Na U Tla Rorisa Jehova?
“JOALOKA lebitso la hao Molimo, thoriso ea hao e fihla joalo, e fihla joalo pheletsong tsa lefatše.” Ana ke mantsoe a tsoang pineng ea boprofeta ea bara ba Kore. (Pesaleme ea 48:11, Bibele—Phetolelo e Ncha) Kajeno, sehlopha se seholo sa ’mino sa ba limilione ba Lipaki tsa Jehova se rorisa Molimo le ho tsebahatsa lebitso la hae ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae. Ka ho etsa sena linaheng tse 232 le lihleke-hlekeng tsa leoatle ’me e le ka lipuo tse fetang 300, ka sebele ba fihla “pheletsong tsa lefatše.”
Ke eng e susumetsang batho ba nang le limelo tse sa tšoaneng tsa setso, bochaba, le lipuo hore ba rorise Jehova? Ho leboha ha bona tsebo e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo, Bibele, ke lona lebaka le ka sehloohong. ’Nete ea moea e ba lopolotse litumela-khoeleng le litumelong tse joalo tse ba etsang makhoba tsa bolumeli tse kang tlhokofatso ea ka ho sa feleng. (Johanne 8:32) ’Nete e boetse e ba thusa ho ananela litšobotsi tse babatsehang tsa Molimo, tse kang lerato la hae, matla, bohlale, le toka, tse tsoakiloeng ka mohau. Ho utloisisa ho fana ha Molimo ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu Kreste, e le sehlabelo sa thekollo bakeng sa moloko oa batho ho susumetsa batho ba lokileng hore ba rorise le ho sebeletsa Jehova.
Ho latela buka ea Bibele ea Tšenolo, sehlopha sa leholimo se re: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.” (Tšenolo 4:11) Thoriso e joalo ha e hlahe feela ka lebaka la ho tlameha. Ho e-na le hoo, e hlaha ka lebaka la tlhompho e tebileng ho Jehova.
Rorisa Molimo ka ho Bolela Litaba Tse Molemo
Ka ho rorisa Jehova, motho o etsisa mohlala o babatsehang oa Jesu Kreste, mororisi ea ka sehloohong oa Molimo. Ho latela mehlala ea Jesu ho akarelletsa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mattheu 4:17, 23; 24:14) Tšebetso ena ea ho bolela e fetohile boiteko bo boholohali ba lefatše ka bophara ba ho rorisa Jehova.
Mosebetsi ona oa ho bolela ke oa bohlokoa hoo Bibele ka ho hlakileng e o amahanyang le pholoho. Ba-Roma 10:13-15 e baleha tjena: “Mang le mang ea rapelang lebitso la Morena, o tla bolokeha. Empa ba tla rapela joang eo ba sa kang ba lumela ho eena? ’Me ba tla lumela joang ho eo ba sa kang ba utloa litaba tsa hae? ’Me ba tla utloa joang, ha ’moleli a le sieo? ’Me ba tla bolela joang, ha ba sa rongoe? Joalo ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Maoto a ba bolelang Evangeli ea khotso a matle hakakang, maoto a ba bolelang Evangeli ea taba tse molemo!”
Selemong se fetileng feela, Lipaki tsa Jehova li ile tsa nehela lihora tse fetang limilione tse sekete mosebetsing oa boboleli. ’Me ke litholoana tse ntle hakaakang tse hlahisitsoeng ke ho rorisa Molimo hoo! Ba ka bang 314 000 ba ile ba kopanela le sehlopha sena sa barorisi ka ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova ka kolobetso ea metsing.
Empa, ho ka thoe’ng ka ba 12 288 917 ba bileng teng Sehopotsong sa 1994 sa lefu la Kreste? Har’a bona ho bile le ba fetang 7 000 000 ba e-song ho ka ba rorisa Jehova e le baboleli ba litaba tse molemo. Empa ho ba teng ha bona ketsahalong ena ea bohlokoa qetellong ho ka fella ka keketseho ea ba limilione sehlopheng sa barorisi. Ho ka etsoa eng ho thusa baa ba thahasellang hore e be barorisi ba Jehova?
Thuso e Fumanehang
Batho ba bangata ba thahasellang ba ka ’na ba lakatsa ho rorisa Jehova empa ba ikutloa hore ba ke ke ba finyella litlhokahalo. Ba etsa hantle ho hopola mantsoe a mopesaleme: “Ke lelaletsa mahlo a ka lithabeng; thuso ea ka e tla tsoa kae? Thuso ea ka e tsoa ho Jehova, ea entseng maholimo le lefatše.” (Pesaleme ea 121:1, 2) Ka ho hlakileng, mopesaleme o ile a lelaletsa mahlo a hae lithabeng tsa Jerusalema moo tempele ea Jehova le setsi sa lefatšeng sa ’muso oa puso ea Molimo li neng li le hona teng. Ho sena ka nepo re ka etsa qeto ea hore thuso e hlokahalang bakeng sa ho rorisa Molimo le ho bolela molaetsa oa ’Muso e tsoa ho Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng feela.—Pesaleme ea 3:4; Daniele 6:10.
Kajeno, ba lakatsang ho rorisa Jehova ba ka lebella thuso e lerato e tsoang mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng. Ka mohlala, Lipaki tsa Jehova li fana ka thuso ka ho khannela batho ba thahasellang lithuto tsa lehae tsa Bibele tse sa lefelloeng. Lenaneo lena la thuto le akarelletsa ho fetang feela ho ithuta lithuto tsa Bibele. Le thusa seithuti hore se hōlise kananelo bakeng sa seo se ithutang sona le bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oo Jehova a o sebelisang.
Tumellanong le sena, Paki e khannang thuto ea Bibele e leka ho etsa bonnete ba hore linnete tse fumanoeng bocha li fihla pelong eseng hore li felle hloohong feela. ’Me tichere ha ea lokela ho ithiba hore e ka bontša seithuti kamoo Jehova a sebelisang mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng ho phetha morero oa Hae lefatšeng. Bukana e lekanang le makasine Lipaki tsa Jehova—Li Etsa Thato ea Molimo li Kopane Lefatšeng ka Bophara le theipi ea video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name hangata li ipakile li thusa ho finyella sena.
Liboka tsa Bokreste le tsona li phetha karolo ea bohlokoa ho thuseng ba lebeletsoeng ho ba barorisi ba Jehova. Qalong ea thuto ea Bibele, seithuti se ka ’na sa memeloa ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Ha nako e ntse e feta, se tla ithuta bohlokoa ba ho ba teng kamehla le ho kopanela libokeng tsohle tsa phutheho. (Ba-Heberu 10:24, 25) Balebeli ba ka fana ka thuso ea bohlokoahali ho balumeli-’moho le bona le ho ba lebeletsoeng ho ba barorisi ba Jehova ka ho lokisetsa liboka tse hahang moeeng le tse sebetsang.
Thusa Bana ho Rorisa Jehova
Bana ba har’a ba bangata bao e ka bang bahoeletsi ba litaba tse molemo nakong e tlang e haufi. Bo-ntate ka ho khetheha ba na le boikarabelo ba Bibele ba ho hōlisa bana ba bona “ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” (Ba-Efese 6:4) Ha ba koetlisitsoe hantle ke batsoali ba tšabang Molimo, esita le bana ba banyenyane haholo ba ka hōlisa takatso ea ho rorisa Jehova.
Ngoananyana e mong Argentina o ile a atamela baholo ba phutheho khafetsa ka likhoeli tse ’maloa, a kōpa thuso ea bona e le hore a ka tšoanelehela ho ba mohoeletsi oa ’Muso. Ka mor’a nako, batsoali ba hae le baholo ba ile ba lumellana ho mo lumella hore e ka ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. O se a ntse a fana ka molaetsa oa ’Muso ka mokhoa o atlehileng matlong. Le hoja ngoananyana enoa a le lilemo li hlano feela ’me a sa tsebe ho bala, o tšoere ka hlooho moo litemana tse ling tsa Bibele li leng teng. Ka mor’a ho fumana lengolo, o kōpa mong’a ntlo hore a le bale, ebe joale o fana ka tlhaloso.
Ho hlakile hore baholo le batsoali ba ka finyella molemo o moholo ka ho khothatsa le ho thusa ba tsoelang pele hore e be barorisi ba Jehova.—Liproverbia 3:27.
Kamano e sa Feleng le Jehova
Empa, ho thoe’ng haeba uena ka bouena u ’nile ua kopanela le Lipaki tsa Jehova ka nako e telele empa u e-s’o kopanele le tsona mosebetsing oa tsona oa boboleli? Ho ka ’na ha e-ba molemo hore u ipotse lipotso tse latelang, ‘Na ke lumela hore ke fumane ’nete le hore Jehova ke eena feela Molimo oa ’nete? Na ke kholisehile hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tharollo mathateng a moloko oa batho? Na ke lahlile bolumeli bohle ba bohata le mekhoa ea lefatše le litloaelo tse halefisang Jehova? Na ke na le lerato le tebileng ho Molimo le litlhokahalo tsa hae tse lokileng?’ (Pesaleme ea 97:10) Haeba ka botšepehi u ka arabela lipotso tsena ka e, u thibeloa ke eng ho rorisa Jehova?—Bapisa le Liketso 8:36.
Ho rorisa Jehova ho akarelletsa ho fetang ho bolela litaba tse molemo. Haeba u fumane tsebo e nepahetseng, u e-na le tumelo ea ’nete, ’me u lumellanya bophelo ba hao le litlhokahalo tsa bomolimo, ho hlokahala u tiise kamano ea hao ea botho le Molimo. Joang? Ka ho inehela ho eena ka thapelo ’me joale u tšoantšetse sena ka kolobetso ea metsing. Bophelo bo sa feleng bo kotsing. Ka hona, nka bohato hona joale ka keletso ea Jesu: “Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo o hebe-hebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.”—Mattheu 7:13, 14.
Ena hase nako ea ho tsila-tsila, kaha tsamaiso ena ea hona joale ea lintho e atamela qetello ea eona ea koluoa. Nka mehato e potlakileng ea ho ba le kamano e sa feleng le Jehova. Ka sebele, joale ke nako ea ho arabela potso ena ka mokhoa o nepahetseng, Na u tla rorisa Jehova?