Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 11/1 maq. 2-4
  • Ho Utloa Bohloko ha Batho—Na ho Tla ke ho Fele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Utloa Bohloko ha Batho—Na ho Tla ke ho Fele?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Bibele e se Buang ka Mahlomola
    Tsoha!—2015
  • Bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Potso ea 3: Ke Hobane’ng ha Molimo a Ntlohella Hore ke Utloe Bohloko?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Matšeliso ho ba Utloang Bohloko
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 11/1 maq. 2-4

Ho Utloa Bohloko ha Batho—Na ho Tla ke ho Fele?

LIPONO tse tšosang ka mor’a hore bomo e phatlohe ’marakeng o phetheselang oa Sarajevo; lipolao tse sehlōhō tsa batho ba bangata le ho holofatsa batho ka boomo Rwanda; bana ba lapileng ba llelang lijo ba sa khaotse Somalia; malapa a rebehileng a hlahlobang hore na a lahlehetsoe hakae ka mor’a tšisinyeho ea lefatše Los Angeles; bahlaseluoa ba tsielehileng ba Bangladesh e ileng ea ripitloa ke moroallo. Lipono tse joalo tsa ho utloa bohloko ha batho li hlaha letsatsi le letsatsi thelevisheneng kapa limakasineng le likoranteng.

Phello e soabisang ea ho utloa bohloko ha batho ke hore ho etsa hore batho ba bang ba felloe ke tumelo ho Molimo. Ho latela polelo e hatisitsoeng ke sehlopha sa bolumeli ba Bajode United States, “ho ba teng ha bobe ho ’nile ha tlisa tšitiso e tebileng ka ho fetisisa tumelong.” Bangoli bana ba bua ka mafu a ileng a hlaha likampong tsa mahloriso tsa Nazi tse kang Auschwitz le a bakiloeng ke libomo tse kang e ileng ea phatloha Hiroshima. Bahlophisi ba re: “Taba ea hore na ke joang Molimo ea lokileng le ea matla a neng a ka lumella ho felisoa ka ho feletseng ha bophelo ba batho ba bangata hakaalo ba se nang molato ho tšoenya letsoalo la motho ea sekametseng bolumeling ’me ho makatsa haholo.”

Hoa soabisa hore ebe litlaleho tse etsoang khafetsa tsa litlokotsi li ka ’na tsa fella ka hore batho ba se hlole ba ameha. Ba bangata ha ba tšoenngoe ke ho utloa bohloko ha ba bang, hafeela metsoalle le beng ka bona ba sa amehe.

Leha ho le joalo, ’nete ea hore re khona ho ba le qenehelo, bonyane bakeng sa baratuoa ba rōna, e lokela ho re bolella ho hong ka Moetsi oa rōna. Bibele e bolela hore motho o bōpiloe “ka setšoantšo sa Molimo” le “ka ho tšoana [le eena].” (Genese 1:26, 27) Sena ha se bolele hore batho ba tšoana le Molimo ka sebōpeho. Che, hobane Jesu Kreste o ile a hlalosa hore “Molimo ke Moea,” ’me “seriti [moea, NW] ha se na nama le masapo.” (Johanne 4:24; Luka 24:39) Ho etsoa ka setšoantšo sa Molimo ho amana le matla a rōna a ho bonahatsa litšoaneleho tsa bomolimo. Kahoo, kaha batho ba tloaelehileng ba ikutloa ba qenehela ba utloang bohloko, re tlameha ho etsa qeto ea hore ’Mōpi oa motho, Jehova Molimo, o na le qenehelo le hore o ikutloa a qenehela libōpuoa tsa hae tse batho tse utloang bohloko.—Bapisa le Luka 11:13.

Tsela e ’ngoe eo Molimo a bontšitseng qenehelo ea hae ka eona ke ea ho lokisetsa moloko oa batho tlhaloso e ngotsoeng ea lebaka la ho utloa bohloko. Sena o se entse Lentsoeng la hae, Bibele. Bibele e bontša ka ho hlaka hore Molimo o bōpile motho hore a thabele bophelo, eseng hore a utloe bohloko. (Genese 2:7-9) E boetse e senola hore batho ba pele ba ile ba itlisetsa ho utloa bohloko ka ho qhelela molao o lokileng oa Molimo ka thōko.—Deuteronoma 32:4, 5; Ba-Roma 5:12.

Ho sa tsotellehe sena, Molimo o ntse a qenehela moloko oa batho o utloang bohloko. Sena se bontšoa ka ho hlaka tšepisong ea hae ea ho felisa ho utloa bohloko ha batho. “Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4; bona le Esaia 25:8; 65:17-25; Ba-Roma 8:19-21.

Litšepiso tsena tse tsotehang li paka hore Molimo o elelloa ka ho feletseng ho utloa bohloko ha batho le hore o ikemiselitse ho ho felisa. Tabeng ea pele, hantle-ntle ke’ng se bakileng ho utloa bohloko ha batho, ’me ke hobane’ng ha Molimo a ho lumelletse hore ho tsoele pele ho fihlela mehleng ea rōna?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Cover and page 32: Alexandra Boulat/Sipa Press

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Kevin Frayer/Sipa Press

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela