ’ne le eketsehe ka mehla, ka tsebo le ka kelello eohle; le tle le tsebe ho lemoha litaba tse fetisang ka molemo.”—Ba-Filippi 1:9, 10; Ba-Kolosse 1:9, 10.

Bibele ke mokhoa o ka sehloohong oo ka oona ’Mōpi a fetisetsang thato ea hae le morero ho lelapa la motho, ’me e hlalosa hore na rōna ka bomong re kena joang morerong oo. Ho eona ho tlalehiloe liketsahalo tsa nako e fetileng, ’me e fana ka pono e hlakileng mabapi le nako e tlang. Bibele e thathamisa thuto e nepahetseng ’me e beha ka kotloloho hore na ke eng eo re tšoanelang ho e lumela le eo re sa tšoanelang ho e lumela. (Liketso 17:11; 2 Timothea 3:16, 17) E fana ka melao ea boitšoaro eo motho a lokelang ho phela ka eona, ’me e tataisa batho ka tsela eo ba ka atlehang le ho thaba ka eona. (Mattheu, likhaolo tsa 5 ho ea ho 7) E totobatsa ’Muso oa Molimo e le eona tšepo feela bakeng sa moloko oohle oa batho ’me e bontša kamoo puso ea hae e leng eona kofuto e tla halaletsa lebitso la hae le ho tlosa qoso bobusing ba hae. Bibele e hlalosa tsela eo ho hlokahalang hore re e phehelle hore re thabele kamano e haufi le e lerato le Monehi-Bophelo oa rōna, Jehova.

Ho feta moo, Bibele ke eona feela buka e tla u tataisetsa moputsong o moholo ka ho fetisisa oo moloko oa batho o tla o fumana esale o le teng—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise e le batho ba phethahetseng. (Ba-Roma 6:23) Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova oa re bolella: “Bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Ka sebele buka ea bohlokoa bo boholo joalo e lokela ho re susumeletsa hore re ithute seo re lokelang ho se etsa e le hore re fumane moputso oa bophelo bo sa feleng. Bibele ke buka e ngotsoeng ka morero oa hore e utloisisoe, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela