Buka e Fanang ka Tataiso ea ’Nete
1 Lefatše le fetohile ka mokhoa o potlakileng lekholong le fetileng la lilemo. Le hoja ho bile le tsoelo-pele mekhoeng ea puisano, meriana le lipalangoang, boleng ba bophelo ba lelapa bo theohile haholo. Ba limilione ba lumetse ho tataisoa ke filosofi ea batho e fetohang nako le nako.
2 Boemong bona ba lefatše bo fetohang ka potlako, batho ba Jehova ba ruile molemo o moholo ka ho khomarela Lentsoe la hae. Ka lilemo tse likete-kete Bibele e lutse e sa fetoha, ’me keletso ea eona e sa ntse e le eona e molemo ka ho fetisisa bakeng sa ho sebetsana ka katleho le mathata ao re talimanang le ’ona kajeno. Re ka thusa batho ba thahasellang joang ho utloisisa hore Bibele e fana ka tataiso ea ’nete bakeng sa mehla ea rōna?
3 Haeba u siile pampitšana “Lebaka la Hore U Tšepe Bibele” leetong la pele, u ka khutlela ’me mohlomong ua re:
◼ “Kaha Bibele e bolela ka ho hlakileng hore ke molaetsa o tsoang ho Molimo ka boeena le hore o tla re neha bophelo bo sa feleng haeba re lumela le ho etsa seo e se bolelang, na u nahana hore ho tla ba molemo ho fumana ho eketsehileng ka lipolelo tsee? [Emela tlhaloso.] Hlokomela seo Bibele e se bolelang esale pele mabapi le tsamaiso ea lefatše ea hona joale ea lintho. [Bala 2 Timothea 3:1-5 ka ho toba pampitšaneng leqepheng 5.] Na u nahana hore tlhaloso ena e tšoanela lefatše la kajeno? [Emela tlhaloso.] Na ho na le lebaka le utloahalang la ho lebella maemo a molemo haholoanyane nakong e tlang?” Joale u ka rala motheo oa ketelo e ’ngoe ka ho buisana ka lirapa tse peli tsa ho qetela pampitšaneng kapa ka ho sebelisa leqephe 161 la buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e le ho totobatsa tšepo e babatsehang eo Bibele e fanang ka eona bakeng sa moloko oa batho.
4 Haeba mong’a ntlo a ne a thahasella bohlokoa bo sebetsang ba Bibele ’me u totobalitse melao-motheo e tobileng khaolong ea 12 ea buka “Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?,” mohlomong u ka re:
◼ “Re thahasella lintho tse re tsoelang molemo kajeno, na ha ho joalo? Na u lumela hore ho felisoa ntoa e tla ba ntho e molemo? [Emela tlhaloso.] Haeba batho ba ne ba ka ithuta ho phela hammoho ka khotso le lichaba tse ling, sena e ne e tla ba qalo e molemo, na ha ho joalo? [Emela karabo.] Ke sona seo Bibele e hlileng ea se bolela esale pele. [Bala Esaia 2:2, 3.] Na u kile ua ipotsa hore na sena se tla etsahala joang hona neng?” Hlalosa hore u tla rata hore le buisane ka ho eketsehileng ka potso ena ka nako e tla lokela mong’a ntlo.
5 Haeba u tsamaisitse “New World Translation,” mohlomong u ka khutla ’me ua re:
◼ “Ha u ntse u bala Bibele eo ke u sietseng eona, mohlomong u ile ua hlokomela hore hohle e sebelisa lebitso la Molimo la botho. Ena ke phetolelo ea Bibele e ntlafalitsoeng ho feta liphetolelo tse ling tse ngata. Le hoja batho ba bang ba ka ba leqe ho sebelisa lebitso Jehova, re tlameha ho hopola hore ke khale a senotse lebitso la hae ’me a khothaletsa bahlanka ba hae ho mo khetholla ka lona joaloka Molimo oa ’nete le ea phelang. Hlokomela seo mopesaleme a se ngotseng ho Pesaleme ea 83:18.” Bala lengolo leo ’me u emele tlhaloso ea mong’a ntlo. Ho latela thahasello e bontšitsoeng u ka sebelisa boitsebiso bo eketsehileng bo fumanoang tlas’a sehlooho “Jehova,” ho qala leqepheng 181 bukeng Ho Bea Mabaka.
6 Ke Bibele feela e fanang ka tataiso eo batho ba e hlokang. (Jer. 10:23) Ho ithuta Lentsoe la Molimo ke eona feela tsela ea ho ithuta ka merero ea Hae le ho fumana kamohelo ea Hae. Ka hona, ka botšepehi ha re memeng ba bang hore ba rue molemo keletsong ea eona e bohlale le e sebetsang.