Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 12/15 maq. 26-29
  • Tlokotsi Rwanda—Ke Mang ea Ikarabellang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlokotsi Rwanda—Ke Mang ea Ikarabellang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mahutu le Matutsi
  • Ke Mang ea Ikarabellang?
  • Karolo ea Bolumeli
  • Bakreste ba ’Nete ba Fapane
  • Na U ka Tšepa Bolumeli Litabeng Tsa Ntoa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Ho Hlokomela Bahlaseluoa ba Tlokotsi ea Rwanda
    Tsoha!—1995
  • Ho Etsahetse’ng ka Lerato la Moahelani?
    Tsoha!—1998
  • Ho Arolelana Matšeliso ao Jehova a Fanang ka ’Ona
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 12/15 maq. 26-29

Tlokotsi Rwanda—Ke Mang ea Ikarabellang?

U.S.News & World Report e itse: “Nakoana pele lehata la setehi sa likoloi se lilemo li 23 le petsoloa, e mong oa bahlaseli o ile a bolella Hitiyise: ‘U tlameha ho shoa hobane u Motutsi.’”

KETSO e joalo e ile ea phetoa hangata hakaakang naheng e nyenyane ea Afrika Bohareng ea Rwanda likhoeling tsa April le May! Ka nako eo ho ne ho e-na le liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse 15 Kigali, motse-moholo oa Rwanda le metse e o potolohileng. Molebeli oa motse, Ntabana Eugène, e ne e le Motutsi. Eena, mosali oa hae, mora oa hae, le morali oa hae ea lilemo li robong, Shami, ba bile har’a batho ba bolailoeng pele ha tlhaselo ena ea pefo e qhoma.

Marwanda a likete a ile a fenethoa letsatsi le leng le le leng—beke ka mor’a beke. Bohareng ba May makasine oa litaba o qotsitsoeng ka holimo o ile oa tlaleha: “Libekeng tse tšeletseng tse fetileng, batho ba ka bang 250 000 ba shoele letšolong la ho timetsa morabe le ho iphetetsa ho fetang ha tšollo ea mali ea Khmer Rouge ea Cambodia, bohareng ba bo-1970.”

Makasine ea Time e itse: “Ketsahalong e hopotsang Jeremane ea Bonazi, bana ba ne ba khethoa ka har’a sehlopha sa bana ba 500 feela hobane ba ne ba shebahala joaloka Matutsi. . . . Ramotse oa toropo e ka boroa ea Butare, ea nyetseng Motutsi, o ile a fuoa khetho [e bohloko] ke balemi ba Mahutu: o ne a ka pholosa mosali oa hae le bana haeba a ne a ka nehelana ka lelapa labo mosali oa hae—batsoali ba hae ka bobeli le ngoan’abo mosali oa ngoanana—hore ba bolaoe. O ile a lumela.”

Batho ba tšeletseng ba ne ba sebetsa Ofising ea ho Fetolela ea Lipaki tsa Jehova Kigali, ba bane e le Mahutu ’me ba babeli e le Matutsi. Matutsi e ne e le Ananie Mbanda le Mukagisagara Denise. Ha karolo ea makhotla a naha a hlometseng hammoho le ba hapang thepa ba tla ntlong ea bona, ba ile ba halefa ha ba fumana hore Mahutu le Matutsi a lula hammoho. Ba ne ba batla ho bolaea Mbanda le Denise.

Emmanuel Ngirente, e leng e mong oa baena ba Mahutu o re: “Ba ile ba qala ho ntša lithakhisa limisaeleng tse nyenyane tsa bona, ba re sokela ka hore ba tla re bolaea, kaha lira tsa bona li teng har’a rōna. . . . Ba ile ba re batla chelete e ngata. Re ile ra ba neha chelete eohle eo re neng re e-na le eona, empa ha baa ka ba khotsofala. Ba ile ba etsa qeto ea ho re amoha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba ka e sebelisa e le matšeliso, ho akarelletsa le computer eo ho leng bonolo hore motho a e sebelise e le seropeng sa hae eo re e sebelisang mosebetsing oa rōna oa ho fetolela, mochini oa rōna o etsang likopi, liea-le-moea tsa rōna, lieta tsa rōna le lintho tse ling tse joalo. Kapele ba ile ba tsamaea ba sa bolaea le ea mong oa rōna, empa ba ile ba bolela hore ba tla khutla hamorao.”

