Lebokose la Lipotso
◼ Ba shebellang kolobetso ba ka bonahatsa thabo joang?
Kolobetso ke ketsahalo ea thabo. Re thabela ho bona ba bacha ba emela lehlakore la Jehova, ba bonahatsa tumelo ea bona phatlalatsa. (Pes. 40:8) Jesu o boletse hore sena se tlisa thabo e khōlō maholimong. (Luka 15:10) Litho tsa lelapa le bahoeletsi ba ileng ba ithuta le ba kolobetsoang ba thabile ka ho khethehileng ho bona ba bacha ba nka khato ena ea bohlokoa. Empa thabo e joalo e ka bonahatsoa ka ho loketseng joang?
Kolobetso ea Jesu e fane ka mohlala bakeng sa kolobetso ea Bakreste kajeno. O ile a utloisisa hore o ne a le haufi le ho nka khato e tebileng. O ile a rapela nakong ea ha a kolobetsoa. (Luka 3:21, 22) O ne a tseba hore kolobetso ke nako ea ho thuisa le ho tebisa mohopolo. Barutuoa ba hae le bona ba ile ba hlokomela bohlokoa ba kolobetso. Ka mor’a ho tšolloa ha moea o halalelang ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha kolobetsoa ba ka bang 3 000. Barutuoa ba neng ba shebeletse ketsahalo eo ba ile ba itšoara joang? “Ba ne ba tiisetsa thutong ea baapostola, le kopanong ea boena, le ho ngoathoeng ha bohobe, le merapelong.” (Liketso 2:41, 42) Barutuoa ba ile ba ameha ka lintho tsa moea le ho bontšana moea oa ho amohela baeti.
Kajeno kolobetso e ’nile ea etsa hore likopano tsa Bokreste ebe tse thahasellisang. Ka sebele ho loketse ho bonahatsa thabo ea rōna ka ho opa liatla le ho fana ka pabatso ha re bona batho ka bomong ba emela Jehova. Ka lehlakoreng le leng, ho thoholetsa ho sa laoleheng, ho letsa mololi, ho tsoka matsoho, le ho hoeletsa batho ka mabitso e ka ba ho sa lokelang. Boitšoaro bo joalo bo bonahatsa ho haelloa ke kananelo bakeng sa botebo le ho halalela ha ponahatso ena ea tumelo. ’Me ena e ke ke ea ba nako e loketseng bakeng sa ho etsa lipontšo tsa ka ntle tsa ho fana ka lipalesa le limpho tse ling ho ba kolobelitsoeng nakong ea ha ba tsoa ka metsing. Kolobetso e tšoaea qaleho ea peiso eo Mokreste a e kenelang bakeng sa poloko. Re ka thaba ’me ra khothatsa ba kolobetsoang ka ho ba thusa hore ba utloisise hore kolobetso e ba fa monyetla oa ho ba le kamano e haufi le Jehova.
Sebaka seo ho kolobeletsoang ho sona e ke ke ea ba sebaka se loketseng bakeng sa ho etsa metlae, ho bapala, ho sesa, kapa boitšoaro bo bong bo ka hlakolang botebo ba ketsahalo ena. Thabo ea rōna e lokela ho bonahatsoa ka tsela e itlhomphang. Ho laoleha ha rōna le ho nka ha rōna lintho ka ho teba ho tla tlatsetsa thabong ea bohle ba leng teng.