Bohlokoa ba Bibele Lefatšeng la Kajeno
1 Kajeno ba bangata ba talima Bibele e le e siiloeng ke nako kapa tšōmo. Le hoja e le buka e abjoang ka ho pharaletseng ka ho fetisisa le e fetoleloang haholo historing eohle, ke ba ’maloa haholo ba e balang, ’me ke ba seng bakae ba sa ntseng ba latela tataiso ea eona.
2 Ka ho fapaneng, re nka Bibele e le ea bohlokoa joaloka Lentsoe la Molimo. Linnete li bontša hore e nepahetse litabeng tsa histori. Ho feta moo, ho lumellana ha eona ho babatsehang, boprofeta ba eona, bohlale ba eona, le tšusumetso ea eona e matla ea se molemo bophelong ba batho kaofela li bontša hore Bibele e ‘bululetsoe ke Molimo.’ (2 Tim. 3:16) Phihlelo ea rōna ea botho le kananelo ea rōna bakeng sa mpho ena e babatsehang li lokela ho re susumeletsa ho khothaletsa ba bang ho hlahlobisisa bohlokoa ba eona ba ’nete.
3 Katamelo e ’ngoe e ka ba ena:
◼ “Ka lebaka la mathata a tebileng ao batho ba talimaneng le ’ona, batho ba bangata ba thatafalloa ho lumela ho Molimo, kapa ba belaella matla a Molimo a ho rarolla mathata ao re talimaneng le ’ona. U ikutloa joang ka seo? [Emela karabo.] Hlokomela sehlooho sa pampitšana ena, Lebaka la Hore U Tšepe Bibele.” Lebisa tlhokomelo setšoantšong se leng sekoahelong ’me u bale serapa sa pele le sa bobeli leqepheng la 2. Haeba mong’a ntlo a bontša thahasello, u ka bala le ho tšohla mangolo a bontšitsoeng serapeng sa bobeli. Etsa litokisetso tsa ho khutlela ho tšohla pampitšana ka ho eketsehileng—mohlomong ka ho sebelisa se seng sa lihloohoana, ka tsela ea potso, bakeng sa ho tsosa thahasello.
4 Katamelo e ’ngoe e ka ba e kang ena:
◼ “Na ua lumela hore batho ba hloka tataiso ea ho sebetsana le mathata a bophelo? [Emela karabo.] Nakong e fetileng, hangata batho ba ne ba talima Bibeleng bakeng sa tataiso, empa linako li fetohile. Na u nahana hore Bibele e na le bohlokoa bo sebetsang kajeno? [Emela karabo.] Hlokomela se boleloang ho 2 Timothea 3:16. [E bale.] Lentsoe la Molimo le ngotsoeng ha le re thuse feela ho etsa liqeto tse bohlale empa le boetse le fana ka tšepo e tiileng ka nako e tlang.” Bala Johanne 17:3. Bontša ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse tobileng tseo u li khethileng esale pele bukeng Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ho bontša bohlokoa bo sebetsang ba Bibele.
5 U ka fumana ho le molemo ho sebelisa tse ling tsa likenyeletso tse thathamisitsoeng leqepheng 10 la buka Ho Bea Mabaka tlas’a sehloohoana “Bibele/Molimo.” Boitsebiso bo eketsehileng bo fanoe maqepheng 54-63 bo ka thusang ho araba lipotso tsa beng ba matlo kapa ho hlōla likhanyetso tsa bona.
6 Ho Nehelana ka New World Translation: Batho ba bangata ba thahasella ho fumana phetolelo ea mehleng ea joale ea Bibele ea Senyesemane. Ke hobane’ng ha u sa ba nehe kopi ea New World Translation? Haeba u tšoere kopi ea hao ea botho, u ka mo hlokomelisa litšobotsi tse ling tse molemo tsa New World Translation. U ka totobatsa ntlha e le ’ngoe kapa tse peli maqepheng 344-8 bukeng Ho Bea Mabaka. Tsebisa mong’a ntlo hore u tla thabela ho mo siela New World Translation hammoho le buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? ka monehelo oa R15,00. Mohlomong u ka boela ua fumana liithuti tsa sekolo se phahameng tse ka ratang ho ba le kopi ea New World Translation.
7 Falimehela menyetla ea ho khothaletsa batho bohle ho bala Bibele. Thusa batho ba thahasellang ho ba le hlompho le lerato bakeng sa Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. Ka ho sebelisa melao-motheo ea lona bophelong ba bona le ho fumana tsebo ea ’nete, ba tla fumana melemo e mengata hona joale le nakong e tlang.—Pes. 119:105.