Ruisa ba Bang Molemo ka ho Sebelisa Limakasine
1 Re thaba hakaakang ha re amohela litokollo tsa morao-rao tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Re nka ho le bohlokoa ho li bala kapele kamoo ho ka khonehang e le hore re ka rua molemo boitsebisong bo fanoeng. Ho phaella ho batleng boitsebiso bo ka re thusang re le batho ka bomong, ke khopolo e ntle ho batla lintlha tse ka sebelisoang ha ho nehelanoa ka limakasine ho ba bang. Re ka tšoaea likarolo tse tla ipiletsa ka ho khethehileng ho batho ba leng tšimong ea phutheho ea rōna kapa esita le ho ngola ka thōko likoping tsa rōna ho ikhopotsa lintlha tse khōlō tseo re ka buang ka tsona le kamoo ho ka nehelanoang ka sehlooho seo sebakeng seo re leng ho sona.
2 Lingoliloeng tsa rōna li na le bohlokoa ba nako e telele. Le hoja haholo-holo re thahasella ho tsamaisa limakasine tsa morao-rao, ha ho hlokahale hore re lahle litokollo tsa khale, kaha boitsebiso bo ho tsona bo sa felloe ke nako. Boloka litokollo tsa khale ka mokotleng oa hao oa tšebeletso ea tšimo e le hore li be teng nakong ea ha u fana ka bopaki. Li ka ba le thuso ka ho khethehileng ha ho tsejoa tlhoko e tobileng ea mong’a ntlo. Limakasine tsa khale li ka boetse tsa sebelisoa nakong ea phutuho ea tšimo e sa abuoang.