Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/93 leq. 4
  • Ho Thusa ba Bang ho Lemoha Letlotlo le Leholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thusa ba Bang ho Lemoha Letlotlo le Leholo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka e Fanang ka Tataiso ea ’Nete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Khutlela ka Morero oa ho Tsosa Thahasello Bibeleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Khutlela ho ea Thusa Batho ho Ithuta Kamoo ba ka Phelang ka ho sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Hōlisa Thahasello ’Musong oa Molimo oa Khotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 9/93 leq. 4

Ho Thusa ba Bang ho Lemoha Letlotlo le Leholo

1 Ha re bolella ba bang ka litaba tse molemo tsa ’Muso, sepheo se seng sa rōna ke ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang hore ba ananele bohlokoa bo boholo ka ho fetisisa ba Lentsoe la Molimo. (Ba-Fil. 3:8) Lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng li phetha karolo ea bohlokoa tabeng ea ho hasa molaetsa oa ’Muso hohle. Ka mohlala, buka Phela ka ho sa Feleng e thusitse batho ba makholo a likete ho sebeletsa Jehova ka lebaka la linnete tsa Bibele tseo ba ithutileng tsona.

2 Tšebeletso ea rōna e akareletsa ho fetang feela ho siela motho ofe kapa ofe lingoliloeng ha a ithaopela ho li amohela. Ho hlokahala hore re kenyelletse molaetsa ka tsela e ipiletsang, re mamele ka temoho se boleloang ke mong’a ntlo, ’me re itokisetse ho ‘mo behela mabaka ka Mangolo.’—Lik. 17:2, NW.

3 Sena se ka Etsoa Joang? Likenyelletso tsa rōna li ka bula tsela bakeng sa hore beng ba matlo ba bontše hore na ba hlile ba thahasella Bibele le molaetsa oa eona kapa che.

U ka re:

◼ “Re etile ka sepheo sa ho bua ka se boleloang ke lintho tse etsahalang ho re potoloha lefatšeng kajeno. Thahasello ea batho ba bangata ho Molimo le litekanyetsong tsa hae tsa bophelo joalokaha li boletsoe ka Bibeleng e fokotsehile. Sena se amme haholo boikutlo boo batho ba nang le bona ka batho ba bang. Na u lemohile sena? [Emela karabo. U ka ’na ua bua ka mehlala e tobileng.] Ka kōpo hlokomela boikutlo ba batho ba boletsoeng ho 2 Timothea 3:1-5, ’me u mpolelle hore na u nahana hore sena se utloahala se tšoana le se lefatšeng kajeno. [E bale; emela karabo.] Na ho na le lebaka le utloahalang bakeng sa ho lebella maemo a molemonyana nakong e tlang?” Haeba a thahasella, bua ka setšoantšo se leng maqepheng 12 le 13 bukeng Phela ka ho sa Feleng ebe u mo hlokomelisa ka lirapa 12 le 13. Haeba a hana buka, joale u ka buella pampitšana Lefatše le Lecha la Khotso.

4 Haeba re amoheloa ke motsoali monyakong, re ka qalisa puisano ka tsela ena:

◼ “Re buisana le batho ba thahasellang kamoo re ka sebetsanang hamolemo le mathata a bophelo ba lelapa. Kaofela re leka ho etsa sohle se molemohali seo re ka se khonang, empa haeba ho na le se ka re thusang ho atleha haholoanyane, rea se thahasella, na ha ho joalo? [Emela karabo.] Bibele e fana ka tataiso tabeng ena joalokaha e fumanoa ho Ba-Kolosse 3:12-14. [E bale.] Kahoo, ke eng se hlokahalang hore re thabele bophelo bo atlehileng ba lelapa? Hlokomela se boletsoeng khatisong ena sehloohong se reng ‘Ho Atlehisa Bophelo ba Lelapa.’” Bala serapa 3 leqepheng 238 la buka Phela ka ho sa Feleng. Haeba mong’a ntlo a tšoarehile kapa a sa ikemisetsa ho araba, leka ho fana ka makasine o buang ka litaba tsa lelapa kapa pampitšana Thabela Bophelo ba Lelapa.

5 Ha ho mohla re batlang ho lebala morero oa rōna oa ho fana ka bopaki bo feletseng ka ’Muso. (Matt. 24:14) Ka ho sebelisa Bibele hamolemo le litokisetso tse babatsehang tsa lingoliloeng tsa puso ea Molimo tseo re nang le tsona, ka kholiseho re ka lebella ho Jehova bakeng sa tlhohonolofatso ea hae ha re phetha thato ea hae linakong tsena tsa bohlokoa.—Ba-Gal. 6:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela