Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 12/1 maq. 28-30
  • Ho Khotsofatsa Ntho ea Motheo e Hlokoang ke Batho ka ho Babatsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khotsofatsa Ntho ea Motheo e Hlokoang ke Batho ka ho Babatsa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Babatsa—Ntho ea Motheo e Hlokoang
  • Etsisa Mohlala oa Jehova oa ho Babatsa
  • Ho Babatsa Tikolohong ea Lelapa
  • Ho Babatsa ka Phuthehong ea Bokreste
  • Sebeletsa ho Babatsa le ho Babatsoa ho Loketseng
  • U Batla ho Tsejoa ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Ikokobelletsa Taolo ea Molimo ka Botšepehi
    Binelang Jehova
  • Lulang le Ikokobeletsa Molimo
    Binelang Jehova le Thabile
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 12/1 maq. 28-30

Ho Khotsofatsa Ntho ea Motheo e Hlokoang ke Batho ka ho Babatsa

“MAHOFI!” “U ntlhatsoitse pelo!” kapa “U entse mosebetsi o tsoileng matsoho, re motlotlo ka uena,” ha li boleloa ntle ho boikaketsi, li thusa haholo ho phahamisa boikutlo ba ho itšepa, haholo ha li boleloa ke motho eo re mo hlomphang. Batho baa thaba ba bile ba etsa hantle ha ba babatsoa. Ha ba babatsoa, ba etsa hamolemo ba bile ba thaba haholo. Ka sebele, pabatso e loketseng ke ea bohlokoa kelellong le pelong feela joalokaha lijo tse hahang ’mele e le tsa bohlokoa ’meleng.

Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa ho babatsa e le “ho amoheloa ha motho e le ea nang le tokelo ea ho nahaneloa kapa ho fuoa tlhokomelo” le “ho eloa hloko kapa ho fuoa tlhokomelo ka ho khethehileng.” Ho amana haholo le tlhompho, boikutlo ba ho ananela, tseo ha li bontšoa ho motho li bolelang hore ho na le lebaka leo ka lona motho eo a behoang boemong bo itseng kapa a nkoang e le oa bohlokoa bo itseng le hore na o tšoaneloa ke pabatso e kae.

Ho Babatsa—Ntho ea Motheo e Hlokoang

Ho tlotlisa moo tlotla e tšoanelang ke ntho e utloahalang le e ntle. Jesu o ile a fana ka mohlala papisong ea hae ea makhoba ao mong’a ’ona a ileng a beha lintho tsa hae tlhokomelong ea ’ona. Ha a ananela tšoaro e ntle ea matlotlo a hae, o itse: “Ke hantle, mohlanka ea molemo, ea khabane.” (Mattheu 25:19-23) Leha ho le joalo, mokhoa ona o motle o loketseng oa hlokomolohuoa hangata. Ho se babatsoe ho thibela cheseho le ho qalisa lintho tse ncha. Iona o bolela taba ena tjena: “Ho babatsoa ho u etsa hore u ikutloe hore ua hlokoa, ua batloa, ua ananeloa . . . Ho u fa matla a ho qalisa lintho tse ncha. Haeba u hlokomolohuoa, u ikutloa u nyahame u se na tšehetso.” Patrick oa phaella: “Joale ho ba thata ho tsoela pele ka mosebetsi o motle oa boemo bo phahameng le o mongata ka tekanyo e itseng.” Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore re ithute hore na re ka babatsa joang le ka nako efe. Kaofela re lakatsa tšireletseho ea ho tseba hore rea amoheleha. Ke ntho ea motheo eo batho ba e hlokang.

Lentsoe la thoriso, boikarabelo bo eketsehileng, haesita le mpho ea ntho e bonahalang e u susumeletsa ho tsoela pele u ikitlaetsa. Sena ke ’nete ebang u motsoali, monna, mosali, ngoana, setho sa phutheho, kapa molebeli. Margaret a re: “Ha ke babatsoa, ke ikutloa ke thabile, ke hlokoa, ’me ke ba le takatso ea ho etsa hantle haholoanyane.” Andrew o lumellana le seo, a re: “Ke ikutloa ke thabile, ke susumeletseha ho sebetsa ka thata haholoanyane.” Leha ho le joalo, ho babatsa motho le ho mo hlompha ho hloka hore ho nahaneloe ka hloko ’me ho etsoe ka kahlolo e ntle.

Etsisa Mohlala oa Jehova oa ho Babatsa

Jehova Molimo ke mohlala o ka sehloohong oa ho babatsa ho tšoaneleha ha batho ba bang. O amohela ba lokelang ho babatsoa. O ile a ela hloko banna ba kang Abele, Henoke, le Noe. (Genese 4:4; 6:8; Juda 14) Jehova o ile a amohela Davida ka botšepehi ba hae bo ikhethang. (2 Samuele 7:16) Samuele, eo ha e ne e le moprofeta a ileng a hlompha Jehova ka lilemo, le eena o ile a hlompshoa ke Molimo, ea ileng a arabela thapelo ea Samuele ka potlako ha a kōpa thuso ea hore a hlōle Bafilista. (1 Samuele 7:7-13) Na u ne u ke ke ua ikutloa u hlomphehile ke ho eloa hloko joalo ke Molimo?

Teboho le kananelo li amana haufi le ho babatsa. Bibele e re phehella hore re ‘be le teboho’ le hore re lebohe eng kapa eng e etsoang molemong oa rōna. (Ba-Kolosse 3:15; 1 Ba-Thessalonika 5:18) Le hoja sena se sebetsa ka ho khetheha tabeng ea ho leboha Jehova, ke ’nete ka ho tšoanang litabeng tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi. Moapostola Pauluse o ile a ananela sena. O ile a babatsa Foibe ka ho ‘thusa ba bangata’ le Priscilla le Akila ka ho ‘tela lihlooho tsa bona’ molemong oa hae le oa ba bang. (Ba-Roma 16:1-4) Nahana hore na ba tlameha ba be ba ile ba ikutloa joang ha ba amohela teboho e boleloang phatlalatsa joalo. Ho ne ho boetse ho le hotle hore Pauluse a be le thabo ea ho babatsa, ho hlompha, le ho khothatsa. Le rōna re ka etsisa Jehova le barapeli ba ananelang ba hae ka hore ka ho loketseng re babatse ba tšoanelang ho babatsoa.—Liketso 20:35.

Ho Babatsa Tikolohong ea Lelapa

Mitchell, eo e leng monna hape e le moholo oa Mokreste, o re: “Pabatso leha e le e seng kae feela e thusa haholo hore bophelo e be bo thabisang. E u etsa hore mohlomong, ka ho sa feleng, u ikutloe u rata ea u babatsang.” Ka mohlala, monna oa Mokreste o jara moroalo o boima oa boikarabelo hape o etsa liqeto tsa bohlokoa tse amang boiketlo ba lelapa la hae. O tlameha ho lokisetsa litlhoko tsa lelapa tsa moea, tsa lintho tse bonahalang le tsa maikutlo. (1 Timothea 5:8) O leboha hakaakang ha ho bontšoa kananelo e tšoanetseng bakeng sa kabelo eo a e filoeng ke Molimo e le hlooho ea lelapa leha mosali oa hae a mo bontša “tlhompho e tebileng”!—Ba-Efese 5:33, NW.

Mosebetsi oa ’mè oa lelapa, oo batho ba bangata ba sa o boneng, ha oa lokela ho hlokomolohuoa. Maikutlo a kajeno a ka khella fatše mosebetsi o joalo le ho o etsa hore o hloke seriti le hore e be o sa tšoaneleheng. Leha ho le joalo, o thabisa Molimo. (Tite 2:4, 5) Ke ho khathollang hakaakang ha monna ea nang le temoho a rorisa mosali oa hae, haholo-holo litšobotsing tsohle tsa bophelo tseo a ipabolang ho tsona, a mo babatsa ka tsela e joalo tlas’a bohlooho ba hae! (Liproverbia 31:28) Rowena o re ka monna oa hae: “Ha a ananela seo ke se etsang, ke fumana ho le bonolo haholoanyane hore ke ikokobeletse eena le hore ke mo tlotle hape ke mo hlomphe.”

Tichere ea Amerika e bitsoang Christian Bovee o kile a re: “Baneng thoriso e etsoang ka bohlale e tšoana le letsatsi lipaleseng.” E, le ngoana e monyenyane haholo o hloka ho kholisoa kamehla hore ke setho sa bohlokoa sa lelapa. Nakong ea lilemo tsa ho hōla tse ka tlaase ho 20, tseo ho tsona ho bang le liphetoho tse ncha boikutlong le ’meleng, motho o ba seli haholo ka ponahalo ea hae, hammoho le ho laba-labela bolokolohi le ho babatsoa. Ke nakong ena haholo-holo moo mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20 a hlokang ho ikutloa hore batsoali ba hae baa mo rata le hore o tšoaroa ka kutloisiso le ka mosa oa botho. Ka ho tšoanang, batsoali ba tsofalang, bo-nkhono le bo-ntate-moholo, ba hloka ho kholisoa hore ba sa ntse ba e-na le thuso le hore baa ratoa, hore ha baa ‘lahloa botsofaling.’ (Pesaleme ea 71:9; Levitike 19:32; Liproverbia 23:22) Ho khotsofatsa tlhokahalo ea ho babatsa ka ho loketseng ho tlisa thabo e eketsehileng le katleho tikolohong ea lelapa.

Ho Babatsa ka Phuthehong ea Bokreste

Ke habohlokoa haholo ho hlaolela thahasello ea sebele ho ba bang ka phuthehong ea Bokreste le ho bolela ka bolokolohi hore re ananela liketso tsa bona le boiteko. Baholo ba Bakreste ba lokela ho etella pele ka ho ananela lintho tse finyeletsoeng ke ba bang le boiteko ba bona ka phuthehong. Margaret o ile a re: “Ha ea ba ho fihlela ka mor’a maeto a ’maloa a bolisa moo ke ileng ka hlokomela hore na ho babatsoa ke ntho e khōlō hakae tabeng ea khothatso, khotsofalo, le thabo. Ke ile ka hlokomela hore na ke eng e haellang ha motho a sa babatsoe ka mokhoa o tloaelehileng.” Lena ke lebaka le letle haholo la ho bontša thahasello ea ’nete, e lerato ea botho ho bohle ba ka phuthehong! Babatsa mosebetsi oa bona o motle. Babatsa u be u khothatse ka bolokolohi. Liphuthehong tse ngata ho na le batsoali ba se nang balekane, ba sebetsang ka thata hore ba kenye lintho tsa bohlokoa tsa moea ka botebo ho bana ba bona. Batsoali ba joalo ba lokeloa ke thoriso e khethehileng. Totobatsa lintlha tse ntle ho e-na le ho totobatsa tse seng ntle. Lumella ba bang hore ba bone kameho ea hao e mofuthu ea boena bakeng sa bona. Ba lumelle ho bona hore ua ba tsotella. Ka tsela ena, balebeli ba lerato ba sebeletsa tsoelo-pele ea phutheho. (2 Ba-Korinthe 10:8) Litho ka bomong li buseletsa seo ka ho babatsa ho loketseng le ho hlompha ba joalo ba tšepahalang ba sebetsang ka thata molemong oa bona.—1 Timothea 5:17; Ba-Heberu 13:17.

Empa ho na le lehlakore le leng, kapa pono e tobileng, tabeng ena. Ho ke ke ha latoloa hore takatso ea ho babatsoa e matla haholo. Mehleng ea Jesu e ile ea fetoha ntho eo baeta-pele ba bolumeli ba neng ba tšoarehile haholo ka eona. Jesu o ile a lokela ho lokisa pono e fosahetseng ea barutuoa ba hae ntlheng ena. (Mareka 9:33-37; Luka 20:46) Ho hlokahala hore Bakreste ba be le kahlolo e molemo le teka-tekano. Takatso ea ho babatsoa ha e sa thijoe e ka ba kotsi moeeng. (Jakobo 3:14-16) Ka mohlala, ho ka ba bohloko hakaakang haeba moholo a ile a fetoha ea ikhohomosang ’me a qala ho batla hore ba bang ba amohele boemo ba hae ba ho ikutloa a phahame!—Ba-Roma 12:3.

