Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Tsoaloa la Bobeli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • bolelang ka ho “tsoaloa la bobeli” ha se kamehla se tšoanang. Na u ka mpolella hore na ho uena ho bolela eng?’

      Kapa u ka re: ‘U batla ho tseba hore na ke amohetse Jesu e le ’Moloki oa ka le hore na ke amohetse moea o halalelang, ho joalo? Ke u tiisetsa hore karabelo ke E; ho seng joalo nka be ke sa bue le uena ka Jesu.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Empa ha ke nahana ka ho ba le moea o halalelang, ke fumana hore bopaki ba moea oo bo haella ka ho soabisang ho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste. (Ba-Gal. 5:22, 23)’ (2) ‘Na u ne u ka thabela ho phela lefatšeng lee haeba e mong le e mong a bonahatsa litšobotsi tseo tsa bomolimo? (Pes. 37:10, 11)’

      Monyetla o mong: ‘Haeba ka hoo u bolela hore, “Na ke amohetse Kreste e le ’Moloki oa ka?” karabelo ke E. Lipaki tsa Jehova kaofela li entse joalo. Empa, ho rōna, ho tsoaloa la bobeli ho ama ho fetang moo.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ha Jesu a ne a bua ka ho tsoaloa la bobeli o boletse hore hoa hlokahala hore motho a kene ’Musong oa Molimo, ke hore, ho ba karolo ea ’Muso oa Molimo, puso ea oona ea leholimo. (Joh. 3:5)’ (2) ‘Bibele e boetse e bontša hore batho ba bangata ba etsang thato ea Molimo ba tla phela mona lefatšeng, e le bafo ba thabileng ba ’Muso oo. (Matt. 6:10; Pes. 37:29)’

      Tlhahiso e eketsehileng: Bao e leng ba sehlopha sa leholimo ba ka arabela: ‘E, ke tsoetsoe la bobeli. Empa Bibele e re hlokomelisa kaofela hore re se ke ra itšepisa haholo ka boemo ba rōna. Ho hlokahala re ’ne re itlhahlobe ho tiisa hore re hlile re etsa seo Molimo le Kreste ba se hlokang ho rōna. (1 Ba-Kor. 10:12)’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Jesu o jarisitse barutuoa ba hae ba ’nete boikarabelo bofe? (Matt. 28:19, 20; 1 Ba-Kor. 9:16)’

  • Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Jehova

      Tlhaloso: Lebitso la botho la Molimo o le mong feela oa ’nete. Lebitso leo o ikhethetseng lona. Jehova ke ’Mōpi ’me, ka nepo, ke Morena ’Musi oa bokahohle. “Jehova” e fetoletsoe litlhakung tse ’nè tsa Seheberu, יהוה, tse bolelang “O Etsa hore Ho Be.” Litlhaku tsena tse ’nè tsa Seheberu li emeloa ke litlhaku JHVH kapa YHWH lipuong tse ngata.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela