Na U sa Hopola?
Na u ile ua fumana litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa e le tse sebetsang le tse bohlokoa ho uena? Joale ke hobane’ng ha u sa leke ho bona hore na u sa hopola ka lipotso tse latelang:
▫ Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho etela baahisani ba tsona?
Lipaki tsa Jehova ka botsona li batla tlhohonolofatso ea Molimo ka ’Muso o tšepisitsoeng, li susumelitsoe ke ho rata baahisani ba tsona, li ba batlela tlhohonolofatso e tšoanang. Kahoo, li latela mohlala oa Jesu, li ikutloa li khannoa ke lerato le se nang boithati hore li etele baahisani ba tsona. (Mattheu 6:9, 10; 22:37-39)—8/15, maqephe a 8, 9.
▫ Ke hobane’ng ha khopolo ea ho iphetola ha lintho e le taba ea tumelo?
Ha ho mohla bo-rasaense ba kileng ba bona tšebetso ea ho fetohela mofuteng o mong oa phatsa ea lefutso—esita le tse molemo—tse hlahisang mefuta e mecha ea bophelo, empa batšehetsi ba khopolo ea ho iphetola ha lintho ba bolela hore ena ke tsela eo mefuta e mecha e bileng teng ka eona. Batšehetsi ba khopolo ea ho iphetola ha lintho ha baa ka ba bona bopaki ba ho tsoa ho iketsahallang feela ha lintho tse phelang ka ho tobileng ho tse sa pheleng, empa ba tsitlallela hore eo ke eona tsela eo bophelo bo qalileng ka eona.—9/1, leqephe la 5.
▫ Re ka hlōla ho nyahama ho ka ’nang ha tlisoa ke lithibelo bophelong ba rōna hamolemohali joang?
Ho sa tsotellehe hore na boemo ba rōna ke bofe, haeba re tsepamisa mohopolo ho seo re ka se etsang ho e-na le ho ferekana ka seo re ke keng ra se etsa, bophelo bo tla khotsofatsa haholoanyane, ’me re tla fumana thabo tšebeletsong ea Molimo. (Pesaleme ea 126:5, 6)—9/1, leqephe la 28.
▫ Melemo ea ho tšoarela ke efe?
Ho tšoarela ba bang ho hōlisa likamano tse molemo (Ba-Efese 4:32); ha ho tlise khotso pakeng tsa hao le ba bang feela empa hape le khotso ea kelello (Ba-Roma 14:19; Ba-Kolosse 3:13-15); ho tšoarela ba bang ho hleka tsela bakeng sa hore libe tsa rōna li tšoareloe (Mattheu 6:14); hape, ho re thusa ho hopola hore rōna ka borōna re hloka tšoarelo. (Ba-Roma 3:23)—9/15, leqephe la 7.
▫ Mohlala oa moprofeta Amose o re thusa joang mosebetsing oa rōna oa boboleli?
Joaloka Amose, ha re fetole kapa hona ho hlapolla molaetsa oa Molimo ka metsi. Ho e-na le hoo, re bolela ka boikokobetso ho sa tsotellehe hore na bamameli ba rōna ba itšoara joang.—9/15, leqephe la 17.
▫ Ke litšobotsi life tsa Molimo tseo re lokelang ho li etsisa?
Tse peli tse khōlō ke matla a Jehova a ho hlophisa le thabo ea hae. (1 Ba-Korinthe 14:33; 1 Timothea 1:11) Litšobotsi tsena tsa Molimo ke tse leka-lekaneng, kahoo ha ho phahamisoe e ’ngoe e le hore e ’ngoe ea tsona e be tlaase.—10/1, leqephe la 10.
▫ Ke mehato efe e nepahetseng eo batsoali ba e nkileng ho thusa bana ba bona ho sebeletsa Jehova?
Senotlolo sa bohlokoa ke ho qalella ba sa le banyenyane. Maikutlo a fumanoeng le lithuto tse ithutiloeng lilemong tsa bonyenyane li tla tšoarella nakong eohle ea bophelo. (Liproverbia 22:6) Ke habohlokoa ho ba ruta ho mamela le ho hlompha Jehova le borapeli ba hae libokeng tsohle. Batsoali ba atlehileng ba ithuta ho lemoha litšekamelo tse fosahetseng, ’me ba thusa bana ba bona hore ba li hlaole. (Liproverbia 22:15) Qetellong, qalella ho behela ngoan’a hao lipakane tsa puso ea Molimo tseo ka ho utloahalang a ka li finyellang.—10/1, maqephe a 27-8.
▫ Ke tšobotsi efe e khethehileng ea ho tšoarela ha Jehova eo re lokelang ho leka ho e sebelisa?
Jehova oa tšoarela ebile oa lebala. (Jeremia 31:34) Sena se thatafalla libōpuoa tse batho hore li ka se etsa. Bohlokoa ba ho etsa seo bo ile ba hatisoa ke Jesu, joalokaha ho tlalehiloe ho Mattheu 6:14, 15.—10/15, maqephe a 25-6.
▫ Ke litšitiso life tse tharo bakeng sa hore re ka ba le kutloelo-bohloko?
Ka lebaka la sebōpeho sa rōna sa botho sa boetsalibe, maikutlo a mohono a ka qala ho hōla. Haeba re honohela motho e mong, ke joang re ka mo tšoarang ka kutloelo-bohloko e nang le bonolo? Ho ipepesetsa pefo ho sa hlokahale ke tšitiso e ’ngoe. Sena se ka re etsa hore re be ba se nang kutloelo-bohloko ho ba mahlomoleng. Ho feta moo, motho oa moithati a ka ’na a haelloa ke kutloelo-bohloko. (1 Johanne 3:17)—11/1, maqephe a 19, 20.
▫ Ke lithuto life tse ka ithutoang tlalehong ea Mangolo e mabapi le Jobo?
Tlaleho ea Jobo e re hlokomelisa haholo ka mano a Satane ’me e re thusa hore re bone kamoo bobusi ba Jehova ba bokahohle bo amanang le botšepehi ba batho. Joaloka Jobo bohle ba ratang Molimo ba tlameha ho lekoa. Le rōna re ka mamella joalokaha Jobo a entse, re pake hore Satane o leshano, ’me re thabele mahlohonolo a ’Muso oa Molimo.—11/15, leqephe la 20.
▫ Molula-setulo oa sehlopha sa baholo a ka bontša ho ela hloko moholo e mong le e mong ka tsela e loketseng joang?
Neng le neng ha ho khoneha, molula-setulo oa sehlopha sa baholo o tla be a etsa hantle hore pele ho nako a meme maikutlo a baholo ba bang ebe joale o lokisetsa lethathamo la litaba tseo ho tla buisanoa ka tsona nako e sa le teng e le hore ntlha ka ’ngoe e kentsoeng lethathamong leo e nahanoe ka hloko le ka thapelo. Nakong ea seboka sa baholo, o tla leka hore a se ke a tsamaisa maikutlo a baholo ba bang, empa ho e-na le hoo, a ba khothaletse ‘ho bua ka bolokolohi’ litabeng tseo ho buisanoang ka tsona. (1 Timothea 3:13, NW)—12/1, leqephe la 30.