Na ho na le eo U mo Khothalitseng Morao Tjee?
ELENA o ne a le lilemo li 17 feela ha lingaka li fumana hore o na le kankere ea ntlo ea mahe. ’M’ae, Mari, o ne a tlameha ho tobana ka katleho le tsieleho ea ho bona Elena a utloa bohloko bo hlomolang pelo.
Qetellong, Elena o ile a isoa sepetleleng se seng sa Madrid, Spain, lik’hilomithara tse 1 900 ho tloha hahabo Canary Islands. Sehlopha se seng sa lingaka sa Madrid se ne se ikemiselitse ho mo buoa ka ntle ho mali. (Liketso 15:28, 29) Empa nakoana hoba li qale ho buoa, ho ile ha hlaka hore Elena o kulela lefu. Kankere ena e ne e se e tletse ’mele oa hae kaofela, ’me ho ne ho se seo lingaka tse buoang li ka se etsang. Elena o ile a shoa ka mor’a matsatsi a robeli a fihlile Madrid.
Mari ha aa ka a lokela ho tobana le ketsahalo eo e bohloko a le mong. Ka litšenyehelo tsa bona, baholo ba babeli ba Bakreste ba ile ba tsamaea le eena le mora oa hae e moholo ho ea Madrid ’me ba lula teng ho fihlela Elena a e-shoa. Mari oa hlalosa: “Ba ile ba nthusa ho thiba sekheo se seholo seo ke neng ke se utloa. Le ka mohla nke ke ka lebala khothatso eo ba ileng ba mpha eona. Tšehetso ea bona ea moea le thuso e molemo e ne e le tsa bohlokoa haholo. E ne e le ‘lehaha [la ’nete] ha sefefo se e-tla.’”—Esaia 32:1, 2.
Jehova o thabela hore ebe balisa ba lerato joaloka bana ba hlokomela linku tsa hae ka mofuthu hakana. (Liproverbia 19:17; 1 Petrose 5:2-4) Leha ho le joalo, ho fana ka khothatso hase tokelo ea baholo feela. Bakreste kaofela ba kopana hammoho ho fumana taeo ea moea le ‘ho khothatsana.’ (Ba-Heberu 10:24, 25) Ho khothatsa ke karolo ea bohlokoa ea botsoalle ba Bokreste.
Ho Khothatsa ho Akarelletsa Eng?
Feela joalokaha palesa e ntle e kebisa hlooho ha e tingoa metsi, hoa tšoana le ka batho ka bomong—ka lapeng le ka phuthehong—ba ka fokola ha ba sa khothatsoe. Ka lehlakoreng le leng, khothatso e etsoang ka nako e tšoanelang e ka tiisa ba talimaneng le moleko, ea hlasimolla meea ea ba tepeletseng maikutlo, le ho kenya matla a macha ho ba sebeletsang Molimo ka botšepehi.
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “khothatso” le akarelletsa khopolo ea ho tšelisa, ho hlasimolla, le ho lokolla khatellong. Ka hona, ho khothatsa hase feela ho bolella motho e mong hore o etsa hantle. Hape ho ka akarelletsa ho fana ka thuso e molemo le ea moea.
Ha e le hantle, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “khothatso” ka bolona le bolela “ho mema motho hore a bape le uena.” Ho tsamaea re bapile le baena le bo-khaitseli ba rōna ba moea ho re nolofaletsa hore re fane ka tšehetso e potlakileng ha e mong oa bona a khathala kapa a khetšemela. (Moeklesia 4:9, 10) Ho thahasellisang ke hore batho ba Jehova ba ‘mo sebeletsa mahetla a bapile.’ (Sofonia 3:9, NW) ’Me moapostola Pauluse o ile a bitsa Mokreste e mong ‘molekane oa sebele jokong.’ (Ba-Filippi 4:3) Ho jara joko e le ’ngoe ka ho sebetsa mahetla a bapile ho bebofatsa mojaro, haholo bakeng sa ba seng matla moeeng.—Bapisa le Mattheu 11:29.
Ba Ile ba Khothatsa
Kaha khothatso ke ea bohlokoa haholo, a re nahaneng ka mehlala e meng ea eona ea Mangolo. Ha bophelo ba moprofeta oa Molimo Moshe bo ne bo le haufi le ho fela, Jehova o ile a beha Joshua hore e be moeta-pele oa Baiseraele. Ena e ne e se kabelo e bonolo, joalokaha Moshe ka boeena a ne a tseba hantle. (Numere 11:14, 15) Kahoo, Jehova o ile a bolella Moshe hore a ‘laele Joshua, a mo khothatse, a mo natlafatse.’—Deuteronoma 3:28.
Nakong ea baahloli ba Iseraele, morali oa Jafeta o ile a ikhethela ho lumellana le kano ea ntat’ae ka ho tela monyetla oa ho ba le lelapa e le hore a e’o sebeletsa sehalalelong sa Jehova. Na sehlabelo sa hae ha sea ka sa hlokomeleha? Che, kaha Baahloli 11:40 e re: ‘Ka lilemo tsohle, baroetsana ba Iseraele ba ne ba ea ka matsatsi a mane selemong se seng le se seng ho bina lithoko tsa morali oa Jafeta mo-Gileade.’ Ho eteloa joalo e tlameha ebe e ne e le khothatso e khōlō ho morali oa Jafeta ea itetseng.
Ka linako tse ling ho fana ka khothatso ho hloka sebete. Nakong ea leeto la pele la boromuoa la moapostola Pauluse, o ile a thulana le khanyetso e mabifi metseng e mengata ea Asia Minor. O ile a lelekoa Antioke, a pholoha lefu ka lesoba la nale Ikone, ’me o ile a tlepetsoa ka majoe a ba a siuoa ho thoe o shoele Lystra. Leha ho le joalo, kapele ka mor’a moo, Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba khutlela metseng ena, “ba ntse ba tiisa lipelo tsa barutuoa, ba ba khothatsa ho tiea tumelong, ’me ba ba lekanyetsa hore e ka khona re kene ’musong oa Molimo ka matšoenyeho a mangata.” (Liketso 14:21, 22) Pauluse o ne a itokiselitse ho beha bophelo ba hae kotsing hore a khothatse barutuoa bana ba bacha.
Leha ho le joalo, barutuoa ba bacha hase bona Bakreste feela ba hlokang ho khothatsoa. Lilemo hamorao Pauluse o ile a ba leetong le boima le eang Roma, moo a neng a tla hlaha ka khotla. Ha a atamela moo a neng a e-ea teng, mohlomong o ne a nyahame ka mokhoa o itseng. Empa ha a fihla sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 74 ka boroa-bochabela ho Roma, moea oa hae o ile oa hlasimoloha. Hobane’ng? Hobane baena ba tsoang Roma ba ne ba tlile ho tla mo khahlametsa ’Marakeng oa Appiuse le Matlung a Phapohelo a Mararo. “Eare ha Pauluse a ba bona, a leboha Molimo, a beta pelo.” (Liketso 28:15) Liketsahalong tse tšoanang, boteng ba rōna feela e ka ba khothatso e khōlō ho balumeli-’moho le rōna.
Sebelisa Menyetla ea ho Fana ka Khothatso
Ka sebele, menyetla ea ho khothatsa e mengata. Na pelo ea hao e ile ea susumetsoa ke puo e monate ea seithuti e fanoeng ke moena kapa khaitseli Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Na u thabela hore ebe ho na le bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba matla moeeng ka phuthehong? Na u khahluoe ke mamello ea ba hōlileng? Na u ile ua hlolloa ke tsela eo e mong oa bo-pula-maliboho a ileng a sebelisa Bibele ka eona tšebeletsong ea ntlo le ntlo? Ka hona, babatsa, ’me u bue ho hong ho khothatsang.
Khothatso e phetha karolo ea bohlokoa ka lapeng hammoho le ka phuthehong. E ka thusa batsoali hore ba hōlise bana ba bona “ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” (Ba-Efese 6:4) Ho bolella ngoana hore o entse hantle, le ho mo hlalosetsa lebaka, e ka ba khothatso e khōlō! Nakong ea bocha, ha ba banyenyane ba thulana le liteko le likhatello tse ngata, khothatso ea kamehla ke ea bohlokoa.
Ho se khothatsoe bongoaneng ho ka ba kotsi haholo. Kajeno Michael, eo e leng moholo oa Mokreste, o botsoalle, empa o re: “Ha ho mohla Ntate a kileng a re ke entse ntho leha e le efe hantle. Kahoo ke ile ka hōla ke e-na le boikutlo ba ho se itšepe. . . . Le hoja hona joale ke le lilemo li 50, ke sa ntse ke ananela ha metsoalle ea ka e nkholisa hore joaloka moholo, ke etsa mosebetsi o molemo. . . . Phihlelo ea ka e nthutile hore na ke habohlokoa hakaakang ho khothatsa ba bang, ’me ke ikitlaelletsa hona.”
Ke Bo-mang ba Hlokang Khothatso?
Baholo ba Bakreste ba sebetsang ka thata ba tšoaneloa ke khothatso. Pauluse o ile a ngola: “Rea le rapela, banab’eso, re re: Le ke le hlomphe ba sebetsang har’a lōna, ba le busang Moreneng, ba le khothatsang. Le ba hlomphe haholo-holo ka lerato, ka baka la tšebetso ea bona.” (1 Ba-Thessalonika 5:12, 13) Ho bonolo ho nka mosebetsi o boima oa baholo ka tloaelo. Empa mantsoe a kananelo ea sebele le khothatso a ka bebofatsa mojaro oa bona.
Ba mameletseng maemo a thata har’a rōna le bona ba hloka khothatso. Bibele ea eletsa: “Le tšelise ba pelo li tepeletseng, le tiise ba fokolang.” (1 Ba-Thessalonika 5:14) Batsoali ba se nang balekane, basali ba bahlolohali, bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20, batho ba hōlileng, le ba fokolang ’meleng ke ba bang bao nako le nako ba ka ikutloang ba tepeletse maikutlong kapa ba fokola moeeng.
María ke mosali oa Mokreste eo ka tšohanyetso a ileng a iphumana a lahliloe ke monna oa hae. O ile a re: “Ho tšoana le Jobo, ka linako tse ling ke ne ke batla ho shoa. [Jobo 14:13] Empa ka lebaka la khothatso eo ke ileng ka e fumana, ke ile ka ’na ka tsoela pele. Baholo ba babeli, bao ke neng ke ba tseba hantle, ba ile ba qeta lihora tse ngata haholo ba nthusa hore ke bone bohlokoa ba ho tsoela pele tšebeletsong ea nako e tletseng. ’Me bo-khaitseli ba babeli ba nang le kutloisiso le bona ba ile ba ntšelisa, ba ’mamela ba sa fele pelo ha ke ba phetlela pelo ea ka. Ka hore ba sebelise Bibele, ba ile ba ’nolofaletsa hore ke bone litaba ka leihlo la Jehova. Ha ke tsebe hore na re ile ra bala Pesaleme ea 55:22 ka makhetlo a makae, empa ke tseba hore ka ho sebelisa lengolo lena, ke ile ka boela ka tsitsa moeeng le maikutlong. Sena sohle se etsahetse lilemong tse fetileng tse 12, ’me ke thabela ho bolela hore ke tsoetse pele tšebeletsong ea nako e tletseng ho fihlela joale. Ho sa tsotellehe bohloko ba maikutlo bo tlang ka linako tse itseng, ke phela bophelo bo putsang le bo thabileng. Ke kholisehile hore ho khothatsoa ka nako e joalo ho ka etsa phapang e khōlō bophelong ba motho.”
Ba bang ba hloka khothatso hobane ba entse liphoso ’me joale ba loanela ho li lokisa. Mohlomong ba fuoe khalemelo ka lerato. (Liproverbia 27:6) Baholo ba faneng ka khalemelo eo ba ka falimehela ho babatsa ha ba bona hore keletso ea Mangolo ea sebelisoa. Mantsoe a bona a khothatso a tla ba le molemo o mennoeng habeli—oa ho tiisa lerato la bona ho mofosi e le hore a se ke a “qetoa ke masoabi a tlōlisang” le ho mo hopotsa melemo ea ho sebelisa keletso eo.—2 Ba-Korinthe 2:7, 8.
Moholo e mong o ile a etsa phoso e tebileng eaba o lahleheloa ke tokelo ea hae ea bolebeli ka phuthehong. O re: “Ha ho ne ho phatlalatsoa hore ke tlositsoe boholong, ke ile ka nahana hore baena ba tla ikutloa ba sa phutholoha moo ke leng teng. Leha ho le joalo, lebaka baholo ba ile ba le etsa pinyane ’me ba itela hore ba nkhothatse. Ka ho tšoanang lerato le botsoalle ba phutheho kaofela li ile tsa eketseha, e leng hoo ntle ho pelaelo ho ileng ha tlatsetsa ho etsa hore ke hlaphoheloe moeeng.”
E-ba ea Khothatsang
Bophelong ba rōna bo maphatha-phathe, ho khothatsa ho ka hlokomolohuoa habonolo. Empa ho ka ba molemo hakaakang! Hore u fane ka khothatso e thusang, u tlameha ho hopola lintho tse peli. Ea pele, nahana hore na u tla re’ng, e le hore khothatso ea hao e be e tobileng. Ntho ea bobeli, batla monyetla oa ho atamela motho ea tšoanelang ho babatsoa kapa ea hlokang ho hahuoa.
Ha u etsa sena khafetsa, u tla thaba haholoanyane. Ha e le hantle, Jesu oa re tiisetsa: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa.” (Liketso 20:35) Ka ho khothatsa ba bang, u tla ikhothatsa. Ke hobane’ng ha u sa ho etse sepheo sa hao ho khothatsa motho e mong tsatsi le leng le le leng?