Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Jehova O Matla ho Feta Lira tsa Hae
DIABOLOSE le bademona ba hae ba lekile ka nako e telele ho sitisa ho boleloa ha litaba tse molemo ka bolumeli ba bohata le ka tumelo ea ho buisana le meea. Bibele e bua ka morero o mobe oa Satane ho 2 Ba-Korinthe 4:4 moo e bolelang hore ‘molimo oa lefatše lena o ba foufalitse likelello, ke ho re, ba sa lumelang, ba tle ba se ke ba chabeloa ke leseli la Evangeli ea khanya ea Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo.’
Empa Jehova Molimo o matla ho feta Satane. Ha ho letho leo lira tsa Jehova li ka le etsang ho thibela ho phethahatsoa ha thato ea hae ea bomolimo, eo e leng hore “batho ba mefuta eohle ba bolokehe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4, NW) Litlaleho tse latelang tse tsoang ho baboleli ba ’Muso Australia li totobatsa sena.
◻ Ka mor’a ho ikhaohanya le bolumeli ka lilemo tse 20, mosali e mong o ile a qala ho bala Bibele hape. Thahasello ena e tsosolositsoeng bocha Bibeleng e ile ea mo etsa hore a be le lipotso tse ngata, kahoo o ile a rapella thuso ho Molimo hore a fumane likarabo. O ne a batla ho tsoma ’nete, empa o ne a tseba hore ho khutlela bolumeling ba hae ba khale ho ne ho ke ke ha rarolla bothata ba hae. Ho e-na le hoo, o ile a qalella ho batla ha hae ka ho etela lebenkeleng la libuka tse sebelisitsoeng ’me a botsa hore na ba na le libuka leha e le life tse buang ka bolumeli.
Mong’a lebenkele o ile a hopola hore o ne a e-na le buka ea bolumeli, eseng ka lebenkeleng, empa hae. Sehlooho sa buka e ne e le U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Mosali enoa o ile a bala buka eo ka cheseho ’me a fumana likarabo lipotsong tsa hae tse ngata tsa Bibele. Ka mor’a ho batla Lipaki tsa Jehova bukeng ea linomoro tsa thelefono le liaterese, qetellong o ile a kopana le tsona ’me a qala thuto ea kamehla ea Bibele.
◻ Moroetsana e mong o ile a hira litšebeletso tsa koranta ea sebakeng seo ho phatlalatsa thekiso ea thatho. Phatlalatso e ile ea e bolela e le ‘thatho ea mehleng e bohareng e matla haholo.’ E mong oa Lipaki tsa Jehova o ile a hlokomela phatlalatso eo. O ile a etsa qeto ea ho letsetsa nomorong e fanoeng le ho buisana le mosali eo ka mohloli oa matla a boleloang a thatho eo. Ho ile ha latela puisano ka pono ea Bibele mabapi le tšebetso ea bodemona. Moroetsana eo ea nang le thatho o ile a senola hore letsatsi le le leng pejana, o ne a ile a rapela Molimo hore a mo thuse mathateng a hae ka bademona. Paki e ile ea etsa litokisetso bakeng sa puisano e ’ngoe ka thelefono.
Nakong eo a neng a letsa, moroetsana eo o ne a le sieo lapeng. ’Mè o ile a araba thelefono ’me a re: “Ha ke tsebe seo u se boleletseng morali oa ka, empa se etsahetseng ke mohlolo!” O ile a hlalosa hore ka mor’a ho letsetsoa ka lekhetlo la pele, morali oa hae o ile a lahla litšoantšo tsohle tsa hae tsa bosatane le libuka ’me a qala ho bala Bibele.
Kapele ka mor’a moo, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho etela moroetsana eo ka seqo. Kapele-pele o ile a amohela thuto ea kamehla ea Bibele le Lipaki tsa Jehova. Hape o ile a qala ho kopanela le Lipaki ka ho ba teng libokeng tsa tsona tsa Bokreste. Hape, Jehova o ile a hlōla bademona ka ho etsa hore tsebo e nepahetseng ea linnete tsa Bibele e khanye.