Matsatsing a latelang, ba hapang thepa ba ile ba ’na ba khutla, ’me lekhetlo ka leng Lipaki tsa Mahutu li ile tsa rapella bophelo ba metsoalle ea tsona ea Matutsi. Qetellong, ha ho e-ba kotsi haholo hore Mbanda le Denise ba ’ne ba lule moo, ba ile ba etsetsoa litokisetso tsa hore ba tsamaee le baphaphathehi ba bang ba Matutsi ho ea sekolong se haufi. Ha sekolo seo se hlaseloa, Mbanda le Denise ba ile ba khona ho baleha. Ba ile ba atleha ho feta libakeng tse ngata tseo ho tsona tsela e neng e koetsoe, empa, qetellong, ho se seng sa tsona, Matutsi ’ohle a ile a nkeloa ka thōko, ’me Mbanda le Denise ba ile ba bolaoa.

Ha masole a khutlela Ofising ea Phetolelo ’me a fumana hore Lipaki tsa Matutsi li tsamaile, masole a ile a shapa baena ba Mahutu hampe haholo. Eaba seqhomane sea phatloha haufi le moo, ’me baena ba ile ba khona ho phonyoha ba phela.

Ha polao ena e ntse e tsoela pele ho pholletsa le naha, lenane la ba shoeleng le ile la fihla ho ba ka bang halofo ea milione. Qetellong, ho baahi ba Rwanda ba limilione li robeli, ba lipakeng tsa limilione tse peli le tse tharo, kapa ho feta, ba ile ba siea mahae a bona. Bongata ba bona bo ile ba batla tšireletso Zaire le Tanzania tse haufi. Lipaki tsa Jehova tse makholo a itseng li ile tsa bolaoa, ’me tse ling tse ngata li ne li le har’a ba ileng ba balehela likampong tse kantle ho naha.

Polao ee le phallo tseo ho seng mohla li kileng tsa e-ba teng li ile tsa bakoa ke eng? Na li ka be li ile tsa thibeloa? Boemo e ne e le bofe pele pefo e qhoma?

Mahutu le Matutsi

Rwanda le naheng ea boahelani ea Burundi ho lula Mahutu, Batala bao ka kakaretso ba leng bakhutšoanyane, ba bileng ba leng batenya, le Matutsi, bao ka tloaelo ba leng balelele, ba khanyang bao hape ba tsebahalang e le Mawatusi. Linaheng tsena ka bobeli Mahutu a etsa hoo e ka bang karolo ea 85 lekholong ea baahi ’me Matutsi a etsa karolo ea 14 lekholong. Likhohlano pakeng tsa lihlopha tsena li ’nile tsa tlalehoa ho tloha morao koana lekholong la bo15 la lilemo. Empa, ba phetse hammoho ka khotso ka nako e telele.

Mosali e mong ea lilemo li 29 ha a bua ka Mahutu le Matutsi a 3 000 a leng motsaneng oa Ruganda, o leng bohōle ba lik’hilomithara tse seng kae ka bochabela ho Zaire o itse: “Re ’nile ra lula hammoho ka khotso.” Leha ho le joalo, ka April litlhaselo tse neng li etsoa ke sekhakhatha sa Mahutu li ile tsa bolaea hoo e ka bang baahi bohle ba Matutsi ba motse ona. The New York Times e ile ea hlalosa:

“Pale ea motse ona ke pale ea Rwanda: Mahutu le Matutsi ba lula hammoho, ba nyalana, ba sa tsotelle ba bile ba sa tsebe hore na ke mang eo e leng Mohutu le eo e leng Motutsi.

“Eaba ho ba le phetoho ea tšohanyetso le e potlakileng. Ka April, mahoo-hoo a Mahutu a ile a hlasela ho pholletsa le naha, a bolaea Matutsi hohle moo a a fumanang teng. Ha lipolao tsena li qaleha, Matutsi a ile a balehela likerekeng bakeng sa tšireletso. Mahoo-hoo ana a ile a ba sala morao, a fetola litšabelo litša tsa mabitla tse lutseng li qaphalelitsoe ke mali.”

Polao ee e bakiloe ke eng? E bakiloe ke lefu la bapresidente ba Rwanda le Burundi, bao ka bobeli e neng e le Mahutu, ba ile ba shoa ha sefofane se soahlamana Kigali ka la 6 April. Ketsahalo ena ka tsela e itseng e ile ea lebisa polaong, eseng ea Matutsi feela empa le Mahutu ao ho neng ho nahanoa hore a a utloela bohloko.

Ka nako e tšoanang, ntoa e bile matla haholo lipakeng tsa makhotla a marabele—R.P.F. (Rwandan Patriotic Front) e laoloang ke Matutsi—le makhotla a ’Muso a laoloang ke Mahutu. Ka July R.P.F. e ne e hlōtse mabotho a ’Muso ’me e ne e laola Kigali le karolo e khōlō ea Rwanda. Ka ho tšaba boiphetetso, mathoasong a July, Mahutu a likete tse makholo a ile a balehela kantle ho naha.

Ke Mang ea Ikarabellang?

Sehoai sa Motutsi ha se kōptjoa hore se hlalose hore na ke hobane’ng ha pefo e ile ea qhoma ka tšohanyetso ka April, se ile sa re: “Ke ka lebaka la baeta-pele ba babe.”

Ka sebele, ho pholletsa le makholo a lilemo, baeta-pele ba lipolotiki ba ’nile ba jala mashano ka lira tsa bona. Ka tlas’a tataiso ea “morena oa lefatše lena,” Satane Diabolose, bo-ralipolotiki ba lefatše ba susumelelitse batho ba bona ho loantša le ho bolaea ba sa tšoaneng le bona ka morabe, leloko, kapa sechaba. (Johanne 12:31; 2 Ba-Korinthe 4:4; 1 Johanne 5:19) Boemo ha ea ka ea e-ba bo fapaneng Rwanda. The New York Times e itse: “Bo-ralipolotiki ba ’nile ba leka khafetsa ho khothalletsa botšepehi bo sa sekisetseng morabeng le tšabo e nang le tlhompho ea morabe—tabeng ea Mahutu, bakeng sa ho tsoela pele ba laola ’Muso; tabeng ea Matutsi, bakeng sa ho bokella batšehetsi ba lebotho la marabele.”

Kaha batho ba Rwanda ba tšoana ka litsela tse ngata, ha ho mohla motho a neng a ka lebella hore ba hloeane le ho bolaeana. Motlalehi Raymond Bonner o ile a ngola: “Mahutu le Matutsi ba bua puo e le ’ngoe ’me ka kakaretso ba na le lineano tse tšoanang. Ka mor’a meloko e mengata e ileng ea nyalana, phapang ea libōpeho—Matutsi a le malelele a bile a le masesaane, Mahutu a le makhutšoanyane a bile a le matenya—e nyametse ho ea bohōleng boo hangata Marwanda a sa tiiseheng hore na motho ea itseng ke Mohutu kapa Motutsi.”

Leha ho le joalo, letoto la liphatlalatso tse mpe le sa tsoa ba teng le bile le phello e makatsang. Ha a tšoantša taba ena, Alex de Waal, motsamaisi oa sehlopha sa Litokelo tsa Maafrika, o itse: “Ho tlalehoa hore balemi ba leng libakeng tse laoloang ke R.P.F. ba maketse hore ebe masole a Matutsi ha a na manaka, mehatla le mahlo a phatsimang lefifing—ena ke tsela eo a hlalositsoeng ka eona khasong ea seea-le-moea eo ba e mamelang.”

Hase baeta-pele ba lipolotiki feela ba fetolang monahano oa batho empa le bolumeli boa o fetola. Malumeli a maholo a Rwanda ke afe? Na le ’ona a ’nile a ikarabella bakeng sa tlokotsi?

Karolo ea Bolumeli

The World Book Encyclopedia (1994) e re ka Rwanda: “Batho ba bangata ke Maroma a K’hatholike. . . . Kereke ea Roma e K’hatholike le likereke tse ling tsa Bokreste li tsamaisa boholo ba likolo tsa mathomo le tse phahameng.” National Catholic Reporter, ha e le hantle e itse ‘karolo ea 70 lekholong ea sechaba sa Rwanda ke Mak’hatholike.’

The Observer, ea Great Britain, e fana ka semelo sa boemo ba bolumeli Rwanda, ’me ea hlalosa: “Ka bo-1930, ha likereke li ne li loanela ho laola tsamaiso ea thuto, Mak’hatholike a ne a tšehetsa puso ea sehlotšoana sa batho ba nkoang ba phahame ea Matutsi ha Maprostanta a ne a ikopantse le letšoele la Mahutu a hateletsoeng. Ka 1959 Mahutu a ile a ikhapela ’muso ka mahahapa ’me kapele a thabela tšehetso ea Mak’hatholike le Maprostanta. Tšehetso ea Maprostanta bakeng sa letšoele la Mahutu e ntse e le matla haholo.”

Ka mohlala, na baeta-pele ba likereke tsa Maprostanta ba ile ba nyatsa lipolao tsee tse sehlōhō? The Observer ea araba: “Baruti ba babeli ba kereke [Machache] ba ile ba botsoa hore na ba nyatsa babolai ba tlatsitseng liphaseje tsa likereke tsa Rwanda ka litopo tsa bana ba khaotsoeng lihlooho.

“Ba ile ba hana ho araba. Ba qoba lipotso, ba ferekana, molumo oa mantsoe a bona oa ’na oa phahama, ’me motso o tebileng oa maqakabetsi a Rwanda o ile oa senoleha—litho tse ka sehloohong tsa kereke ea Chache li sebeletsa e le manģosa a benghali ba bona ba lipolotiki ba ’nileng ba khothalletsa lipolao ’me ba tlatsa linōka ka mali.”

Ka sebele, likereke tsa Bokreste-’mōtoana Rwanda ha lia fapana le likereke libakeng tse ling. Ka mohlala, mabapi le tšehetso ea tsona ea baeta-pele ba lipolotiki Ntoeng ea I ea Lefatše, Borikatie Kakaretso oa Brithani Frank P. Crozier o itse: “Likereke tsa Bokreste ke tsona mafehlo a molemo ka ho fetisisa a lenyora la mali ao re nang le ’ona ’me re ile ra li sebelisa ka bolokolohi.”

E, baeta-pele ba bolumeli ba jara karolo e khōlō ea boikarabelo bakeng sa se etsahetseng! National Catholic Reporter ea la 3 June, 1994, e ile ea tlaleha: “Ho loana ho leng sechabeng sa Afrika ho akarelletsa ‘timetso ea sebele le ea ’nete ea morabe o mong eo ka bomalimabe le Mak’hatholike a ikarabellang ho eona,’ mopapa o ile a rialo.”

Ho hlakile hore likereke li hlōlehile ho ruta melao-motheo ea Bokreste ba ’nete, e thehiloeng mangolong a kang Esaia 2:4 le Mattheu 26:52. Ho latela koranta ea Fora Le Monde, moprista e mong o ile a tletleba: “Baa bolaeana, ka nako e tšoanang ba lebetse hore ke bana ba motho.” Moprista e mong oa Rwanda o ile a re: “Bakreste ba ’nile ba bolaoa ke Bakreste ba bang, ka mor’a lekholo la lilemo la lithero tse buang ka lerato le tšoarelo. E bile tlhōleho.” Le Monde e ile ea botsa: “Motho a ka qoba joang ho nahana hore Matutsi le Mahutu a loanang Burundi le Rwanda a ne a koetlisitsoe ke baromuoa ba tšoanang ba Bokreste ba bile ba kena likereke tse tšoanang?”

Bakreste ba ’Nete ba Fapane

Balateli ba ’nete ba Jesu Kreste ba phela tumellanong le taelo ea hae ea ho ‘ratana.’ (Johanne 13:34) Na u ka nahana ka Jesu kapa e mong oa baapostola ba hae a nka thipa e khōlō ’me a hlaba motho ka eona ho fihlela a ’molaea? Ho bolaea ho joalo ho tlōlang molao ho khetholla batho e le “bana ba Diabolose.”—1 Johanne 3:10-12.

Lipaki tsa Jehova ho hang ha li nke karolo lintoeng, liphetohelong, kapa likhohlanong leha e le life tseo bo-ralipolotiki ba lefatše, ba leng tlas’a taolo ea Satane Diabolose ba li khothalletsang. (Johanne 17:14, 16; 18:36; Tšenolo 12:9) Ho e-na le hoo, Lipaki tsa Jehova li bontšana lerato la sebele. Kahoo, nakong ea lipolao tse sehlōhō, Lipaki tsa Mahutu ka ho rata li ile tsa beha bophelo ba tsona kotsing ha li leka ho sireletsa baena ba tsona ba Matutsi.

Leha ho le joalo, tlokotsi e joalo ha e lokele ho re makatsa. Boprofeteng ba Jesu mabapi le “ho fela ha lefatše,” o boletse esale pele: “Le tla bolaoa.” (Mattheu 24:3, 9) Hoa thabisa hore ebe Jesu o tšepisa hore ba tšepahalang ba tla hopoloa tsohong ea bafu.—Johanne 5:28, 29.

Ho sa le joalo, Lipaki tsa Jehova Rwanda le libakeng tsohle tse ling li ikemiselitse ho tsoela pele li ipaka ho ba barutuoa ba Kreste ka ho ratana. (Johanne 13:35) Lerato la tsona le fana ka bopaki esita le har’a mathata ana a kajeno, joalokaha ho senola tlaleho e latelang e reng “Lipaki Likampong tsa Baphaphathehi.” Ho hlokahala hore kaofela ha rōna re hopole seo Jesu a se buileng boprofeteng ba hae: “Ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”—Mattheu 24:13.

[Lebokose le leqepheng la 29]

LIPAKI LIKAMPONG TSA BAPHAPHATHEHI

Ka July selemong sena, Lipaki tse ka bang 4 700 le metsoalle ea tsona li ne li le likampong tsa baphaphathehi. Zaire, tse 2 376 li ne li le Goma, tse 454 li le Bukavu ’me tse 1 592 li le Uvira. Ho phaella moo, Tanzania tse 230 li ne li le Benaco.

Ho fihla litsing tsa baphaphathehi feela ho ne ho se bonolo. Phutheho e ’ngoe ea Lipaki tse 60 e ile ea leka ho tšela borokho ba Rusumo, e leng khoro e khōlō e lebisang likampong tsa baphaphathehi tse Tanzania. Ha ba haneloa ho feta, ba ile ba hlahlathela lebōpong la nōka ka nako e etsang beke. Eaba ba etsa qeto ea ho leka ho tšela ka liketsoana. Ba ile ba atleha, ’me ka mor’a matsatsi a seng makae, ba ile ba fihla kampong e Tanzania ba sireletsehile.

Lipaki tsa Jehova linaheng tse ling li ile tsa lokisetsa liphallelo tse ngata. Lipaki tsa Fora li ile tsa bokella liaparo tse boima ba litone tse fetang lekholo le litone tse robong tsa lieta, ’me limpho tse joalo, hammoho le limatlafatsi le meriana, li ile tsa romelloa libakeng tseo ho nang le tlhokahalo ho tsona. Leha ho le joalo, hangata ntho ea pele eo baena ba leng likampong tsa baphaphathehi ba neng ba e kōpa, ke Bibele kapa makasine ea Molula-Qhooa kapa ea Tsoha!

Bashebelli ba bangata ba ile ba khahloa ke lerato le bontšoang ke Lipaki tsa Zaire le Tanzania, tse neng li etela le ho thusa baena ba tsona ba balehileng ha habo bona. Baphaphathehi ba re: “Le etetsoe ke batho ba bolumeli ba lōna, empa ha re e-s’o eteloe ke moprista oa bolumeli ba rōna.”

Lipaki li ile tsa tsebahala haholo likampong, haholo-holo ka lebaka la bonngoe ba tsona, ho hlophiseha ha tsona, le boikutlo ba tsona bo lerato. (Johanne 13:35) Hoa thahasellisa ho hlokomela hore Benaco, Tanzania, Lipaki li ile tsa nka metsotso e 15 feela hore li fumane Lipaki tsa habo tsona tsa baphaphathehi ka har’a batho ba ka bang 250 000 ba leng kampong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela