Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/90 leq. 1
  • Ho Buella Lentsoe la Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Buella Lentsoe la Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO SEBELISA SEHLOOHO SA PUISANO
  • Bohlokoa ba Bibele Lefatšeng la Kajeno
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Na U Sebelisa Libukana Tsee?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 11/90 leq. 1

Ho Buella Lentsoe la Molimo

1 Kajeno ba bangata ba talima Bibele e le e siuoeng ke nako le eo eseng ea sebele. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le na le matla a ho fetola bophelo. (Ba-Heb. 4:12) Sena se bonahetse monahanong, boitšoarong, le boikutlong bo ntlafetseng ba batho ba mefuta e sa tšoaneng. (Ba-Ef. 4:24) Ho sebelisa keletso ea Bibele ho tlatsetsa tikolohong e thabileng ea lelapa. Ho thusa ho tiisa likamano tsa boahisani, ho sa tsotellehe morabe, lebala, kapa boemo bo itseng sechabeng.—Luka 10:29-37.

2 Phihlelo ea rōna ea botho ka Lentsoe la Molimo e lokela ho re susumelletsa ho khothalletsa ba bang ho fuputsa bohlokoa ba ’nete ba Bibele. Ho fanoe ka moralo o motle haholo oa ho etsa sena Sehloohong sa rōna se secha sa Puisano, “Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?” Re ka sebelisa sehlooho see joang hammoho le buka ea Bacha Baa Botsa le bukana e lekanang le makasine ea Boraro-bo-bong kapa bukana ea “Bonang,” tšebeletsong ea rōna ka November?

HO SEBELISA SEHLOOHO SA PUISANO

3 Ka mor’a kenyelletso e khutšoanyane, mohlomong re ka re: “Kaha kajeno ho na le likhatello tse ngata le mathata a mangata a amang malapa, re u etetse hore re lebise tlhokomelo ea hao mohloling o le mong oa sebele bakeng sa thuso e sebetsang. Mehleng e fetileng, hangata batho ba ne ba talima Bibeleng bakeng sa tataiso, empa linako li se li fetohile, na ha ho joalo? Na u nahana hore Bibele e ka thusa ho rarolla mathata a kajeno, a kang tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, botlokotsebe, le malapa a qhalaneng? [Emela karabo.] Hlokomela seo Bibele e se bolelang ho 2 Timothea 3:16. [E bale.] Na u nahana hore Bibele e ka fana ka mofuta o molemo joalo oa tšusumetso? [Emela karabo.] Batho ba bangata ba hloka tataiso ea mofuta o itseng ebile baa e batla ha ba talimane le mathata kapa ba etsa liqeto bophelong, na ha ho joalo? Hlokomela hore na ho latela Lentsoe la Molimo ho ka re lebisa hokae. [Bala Johanne 17:3.] Bibele e fana ka tataiso e hlakileng bakeng sa ho rarolla liphapang tsa botho ’me e hlalosa tšepo e tiileng ea bokamoso ka ho hlaka.” Haeba motho eo a bontša thahasello ea sebele ea ho fumana kutloisiso ea Lentsoe la Molimo, mohlomong re ka bontša bohlokoa ba buka ea Bacha Baa Botsa kapa e ’ngoe ea libukana tse lekanang le makasine.

4 Kaha re buisana le batho ka bohlokoa ba ho bala Bibele, mohlomong u ka batla ho lebisa tlhokomelo ea bona Khaolong ea 35 bukeng ea Bacha Baa Botsa. Ka mor’a ho bontša hakhutšoanyane boitsebiso bo bongata bo sa tšoaneng bo fumanehang, u ka bala serapa sa ho qetela se leqepheng la 288. Mohlomong hape u ka batla ho sebelisa khaolo 39, leqepheng 312 ho bontša kamoo ’malo oa Bibele o ka thabisang ka teng. U Sebelisa buka ea Bacha Baa Botsa, bontša kamoo Bibele e fanang ka thuso mathateng a kang ho hlōla tšebeliso e mpe ea lithethefatsi (khaolo 34), boitšoaro bo bobe (likhaolo 23 le 24), le ho fumana metsoalle ea sebele (khaolo 8). Ithaopele ho nehelana ka thuto ea lehae ea Bibele ea botho ho ba bontšang thahasello.

5 Ha u lebisa tlhokomelo bukaneng e lekanang le makasine ea Boraro-bo-bong, mohlomong u ka re: “Batho ba bangata ba tšepahalang ba rutiloe ho lumela ho Boraro-bo-bong, leha ho le joalo ba fumana ho le thata haholo ho utloisisa khopolo ena. Bukana ena e hlahlobisisa Boraro-bo-bong ka ho qaqileng ho ea ka pono ea histori le leseling la seo Bibele e se bolelang. Na u ka rata ho e bala?” Mabapi le ho sebelisa bukana ea “Bonang,” u ka hapa thahasello ea mong’a ntlo ka ho buella sekoahelo se ipiletsang kapa sehlooho se reng “Lintho tse Mpe—Ke Hobane’ng ha Molimo o li Lumella?” leqepheng la 14.

6 Ka November, falimehela menyetla ea ho khothalletsa batho ho bala Bibele. Potlakela ho latela ka ho etsa maeto a ho boela ho ba bontšang thahasello. Ba thuse ho hlaolela kananelo ea sebele bakeng sa matla a Lentsoe la Molimo. Ka ho sebelisa melao-motheo ea lona bophelong ba bona, ba tla fumana melemo ea nako e telele hona joale le bophelong bo tlang.—1 Tim. 4:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela