Lengolo Lohle le Molemo Bakeng sa ho Ruta
1 Maikutlo ka bohlokoa ba Bibele a mangata ebile ha a tšoane. Leha ho le joalo, re kholisehile hore ka hare ho eona ho na le likarabelo mathateng a tsielitseng moloko oa batho le hore ho boetse ho na le tataiso e tšepahalang tseleng ea rōna ea botho bophelong. (Liprov. 3:5, 6) Bohlale ba keletso ea eona bo ke ke ba lekanngoa. Litekanyetso tsa boitšoaro tseo e li buellang ke tse phahameng ka ho fetisisa. Molaetsa oa eona ke o matla, o “ahlola maikutlo le mehopolo ea pelo.” (Ba-Heb. 4:12) Re ka thusa ba bang joang hore ba bone hore hoa hlokahala ho theola buka ee lishelefong le ho e hlahlobisisa ka hloko? U ka ’na ua leka tse ling tsa litlhahiso tse latelang ha u nehelana ka buka Moloko oa Batho o Batla Molimo e e-na le New World Translation ka November.
2 Kaha batho ba bangata bao re kopanang le bona e ka ’na eaba ke balumeli ’me ba sa thahaselle ho fetola bolumeli ba bona, mohlomong katamelo ena e tla hapa tlhokomelo ea bona:
◼ “Ha re ntse re buisana le baahelani ba rōna, re fumana hore batho ba bangata ba khotsofetse ka bolumeli ba bona ’me ha ba batle ho fetoha. Empa haeba batho ba ipha nako ea ho hlahloba litumelo tsa ba bang, na u nahana hore see se ka lebisa kutloisisong e molemonyana le ho fokotseheng ha lehloeo lefatšeng? [Emela mong’a ntlo hore a arabele.] Hlokomela seo Bibele e se buang ka ba ratang Molimo le hore na ba lokela ho ikutloa joang ka ba bang.” Ka mor’a ho bala Liketso 17:26, 27, lebisa tlhokomelo serapeng sa 15 le sa 16 leqepheng la 10 la buka Moloko oa Batho o Batla Molimo. Nehelana ka buka eo ka monehelo oa R5,30.
3 Tlhahiso e ’ngoe ke ena eo u ka nahanang ka eona:
◼ “Nako le nako ha re bala koranta kapa re mamela litaba re utloa ka bothata bo bong bo sithabetsang bo re etsang hore re ikutloe re tšoenyehile. [Bolela ketsahalo e ’ngoe e tšoenyang e sa tsoa tlalehoa litabeng.] Re ka sebetsana ka katleho joang le mathata a kang aa? [Emela karabelo.] Morao koana ka 1983 eo e neng e le mopresidente oa United States ka nako eo [Ronald Reagan] o ile a re Bibele e na le molaetsa o moholohali o kileng oa ngoloa le hore ‘ka hare ho maqephe a eona ho na le likarabelo tsohle mathateng ’ohle ao motho a kileng a a tseba.’ Seo a se buileng se re hopotsa seo Bibele ka boeona e se bolelang. [Bala 2 Timothea 3:16, 17.] E re ke u bontše hore na ke hobane’ng ha re lokela ho ba le tšepo Bibeleng.” Totobatsa tse ling tsa lintlha tsa sehlooho tse tsoang pampitšaneng ena Lebaka la Hore U Tšepe Bibele. “E le ho thusa ho haha tšepo Bibeleng re fa baahelani ba rōna phetolelo ena ea kajeno, New World Translation le thuso ea ho ithuta Bibele e nang le sehlooho sena Moloko oa Batho o Batla Molimo. Re tla thabela ho khutla le ho tla u bontša hore na u ka fumana se molemohali joang ka ho ithuta Bibele.” Nehelana ka lingoliloeng tseo tse peli ka R19,30.
4 Haeba ho e-na le batho ba bangata bao e seng balumeli tšimong ea lōna, u ka ’na ua leka katamelo ena:
◼ “Batho ba bangata sebakeng sena ba talima libuka tse ling tse halalelang e le tse ikhanyetsang le hore hase letho ha e se hore ke litšōmo feela. Ba bone lintho tse ngata haholo tse mpe tse etsoang ka lebitso la bolumeli hoo ba seng ba sa tšepe le Bibele. Ha e le hantle, batho ba eketsehileng baa ipotsa hore na Bibele ke Lentsoe la Molimo kapa la motho. Maikutlo a hao ke afe?” Emela karabo. Ho itšetlehile ka karabelo ea mong’a ntlo, phetla karolong ea buka ena Moloko oa Batho o Batla Molimo, e buang ka khanyetso kapa pono ea mong’a ntlo ’me le tšohle ntlha e le ’ngoe kapa tse peli. Ka mohlala, u ka ’na ua ba le monyetla oa ho sebelisa lebokose le leqepheng la 340 le la 341.
5 Morupeli oa rōna e Moholo o entse bonnete ba hore tsebo ea thato ea hae e-ea fumaneha ho bohle ba batlang ho ithuta. Ho thusa ba bang ho ananela bohlokoa ba sebele ba Bibele ke e ’ngoe ea lintho tse molemohali tseo re ka li etsang ho ba thusa; e ka pholosa bophelo ba bona.—Liprov. 1:32, 33.