Moapostola Pauluse ka bohlale o ile a eletsa Bakreste-’moho le eena ba Roma: “Tloaelanang hamonate ka lerato la boena; le ’ne le beane pele ka hlomphano.” (Ba-Roma 12:10) Mantsoe ana a sebetsa haholo-holo ho baholo ba Bakreste, bao ka linako tsohle ba tlamehang ho hlokomela Kreste e le Hlooho ea phutheho. Ho ikokobeletsa letsoho la hae le letona la bolaoli ho bonahatsoa ka ho batla tataiso ea Kreste ka moea o halalelang, melao-motheo ea Bibele, le ketello-pele e fanoang ke Sehlopha se Busang sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale.”—Mattheu 24:45-47; bona Tšenolo 1:16, 20; 2:1.

Ka tsela ena, ha baholo ba kopana, ’me ba rapella tataiso ea Jehova hore ba alose mohlape oa Molimo, ba tla leka ka tieo ho etsa liqeto tse bontšang kahlolo e ntle ho ea ka Mangolo. Boinyenyefatso, bonolo, le boikokobetso tsa Bokreste li tla thibela moholo leha e le ofe ho leka ho iphahamisa, ho hatella baena ba hae, le ho qobella maikutlo a hae libokeng tsena. (Mattheu 20:25-27; Ba-Kolosse 3:12) Neng le neng ha ho khoneha, molula-setulo oa sehlopha sa baholo o tla be a etsa hantle hore pele ho nako a meme maikutlo a baholo ba bang ebe joale o lokisetsa lethathamo la litaba tseo ho tla buisanoa ka tsona nako e sa le teng e le hore ntlha ka ’ngoe e kentsoeng lethathamong leo e nahanoe ka hloko le ka thapelo. Nakong ea seboka sa baholo, o tla leka hore a se ke a tsamaisa maikutlo a baholo ba bang, empa ho e-na le hoo, a ba khothaletse ‘ho bua ka bolokolohi’ litabeng tseo ho buisanoang ka tsona. (1 Timothea 3:13, NW) Ka lehlakoreng le leng, baholo ba bang ba lokela ho ba hlokolosi hore ba mamelane ’me ka thabo ba rue molemo temohisisong ea baholo ba nang le lilemo tse telele tsa phihlelo ea Bokreste.—Exoda 18:21, 22.

Leha ho le joalo, balebeli ba utloisisa hore Kreste a ka sebelisa moholo leha e le ofe sehlopheng sa bona ho nehelana ka melao-motheo ea Bibele e hlokahalang ho thulana ka katleho le boemo bo itseng kapa ho etsa qeto ea bohlokoa. Sehlopha sa bona se tla ateloa ke moea o motle ha ho babatsoa moholo e mong le e mong ka tlatsetso ea hae tabeng ea ho hlokomela lithahasello tsa moea tsa phutheho.—Liketso 15:6-15; Ba-Filippi 2:19, 20.

Sebeletsa ho Babatsa le ho Babatsoa ho Loketseng

Ho babatsoa ho etsa hore motho a tsoele pele. Hoa khothatsa ebile ho etsa hore motho e be ea ratang. Mary o re: “Esita leha re ikutloa hore re batho feela ba tloaelehileng, re hloka khothatso bakeng sa hore re ikutloe re tšoaneleha.” Ananela boiteko ba ba bang ba letsatsi le letsatsi ka thahasello ea sebele. Ho etsa joalo ho etsa hore bophelo e be bo tšoanelehang le bo thabisang haholo ho bona. Batsoali, bana, balebeli, le litho tsa phutheho ea Bokreste, le ka sebeletsa hore le babatsoe ka tsela eo le buang ka eona le tsela eo le itšoarang ka eona. Bibele e bua hantle ka batho ba mahlaha-hlaha, ba inyenyefatsang, le ba ikokobetsang. (Liproverbia 11:2; 29:23; Ba-Heberu 6:1-12) Ithuteng ho lumela ka mosa hore ba bang ke ba bohlokoa. Nahanelang maikutlo a ba bang ha le sebetsa le bona. Moapostola Petrose o ile a fana ka keletso ena: “Bohle le be le khopolo e le ’ngoe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa.” (1 Petrose 3:8) Sena se hloka hore u babatse ba bang, ka hona u khotsofatse ntho ea motheo e hlokoang ke batho ka ho babatsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela